Pono ea Bomolimo ka ho Hloeka Boitšoarong
Pono ea Bomolimo ka ho Hloeka Boitšoarong
“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—ESAIA 48:17, NW.
1, 2. (a) Ka kakaretso batho ba talima taba ea ho kopanela liphate joang? (b) Bakreste ba na le pono efe ka taba ea ho kopanela liphate?
LIKAROLONG tse ngata tsa lefatše kajeno, boitšoaro bo nkoa e le taba ea botho. Batho ba talima ho kopanela liphate e le pontšo ea tlhaho ea lerato eo ba ka kopanelang ho eona neng kapa neng ha ba rata, ha ba ho talime e le ntho e boloketsoeng lenyalo feela. Ba na le maikutlo a hore haeba ho se ea tsoang kotsi, ha ho letho le phoso ka hore motho a iketsetse qeto ea hore na o itšoara joang. Ho ea ka pono ea bona, batho ha baa lokela ho ahloloa litabeng tsa boitšoaro, haholo-holo tabeng ea ho kopanela liphate.
2 Ba tsebang Jehova ba na le pono e fapaneng. Ba thabela ho latela tataiso ea Mangolo kahobane ba rata Jehova ’me ba batla ho mo khahlisa. Baa hlokomela hore Jehova oa ba rata ’me o ba neha tataiso e tla ba thusa, tataiso eo ka sebele e tlang ho ba tsoela khomo le ho ba thabisa. (Esaia 48:17) Kaha Molimo ke Mohloli oa bophelo, ke ho utloahalang hore ba lebe ho eena bakeng sa tataiso ea hore na ba sebelise ’mele ea bona joang, haholo-holo tabeng ena e hokahaneng haufi hakana le ho fetisetsa bophelo ho ba bang.
Mpho e Tsoang ho ’Mōpi ea Lerato
3. Batho ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba ’nile ba rutoa eng ka ho kopanela liphate, ’me seo se bapisoa joang le seo Bibele e se rutang?
3 Ho fapana le lefatše la kajeno le sa sekamelang bolumeling, ba bang Bokreste-’mōtoaneng ba rutile hore ho kopanela liphate ke ntho e lihlong, ke sebe, le hore “sebe sa pele” se entsoeng serapeng sa Edene se etsahetse ha Eva a eka Adama ka ho kopanela liphate. Pono eo e Genese 2:25, NW) Molimo o ile a ba bolella hore ba be le bana, a re: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Genese 1:28) E ne e tla ba ntho e sa utloahaleng hore Molimo a laele Adama le Eva ho ba le bana ebe joale oa ba otla ha ba latela litaelo tseo.—Pesaleme ea 19:8.
fapane le seo Mangolo a bululetsoeng a se bolelang. Tlaleho ea Bibele e bitsa batho ba babeli ba pele “monna le mosali oa hae.” (4. Ke hobane’ng ha Molimo a file batho matla a ho kopanela liphate?
4 Taelong eo e ileng ea fuoa batsoali ba rōna ba pele, e ileng ea phetoa ho Noe le bara ba hae, re bona morero o ka sehloohong oa ho kopanela liphate: e leng ho ba le bana. (Genese 9:1) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bontša hore bahlanka ba hae ba leng lenyalong ha baa tlangoa hore ba lekanyetse ho kopanela liphate tabeng ea ho ba le bana feela. Likamano tse joalo li ka khotsofatsa hantle litlhoko tsa maikutlo le tsa ’mele ’me ea e-ba mohloli oa thabo ho banyalani. Ena ke tsela eo ba bontšanang lerato le mofuthu haholo ka eona.—Genese 26:8, 9; Liproverbia 5:18, 19; 1 Bakorinthe 7:3-5.
