Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlokomelang Likhutsana le Bahlolohali Matšoenyehong a Bona

Hlokomelang Likhutsana le Bahlolohali Matšoenyehong a Bona

Hlokomelang Likhutsana le Bahlolohali Matšoenyehong a Bona

Ha ho thata ho lemoha hore re phela lefatšeng le se nang lerato. Ha a bua ka mefuta ea batho ba teng “matsatsing a ho qetela,” moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1-3) Mantsoe aa ke ’nete hakaakang!

BOITŠOARO ba mehleng ea rōna ke se seng sa lisosa tse etsang hore batho ba bangata ba hloke qenehelo. Batho ha ba sa thahasella boiketlo ba ba bang, maemong a mang ba hloka qenehelo le ho litho tsa malapa a bona.

Sena se ama habohloko batho ba bangata, bao ka lebaka la maemo a sa tšoaneng, e bang ba lesitsi. Butle-butle palo ea bahlolohali le ea likhutsana e ntse e eketseha ka lebaka la lintoa, likoluoa tsa tlhaho, le ho baleha ha baphaphathehi. (Moeklesia 3:19) Tlaleho e tsoang ho Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (United Nations Children’s Fund), e re: “[Bana] ba ka holimo ho milione ke likhutsana kapa ba arohane le malapa abo bona ka lebaka la ntoa.” Le uena u tseba ka palo e khōlō ea bo-’mè ba se nang balekane, ba lahliloeng kherehloa kapa ba hlaliloeng ba tobaneng le maemo a thata a ho ikhoantlella le malapa a bona. Boemo bona bo mpefatsoa ke hore linaha tse ling li tobane le mathata a tebileng a moruo, a etsang hore batho ba bangata ba lulang linaheng tseo ba phele bofutsaneng bo boholo.

Ka lebaka lena, na ho na le tšepo bakeng sa ba matšoenyehong? Mahlomola a bahlolohali le a likhutsana a ka fokotsoa joang? Na bothata boo bo tla ke bo felisoe?

Tlhokomelo e Lerato Mehleng ea Bibele

Ho hlokomela litlhoko tsa nama le tsa moea tsa bahlolohali le tsa likhutsana kamehla e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea ho rapela Molimo. Ha ba ne ba kotula lijo-thollo kapa litholoana tsa bona, Baiseraele ba ne ba sa tlameha ho khoahlapisa se neng se setse masimong. Masalla a ne a salla ‘mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.’ (Deuteronoma 24:19-21) Molao oa Moshe o ne o bolela ka ho hlaka: “Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntate.” (Exoda 22:22, 23) Bahlolohali le likhutsana bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ka nepo ba tšoantšetsa batho ba futsanehileng, hobane ka mor’a lefu la monna le ntate kapa batsoali ka bobeli, ho ka etsahala hore litho tse phelang tsa lelapa li sale li le ling ’me li le lesitsi. Mopatriareka Jobo o ile a re: “Ke ne ke pholosa ea hlorileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi.”—Jobo 29:12.

Mehleng ea pele ea phutheho ea Bokreste, ho hlokomela ba neng ba le mahlomoleng le ba hlokang e le kannete ka lebaka la ho shoeloa ke batsoali kapa ke monna e ne e le tšobotsi e khethollang borapeli ba ’nete. Ka lebaka la thahasello e mafolofolo eo a neng a e-na le eona ka boiketlo ba ba joalo, morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.”—Jakobo 1:27.

Ho e-na le ho bua ka likhutsana le bahlolohali feela, Jakobo o ile a boela a bontša kameho e tebileng ka ba bang ba neng ba futsanehile le ba neng ba le lesitsi. (Jakobo 2:5, 6, 15, 16) Moapostola Pauluse o ile a bontša ho nahanela ho tšoanang. Ha eena le Barnabase ba fuoa kabelo ea boboleli, e ’ngoe ea litaelo tseo ba ileng ba li amohela e ne e le ‘ho hopola mafutsana.’ Ka letsoalo le hloekileng Pauluse o ne a ka re: “Ntho ena le eona ke lekile ka tieo ho e etsa.” (Bagalata 2:9, 10) Nakoana ka mor’a hore ho thehoe phutheho ea Bokreste, litlaleho tse mabapi le tšebetso ea eona li ile tsa re: “Ho ne ho se ea hlokang har’a bona . . . Ka mor’a moo ho ne ho abeloa e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng.” (Liketso 4:34,35) E, tokisetso ea ho hlokomela likhutsana, bahlolohali, le ba lesitsi Iseraeleng ea boholo-holo e ile ea ntšetsoa pele le phuthehong ea Bokreste.

