Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Melao ea Boitšoaro ea Bibele e Molemo ka ho Fetisisa?

Na Melao ea Boitšoaro ea Bibele e Molemo ka ho Fetisisa?

Na Melao ea Boitšoaro ea Bibele e Molemo ka ho Fetisisa?

MOJEREMANE e mong eo e leng sengoli ebile e le mophatlalatsi oa mananeo a thelevishene o ile a re: “Sechaba se hloka melao e tiileng eo se ka itšetlehang ka eona e sireletsang batho le e ba tataisang.” Ka sebele seo sea utloahala. E le hore sechaba se tsitse le ho atleha, batho ba lokela ho ba le motheo o tiileng oa melao e amoheloang ke bohle e khethollang se nepahetseng kapa se fosahetseng, se setle kapa se sebe. Potso ke ena: Ke melao efe e molemo ka ho fetisisa, bakeng sa sechaba le batho?

Haeba ho amoheloa melao ea boitšoaro e ka Bibeleng, e lokela ho thusa batho ka bomong hore ba phele bophelo bo tsitsitseng le bo thabileng. Ha ho atolosoa taba, hoo ho ka etsa hore batho ba bolokang melao eo e be ba thabileng le ba tsitsitseng haholoanyane. Na ho joalo? A re hlahlobeng seo Bibele e se bolelang lintlheng tse peli tsa bohlokoa: ho tšepahala lenyalong le ho ba khabane bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Khomarela Molekane oa Hao

’Mōpi oa rōna o ile a bōpa Adama eaba o etsa Eva hore e be molekane oa hae. Lenyalo la bona e bile lona la pele historing ’me e ne e lokela ho ba kamano ea kamehla. Molimo o ile a re: “Monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae.” Lilemo tse ka bang 4 000 hamorao, Jesu Kreste o ile a pheta molao ona oa lenyalo bakeng sa balateli bohle ba hae. Ho feta moo, o ile a nyatsa ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo.—Genese 1:27, 28; 2:24; Matheu 5:27-30; 19:5.

Ho ea ka Bibele, lintho tse peli tsa bohlokoa tse etsang hore lenyalo e be le thabileng ke ho ratana le ho hlomphana ha banyalani. Monna, e leng hlooho ea lelapa, o lokela ho bontša lerato le se nang boithati ka ho batlela mosali oa hae se molemohali. O lokela ho phela le eena “ho ea ka tsebo” ’me ha aa lokela ho mo “halefela ka matla.” Mosali o lokela ho tšoara monna oa hae ka “tlhompho e tebileng.” Ha banyalani ba latela melao-motheo ena, mathata a mangata a lenyalo a ka qojoa kapa a hlōloa. Monna o tla rata ho khomarela mosali oa hae le mosali a rate ho khomarela monna oa hae.—1 Petrose 3:1-7; Bakolose 3: 18, 19; Baefese 5:22-33.

Na molao oa Bibele oa ho khomarela molekane ka botšepehi o tlatsetsa lenyalong le thabileng? Nahana ka liphello tsa phuputso e ileng ea etsoa Jeremane. Batho ba ile ba botsoa hore na ke lintlha life tsa bohlokoa tse etsang hore lenyalo le be molemo. Ntlha e ka holimo-limo lethathamong e ne e le hore e mong a tšepahale ho e mong. Na ha u lumele hore batho ba leng lenyalong ba thaba haholoanyane ha ba tseba hore balekane ba bona baa tšepahala?

Ho Thoe’ng Haeba Mathata a Hlaha?

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba monna le mosali ba fapana haholo ka maikutlo? Ho thoe’ng haeba lerato la bona le tapa? Na ha ho molemo hore ha maemo a le joalo lenyalo le qhaloe? Kapa na molao oa Bibele oa hore motho a khomarele molekane oa hae ka botšepehi o sa ntsane o sebetsa?

Bangoli ba Bibele ba ile ba hlokomela hore banyalani ba tla ba le mathata ka lebaka la ho se phethahale. (1 Bakorinthe 7:28) Leha ho le joalo, banyalani ba bolokang melao ea boitšoaro ea Bibele ba leka ho tšoarela le ho sebetsa mathata a bona hammoho. Ha e le hantle, ho na le maemo—a kang bofebe kapa ho sotla—ao ho loketseng hore Mokreste a ka batla karohano kapa tlhalo tlas’a ’ona. (Matheu 5:32; 19:9) Empa ho qhala lenyalo ka potlako ntle ho lebaka le tebileng kapa e le hore motho a nyalane le molekane e mong ho senola boithati ba ho se tsotelle ba bang. Ho hang ha ho etse hore bophelo ba motho e be bo tsitsitseng kapa bo thabileng. A re etseng mohlala.

