Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?

Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?

Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?

Lerato la chelete le takatso ea maruo ha li ncha; ’me Bibele ha ea khutsa ka tsona joalokaha eka ke liketsahalo tsa morao-rao. Ke tsa khale haholo. Molaong oa Moshe, Molimo o ile a laela Baiseraele: “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno . . . kapa ntho leha e le efe ea oa heno.”—Exoda 20:17.

HO RATA chelete le maruo ho ne ho atile mehleng ea Jesu. Nahana ka tlaleho ena ea puisano ea Jesu le mohlankana ea neng “a ruile haholo.” “Jesu a re ho eena: ‘Ho sa ntse ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Rekisa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me u abele mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo maholimong; u tle ’me u be molateli oa ka.’ Ha a utloa sena, a sareloa haholo, kaha o ne a ruile haholo.”—Luka 18:18-23.

Pono e Loketseng ka Chelete

Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso ho etsa qeto ea hore Bibele e nyatsa chelete kapa lintho tsa bohlokoa tseo e li etsang. Bibele e bontša hore chelete e sireletsa khahlanong le bofutsana le mathata a tsamaisanang le bona, e nolofalletsa batho ho fumana lintho tse hlokahalang. Morena Solomone o ile a ngola: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso.” Hape o ile a re: “Bohobe bo teng bakeng sa litšeho tsa basebetsi, ’me veine e thabisa bophelo; empa chelete e fana ka karabelo linthong tsohle.”—Moeklesia 7:12; 10:19.

Molimo o amohela tšebeliso e loketseng ea chelete. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Iketsetseng metsoalle ka maruo a sa lokang.” (Luka 16:9) Sena se kopanyelletsa ho etsa monehelo bakeng sa ho ntšetsoa pele ha borapeli ba ’nete ba Molimo, hobane ka sebele re lokela ho batla hore Molimo e be Motsoalle oa rōna. Solomone ha a latela mohlala oa ntat’ae Davida, o ile a etsa monehelo oa chelete e ngata le matlotlo bakeng sa kaho ea tempele ea Jehova. Taelo e ’ngoe ea Bokreste ke ho fa ba hlokang lintho tse bonahalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Arolelanang le bahalaleli ho ea ka tseo ba li hlokang.” O ile a phaella: “Latelang mokhoa oa ho amohela baeti.” (Baroma 12:13) Hangata sena se akarelletsa ho sebelisa chelete e itseng. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lerato la chelete?

‘Lerato la Silevera’

Ha Pauluse a ne a ngolla Mokreste-’moho le eena e monyenyane Timothea, o ile a bua haholo ka “lerato la chelete”—kapa ka ho toba, “lerato la silevera.” Keletso ea Pauluse e ka fumanoa ho 1 Timothea 6:6-19. O ile a bua ka “lerato la chelete” ha a ne a tšohla ka ho batsi taba ea lintho tse bonahalang. Re lokela ho ithuta ka hloko mantsoe a bululetsoeng a Pauluse, kahobane batho ba kajeno ba etelletsa chelete pele. Ka sebele tlhahlobo e joalo e molemo hobane e senola sephiri sa ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”

Pauluse oa lemosa: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Temana ena ha e re chelete ka boeona e mpe—ebile ha ho na lengolo leha e le lefe le bolelang joalo. Moapostola ha a re chelete ke sesosa se ka sehloohong sa “lintho tse mpe” hape ha a re chelete ke sesosa sa bothata bo bong le bo bong. Ho e-na le hoo, lerato la chelete e ka ba sesosa sa mefuta eohle ea “lintho tse mpe”—le haeba ho ntse ho e-na le lisosa tse ling.

Itebele Khahlanong le Meharo

’Nete ea hore chelete ha e nyatsoe ka Mangolong ha ea lokela ho bebofatsa temoso ea Pauluse. Bakreste ba qalang ho rata chelete ba kotsing ea mathata a mefuta eohle, ’me bo bobe ka ho fetisisa ke ho kheloha tumelong. ’Nete ena e tiisoa ke seo Pauluse a ileng a se bolella Bakreste ba Kolose: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le . . . takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) Ke joang ho chacheha ka mohono, meharo kapa “lerato la chelete” li ka fetohang borapeli ba litšoantšo? Na see se bolela hore ke phoso ho batla ntlo e khōloanyane, koloi e nchanyana kapa mosebetsi o lefang haholoanyane? Che, ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e mpe ka boeona. Potso ke ho re: Ke eng e susumetsang pelo ea motho hore a batle leha e le efe ea lintho tsee, hona na ehlile lia hlokahala?

