Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Tla Etsa Tsohle Molemong oa Tumelo e sa Tl’o Fela”!

“Re Tla Etsa Tsohle Molemong oa Tumelo e sa Tl’o Fela”!

Pale ea Bophelo

“Re Tla Etsa Tsohle Molemong oa Tumelo e sa Tl’o Fela”!

JOALOKAHA HO BOLETSE HERBERT MÜLLER

Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa likhoelinyana ka mor’a hore lebotho la Hitler le hlasele Netherlands. Ka mor’a nakoana, lebitso la ka le ile la hlaha lethathamong la bao Manazi a ba batlang ka mahlo a matšo, ’me ke ne ke tsongoa joaloka phoofolo.

KA LEKHETLO le leng ke ne ke khathetse ke ho ipata le ho baleha hoo ke ileng ka bolella mosali oa ka hore ho ka ba molemo haeba lebotho lena le ka ntšoara. Eaba ke hopola mantsoe a pina e ’ngoe a reng: “Re tla etsa tsohle molemong oa tumelo e sa tl’o fela, le hoja lira li re patetse ka hohle.” * Ke ile ka tsoha molota ha ke hopola pina eo ’me ka hopola batsoali ba ka ba Jeremane le letsatsi leo ka lona metsoalle ea ka e ileng ea bina pina ena ha e ntumelisa la ho qetela. Ha nke ke u phetele tse ling tsa lintho tsena tseo ke li hopolang.

Mohlala oa Batsoali ba Ka

Ha ke tsoaloa ka 1913 toropong ea Copitz ea Jeremane, batsoali ba ka e ne e le litho tsa Kereke ea Evangeli. * Ntate o ile a tsoa kerekeng eo lilemo tse supileng hamorao, ka 1920. Ka la 6 April, o ile a kōpa Kirchenaustrittsbescheinigung (Phatlalatso ea ho Itokolla Kerekeng). Ofisiri ea toropo ea ngoliso ea sechaba e ile ea tlatsa foromo eo. Leha ho le joalo, beke hamorao, Ntate o ne a khutletse ofising eo a hlalosa hore phatlalatsong eo ha hoa kenngoa lebitso la morali oa hae. Ofisiri ea ’muso e ile ea tlatsa tokomane ea bobeli e bolelang hore phatlalatso eo ea ho itokolla kerekeng e sebetsa le ho Martha Margaretha Müller. Ka nako eo, khaitseli ea ka Margaretha, o ne a e-na le selemo le likhoeli tse tšeletseng. Tabeng ea ho sebeletsa Jehova, Ntate o ne a batla hore motho a ikakhele ka setotsoana!

Ka selemo sona seo, batsoali ba ka ba ile ba kolobetsoa ke Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Ntate o ile a re hōlisa ka molao o thata, empa botšepehi ba hae ho Jehova bo ile ba re nolofalletsa ho amohela tataiso ea hae. Botšepehi bo ile ba boela ba susumetsa batsoali ba ka hore ba etse liphetoho. Ka mohlala, ho na le nako eo ka eona re neng re sa lumelloe ho bapalla ka ntle ka Lisontaha. Leha ho le joalo, ka Sontaha se seng ka 1925, batsoali ba ka ba ile ba re bolella hore re tla otlolla maoto. Re ile ra nka lijo tse bobebe ’me ha e-ba monate—ho ne ho fapane hakaakang le ho koalloa ka tlung letšehare lohle! Ntate o ile a bolela hore o ithutile lintlha tse ling kopanong e sa tsoa feta tse ileng tsa fetola pono ea hae ka lintho tse ka etsoang ka Sontaha. O ile a ’na a ikemisetsa ka mokhoa o tšoanang ho etsa liphetoho ka makhetlo a mang.

Le hoja batsoali ba ka ba ne ba kula, ba ne ba sa tsoafe mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, e le hore re abe pampitšana e bitsoang Ecclesiastics Indicted, mantsiboeeng a mang re ile ra palama terene le phutheho eohle ’me ra ea toropong ea Regensburg, e hōle le Dresden ka lik’hilomithara tse 300. Ka letsatsi le latelang, re ile ra aba lipampitšana toropong eo eohle eaba re khutla ka terene, ha re qetile. Ha re fihla lapeng hape, ho ne ho fetile lihora tse ka bang 24.