Peter o ne a ikutloa hore lenyalo la hae le tsoapohile. * Kahoo, o ile a tlohela mosali oa hae eaba o il’o lula le Monika, ea neng a tlohetse monna oa hae. Ho ile ha etsahala joang? Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, Peter o ile a lumela hore ho phela le Monika “ho ne ho se bonolo joalokaha ke ne ke nahana.” Hobane’ng? Lenyalong lena la hae le lecha mefokolo ea botho e ne e ntse e totobetse ho tšoana le ho la pele. Ho hobe le ho feta, qeto ea hae e entsoeng ka lepotlapotla le ea boithati e ile ea mo kenya mathateng a maholo a chelete. Ho feta moo, bana ba Monika ba ile ba sithabela maikutlo ka lebaka la phetoho ena e khōlō bophelong ba bona ba lelapa.

Joalokaha ketsahalo ena e bontša, ha lenyalo le tsukutloa ke mathata, ho ntša ka hloohong ha ho rarolle bothata. Ka lehlakoreng le leng, ha meea ea mathata e puputla, hangata ho phela ka melao ea boitšoaro ea Lentsoe la Molimo, Bibele, ho ka tiisa lenyalo ho fihlela boemo bo tsitsa. Ho bile joalo ka Thomas le Doris.

Thomas le Doris ba ne ba se ba nyalane ka lilemo tse fetang 30 ha Thomas a qala ho noa haholo. Doris o ile a imeloa kelellong, ’me bobeli ba bona ba qala ho bua ka ho hlalana. Doris o ile a phetela e mong oa Lipaki tsa Jehova mathata a hae. Paki eo e ile ea bontša Doris hore na Bibele e re’ng ka lenyalo, e mo khothalletsa hore a se ke a potlakela karohano empa a qale ho sebelisana le monna oa hae ho leka ho rarolla bothata. Doris o ile a etsa joalo. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ba ne ba se ba sa nahane ho hlalana. Thomas le Doris ba ne ba sebetsa mathata a bona hammoho. Ho latela keletso ea Bibele ho ile ha matlafatsa lenyalo la bona ’me ha ba fa nako ea ho rarolla mathata a bona.

Ho Tšepahala Linthong Tsohle

Ho khomarela molekane oa lenyalo ka botšepehi ho hloka boikemisetso le lerato la ho tiea ho se nepahetseng. Ho ntse ho hlokahala litšobotsi tsona tsena hore motho a lule a tšepahala lefatšeng le sa tšepahaleng. Bibele e bua haholo ka botšepehi. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo Judea, a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Seo se bolela’ng?

Motho ea tšepahalang o na le ’nete ebile hase molotsana. Ha a leeme ha a sebelisana le ba bang—o etsa lintho tse lokileng, oa tšepeha, ha a mano ebile ha a thetse. Ho feta moo, motho ea tšepahalang ke motho ea khabane, ea sa qhekelleng oa habo. Batho ba tšepahalang ba etsa hore ho be le moea oa ho tšepa ba bang le oa kholiseho, o etsang hore ho be le boikemisetso bo botle le bo hōlisang likamano tse matla pakeng tsa batho.

Na batho ba tšepahalang ba thabile? Ehlile, ba na le lebaka la ho thaba. Ho sa tsotellehe bobolu le ho qhekella tse tletseng hohle—kapa mohlomong ka lebaka la tsona—ho tloaelehile hore batho ba tšepahalang ba ratoe ke ba bang. Ho latela phuputso e ileng ea etsoa har’a bacha, ba etsang karolo ea 70 lekholong ho ba ileng ba arabela, ba ile ba beha botšepehi sebakeng sa pele. Ho feta moo, ho sa tsotellehe hore na re baholo kapa re banyenyane, botšepehi ke ntho ea pele eo re e batlang ho bao re ba nkang e le metsoalle.

Christine o ile a rutoa ho utsoa ho tloha ha a le lilemo li 12. Ha lilemo li ntse li feta e ile ea e-ba mok’hothotsi oa ’nete. O hlalosa hore “ka matsatsi a mang ke ne ke tlisa lapeng chelete e ka etsang DM 5 000 [R17 000].” Empa Christine o ile a tšoaroa ka makhetlo a mangata, ’me ho ne ho sala hanyenyane feela hore a hlahleloe teronkong. Ha Lipaki tsa Jehova li hlalosetsa Christine hore na Bibele e re’ng ka botšepehi, o ile a hoheloa ke melao ea Bibele ea boitšoaro. O ile a ithuta ho mamela keletso ena: “Ea utsoang a a se ke a hlola a utsoa.”—Baefese 4:28.

