Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Lekanya Katleho Joang?

U Lekanya Katleho Joang?

U Lekanya Katleho Joang?

BUKA e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa katleho e le “ho fumana leruo, ho amoheloa, kapa bophahamo.” Na tlhaloso ee e feletse? Na leruo, ho amoheloa, kapa bophahamo ke tsona feela lintho tse lekanyang katleho? Pele u araba, nahana ka sena: Jesu Kreste ha aa ka a ba le maruo a lintho tse bonahalang bophelong bohle ba hae. Batho ba bangata ba ne ba sa mo amohele; leha e le hona hore batho ba hlahelletseng ba mehleng ea hae ba ne ba mo hlompha. Empa leha ho le joalo, Jesu e ne e le motho ea atlehileng. Hobane’ng?

Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a ‘ruile ho Molimo.’ (Luka 12:21) Ka mor’a tsoho ea hae, Molimo o ile a mo putsa ka moqhaka “oa khanya le tlhompho.” Jehova o ile a phahamisetsa Mora oa hae “boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.” (Baheberu 2:9; Bafilippi 2:9) Tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e ile ea thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Bophelo ba hae ba lefatšeng bo ne bo atlehile kahobane bo ile ba finyella morero oa bona. Jesu o ile a etsa thato ea Molimo ’me a tlisetsa lebitso la Molimo tlhompho. Ka lehlakoreng le leng, Molimo o ile a hlompha Jesu ka leruo, ho amoheloa le bophahamo tseo ho seng setsebi, ralipolotiki, kapa khalala ea lipapali e tla ba le tsona. Ka sebele Jesu e ne e le motho ea atlehileng ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng.

Batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore haeba bana ba bona ba latela mehato ea Kreste, ba ruela ho Molimo joaloka Jesu, ba tla kotula litlhohonolofatso tse enneng hona joale le ho thabela meputso e ke keng ea lekanngoa tsamaisong e tlang ea lintho. Ha ho na tsela e molemo ea hore mocha a latele mehato ea Kreste ho feta ho etsa mosebetsi oo Jesu a o entseng—ka ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng haeba ho ka khoneha.

Leha ho le joalo, tloaelo e atileng lichabeng tse ling ke ea hore bacha ha ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ha mohlankana a qeta sekolo, ho ee ho lebelloe hore a sebetse, a nyale ’me a iphelele bophelo bo tloaelehileng. Ka linako tse ling, bacha ba tsoang limelong tse joalo ka phoso ha ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. (Liproverbia 3:27) Hobane’ng? Ka lebaka la khatello, ba ea le litso tsa habo bona. Sena se ile sa etsahalla Robert. *

Ha Setso se sa Lumellane le Letsoalo

Robert o hōlisitsoe e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Lilemong tsa hae tsa bocha, boitšoaro ba hae le khetho ea hae ea metsoalle li ne li sa ratehe ho hang. ’M’ae o ile a qala ho khathatseha ka eena. Ka hona ’m’ae o ile a kōpa pula-maliboho e mong, e leng mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova, hore a mo khothatse. Robert o hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a moo.

“Ka sebele ke ile ka ananela thahasello eo mor’abo rōna oa pula-maliboho a ileng a mpontša eona. Mohlala oa hae o motle o ile oa etsa hore ke batle ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho hang ha ke qeta sekolo. ’Mè o ile a khathatseha hape—empa ka lebaka le fapaneng. Ho ea ka setso sa rōna, ha ho na bothata ha ngoanana a bula maliboho hang feela ha a qeta sekolo, empa moshemane eena ho lebeletsoe hore a tsitse pele tabeng ea lichelete, ’me e be hona a ka nahanang ka bopula-maliboho.