Meeli e Behiloeng ke Molimo
5. Molimo o behetse batho lithibelo life tabeng ea ho kopanela liphate?
5 Le hoja ho kopanela liphate e le mpho e tsoang ho Molimo, ha ho etsoe ntle ho moeli. Molao-motheo ona o sebetsa esita le ka har’a tokisetso ea lenyalo. (Baefese 5:28-30; 1 Petrose 3:1, 7) Ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo ha hoa lumelloa. Bibele ha e hlathe koana le koana ha e bua ka taba ena. Molaong oo Molimo a ileng a o neha sechaba sa Iseraele, ho ile ha boleloa hore: “U se ke ua feba.” (Exoda 20:14) Hamorao, Jesu o ile a matahanya “bohlola” le “bofebe” hammoho le “menahano e kotsi” e tsoang ka pelong ’me e silafatse motho. (Mareka 7:21, 22) Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a lemose Bakreste ba Korinthe a re: “Balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) ’Me lengolong la hae le eang ho Baheberu, Pauluse o ile a ngola: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.”—Baheberu 13:4.
6. Ka Bibeleng, lentsoe “bohlola” le akaretsa eng?
6 Lentsoe “bohlola” le bolela’ng? Le tsoa lentsoeng la Segerike por·neiʹa, leo ka linako tse ling le sebelisoang ha ho buuoa ka ho kopanela liphate ha batho ba seng lenyalong. (1 Bakorinthe 6:9) Libakeng tse ling, tse kang ho Matheu 5:32 le Matheu 19:9, lentsoe lena le na le moelelo o pharaletseng ’me le boetse le bolela bofebe, ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi le ho robala le phoofolo. Mekhoa e meng ea ho kopanela liphate pakeng tsa batho ba sa nyalanang, e kang ho kopanela liphate ka ho nyanyana litho tsa ka sephiring kapa ka ho li kenya ka morao, le ho pholla litho tsa ka sephiring tsa motho e mong, le eona e ka bitsoa por·neiʹa. Mekhoa eo kaofela e nyatsoa ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang ka Lentsoeng la Molimo.—Levitike 20:10, 13, 15, 16; Baroma 1:24, 26, 27, 32. *
Ho Rua Molemo Melaong ea Molimo ea Boitšoaro
7. Re rua molemo joang ka ho ipoloka re hloekile boitšoarong?
7 Ho mamela tataiso ea Jehova tabeng ea ho kopanela liphate e ka ba phephetso ho batho ba sa phethahalang. Rafilosofi ea tummeng oa Mojuda oa lekholong la bo12 la lilemo Maimonides o ile a ngola: “Ha ho thibelo ea Torah [Molao oa Moshe] eo ho leng thata ho e boloka ho tšoana le ea likamano tse thibetsoeng le ea ho kopanela liphate ka mokhoa o sa lokelang.” Empa, haeba re mamela tataiso ea Molimo, re rua molemo haholo. (Esaia 48:18) Ka mohlala, ho mamela tabeng ena ho thusa ho re sireletsa mafung a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ao a mang a ’ona a sa phekoleheng a bileng a bolaeang. * Re sireletsoa ho imeng ka ntle ho lenyalo. Ho sebelisa bohlale ba bomolimo ho boetse ho tlatsetsa ho beng le letsoalo le hloekileng. Ho etsa joalo ho re thusa ho itlhompha ’me ho etsa hore re hlomphuoe ke batho ba bang, ho akarelletsa beng ka rōna, balekane ba rōna, bana ba rōna le bara le barali babo rōna ba Bakreste. Ho boetse ho etsa hore re be le boikutlo bo botle, le bo nepahetseng ka ho kopanela liphate, bo tla etsa hore ho be le thabo lenyalong. Mosali e mong oa Mokreste o ile a ngola tjena: “’Nete ea Lentsoe la Molimo ke tšireletso e molemo ka ho fetisisa. Ke letetse ho nyaloa, ’me ha ke nyaloa ke tla ba motlōtlō ho bolella monna oa Mokreste ea tla ’nyala hore ke moroetsana.”