Ho Tloha Lapeng

Ke ile ka thusoa hape ke setsoalle sa ka le Jugendgruppe (Sehlopha sa Bacha) phuthehong ea rōna hore ke hōle moeeng. Beke ka ’ngoe, bacha ba ka holimo ho lilemo tse 14 ba ne ba kopana le bara ba bang babo rōna ba baholoanyane ka phuthehong. Re ne re bapala lipapali le liletsa tsa ’mino, re ithuta Bibele le ho bua ka pōpo le saense. Leha ho le joalo, ka 1932, ha ke le lilemo li 19, ke ile ka arohana le metsoalle ena ea ka.

Ka April selemong seo, Ntate o ile a amohela lengolo le tsoang ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower e Magdeburg. Mokhatlo o ne o batla motho ea tsebang ho khanna koloi, ea batlang ho bula maliboho. Ke ne ke tseba hore batsoali ba ka ba rata ha nka bula maliboho, empa ke ne ke ikutloa hore kea sitoa. Kaha batsoali ba ka e ne e le bafutsana, ke ne ke qalile ho tea libaesekele, mechine e rōkang, hammoho le mechine ea ho thaepa le thepa e ’ngoe ea ofisi, ha ke le lilemo li 14. Ke ne ke tla siea lelapa leso joang? Le ne le hloka thuso ea ka. Ho feta moo, ke ne ke sa kolobetsoa le ho kolobetsoa. Ntate o ile a lula le ’na eaba o mpotsa lipotso tse seng kae ho bona hore na kea utloisisa hore na kolobetso e akarelletsa eng. Ha likarabo tsa ka li mo kholisa hore ke tsoetse pele ka ho lekaneng moeeng hore nka kolobetsoa, o ile a re: “U ka amohela kabelo ena.” Ke ile ka e amohela.

Ka mor’a beke ke ile ka amohela memo ea ho ea Magdeburg. Ha ke bolella metsoalle ea ka ea Sehlopha sa Bacha, e ile ea batla ho ntumelisa ka pina e monate. E ile ea makalla pina eo ke e khethileng hobane e ne e nka hore ke pina ea batho ba nkang lintho ka botebo haholo. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba nka lifiolo, limandoline le likatara tsa bona eaba ba bina kaofela: “Re tla etsa tsohle molemong oa tumelo e sa tl’o fela, le hoja lira li re patetse ka hohle; e ke ke ea thekesela ha e talimane le tlokotsi leha e le efe e tlisoang ke lefatše.” Letsatsing leo, ke ne ke sa hlokomele hore na mantsoe ao a ne a tla ’matlafatsa hakae lilemong tse tlang.

Ke Qala Haboima

Ha barab’eso ba Magdeburg ba se ba lekile bokhoni ba ka ba ho khanna, ba ile ba beha koloi boikarabelong ba ka hammoho le bo-pula-maliboho ba bang ba bane, ’me re ile ra leba Schneifel, e leng sebaka se haufi le Belgium. Kapele feela re ile ra hlokomela hore koloi ea rōna ke thuso e khōlō. Kereke e K’hatholike ea sebaka seo e ne e sa batle le ho re bona, ’me batho ba motse, ba neng ba hlohlelletsoa ke baprista, ba ne ba atisa ho leta hore ba re leleke. Ka makhetlo a mangata koloi ena e ne e re thusa ho baleha pele ba re hlasela ka mehoma le lifocholo.

Ka mor’a Sehopotso ka 1933, molebeli oa sebaka, Paul Grossmann, o ile a re bolella hore mosebetsi oa Mokhatlo o thibetsoe Jeremane. Nakoana ka mor’a moo, ofisi ea lekala e ile ea nkōpa hore ke tle Magdeburg ka koloi, ke nke libuka moo, ’me ke li ise seterekeng sa Saxony, se hōle le Magdeburg ka lik’hilomithara tse 100. Leha ho le joalo, ha ke fihla Magdeburg, Magestapo (e leng mapolesa a sekhukhu a Manazi), a ne a se a koetse ofisi ea Mokhatlo. Ke ile ka siea koloi ha mor’abo rōna e mong Leipzig eaba ke khutlela hae—empa ka nakoana.