“Ke ile ka ithutela mosebetsi o itseng eaba ke ipulela khoebo ea ka. Kapele ke ile ka iphumana ke kene ka ho teba khoebong ’me ho ea libokeng le mosebetsing oa boboleli ho ne ho fetohile tloaelo feela e sa reng letho. Letsoalo la ka le ile la ntšoenya—ke ne ke tseba hore nka khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane ho feta moo. Ho sa tsotellehe hoo, e bile ntoa e khōlō hore ke itokolle ho seo ba bang ba neng ba lebeletse hore ke se etse, empa ke thabile hore ebe ke entse joalo. Hona joale ke nyetse, ’me ’na le mosali oa ka re bile bo-pula-maliboho ka lilemo tse peli tse fetileng. Morao tjena, ke ile ka khethoa joaloka mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Nka bolela ka tieo hore hona joale ke ikutloa ke khotsofetse ka sebele ha ke sebeletsa Jehova ka pelo ea ka eohle le ka matla a ka ’ohle.”

Ka makhetlo makasine ena e ’nile ea khothalletsa bacha hore ha ho khoneha, ba ithute mosebetsi o itseng kapa ba hlaolele tsebo e itseng e molemo—ba ntse ba le sekolong. Ka sepheo sefe? Hore e be barui? Che. Lebaka le ka sehloohong ke hore ba tle ba tsebe ho itlhokomela hantle ha ba se ba hōlile ’me ba sebeletse Jehova ka hohle kamoo ba ka khonang kateng, haholo-holo tšebeletsong ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, ho ’nile ha etsahala hangata hore bahlankana le baroetsana ba tšoarehe ka ho hahamalla mesebetsi ea lefatše ea boipheliso hoo tšebeletso e qetellang e se ea bohlokoa. Ba bang ha ba nahane ho hang ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hobane’ng?

Seo Robert a se boletseng se re thusa ho bona lebaka la sena. Robert o ile a bula khoebo ka mor’a hore a ithutele mosebetsi o itseng. Kapele, o ile a iphumana a tapa nģa e le ’ngoe. Pakane ea hae e ne e le ho tsitsa tabeng ea lichelete. Empa na ho na le motho leha e le ofe ka hare kapa ka ntle ho phutheho ea Bokreste ea kileng a finyella pakane eo ka botlalo? Bakreste ba lokela ho loanela ho tšepahala tabeng ea lichelete, ba hlokomele boikarabelo ba bona ba lichelete ka khothalo; empa hape ba lokela ho lemoha hore mehleng ena e sa tsitsang, ke batho ba ’maloa ba finyellang boemo boo ho bona ba ka reng ba hlile ba tsitsitse tabeng ea lichelete. Ke ka lebaka leo tšepiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 6:33 e leng khothatso e matla hakana ho Bakreste.

Robert o thabile hore ebe o ile a etsa qeto ea ho latela se ratoang ke pelo ea hae ho e-na le se ratoang ke setso sa habo. Kajeno, o thabela mosebetsi oa tšebeletso ea nako e tletseng. E, tšebeletso ea nako e tletseng ke mosebetsi o hlomphehang. Robert o iphelela ka khotso kahobane o sebeletsa Jehova, ‘ka matla ’ohle a hae,’ kamoo a bolelang kateng.

Sebelisa Litalenta Tsa Hao Hamolemohali

Har’a Lipaki tsa Jehova ho na le batho ba bangata ba nang le limpho tse itseng. Ba bang ba na le likelello tse chatsi; ba bang ba na le tsebo ea mesebetsi ea matsoho. Limpho tsena kaofela li tsoa ho Jehova, ea ‘fang batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.’ (Liketso 17:25) Ka ntle ho bophelo, limpho tsena li ke ke tsa e-ba le molemo ho hang.

