Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Lula U Hloekile Boitšoarong

U ka Lula U Hloekile Boitšoarong

U ka Lula U Hloekile Boitšoarong

Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.”—1 JOHANNE 5:3.

1. Ke phapang efe ea boitšoaro e bonahalang ho batho kajeno?

KHALE-KHALE, moprofeta Malakia o ile a bululeloa hore a bolele esale pele nako eo ka eona boitšoaro ba batho ba Molimo bo neng bo tla fapana ka ho feletseng le ba batho ba sa sebeletseng Molimo. Moprofeta o ile a ngola: “Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo kateng, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng!” (Malakia 3:18) Boprofeta boo boa phethahala kajeno. Ho boloka litaelo tsa Molimo, ho akarelletsa le tse hlokang ho hloeka boitšoarong, ke tsela e bohlale le e nepahetseng bophelong. Empa hase tsela e bonolo kamehla. Ka lebaka le utloahalang, Jesu o boletse hore Bakreste ba lokela ho ikitlaetsa ka matla hore ba bolokehe.—Luka 13:23, 24.

2. Ke likhatello life tse hlahang ka ntle tse thatafalletsang ba bang ho lula ba hloekile boitšoarong?

2 Ke hobane’ng ha ho le thata hore motho a lule a hloekile boitšoarong? Lebaka le leng ke hore ho na le likhatello tse hlahang ka ntle. Indasteri ea boithabiso e hlahisa ho kopanela liphate ho sa lokang e le ntho e hohelang, e nyakallisang le ea batho ba baholo, ha ka nako e tšoanang e hlokomoloha liphello tsa hona tse kotsi. (Baefese 4:17-19) Boholo ba likamano tse atamelaneng haholo tse hlahisoang ke tse leng pakeng tsa batho ba babeli ba sa nyalanang. Hangata mananeo a libaesekopo le a thelevishene a hlahisa ho kopanela liphate boemong boo ho sa etsoang boitlamo ba letho ho bona. Ka tloaelo, ha ho na mofuthu le tlhomphano. Ba bangata ba ’nile ba pepesetsoa boitšoaro bo joalo ho tloha bongoaneng. Ho feta moo, ho na le khatello e matla ea lithaka ea hore motho a ee le boikutlo ba mehleng ena ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe boitšoarong, ’me ka linako tse ling ba sa etseng joalo baa songoa esita le ho nyefoloa.—1 Petrose 4:4.

3. Ke mabaka afe a mang a etsang hore batho ba bangata lefatšeng ba kopanele boitšoarong bo bobe?

3 Khatello e hlahang ka hare le eona e thatafalletsa motho ho lula a hloekile boitšoarong. Jehova o bōpile batho ba e-na le litakatso tsa botona le botšehali, ’me litakatso tseo li ka ba matla. Takatso e tsamaisana haholo le seo re se nahanang, ’me boitšoaro bo bobe bo amana le monahano o sa lumellaneng le mehopolo ea Jehova. (Jakobo 1:14, 15) Ka mohlala, ho latela liphello tsa patlisiso ea morao-rao tse hatisitsoeng ho British Medical Journal, ba bangata ba ileng ba kopanela liphate ka lekhetlo la pele ba ne ba batla feela ho tseba hore na ho kopanela liphate ho joang. Ba bang ba ne ba lumela hore boholo ba lithaka tsa bona bo ne bo kopanela liphate, ka hona le bona ba ne ba batla ho lahleheloa ke bohlankana kapa boroetsana ba bona. Ho ntse ho le joalo ba bang ba boletse hore ba ile ba nkoa ke maikutlo kapa hore ba ne ba “tahiloe hanyenyane ka nako eo.” Haeba re batla ho khahlisa Molimo, re lokela ho nahana ka tsela e fapaneng le eo. Ke monahano oa mofuta ofe o tla re thusa ho lula re hloekile boitšoarong?

E-ba le Kholiseho e Matla

4. Re lokela ho etsa’ng hore re lule re hloekile boitšoarong?

4 Hore re lule re hloekile boitšoarong, re lokela ho hlokomela hore ho latela mokhoa o joalo oa bophelo ho molemo. Sena se tumellanong le seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste Roma: ‘Le ipakele e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:2) Ho hlokomela hore ho hloeka boitšoarong ho molemo ho akarelletsa ho fetang feela ho tseba hore Lentsoe la Molimo le nyatsa boitšoaro bo bobe. Ho akarelletsa ho utloisisa mabaka ao boitšoaro bo bobe bo nyatsoang ka ’ona le kamoo re ruang molemo kateng ha re bo qoba. A mang a mabaka ana a ile a tšohloa sehloohong se fetileng.