8. Ke ka litsela life boitšoaro ba rōna bo hloekileng bo ka ntšetsang pele borapeli bo hloekileng?
8 Ka ho ipoloka re hloekile boitšoarong, re ka boela ra etsa ho hoholo ho felisa maikutlo a fosahetseng ka borapeli ba ’nete le ho hohella batho ho Molimo eo re mo rapelang. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li buang khahlanong le lōna joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” (1 Petrose 2:12) Esita le haeba batho ba sa sebeletseng Jehova ba sa hlokomele kapa ba sa rate boitšoaro ba rōna bo hloekileng, re ka kholiseha hore Ntat’a rōna oa leholimo oa bona ebile o amohela le ho thabela boiteko boo re bo etsang ho latela tataiso ea hae.—Liproverbia 27:11; Baheberu 4:13.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le kholiseho ka tataiso ea Molimo, le hoja mohlomong re sa utloisise ka botlalo mabaka a hae? Bontša.
9 Ho lumela ho Molimo ho akarelletsa ho ba le kholiseho ea hore o tseba se molemo ka ho fetisisa bakeng sa rōna, esita le haeba re sa utloisise ka botlalo mabaka ’ohle a hore na ke hobane’ng ha a re laela hore re tsamaee tseleng e itseng. Nahana ka mohlala o tsoang Molaong oa Moshe. Molao o mong o mabapi le liahelo tsa sesole o ne o hloka hore mantle a epeloe ka ntle ho liahelo. (Deuteronoma 23:13, 14) Mohlomong Baiseraele ba ile ba ipotsa ka lebaka la ho fanoa ha taelo eo; ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba nahana hore ha e hlokahale. Leha ho le joalo, ho tloha ka nako eo, saense ea tsa bongaka e hlokometse hore molao ona o ile oa thusa ho boloka mehloli ea metsi e hloekile le ho sireletsa batho mafung a mangata a tsamaisoang ke likokoanyana. Ka ho tšoanang, ho na le mabaka a moea, a kahisano, a maikutlo, a ’mele le a kelello ao ka ’ona Molimo a behileng meeli ea hore ho kopanela liphate ho sebelisoe lenyalong feela. Joale a re hlahlobeng mehlala e seng mekae ea Bibele ea batho ba ileng ba ipoloka ba hloekile boitšoarong.
Josefa—O Ile a Hlohonolofatsoa ka Lebaka la Boitšoaro ba Hae bo Botle
10. Ke mang ea ileng a leka ho eka Josefa, ’me o ile a arabela joang?
10 Mohlomong u tseba mohlala oa Bibele oa Josefa, mora oa Jakobo. Ha a le lilemo li 17, o ile a iphumana e le lekhoba la Potifaro, eo e neng e le mookameli oa balebeli ba Faro oa Egepeta. Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa, ’me hamorao o ile a khethoa hore a okamele ntlo eohle ea Potifaro. Ha Josefa a fihla lilemong tsa bo-20, o ne “a na le sebopeho se setle, le tšobotsi e ntle.” O ile a hapa tlhokomelo ea mosali oa Potifaro, ea ileng a leka ho mo eka. Josefa o ile a hlakisa boemo ba hae, a hlalosa hore ha a ne a ka lumela o ne a tla be a sa tsoe mong’a hae tlaase feela empa hape o ne a tla Genese 39:1-9.
be a “siteloa Molimo.” Ke hobane’ng ha Josefa a ile a nahana joalo?—11, 12. Le hoja ho ne ho se na molao o ngotsoeng o fanoeng ke Molimo o thibelang bohlola le bofebe, ke hobane’ng ha Josefa a ile a nahana kamoo a ileng a nahana kateng?