Ka hona, ho loketse hore re sebelise bophelo ba rōna ba boinehelo tšebeletsong ea Jehova. Mohlankana e mong ea neng a e-na le litalenta o ile a etsa qeto ea ho etsa joalo. O phetse lekholong la pele la lilemo C.E. E ne e le setho sa lelapa le tummeng, bocheng ba hae o ne a phela motseng o tsebahalang oa Tarsase o Silisia. Le hoja e ne e le Mojuda ka tsoalo, o ile a fumana tokelo ea ho ba moahi oa Roma ka ntat’ae. E ile ea mo fumantša litokelo tse ngata. Ha a se a hōla-hōlile, o ile a ithuta Molao ho e mong oa “liprofesa” tse neng li hlahelletse haholo ka nako eo—Gamaliele. Ho ile ha bonahala hore, ka mor’a nakoana o ne a tla ba le ‘leruo, a amoheloe le ho fumana bophahamo.’—Liketso 21:39; 22:3, 27, 28.

Mohlanka enoa e ne e le mang? Lebitso la hae e ne e le Saule. Empa Saule e ile ea e-ba Mokreste ’me qetellong ea e-ba moapostola Pauluse. O ile a behella ka thōko litabatabelo tsa hae tsa pele ’me a nehela bophelo ba hae kaofela tšebeletsong ea Jehova e le Mokreste. Pauluse o ile a tsebahala ka ho ba ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo, eseng ka ho ba leqoetha le tummeng. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ka bang 30 e le moromuoa, Pauluse o ile a ngolla metsoalle e Filippi lengolo. Ho lona o ile a pheta tse ling tsa lintho tseo a ileng a li finyella pele e e-ba Mokreste eaba o re: “Ka lebaka la [Jesu Kreste] ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” (Bafilippi 3:8) Che, Pauluse ha aa ka a ikoahlaela tsela eo a neng a sebelisitse bophelo ba hae ka eona!

Ho thoe’ng ka koetliso eo Pauluse a neng a e fumane ho Gamaliele? Na e kile ea mo thusa? E! Ka makhetlo a ’maloa o ile a tlatsetsa “ho sireletseng le ho theheng ka molao litaba tse molemo.” Empa mosebetsi o ka sehloohong oa Pauluse e ne e le oa ho ba ’moleli oa litaba tse molemo—e leng ntho eo thuto ea hae ea pele ea sekolo e ka beng e sa ka ea mo ruta eona.—Bafilippi 1:7; Liketso 26:24, 25.

Ka ho tšoanang kajeno, ba bang ba ile ba khona ho sebelisa limpho le litalenta tsa bona esita le thuto ea bona ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Ka mohlala, Amy o na le lengolo la univesithi la lithuto tsa khoebo le la lithuto tsa molao. O kile a sebeletsa feme ea molao e neng e mo lefa chelete e ngata, empa kajeno o sebeletsa e le moithaopi ea sa lefshoeng ho e ’ngoe ea liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Amy o hlalosa bophelo ba hae ba hona joale tjena: “Ke lumela hore ke entse qeto e molemo ka ho fetisisa bophelong. . . . Ho hang ha ke lakatse maemo a lithaka tsa ka tseo ke neng ke le univesithing le tsona. Ke motlōtlō ka tsela eo ke e khethileng. Ke na le sohle seo ke se hlokang le seo ke se batlang—bophelo bo khotsofatsang, le bo thabileng le mosebetsi o khotsofatsang.”

Amy o khethile tsela e mo tliselitseng khotso ea kelello, khotsofalo le tlhohonolofatso ea Jehova. Ka sebele batsoali ba Bakreste ba batlela bana ba bona se tšoanang!

Katleho Tšebeletsong ea Bokreste

Ha e le hantle, ke habohlokoa ho ba le pono e nepahetseng ka katleho tšebeletsong ea Bokreste. Ha ho thata ho ikutloa re atlehile ha re ile ra natefeloa tšebeletsong ea tšimo, ra tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele kapa ra tšoara lipuisano tse susumetsang tsa Bibele le beng ba matlo. Empa haeba hangata ha re fumane batho ba re mamelang, re ka ’na ra lekeha hore re phethe ka hore re senya nako ea rōna. Leha ho le joalo, hopola hore e ’ngoe ea litlhaloso tsa katleho ke ‘ho fumana kamohelo.’ Re batla ho fumana kamohelo ea mang? Ea Jehova. Eona re ka e fumana ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa oa rōna kapa che. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae thuto e matla tabeng ena.