Ofisi ea Mokhatlo ea Switzerland e ile ea ’mema hore ke e’o qala ho bula maliboho Netherlands. Ke ile ka etsa qeto ea ho tloha pele ho beke kapa tse peli. Leha ho le joalo, Ntate o ile a nkeletsa hore ke tlohe hona hoo. Ke ile ka nka keletso ea hae, ’me ka tloha lapeng ka mor’a lihora tse seng kae. Ka letsatsi le latelang, mapolesa a ile a tla lapeng a tlil’o ntšoarela hore ke balehile. A ile a fihla mehlaleng.

Ho Qala Mosebetsi Netherlands

Ka la 15 August, 1933, ke ile ka fihla lehaeng la bo-pula-maliboho le Heemstede, e leng toropo e hōle le Amsterdam ka lik’hilomithara tse 25. Letsatsing le latelang, ke ile ka ea mosebetsing oa ho bolela ke sa tsebe leha e le lentsoe le le leng feela la Sedache. Ke ile ka qala ke nkile karete ea ho paka, e nang le puo e ngotsoeng. Ke ile ka khothala hakaakang ha mosali e mong oa Mok’hatholike a amohela buka e bitsoang Reconciliation! Ka letsatsi lona leo, ke ile ka boela ka tsamaisa libukana tse 27. Qetellong ea letsatsi leo la pele, ke ile ka ikutloa ke nyakaletse hore ebe ke ile ka boela ka khona ho bolela ka bolokolohi.

Mehleng eo, bo-pula-maliboho ba ne ba se na mohloli o mong oa chelete haese feela menehelo eo ba neng ba e fumana ka lingoliloeng tse tsamaisitsoeng. Chelete eo e ne e sebelisetsoa ho reka lijo le lintho tse ling tse hlokahalang. Haeba ho ne ho e-na le cheletana e salang bofelong ba khoeli, bo-pula-maliboho ba ne ba e arolelana ho lefella litšenyehelo tsa bona. Re ne re sokola, empa Jehova o ne a re hlokomela hantle hoo ka 1934, ke ileng ka khona ho ea kopanong Switzerland.

Molekane ea Tšepahalang

Kopanong eo, ke ile ka bona Erika Finke ea lilemo li 18. Ke ne ke mo tsebella hae. E ne e le motsoalle oa khaitseli ea ka, Margaretha, ’me kamehla ke ne ke khahloa ke hore Erika o ne a emela ’nete ka tieo. Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1932, motho e mong o ile a bolella Magestapo hore Erika o hanne ho re “Heil Hitler!” Magestapo a ile a mo sala morao a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a hanne. Erika o ile a balla ofisiri e seteisheneng sa mapolesa Liketso 17:3 ’me a hlalosa hore Molimo o khethile monna a le mong feela ho ba Mopholosi, e leng Jesu Kreste. Ofisiri ena e ile ea botsa: “Na ho na le ba bang ba lumelang se tšoanang le seo u se lumelang?” Erika o ile a hana ho bolela mabitso. Ha lepolesa leo le mo tšosa ka hore le tla mo koalla, Erika o ile a le bolella hore a ka mpa a shoa ho e-na le hore a bolele mabitso. Le ile la mo tonela mahlo eaba lea hoeletsa: “Tsoa! Tsamaea u ee heno. Heil Hitler!”

Ka mor’a kopano, ke ile ka khutlela Netherlands ha Erika a ntse a le Switzerland. Leha ho le joalo, bobeli ba rōna re ne re utloa hore setsoalle sa rōna se tiile. Erika o ile a utloa a ntse a le Switzerland hore Magestapo a ntse a mo batla hae koana. O ile a etsa qeto ea ho lula le ho bula maliboho Switzerland. Likhoeli tse seng kae hamorao, Mokhatlo o ile oa mo kōpa hore a ee Spain. O ile a bula maliboho Madrid, eaba o ea Bilbao, ’me hamorao San Sebastián, moo eena le eo a neng a bula maliboho le eena ba ileng ba qetella ba le teronkong ka lebaka la mahloriso a neng a hlohlelletsoa ke baruti. Ka 1935 ba ile ba laeloa hore ba tlohe Spain. Erika o ile a tla Netherlands, ’me re ile ra nyalana selemong sona seo.