Ho hlakile hore, thuso eo ho neng ho fanoa ka eona e ne e lekanyelitsoe ebile e itšetlehile ka matla a phutheho ka ’ngoe. Chelete e ne e sa sebelisoe habohlasoa, ’me ba neng ba thusoa e ne e le ba hlokang thuso e le kannete. Ho ne ho se na Mokreste ea neng a lokela ho sebelisa tokisetso ena hampe, ’me phutheho e ne e sa lokela ho jarisoa moroalo leha e le ofe o sa hlokahaleng. Sena se ne se totobetse taelong ea Pauluse e ngotsoeng ho 1 Timothea 5:3-16. Mono re fumana hore haeba beng ka motho ea futsanehileng ba ne ba khona ho mo thusa, ba ne ba lokela ho jara boikarabelo boo. Bahlolohali ba futsanehileng ba ne ba lokela ho finyella litlhoko tse itseng e le hore ba ka tšoaneleha bakeng sa thuso. Sena sohle se bontša tokisetso e bohlale eo Jehova a e sebelisang ho hlokomela ba hlokang. Leha ho le joalo, e boetse e bontša ho leka-lekana ho lokelang ho bontšoa e le hore ho se be ea sebelisang hampe mosa o bontšoang.—2 Bathesalonika 3:10-12.

Ho Hlokomela Likhutsana le Bahlolohali Mehleng ea Kajeno

Melao-motheo e mabapi le ho hlokomela le ho thusa ba matšoenyehong e neng e lateloa ke bahlanka ba Molimo nakong e fetileng e sa ntse e sebelisoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Lerato la bara ba motho ke tšobotsi e khethollang, feela joalokaha Jesu a ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Haeba ba bang ba hloka kapa e le mahlatsipa a koluoa kapa a ntoa kapa a qabang ea sechaba, mokhatlo oohle oa machaba oa bara ba motho o chesehela ho fumana mekhoa ea ho fana ka thuso ea lintho tsa nama le tsa moea. Ha re hlahlobeng tse ling tsa liphihlelo tsa mehleng ea kajeno tse bontšang se etsoang mabapi le taba ena.

Pedro ha a hopole ’m’ae, ea shoeleng Pedro a le selemo le halofo feela. Ha Pedro a le lilemo li hlano, ntat’ae le eena o ile a shoa. Kahoo Pedro o ile a sala le baholoane ba hae. Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li etela ntat’ae, kahoo Pedro le baholoane ba hae ba ile ba qala ho ba le thuto ea lehae ea Bibele.

Pedro oa hlalosa: “Re ile ra ea libokeng bekeng e hlahlamang. Ha re ntse re itsoakanya le barab’abo rōna, re ne utloa lerato leo ba neng ba re bontša lona. Phutheho e ne e le setšabelo sa ka ka lebaka la lerato le kameho e mofuthu tseo bara le barali babo rōna ba neng ba mpontša tsona, feela joalokaha eka e ne e le batsoali ba ka.” Pedro o hopola hore e mong oa baholo ba phutheho ea Bokreste o ne ee a mo memele lelapeng la hae. Ha Pedro a le moo, o ne a qoqa le ho ikhatholla le lelapa leo. Pedro ea ileng a qala ho bua ka tumelo ea hae ha a le lilemo li 11 ’me a kolobetsoa ha a le li 15, o re: “Lintho tsena li ke ke tsa hlakoha mohopolong oa ka.” Baholoane ba hae le bona ba ile a hatela pele moeeng ka lebaka la ho thusoa ke ba ka phuthehong.

Ho bile joalo le ka David. Ka mor’a hore batsoali ba bona ba arohane eena le lefahla-’moho le eena ba ile ba lahloa kherehloa. Ba ile ba hōlisoa ke batsoali ba batsoali ba bona le ’mangoane oa bona. “Ha re ntse re hōla ’me re lemoha boemo boo re neng re le ho bona, re ile ra apareloa ke boikutlo ba ho se sireletsehe le masoabi. Re ne re hloka moo re ka balehelang teng. ’Mangoane e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ka lebaka leo re ile ra lauoa ka ’nete ea Bibele. Barab’abo rōna ba ile ba re bontša lerato la bona le botsoalle. Ba ne ba amehile haholo ka rōna ebile ba re khothalletsa ho finyella lipakane le ho tsoela pele re sebeletsa Jehova. Ha ke batla ke le lilemo li leshome, mohlanka e mong ea sebeletsang o ne a ntata ’me re kopanela hammoho tšebeletsong ea tšimo. Mor’abo rōna e mong o ne a hlokomela litšenyehelo tsohle tsa ka ha ke e-ea likopanong. E mong eena o ne a bile a nthusa hore ke ntše monehelo Holong ea ’Muso.”

