Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Melao ea Boitšoaro e Ntse e Theoha

Melao ea Boitšoaro e Ntse e Theoha

Melao ea Boitšoaro e Ntse e Theoha

“NTHO ea mofuta oo e ne e sa etsahale ho hang,” kamoo ho boletseng Helmut Schmidt, tona-khōlō ea Jeremane ea mehleng. O ne a tletlebisoa ke liketsahalo tsa morao tjena tsa ho se tšepahale ho feteletseng ha bahlanka ba ’muso tse ileng tsa hlaha e le lihlooho tsa litaba. O itse: “Melao ea boitšoaro e lahliloe ka lebaka la meharo.”

Ba bangata ba ne ba tla lumellana le eena. Melao ea boitšoaro e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, le eo e leng khale e amoheleha hohle e le tataiso ho se nepahetseng le se fosahetseng, e qheleloa ka thōko. Boemo boa tšoana esita le linaheng tse ipolelang hore li amana le Bokreste.

Na Melao ea Boitšoaro ea Bibele ea Sebetsa?

Melao ea boitšoaro e thehiloeng lithutong tsa Bibele e akarelletsa bokhabane le botšepehi. Empa, ho qhekella, bobolu le bolotsana li atile. The Times ea London e tlaleha hore mafokisi a mang “ho belaelloa hore a ’nile a amohela tjotjo e ka fihlang ho £100 000 [R1 000 000] lefokisi ka leng, lekhetlo le leng le le leng ha a khutlisetsa lithethefatsi tse matsohong a sepolesa ho limokolara, kapa ha a lahla bopaki bo khahlanong le batlōli ba baholo ba molao.”

Ho boleloa hore Austria bolotsana ba liinshorense ke ntho e tloaelehileng. Jeremane teng bo-rasaense ba ile ba tšoha ha bafuputsi ba sibolla “ketsahalo e ’ngoe e hlabisang lihlong ka ho fetisisa ea bolotsana saenseng ea Majeremane.” Moprofesa e mong, eo e leng “nkhokho har’a litsebi tsa Jeremane tsa liphatsa tsa lefutso” o ne a qosoa ka ho fetola boitsebiso kapa ho qapa leshano ka tekanyo e khōlō.

Melao ea boitšoaro e thehiloeng Bibeleng e boetse e akarelletsa ho tšepahala lenyalong, le reretsoeng hore e be kamano ea kamehla. Empa palo ea banyalani ba hlalanang ka makhotleng e ntse e eketseha. Koranta ea K’hatholike e bitsoang Christ in der Gegenwart (Mokreste oa Kajeno) e tlaleha hore “esita le Switzerland ‘e ntseng e phela seholo-holo,’ manyalo a qhalanang a ntse a eketseha.” Netherlands, manyalo ’ohle a etsang karolo ea 33 lekholong, a qetella ka tlhalo. Mofumahali e mong ea ileng a lemoha liphetoho sechabeng sa Jeremane lilemong tse seng kae tse fetileng o ile a ngola a amehile a re: “Lenyalo le se le nkoa e le ntho ea khale le e fetiloeng ke nako. Batho ha ba sa nyalana hore ba arohanngoe ke lefu feela.”

Ka lehlakoreng le leng, batho ba limilione ba nahana hore melao ea boitšoaro e rutoang ka Bibeleng ea tšepahala ebile ea sebetsa bophelong lefatšeng la mehla ea rōna. Banyalani ba bang ba lulang moeling oa Switzerland le Jeremane ba ile ba hlokomela hore ho ithuta ho phela tumellanong le melao ea boitšoaro ea Bibele ho entse hore ba thabe haholoanyane. Ho bona, “ho na le tataiso e le ’ngoe feela bakeng sa litšobotsi tsohle tsa bophelo. Tataiso eo ke Bibele.”

Uena u re’ng? Na Bibele e ka fana ka tataiso ea bohlokoa? Na melao ea boitšoaro e thehiloeng Bibeleng ea sebetsa kajeno?