Ntoa ea Sokela

Hoba re chate, re ile ra bula maliboho Heemstede, ’me hamorao ra fallela motseng oa Rotterdam. Mora oa rōna Wolfgang o ile a hlahela moo ka 1937. Selemo hamorao re ile ra fallela motseng oa Groningen, ka leboea ho Netherlands, moo re neng re kopanetse ntlo le bo-pula-maliboho ba Majeremane Ferdinand le Helga Holtorf le morali oa bona. Ka July 1938 Mokhatlo o ile oa re bolella hore ’muso oa Madache o ntšitse temoso ea hore Lipaki tsa Majeremane ha li sa lumeletsoe ho etsa mosebetsi oa boboleli. Hoo e ka bang nakong eona eo, ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa tikoloho (molebeli oa potoloho), ’me lelapa la rōna le ile la fallela ho Lichtdrager (Mojari oa Leseli), e leng seketsoana sa Mokhatlo se neng se sebetsa e le lehae la baboleli ba bo-pula-maliboho ba karolong e ka leboea ea Netherlands. Ke ne ke qeta nako e ngata ke le sieo lapeng, ke etela liphutheho ka baesekele ho khothatsa barab’abo rōna hore ba tsoele pele ka boboleli. Ke sona seo barab’abo rōna ba ileng ba se etsa. Ba bang ba bile ba eketsa tšebeletso ea bona. Wim Kettelarij e ne e le mohlala o motle.

Ha ke kopana le Wim, e ne e le mohlankana ea tsebang ’nete empa a tšoarehile haholo hobane a ne a hiriloe polasing. Ke ile ka mo eletsa ka ho re: “Haeba u batla ho ba le nako ea ho sebeletsa Jehova, u lokela ho batla mosebetsi o mong.” O ile a etsa joalo. Hamorao, ha re kopana hape, ke ile ka mo khothalletsa ho nka bopula-maliboho. O ile a araba ka ho re: “Empa ke tlameha ho sebetsa hore ke je.” Ka mo kholisa hore “u tla ja. Jehova o tla u hlokomela.” Wim o ile a qala ho bula maliboho. Hamorao, esita le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a sebetsa e le molebeli ea tsamaeang. Kajeno, Wim o se a le lilemong tsa bo-80 ’me e ntse e le Paki e chesehang. Ka sebele Jehova o ile a mo hlokomela.

Ke ne ke Thibetsoe Ebile ke Batloa

Ka May 1940, hoo e ka bang selemo ka mor’a hore ngoana oa rōna oa bobeli, Reina, a hlahe, lebotho la Madache le ile la inehela ’me Manazi a laola Netherlands. Ka July Magestapo a ile a hapa ofisi ea Mokhatlo le setsi sa oona sa khatiso. Selemong se latelang, Lipaki li ile tsa tšoaroa ka bongata, ’me ke ile ka tšoaroa. Kaha ke ne ke le Paki ebile ke le Mojeremane ea lilemong tsa sesole, ho ne ho le bonolo ho nahana hore na Magestapo a tla nketsa’ng. Ke ile ka ipolella feela hore nke ke ka hlola ke bona lelapa la ka hape.

Joale ka May 1941, Magestapo a ile a ntokolla teronkong ’me a ntaela hore ke e’o itlaleha bakeng sa mosebetsi oa sesole. Ke ne ke sa lumele hore a ntokolotse. Ke ile ka ipata ka letsatsi lona leo, ’me khoeling eona eo ke ne ke khutletse mosebetsing oa potoloho. Magestapo a ile a nkenya lethathamong la ba batloang ka mahlo a matšo.

Kamoo Lelapa la ka le Ileng la Sebetsana le Boemo ka Katleho Kateng

Mosali oa ka le bana ba ne ba falletse motseng oa Vorden karolong e ka bochabela ea naha. Leha ho le joalo, e le ho ba fokoletsa maemo a kotsi, ke ne ke tlameha ho se khathaletse lapeng. (Matheu 10:16) Molemong oa tšireletseho, barab’eso ba ne ba sa sebelise lebitso la ka la sebele, ba ne ba sebelisa le iqapetsoeng la Duitse Jan (Mojeremane Johanne). Esita le mora oa ka ea lilemo li ’nè, Wolfgang, o ne a sa lumelloe ho bua ka “Ntate” haese feela ka “Ome Jan” (Malome Johanne). Ntho ena e ne e mo imela haholo kelellong.