David o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 17, ’me hamorao o ile a sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Mexico. Esita le hona joale o re: “Ho na le baholo ba ’maloa ba tlatsetsang thutong ea ka le ho nthusa ka likeletso tse molemo. Ka tsela ena ke fenya boikutlo ba ho se sireletsehe le bolutu.”

Abel, moholo phuthehong e ’ngoe ea Mexico moo ho nang le bahlolohali ba ’maloa ba hlokang thuso, o re: “Ke kholisehile hore thuso e khōlō eo bahlolohali ba e hlokang ke ho tšehetsoa maikutlong. Ka linako tse ling ba na le ho tepella maikutlong; ba jeoa ke bolutu. Kahoo, ke habohlokoa ho ba tšehetsa, le ho ba mamela. Rōna [baholo ba phutheho] re ba etela khafetsa. Ke habohlokoa ho ba le nako ea ho ela hloko mathata a bona. Sena se etsa hore ba ikutloe ba tšelisehile moeeng.” Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala le thuso ea lintho tse bonahalang. Nakong e fetileng, Abel o ile a re: “Hona joale re ntse re hahela morali’abo rōna oa mohlolohali ntlo. Re qeta Meqebelo e meng le lithapama tse ling har’a beke re ntse re haha ntlo ea hae.”

Ha a bua ka phihlelo ea hae mabapi le ho thusa likhutsana le bahlolohali, moholo e mong oa phutheho o re: “Ke lumela hore likhutsana ke tsona tse hlokang ho bontšoa lerato la Bokreste haholo ho feta bahlolohali. Ke lemohile hore hangata li ka ikutloa li qheleloa thōko ho feta bana kapa bacha ba nang le batsoali ka bobeli. Li lokela hore hangata li bontšoe kameho e mofuthu ea bara ba motho. Ke ntho e molemo ho li batla ka mor’a liboka le ho utloa hore na li phela joang. Ho na le mor’abo rōna ea nyetseng eo e bileng khutsana ha e le moshanyana. Kamehla ha ke mo bona libokeng ke mo lumelisa ka mofuthu, ’me o nkopa ka matsoho ha a mpona. Sena se tiisa maqhama a lerato la ’nete la bara ba motho.”

Jehova “o Tla Lopolla ea Futsanehileng”

Ho tšepa Jehova ke ntho ea bohlokoa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le maemo a bahlolohali le a likhutsana. Ha ho buuoa ka eena ho thoe: “Jehova o lebela bajaki; o imolla moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.” (Pesaleme ea 146:9) Tharollo ea sebele bakeng sa mathata a tšoanang le ana e tla tla ka ’Muso oa Molimo ka tlas’a bobusi ba Jesu Kreste. Ha a hlalosa ka boprofeta bobusi boo ba Mesia, mopesaleme o ile a ngola: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.”—Pesaleme ea 72:12, 13.

Joalokaha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, ha ho pelaelo hore likhatello tseo Bakreste ka kakaretso ba thulanang le tsona li tla eketseha. (Matheu 24:9-13) Letsatsi le leng le le leng ho hlokahala hore Bakreste ba bontše ho tsotellana ’me ba “bontšane lerato le matla haholo.” (1 Petrose 4:7-10) Banna ba Bakreste, haholo-holo baholo, ba lokela hore ba bontše ho ameha le kutloelo-bohloko bakeng sa likhutsana. Le basali ba hōlileng ka phuthehong ba ka tšehetsa bahlolohali le ho ba mohloli oa matšeliso. (Tite 2:3-5) Ha e le hantle, e mong le e mong a ka tlatsetsa ka hore a bontše ho ameha ka bohle ba matšoenyehong.

Bakreste ba ’nete ha ba ‘koale monyako oa qenehelo ea bona e bonolo’ ha ba ‘bona mor’abo bona a hloka.’ Ka mafolofolo ba ela hloko temoso ea moapostola Johanne: “Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Johanne 3:17, 18) Kahoo ha re ‘hlokomeleng likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.’—Jakobo 1:27.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”—1 Johanne 3:18

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

True Christians look after orphans and widows materially, spiritually, and emotionally