5. Hantle-ntle ke hobane’ng ha Bakreste ba batla ho lula ba hloekile boitšoarong?

5 Leha ho le joalo, hantle-ntle mabaka a matla haholo a hore Bakreste ba qobe boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate a hlaha kamanong ea rōna le Molimo. Re ithutile hore o tseba se molemo haholo bakeng sa rōna. Lerato la rōna ho eena le tla re thusa ho hloea bobe. (Pesaleme ea 97:10) Molimo ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Oa re rata. Ha re mo mamela, re bontša hore rea mo rata le hore re ananela sohle seo a re etselitseng sona. (1 Johanne 5:3) Le ka mohla ha re batle ho soabisa Jehova le ho mo utloisa bohloko ka ho tlōla litaelo tsa hae tse lokileng. (Pesaleme ea 78:41) Ha re batle ho itšoara ka mokhoa o tla etsa hore tsela ea hae ea borapeli e halalelang le e lokileng e nyefoloe. (Tite 2:5; 2 Petrose 2:2) Ka ho lula re hloekile boitšoarong, re thabisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.—Liproverbia 27:11.

6. Ho tsebisa ba bang ka litekanyetso tsa rōna tsa boitšoaro ho ka re thusa joang?

6 Hang ha re se re entse qeto e tiileng ea ho lula re hloekile boitšoarong, ntho e ’ngoe e tla re sireletsa ke ho tsebisa ba bang ka kholiseho eo. Tsebisa batho hore u mohlanka oa Jehova Molimo le hore u ikemiselitse ho boloka litekanyetso tsa hae tse phahameng. Ke bophelo ba hao, ke ’mele oa hao, ke khetho ea hao. Ke eng e leng kotsing? Kamano ea hao ea bohlokoa le Ntate oa hao oa leholimo. Ka hona hlakisa hore u ke ke ua sekisetsa boitšoarong ba hao bo tšepahalang. E-ba motlōtlō ho emela Molimo ka ho khomarela melao-motheo ea hae. (Pesaleme ea 64:10) Le ka mohla u se ke ua ba lihlong ho bua le ba bang ka seo u kholisehileng ka sona boitšoarong. Ho bua ho ka u matlafatsa, ha u sireletsa le ho khothatsa ba bang hore ba latele mohlala oa hao.—1 Timothea 4:12.

7. Re ka boloka boikemisetso ba rōna ba ho lula re hloekile boitšoarong joang?

7 Hape, ha re se re ikemiselitse ho boloka tekanyetso e phahameng ea boitšoaro ’me re boletse boemo ba rōna, re lokela ho nka mehato ea ho khomarela boikemisetso ba rōna. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho ba seli ha re khetha metsoalle. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Tloaelana le batho ba nang le litekanyetso tse tšoanang le tsa hao tsa boitšoaro; ba tla u matlafatsa. Lengolo lena le boetse le re: “Empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20, NW) Kamoo u ka khonang kateng, qoba batho ba ka ’nang ba fokolisa boikemisetso ba hao.—1 Bakorinthe 15:33.

8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho fepa likelello tsa rōna ka lintho tse hahang? (b) Re lokela ho qoba eng?

8 Hape, re lokela ho fepa likelello tsa rōna ka lintho tsa ’nete, tse tebileng, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantle, tse khabane le tse lokeloang ke thoriso. (Bafilippi 4:8) Re etsa sena ka ho khetha seo re se shebellang le seo re se balang le ’mino oo re o mamelang. Ho bolela hore libuka tsa boitšoaro bo bobe ha li na tšusumetso e mpe ho tšoana le ho bolela hore libuka tse buang ka boitšoaro bo botle ha li na tšusumetso e ntle. Hopola hore batho ba sa phethahalang ba ka oela boitšoarong bo bobe habonolo. Ka hona libuka, limakasine, lifilimi le ’mino o khothalletsang litakatso tsa botona le botšehali li tla lebisa litakatsong tse fosahetseng, ’me qetellong litakatso tsena li ka lebisa sebeng. Hore re ipoloke re hloekile boitšoarong, re lokela ho tlatsa likelello tsa rōna ka bohlale ba bomolimo.—Jakobo 3:17.

Mehato e Lebisang Boitšoarong bo Bobe

9-11. Joalokaha Solomone a boletse, ke mehato efe eo butle-butle e ileng ea lebisa mohlankana ea itseng boitšoarong bo bobe?