11 Ho hlakile hore qeto ea Josefa e ne e sa thehoa tabeng ea hore batho ba tla mo bona. Lelapa labo Josefa le ne le lula hōle haholo, ’me ntat’ae o ne a nahana hore o shoele. Hoja Josefa o ile a kopanela boitšoarong bo bobe, ho ne ho se mohla lelapa labo le neng le tla tseba. Mohlomong sebe se joalo se ne se ka pateloa le Potifaro le bahlanka ba hae ba batona, kaha ka linako tse ling ba ne ba e-ba sieo ka tlung. (Genese 39:11) Leha ho le joalo, Josefa o ne a tseba hore a ke ke a patela Molimo boitšoaro bo joalo.
12 E tlameha ebe Josefa o ile a nahana ka seo a neng a se tseba ka Jehova. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba seo Jehova a ileng a se bolela serapeng sa Edene: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) Hape, mohlomong Josefa o ne a tseba seo Jehova a ileng a se bolella morena oa Mofilista ea neng a rerile ho eka Sara nkhono’a ntat’a Josefa. Jehova o ile a re ho morena eo: “Bona, u motho ea shoeleng ka baka la mosali eo u mo nkileng, hobane o nyetsoe ke monna. . . . ’Me ke bile ke u thibetse hore u tle u se ke ua ntšiteloa. Ke ka baka leo ke sa kang ka u lesa le hore u mo ame.” (Genese 20:3, 6, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, le hoja Jehova a ne a e-s’o fane ka molao o ngotsoeng, maikutlo a hae ka lenyalo a ne a hlakile. Kelello e hlaphohileng ea Josefa litabeng tsa boitšoaro, hammoho le takatso ea hae ea ho khahlisa Jehova, li ile tsa etsa hore a hane boitšoaro bo bobe.
13. Ebe mohlomong ke hobane’ng ha Josefa a ne a sa khone ho qoba mosali oa Potifaro?
13 Leha ho le joalo, mosali oa Potifaro o ne a le leqoophe, “letsatsi le letsatsi” a mo kōpa hore a robale le eena. Ke hobane’ng ha Josefa a ne a sa mo qobe feela? Joaloka lekhoba, ho ne ho e-na le mesebetsi eo a neng a lokela ho e etsa ’me ha ho letho leo a neng a ka le etsa ho fetola boemo ba hae. Bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng bo bontša hore tsela eo matlo a Egepeta a neng a entsoe ka eona e ne e tlama motho hore a fete karolong e khōlō ea ntlo hore a fihle likamoreng tsa polokelo ea thepa. Kahoo, mohlomong ho ne ho sa khonehe hore Josefa a qobe mosali oa Potifaro.—Genese 39:10, NW.
14. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Josefa ka mor’a hore a balehele mosali oa Potifaro? (b) Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa joang ka lebaka la botšepehi ba hae?
14 Ka letsatsi le leng ba ile ba iphumana ba le bang ka tlung. Mosali oa Potifaro a tšoara Josefa ’me a hoeletsa: “Robala le ’na!” Josefa o ile a baleha. A utloisitsoe bohloko ke ho hana ha Josefa, o ile a mo qosa ka hore o ne a leka ho mo beta. Liphello e bile life? Na Jehova o ile a potlakela ho putsetsa Josefa botšepehi ba hae? Che. Josefa o ile a akheloa ka chankaneng ’me a tlangoa ka litlamo. (Genese 39:12-20; Pesaleme ea 105:18) Jehova o ile a bona ho hloka toka hoo ’me qetellong a ntša Josefa ka chankaneng a mo isa ka tlung ea borena. O ile a fetoha motho oa bobeli e moholo ka ho fetisisa Egepeta ’me a hlohonolofatsoa ka mosali le bana. (Genese 41:14, 15, 39-45, 50-52) Hape, tlaleho ea botšepehi ba Josefa e ngotsoe lilemong tse 3 500 tse fetileng e le hore bahlanka ba Molimo ba e bale ho tloha ka nako eo. Ho khomarela melao e lokileng ea Molimo ho ile ha tlisa litlhohonolofatso tse hlollang hakaakang! Ka ho tšoanang, le rōna kajeno hase kamehla re ka bonang melemo ea kapele e tlisoang ke ho tšepahala boitšoarong, empa re ka kholiseha hore Jehova oa bona ’me o tla re hlohonolofatsa ka nako ea teng.—2 Likronike 16:9.