Ha ke ntse ke tsamaea ka ho ipata, Erika o ne a hlokometse bana a bile a ntse a tsoela pele ka boboleli. Ha Reina a le lilemo li peli, Erika o ne a mo kenya ka nthong e tšelang liphahlo ea baesekele a tsamaea le eena ha a il’o bolela metseng ea mahae. Le hoja lijo li ne li fumaneha ka thata, ha ho mohla Erika a ileng a hloka lijo tsa lelapa. (Matheu 6:33) Sehoai se seng sa Mok’hatholike, seo ke neng nkile ka se lokisetsa mochine o rōkang, se ne se mo fa litapole. Se ne se boetse se fetisetsa melaetsa ea ka ho Erika. Ka lekhetlo le leng, Erika o ile a lefa gulden e le ’ngoe (liranta tse tharo) k’hemisteng. Kaha mong’a eona o ne a tseba hore Erika o phela ka ho ipata le hore o sitoa ho fumana likarete tsa rechene, o ile a mo fa moriana oo le li-gulden tse peli (liranta tse tšeletseng). Ho qeneheloa joalo ho ile ha mo phelisa.—Baheberu 13:5.

Ho Sebelisana le Barab’abo Rōna ba Sebete

Ho sa le joalo, ke ile ka tsoela pele ho etela liphutheho—le hoja ke ne ke kopana feela le barab’abo rōna ba ikarabellang ka liphuthehong. Kaha Magestapo a ne a ntsoma, ke ne ke lula sebakeng se le seng lihora tse seng kae feela. Boholo ba bara le barali beso ba ne ba sa lumelloe ho kopana le ’na. Ba ne ba tloaelana feela le Lipaki tse sehlotšoaneng sa bona sa thuto ea Bibele. Ka lebaka leo, barali ba motho ba babeli ba neng ba phela libakeng tse sa tšoaneng motseng o le mong ba ile ba tseba ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše hore e bile Lipaki nakong ea ntoa.

Mosebetsi o mong oa ka e ne e le ho fumanela lingoliloeng tsa Mokhatlo sebaka moo li ka patoang teng. Re ne re boetse re pata pampiri, mechine ea listensele le mechine ea ho thaepa likopi tsa Molula-Qhooa, haeba li ne li ka batloa. Ka linako tse ling, re ne re lokela ho tlosa libuka tse hatisitsoeng ke Mokhatlo sebakeng se seng seo li patiloeng ho sona re li ise ho se seng. Ke hopola ka lekhetlo le leng ke tsamaisa mabokose a 30 a tletseng lingoliloeng empa ke ntse ke leka ho ipata—e ne e le mosebetsi o tšosang!

Ntle ho moo, re ne re hlophisa ho tsamaisoa ha lijo tse tsoang mapolasing a Netherlands bochabela tse eang metseng e ka bophirimela, le hoja ntho ena e ne e haneloa. Re ne re laela lijo kariking ea lipere ebe re leba bophirimela. Ha re fihla nōkeng, re ne re sa sebelise borokho leha e le bofe hobane a ne a lebeloa ke masole. Kahoo, re ne re theola thepa ebe re e laela liketsoaneng, re tšelisetse lijo ka mose ho nōka, ebe re li laela kariking e ’ngoe. Ha re fihla motseng oo re eang ho oona, re ne re leta ho fihlela ka shoalane, ebe re roesa lipere likausi re ntoo nyonyobela sebakeng sa lekunutu seo phutheho e ’ngoe e neng e boloka lijo ho sona. Barab’abo rōna ba hlokang ba ne ba abeloa lijo sebakeng seo.

Motho o ne a ka ’na a bolaoa haeba lebotho la Majeremane le ne le ka fumana polokelo e joalo ea lijo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba ithaopela ho thusa. Ka mohlala, lelapa la ha Bloemink toropong ea Amersfoort, le ne le lumetse hore kamore ea lona ea boikhathollo e sebelisetsoe ho boloka lijo, le hoja ntlo ea lona e ne e se hōle le setsi sa sesole sa Jeremane! Lipaki tse sebete joaloka tsena li ne li ipeha kotsing molemong oa barab’abo tsona.

Jehova o ile a nthusa le mosali oa ka hore re lule re tšepahala lilemong tseo tsa ho thibeloa. Ka May 1945 lebotho la Jeremane le ile la hlōloa, eaba ke tlohela ho phela ke ipatile. Mokhatlo o ile oa nkōpa hore ke tsoele pele ho sebetsa ke le molebeli ea tsamaeang ho fihlela barab’abo rōna ba bang ba fumaneha. Ka 1947, Bertus van der Bijl o ile a nka mosebetsi oa ka. * Nakong eo, ngoana oa rōna oa boraro o ile a hlaha, ’me re ile ra lula karolong e ka bochabela ea naha.