Ha Christine a ne a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ne e se e se lesholu. O ne a leka ho tšepahala linthong tsohle, kahobane Lipaki li hatella haholo taba ea botšepehi le litšoaneleho tse ling tsa Bokreste. Koranta e bitsoang Lausitzer Rundschau ea tlaleha: “Lipoleloana tsa boitšoaro tse kang ho tšepahala, ho etsa lintho ka teka-tekano le ho rata moahisani li thoholetsoa haholo tumelong ea Lipaki.” Christine o ikutloa joang ka phetoho ee bophelong ba hae? “Ke thabile haholoanyane ha joale ke se ke khaolitse ho utsoa. Ke ikutloa hore ke setho se tšepahalang sa sechaba.”

Sechaba Kaofela se Rua Molemo

Batho ba tšepahalang ho balekane ba bona le ba khabane, ba thabile haholoanyane ebile ba molemo sechabeng ka kakaretso. Bahiri ba khetha basebetsi ba sa qhekelleng. Bohle re lakatsa ho ba le baahisani ba tšepahalang, ’me re rata ho reka mabenkeleng a bahoebi ba khabane. Na ha re hlomphe bo-ralipolotiki, mapolesa le baahloli ba qobang bobolu? Sechaba se rua molemo haholo ha litho tsa sona li phela ka botšepehi ka linako tsohle, eseng feela ka nakoana e itseng.

Ho feta moo, banyalani ba tšepahalang ke motheo oa malapa a tsitsitseng. Ebile batho ba bangata ba ka lumellana le ralipolotiki e mong oa Europe ea ileng a re: “Ho fihlela kajeno lelapa [le tloaelehileng] e ntse e le setšabelo sa bohlokoahali sa tšireletseho le bophelo bo nang le morero.” Lelapa le nang le khotso ke leo ho lona batho ba baholo le bana ba nang le monyetla o molemo ka ho fetisisa oa ho ikutloa ba sireletsehile maikutlong. Kahoo, ba tšepahalang lenyalong ba thusa ho haha sechaba se tsitsitseng.

Nahana feela hore na e mong le e mong o ne a tla rua molemo o mokaakang ha ho ne ho se na banna kapa basali ba lahliloeng, ho se na makhotla a tlhalo, kapa linyeoe tsa hore na bana ba nkoa ke mang. Ho ne ho tla ba joang haeba ho ne ho se na bak’hothotsi, ba utsoang mabenkeleng, baqhekelli, bahlanka ba sechaba ba tletseng bobolu, kapa bo-rasaense ba balotsana? Na seo se utloahala joaloka toro feela tjee? Hase toro ho ba thahasellang ka matla seo Bibele e se bolelang ka bokamoso ba rōna. Lentsoe la Molimo le tšepisa hore ’Muso oa Jehova oa Bomesia o tla tloha o nka puso ea batho bohle ba lefatšeng. ’Musong oo, bafo bohle ba oona ba tla rutoa ho phela tumellanong le melao ea boitšoaro ea Bibele. Nakong eo, “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Melao ea Boitšoaro ea Bibele e Molemo ka ho Fetisisa

Batho ba limilione ba hlahlobisisitseng Mangolo a Halalelang ba lemoha hore keletso ea Bibele e thehiloe bohlaleng ba bomolimo, bo phahametseng monahano oa motho haholo. Ba joalo ba nka Bibele e tšepahala ebile e sebetsa bophelong lefatšeng la rōna la kajeno. Baa tseba hore ho ela hloko keletso ea Lentsoe la Molimo ho ba tsoela molemo haholo.

Kahoo, batho ba joalo ba nka ka ho teba keletso ena ea Bibele: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ha ba etsa joalo, ba ntlafatsa bophelo ba bona haholo, ’me ba boetse ba atlehisa bophelo ba ba phelang le bona. Hape ba hlaolela kholiseho e tiileng ‘bophelong bo tlang ho tla,’ nakong eo ka eona melao ea boitšoaro ea Bibele e tla lateloa ke moloko oohle oa batho.—1 Timothea 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ha meea ea mathata e puputla lenyalong, hangata ho phela ka melao ea boitšoaro ea Bibele ho ka tiisa lenyalo ’me ha tataisa balekane ho fihlela boemo bo tsitsa

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Ho sa tsotellehe bobolu bo tletseng hohle—kapa mohlomong ka lebaka la bona—ho tloaelehile hore batho ba tšepahalang ba ratoe ke ba bang