9 Hangata, ho na le mehato e bonahalang e lebisang boitšoarong bo bobe. Mohato ka mong o nkuoang o etsa hore ho be thata ho khutlela morao. Hlokomela kamoo sena se hlalosoang kateng ho Liproverbia 7:6-23. (NW) Solomone o hlokomela “mohlankana eo pelo ea hae e haelloang,” kapa ea se nang sepheo se setle. Mohlankana eo o ‘feta seterateng haufi le sekhutlo sa mosali [oa letekatse], ’me o tsamaea tseleng e eang ntlong ea hae, mantsiboea, ka shoalane, ha bosiu le lefifi li atamela.’ Phoso ea hae ea pele ke eona eo. Mantsiboea, “pelo” ea hae ha ea ka ea mo lebisa seterateng leha e le sefe feela, empa e ile ea mo lebisa ho seo a tsebang hore ka tloaelo ho ka ’na ha e-ba le letekatse ho sona.

10 Joale rea bala: “Bonang! ho ne ho e-na le mosali ea tlil’o mo khahlanyetsa, ea apereng seaparo sa letekatse le ea pelo e mano.” Joale o bona mosali eo! O ne a ka khutla hona moo ’me a ikela hae, empa ho thata ho feta pele, haholo-holo kaha oa fokola boitšoarong. Mosali eo oa mo tšoara ’me oa mo aka. Ha a se a lumetse hore a mo ake, joale o mamela tšusumetso ea hae e ekang, ha a re: “Mahlabelo a kopanetsoeng a ne a ntlamile. Kajeno ke phethile boitlamo ba ka.” Mahlabelo a kopanetsoeng a ne a akarelletsa nama, phofo, oli le veine. (Levitike 19:5, 6; 22:21; Numere 15:8-10) Ka ho bolela lintho tsena, mohlomong mosali enoa o ne a fana ka maikutlo a hore o ne a sa fokole moeeng ’me, ka nako e tšoanang, ho ka etsahala hore o ne a tsebisa mohlankana enoa hore lintho tse monate tseo a ka li jang le ho li noa ke matletsetletse ha hae. O mo kōpa ka tieo, “Tloo, re noe lerato hore re be re kholoe ho fihlela hoseng; a re thabelane ka lipontšo tsa lerato.”

11 Ha ho thata ho tseba liphello tsa seo. “O mo eka ka molomo oa hae o boreleli.” O mo sala morao ho ea ntlong ea hae “joaloka poho e tlang tlhabong” le “feela joalokaha nonyana e potlakela sefing.” Solomone o phetha ka mantsoe ana a tebileng: “Ha aa ka a tseba hore ho ama moea oa hae.” Moea oa hae, kapa bophelo, boa ameha kahobane “Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Ke thuto e matla hakaakang bakeng sa banna le basali! Re lokela ho qoba ho nka esita le mehato ea pele feela e isang tseleng e ka etsang hore re lahleheloe ke kamohelo ea Molimo.

12. (a) Polelo e reng ‘pelo e haelloang’ e bolela’ng? (b) Re ka etsa joang hore re be matla boitšoarong?

12 Hlokomela hore mohlankana ea boletsoeng tlalehong ena o ne a e-na le ‘pelo e haelloang.’ Polelo ena e re bolella hore menahano ea hae, litakatso, kameho, maikutlo le lipakane tsa hae bophelong li ne li se tumellanong le seo Molimo a se amohelang. Ho fokola ha hae boitšoarong ho ile ha lebisa liphellong tse bohloko. ‘Matsatsing ana a ho qetela’ a mahlonoko, ho hloka boiteko hore motho a tiee boitšoarong. (2 Timothea 3:1) Molimo o etsa litokisetso tsa ho re thusa. O lokisetsa liboka tsa phutheho ea Bokreste ho re khothatsa hore re tsamaee tseleng e lokileng le ho re kopanya le batho ba nang le pakane e tšoanang le ea rōna. (Baheberu 10:24, 25) Ho na le baholo ba phutheho ba re lisang le ho re ruta litsela tsa ho loka. (Baefese 4:11, 12) Re na le Lentsoe la Molimo, Bibele, le re laelang le le re tataisang. (2 Timothea 3:16) ’Me ka linako tsohle, re na le monyetla oa ho rapella moea oa Molimo hore o re thuse.—Matheu 26:41.

Ho Ithuta ka Libe Tsa Davida

13, 14. Morena Davida o ile a ameha sebeng se tebileng joang?