Masoabi le Thabo

Ka mor’a ntoa, ke ile ka tseba hore hoo e ka bang ka mor’a selemo ke tlohile hae ho ea Netherlands, Ntate o ile a hlahleloa teronkong. O ile a lokolloa ka makhetlo a mabeli ka lebaka la ho kula, empa ka mor’a lekhetlo ka leng o ne a hlahleloa teronkong hape. Ka February 1938, o ile a romeloa kampong ea mahloriso ea Buchenwald ’me hamorao a romeloa Dachau. Ntate o ile a shoella moo, ka la 14 May, 1942. O ile a lula a tiile a bile a tšepahala ho fihlela qetellong.

’Mè le eena o ile a romeloa kampong ea Dachau. O ile a lula moo ho fihlela a lokolloa ka 1945. Kaha mohlala o motle oa batsoali ba ka ba babeli o ile oa tlatsetsa haholo litlhohonolofatsong tsa moea tseo ke li thabetseng, e ile ea e-ba thabo hore ’Mè a tl’o lula le rōna ka 1954. Khaitseli ea ka Margaretha—ea neng a ntse a bula maliboho Jeremane Bochabela ea Bokomonisi ho tloha ka 1945—le eena o ile a tla. Le hoja ’Mè a ne a kula ebile a sa tsebe Sedache, o ile a tsoela pele ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ho fihlela a phetha tsela ea hae ea bophelo ba lefatšeng a ntse a tšepahala ka October 1957.

Kopano ea 1955 ea Nuremberg, Jeremane, e bile e khethehileng. Hoba re fihle moo, barab’abo rōna ba Dresden ba ile ba bolella Erika hore ’m’ae le eena o teng kopanong. Kaha ka nako eo Dresden e ne e busoa ke Jeremane Bochabela, Erika o ne a sa bona ’m’ae ka lilemo tse 21. Ho ile ha lokisetsoa hore ba kopane, ’me ’mè le morali ba ile ba lumelisana ka mofuthu. Ho kopana ha bona ho ile ha e-ba monate hakaakang!

Ka mor’a nako, lelapa la rōna le ile la hōla la e-ba le bana ba robeli. Ka masoabi, ngoana e mong oa rōna o ile a shoa kotsing ea koloi. Leha ho le joalo, ho thabisa haholo ho bona bana ba rōna ba setseng kaofela ba sebeletsa Jehova. Re thabela hore ebe mora oa rōna Wolfgang le mosali oa hae ba mosebetsing oa potoloho le hore mora oa bona le eena o sebetsa e le molebeli oa potoloho.

Ke thabela hore ebe ke bone ha mosebetsi oa Jehova o tsoela pele Netherlands. Ha ke ne ke qala ho bula maliboho mona ka 1933, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 100 feela. Kajeno, li feta 30 000. Le hoja hona joale re ntse re fokolloa ke matla ’meleng, ’na le Erika re sa ntsane re ikemiselitse ho phela ka mantsoe a pina eo ea matsatsing a fetileng: “Re tla etsa tsohle molemong oa tumelo e sa tl’o fela.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Pina ea 194.—Songs of Praise to Jehovah (1928).

^ ser. 7 Toropo ea Copitz, eo hona joale e bitsoang Pirna, e sikile le Nōka ea Elbe, lik’hilomithara tse 18 ho tloha motseng oa Dresden.

^ ser. 38 Bona Molula-Qhooa oa January 1, 1998, bakeng sa pale ea bophelo ea Mor’abo rōna Van der Bijl, “Ha ho Letho le Molemo ho Feta ’Nete.”

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Jugendgruppe” nakong ea khefu ka mor’a tšebeletso ea tšimo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

’Na le bo-pula-maliboho ba bang re ne re akaretsa tšimo ea Schneifel. Ke ne ke le lilemo li 20

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na, Erika le Wolfgang ka 1940

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Setloholo sa ka Jonathan le mosali oa hae, Mirjam; Erika, ’na, mora oa ka Wolfgang le mosali oa hae, Julia

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mor’abo rōna ea neng a e-na le Ntate teronkong o ile a toroea setšoantšo sena sa hae ka 1941