‘Selekane Seo Jobo a Ileng a se Hlaba le Mahlo a Hae’
15. Jobo ‘o ne a entse selekane sefe le mahlo a hae’?
15 ’Moloki e mong oa botšepehi e ne e le Jobo. Nakong ea liteko tseo Diabolose a ileng a mo tlisetsa tsona, Jobo o ile a hlahloba bophelo ba hae ’me a bolela hore o ne a ka mamella kotlo e matla haeba har’a lintho tse ling, a ile a tlōla molao-motheo oa Jehova o mabapi le ho kopanela liphate. Jobo o itse: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang?” (Jobo 31:1, NW) Ka mantsoe ana, Jobo o ne a bolela hore boikemisetsong ba hae ba ho tšepahala ho Molimo, o ne a entse qeto e tiileng ea hore esita le mosali o tla qoba ho mo talima ka takatso e sa lokang. Ho hlakile hore o ne a tla kopana le basali letsatsi le leng le le leng ’me mohlomong o ne a tla ba thusa haeba ba hloka thuso. Empa ha e le ho ba ela hloko ka sepheo sa ho ba le maikutlo a lerato, hoo o ne a ke ke a ho etsa. Pele a lekoa, o ne a ruile haholo, a le “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.” (Jobo 1:3, NW) Leha ho le joalo, ha aa ka a sebelisa matla a leruo ho hohela basali ba bangata. Ntle ho pelaelo, ha ho mohla a kileng a tleloa ke maikutlo a ho lebella ho ikhotsofatsa ka ho kopanela liphate le basali ba banyenyane.
16. (a) Ke hobane’ng ha Jobo e le mohlala o motle bakeng sa Bakreste ba leng lenyalong? (b) Boitšoaro ba banna ba mehleng ea Malakia bo ne bo fapane haholo joang le ba Jobo, ’me ho thoe’ng ka mehla ea kajeno?
16 Ka hona, Jobo o ile a tšepahala boitšoarong ha ho theosetsa leha ho nyolosetsa. Jehova o ile a hlokomela sena ’me a mo hlohonolofatsa haholo. (Jobo 1:10; 42:12) Jobo ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa Bakreste ba leng lenyalong, ka bobeli banna le basali! Ha ho makatse ha Jehova a ne a mo rata hakana! Ho fapana le moo, boitšoaro ba batho ba bangata kajeno bo tšoana hantle le se etsahetseng mehleng ea Malakia. Moprofeta eo o ile a nyatsa ka thata tsela eo banna ba bangata ba neng ba lahla balekane ba bona ka eona, hangata e le hore ba nyale basali ba banyenyane. Aletare ea Jehova e ne e tletse meokho ea basali ba tlohetsoeng, ’me Molimo o ile a nyatsa ba neng ba “sebetsa [balekane ba bona] ka bolotsana” joalo.—Malakia 2:13-16, NW.