U tla hopola hore Jesu o ile a roma baboleli ba ’Muso ba 70 “motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo eena ka boeena a neng a tla tla ho sona.” (Luka 10:1) Ba ne ba lokela ho bolela metseng le metsaneng Jesu a le sieo. Ketsahalo ena e ne e le ncha ho bona. Kahoo, Jesu o ile a ba fa litaelo tse qaqileng pele a ba roma. Ha ba fumane “motsoalle oa khotso,” ba ne ba lokela ho mo pakela ka ’Muso ka mokhoa o phethahetseng. Leha ho le joalo, ha ba hanyetsoa, ba ne ba lokela ho itsamaela, ba sa tšoenyehe ka seo. Jesu o hlalositse hore ba neng ba hana ho ba mamela ba ne ba hlile ba hana Jehova ka boeena.—Luka 10:4-7, 16.

Ha ba 70 ba qetile kabelo ea bona ea ho bolela, ba ile ba tlalehela Jesu “ka thabo, ba re: ‘Morena, esita le bademona ba behoa tlas’a rōna ka ho sebelisa lebitso la hao.’” (Luka 10:17) E tlameha ebe ho ne ho thabisa hore batho bao ba sa phethahalang ba leleke libōpuoa tse matla tsa moea! Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ba chesehang: “Le se ke la thabela sena, hore meea e behoa tlas’a lōna, empa le thabe ka lebaka la hore mabitso a lōna a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:20) Mohlomong bana ba 70 ba ne ba ke ke ba e-ba le matla a ho leleka bademona kamehla, kapa hona hore ba ne ba tla ba le liphello tse ntle kamehla tšebeletsong. Empa haeba ba ne ba lutse ba tšepahala, ba ne ba tla fumana kamohelo ea Jehova kamehla.

Na U Ananela Bahlanka ba Nako e Tletseng?

Mohlankana e mong o kile a bolella moholo oa Mokreste, a re: “Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke tla leka ho fumana mosebetsi. Ha ke sa fumane mosebetsi, ke hona nka nahanang ka ho kenela mofuta o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng.” Leha ho le joalo, eo hase pono eo boholo ba ba kenetseng tšebeletso ea nako e tletseng ba nang le eona. Ba bang ba tlohetse menyetla ea ho hahamalla mesebetsi e lefang chelete e ngata, e le hore ba bule maliboho. Ba bang ba hanne menyetla e metle ea thuto. Joaloka moapostola Pauluse, ba ile ba itela, empa ho tšoana le Pauluse, Robert le Amy, ha ba ikoahlaee ka khetho eo ba e entseng. Ba ananela tokelo ea bona ea ho sebelisa limpho tsa bona ho rorisa Jehova, ea tšoaneloang ke se molemo ka ho fetisisa seo ba ka fanang ka sona.

Ho na le mabaka a sa tšoaneng a etsang hore Lipaki tsa Jehova tse ngata tse tšepahalang li se ke tsa khona ho bula maliboho. Mohlomong li na le boikarabelo ba Mangolo boo li bo hlokomelang. Leha ho le joalo, haeba li sebeletsa Molimo ka ‘pelo eohle, moea le kelello,’ Jehova oa thaba. (Matheu 22:37) Le hoja li sa khone ho bula maliboho, li ela hloko hore ba bulang maliboho ba khethile mosebetsi o motle.

Moapostola Pauluse o ngotse: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:2) Tumellanong le keletso ea Pauluse, ha rea lokela ho lumella hore monahano oa rōna o fetoloe ke litekanyetso tsa setso kapa tsa lefatše tsa tsamaiso ena. Ebang u khona ho bula maliboho kapa che, etsa hore tšebeletso ea Jehova e be ntho e ka sehloohong bophelong ba hao. U tla atleha hafeela u amoheloa ke Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

U se ke ua iphumana u tapa nģa e le ’ngoe