13 Leha ho le joalo, ka masoabi, esita le bahlanka ba Molimo ba tsebahalang ba ile ba ameha boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. E mong oa batho ba joalo ke Morena Davida, ea ileng a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome. Ha ho pelaelo hore o ne a rata Molimo haholo. Leha ho le joalo, o ile a oela tseleng ea sebe. Ho tšoana le mohlankana ea hlalositsoeng ke Solomone, ho na le mehato e ileng ea lebisa sebeng sa Davida ’me ea se mpefatsa.

14 Ka nako eo Davida e ne e le motho e moholo, mohlomong a le lilemong tsa bo-50. Ha a le holim’a marulelo a hae, o ile a bona Bathe-sheba e motle a itlhatsoa. O ile a botsisisa ka eena ’me a fumana hore na ke mang. O ile a fumana hore monna oa hae, Uria, o ne a ile phutuhelong ea Raba, motse oa Baamone. Davida o ile a laela hore Bathe-sheba a tlisoe ntlong ea hae ea borena eaba o kopanela liphate le eena. Hamorao, lintho li ile tsa thatafala—Bathe-sheba a hlokomela hore Davida o mo imisitse. Ka ho tšepa hore Uria o tla robala le mosali oa hae, Davida a laela hore a khutle ntoeng. Ka tsela eo, ho ne ho tla bonahala eka Uria ke eena ntat’a ngoana oa Bathe-sheba. Empa Uria ha aa ka a ea ha hae. Kaha o ne a tsielehile a batla ho pata sebe sa hae, joale Davida o ile a khutlisetsa Uria Raba a nkile lengolo le eang ho mookameli oa lebotho la ntoa le bolelang hore Uria a behoe sebakeng seo a neng a tla bolaoa ho sona. Ka hona Uria o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae, ’me Davida a nyala mohlolohali eo pele ho tsebahala hore o imme.—2 Samuele 11:1-27.

15. (a) Sebe sa Davida se ile sa senoloa joang? (b) Davida o ile a arabela joang ha Nathane a mo khalemela ka bohlale?

15 Ho ne ho bonahala eka leqheka la Davida la ho pata sebe sa hae le sebelitse. Ho ile ha feta likhoeli. Ngoana oa moshanyana o ile a tsoaloa. Haeba Davida o ne a hopotse ketsahalo ena ha a ne a qapa Pesaleme ea 32, ha ho pelaelo hore letsoalo la hae le ile la mo tšoenya. (Pesaleme ea 32:3-5) Leha ho le joalo, sebe seo se ne se sa pateha ho Molimo. Bibele e re: “Ntho eo Davida a neng a e entse ea bonahala e le mpe mahlong a Jehova.” (2 Samuele 11:27, NW) Jehova o ile a romela moprofeta Nathane, eo ka bohlale a ileng a toba Davida ka seo a se entseng. Kapele-pele Davida o ile a tsoa ka litaba ’me a kōpa tšoarelo ea Jehova. Pako ea hae ea sebele e ile ea etsa hore a boelane le Molimo. (2 Samuele 12:1-13) Davida ha aa ka a hana khalemelo. Ho e-na le hoo, o ile a bontša boikutlo bo hlalositsoeng ho Pesaleme ea 141:5 (NW): “Ha ea lokileng a ka nkotla, e ne e tla ba mosa o lerato; ha a ka nkhalemela, e ne e tla ba oli holim’a hlooho, eo hlooho ea ka e neng e ke ke ea e hana.”

16. Solomone o ile a fana ka temoso le keletso efe mabapi le liphoso?

16 Solomone, e leng mora oa bobeli oa Davida le Bathe-sheba, mohlomong o ile a hopola ketsahalo ena e bohloko bophelong ba ntat’ae. Hamorao o ile a ngola: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.” (Liproverbia 28:13) Haeba re oela sebeng se tebileng, re lokela ho ela hloko keletso ena e bululetsoeng, e re lemosang le e re eletsang. Re lokela ho ipolela ho Jehova ’me re atamele baholo ba phutheho bakeng sa thuso. Boikarabelo ba bohlokoa ba baholo ke ho thusa ba oetseng phosong hore ba khutlele tseleng.—Jakobo 5:14, 15.