Moroetsana ea Hloekileng
17. Moshulame o ne a tšoana le “serapa se kampetsoeng” joang?
17 ’Moloki oa boraro oa botšepehi e ne e le moroetsana oa Moshulame. Kaha o ne a le mocha a bile a le motle, ha aa ka a hapa maikutlo a molisana feela empa o ile a hapa le maikutlo a morena oa Iseraele ea neng a ruile, Solomone. Paleng eohle e monate e phetiloeng ho Sefela sa Lifela, Moshulame o ile a lula a hloekile, ka hona a ikhapela tlhompho ea batho ba mo pota-potileng. Le hoja Moshulame a ile a mo hana, Solomone o ile a bululeloa hore a ngole pale ea hae. Molisana ea neng a mo rata le eena o ne a hlompha boitšoaro ba hae bo hloekileng. Ka lekhetlo le leng o ile a thuisa ka hore Moshulame o tšoana le “serapa se kampetsoeng.” (Sefela sa Lifela 4:12, NW) Iseraeleng ea boholo-holo, lirapa tse ntle li ne li e-na le meroho e sa tšoaneng e metle, lipalesa tse nkhang hamonate le lifate tse khōlō. Ka tloaelo lirapa tse joalo li ne li kampetsoe ka lerako kapa lebota ’me motho o ne a ka kena ho lona feela ka khoro e notleloang. (Esaia 5:5) Ho molisa enoa, boitšoaro bo hloekileng ba Moshulame le botle ba hae li ne li tšoana le serapa se joalo se setle ka mokhoa o sa tloaelehang. O ne a hloekile ka ho feletseng. Lerato la hae le mofuthu le ne le tla fumanoa feela ke monna ea neng a tla mo nyala.
18. Litlaleho tse mabapi le Josefa, Jobo le Moshulame li re hopotsa’ng?
18 Tabeng ea boitšoaro bo tšepahalang, Moshulame o ile a behela basali ba Bakreste ba kajeno mohlala o motle haholo. Jehova o ile a bona ’me a ananela bokhabane ba moroetsana oa Moshulame ’me a mo hlohonolofatsa feela joalokaha a ile a hlohonolofatsa Josefa le Jobo. Liketso tsa bona tsa botšepehi li ngotsoe ka Lentsoeng la Molimo hore li re rute. Le hoja boiteko ba rōna ba ho boloka botšepehi kajeno bo sa tlalehoa ka Bibeleng, Jehova o na le “buka ea khopotso” bakeng sa ba batlang ho etsa thato ea hae. Le ka mohla re se lebale hore Jehova o “ela hloko” ’me oa thaba ha re ikitlaetsa ka botšepehi ho ipoloka re hloekile boitšoarong.—Malakia 3:16, NW.
19. (a) Re lokela ho talima ho hloeka boitšoarong joang? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
19 Le hoja batho ba se nang tumelo ba ka nyefola, re thabela hore ebe re mamela ’Mōpi oa rōna ea lerato. Boitšoaro ba rōna ke ba boemo bo phahameng, boitšoaro bo bontšang ho tšaba Molimo. Ena ke ntho eo re leng motlōtlō ka eona, ntho eo re e nkang e le ea bohlokoa. Ha re lula re hloekile boitšoarong, re ka thabela tlhohonolofatso ea Molimo ’me re ka lula re e-na le tšepo e khanyang ea litlhohonolofatso tse sa feleng tsa nako e tlang. Leha ho le joalo, ka tsela e sebetsang, re ka etsa’ng hore re lule re hloekile boitšoarong? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena ea bohlokoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 6 Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1983, leqepheng la 29-31.
^ ser. 7 Ka masoabi, ho na le maemo ao ho ’ona molekane ea sa lumelang ea sa kang a latela tataiso ea Molimo a ka tšoaetsang Mokreste ea tšepahalang lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.
Na U ka Hlalosa?
• Bibele e ruta eng ka ho kopanela liphate?
• Ka Bibeleng lentsoe “bohlola” le akaretsa eng?
• Re rua molemo joang ka ho lula re hloekile boitšoarong?
• Ke hobane’ng ha Josefa, Jobo le moroetsana oa Moshulame e le mehlala e metle bakeng sa Bakreste kajeno?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Josefa o ile a balehela boitšoaro bo bobe
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Moroetsana oa Moshulame o ne a le joaloka “serapa se kampetsoeng”
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Jobo o ne a hlabile ‘selekane le mahlo a hae’