Ho Mamella Liphello Tsa Sebe

17. Le hoja Jehova a tšoarela libe, ha a re sireletse ho eng?

17 Jehova o ile a tšoarela Davida. Hobane’ng? Hobane Davida e ne e le monna ea tšepahalang, hobane o ile a bontša mohau ho ba bang, le kahobane pako ea hae e ne e le ea sebele. Ho sa tsotellehe hoo, Davida ha aa ka a sireletsoa liphellong tse bohloko tse ileng tsa latela. (2 Samuele 12:9-14) Ho joalo le kajeno. Le hoja Jehova a sa tlisetse batho ba bakileng bomalimabe, ha a ba sireletse liphellong tsa tlhaho tsa liketso tsa bona tse fosahetseng. (Bagalata 6:7) Liphello tse ling tsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate e ka ’na ea e-ba tlhalo, ho ima ho sa batleheng, lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate le hore motho a se hlole a tšeptjoa le ho hlomphuoa.

18. (a) Pauluse o ile a bolella phutheho ea Korinthe hore e sebetse taba ea boitšoaro bo tebileng ba ho kopanela liphate joang? (b) Jehova o bontša lerato le mosa ho baetsalibe joang?

18 Haeba re entse phoso e tebileng, ho bonolo hore re ikutloe re nyahame ha re ntse re utloa liphello tsa liphoso tseo re li entseng. Ho sa tsotellehe hoo, ha rea lokela ho lumella letho hore le re thibele ho baka le ho boelana le Molimo. Lekholong la pele la lilemo, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe hore ba lokela ho tlosa motho ea neng a etsa bohlola le motho ea amanang haufi le eena ka phuthehong. (1 Bakorinthe 5:1, 13) Ha motho eo a se a bakile kannete, Pauluse o ile a laela phutheho: ‘Le mo tšoarele ka mosa le ho mo tšelisa, [’me] le tiise lerato la lōna bakeng sa hae.’ (2 Bakorinthe 2:5-8) Keletsong ena e bululetsoeng, re bona lerato la Jehova le mosa oo a o bontšang ho baetsalibe ba bakileng. Leholimong mangeloi aa thaba ha moetsalibe a baka.—Luka 15:10.

19. Ho soaba ho loketseng ka lebaka la phoso ho ka tlisa melemo efe?

19 Le haeba re soabisitsoe ke phoso e itseng, ho soaba hoo ho ka re thusa hore ‘re itebele hore re se ke ra retelehela ho se kotsi hape.’ (Jobo 36:21, NW) Ka sebele, liphello tse bohloko tsa sebe li lokela ho re thibela hore re se ke ra pheta phoso eo. Ho feta moo, Davida o ile a sebelisa phihlelo e soabisang eo a ileng a e fumana ka lebaka la boitšoaro ba hae ba boetsalibe bakeng sa ho eletsa ba bang. O itse: “Ke tla ruta batlōli litsela tsa hao, e le hore baetsalibe ba ka khutlela ho uena.”—Pesaleme ea 51:13NW.

Thabo e Tlisoa ke ho Sebeletsa Jehova

20. Ho mamela litlhoko tse lokileng tsa Molimo ho tlisa melemo efe?

20 Jesu o itse: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28) Ho mamela litlhoko tse lokileng tsa Molimo ho tlisa thabo hona joale le ho isa bokamosong bo sa feleng. Haeba re lutse re hloekile boitšoarong, e se eka re ka tsoela pele tseleng eo ka ho sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona ho re thusa. Haeba re ile ra oela boitšoarong bo bobe, a re khothaleng ka ho tseba hore Jehova o ikemiselitse ho tšoarela ba bakang kannete, ’me re ikemisetseng hore re se ke ra pheta sebe seo le ka mohla.—Esaia 55:7.

21. Ke keletso efe e tsoang ho moapostola Petrose e ka re thusang ho lula re hloekile boitšoarong ha re e sebelisa?

21 Haufinyane lefatše lena le sa lokang le tla feta, hammoho le boitšoaro bohle ba lona bo bobe le mekhoa ea lona. Ka ho lula re hloekile boitšoarong, re tla rua molemo hona joale le ka ho sa feleng. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong. . . . Le e-na le tsebo ena e fanoeng esale pele, le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna.”—2 Petrose 3:14, 17.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha ho le thata hore motho a lule a hloekile boitšoarong?

• Litsela tse ling tse tšehetsang boikemisetso ba rōna ba ho latela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ke life?

• Re ka ithuta lithuto life libeng tsa mohlankana ea boletsoeng ke Solomone?

• Mohlala oa Davida o re ruta eng ka pako?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ke tšireletso ho tsebisa ba bang ka boemo ba hao litabeng tsa boitšoaro

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Kahobane Davida o ne a bakile kannete, Jehova o ile a mo tšoarela