Phapang pakeng tsa takatso e tloaelehileng le meharo e ka ’na ea tšoantšoa le phapang pakeng tsa mollo o monyenyane o phehang lijo le khabo e matla e chesang moru. Takatso e molemo le e loketseng e ka ba le thuso. E re susumelletsa hore re sebetse ’me re behe litholoana. Liproverbia 16:26 e re: “Moea oa ea sebetsang ka thata o mo sebelelitse ka thata, hobane molomo oa hae o mo khannile ka thata.” Empa meharo e kotsi ebile ea senya. Ke takatso e tsoileng taolong.

Bothata bo boholo ke ho laola takatso ea rōna. Na chelete eo re e bokellang kapa lintho tse bonahalang tseo re li batlang e tla ba makhoba a litlhoko tsa rōna, kapa litlhoko tsa rōna li tla re etsa makhoba a chelete? Ke ka lebaka leo Pauluse a bolelang hore ‘motho ea meharo ke morapeli oa litšoantšo.’ (Baefese 5:5) Ho batla ntho e itseng ka meharo bonneteng ho bolela hore re inehella eona—ha e le hantle, re e etsa monghali oa rōna, molimo oa rōna, ntho eo re e sebeletsang. Ho fapana le hoo, Molimo o re ka tieo: “U se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.”—Exoda 20:3.

Ho ba meharo ho boetse ho bontša hore ha re tšepe hore Molimo a ka phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa seo re se hlokang. (Matheu 6:33) Kahoo, meharo e tšoana le ho furalla Molimo. Le ka kutloisiso ena, ke “borapeli ba litšoantšo.” Hase feela Pauluse a lemosang khahlanong le eona ka tsela e hlakileng hakana!

Jesu le eena o ile a fana ka temoso e tobileng khahlanong le meharo. O ile a re laela hore re itebele khahlanong le ho khalla ntho eo re se nang eona: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ho latela temana ena le papiso eo Jesu a ileng a e etsa hamorao, meharo e thehiloe tumelong ea booatla ea hore ntho ea bohlokoa bophelong ke hore na motho o na le lintho tse ngata hakae. E ka ba chelete, boemo, matla kapa lintho tse amanang le tsona. Ho ka etsahala hore re be meharo ka ntho leha e le efe e ka fumanehang. Re ka nahana hore re tla khotsofala haeba re ka fumana ntho e joalo. Empa ho latela Bibele le phihlelo eo batho ba bileng le eona, ke Molimo feela ea ka khotsofatsang litlhoko tsa rōna tsa sebele, ’me o tla li khotsofatsa joalokaha Jesu a ile a bontša balateli ba hae sena ka mabaka.—Luka 12:22-31.

Bophelo ba kajeno bo sekametseng linthong tse rekoang, bo itlhomme pele ho susumelletseng maikutlo a ho ba meharo. Kaha batho ba bangata ba susumelitsoe ka litsela tse matla le hoja e le tse ipatileng, ba lumela hore eng kapa eng eo ba nang le eona ha ea lekana. Ba batla lintho tse eketsehileng, tse khōloanyane le tse ntle haholoanyane. Le hoja re ke ke ra khona ho fetola lefatše le re pota-potileng, re ka hanela mokhoa oo joang?

Khotsofalo ha e Bapisoa le Meharo

Pauluse o bolela ntho e ka nkelang meharo sebaka, e leng khotsofalo. O re: “Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:8) Tlhaloso ena ea sohle seo re hlileng re se hlokang—“lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso”—e ka utloahala e bebofatsa lintho haholo. Batho ba bangata ba thabisoa ke mananeo a thelevishene ao ho ’ona bashebelli ba etelang batho ba tummeng ba lulang matlong a theko e boima. Ena hase tsela ea ho fumana khotsofalo.

Ka ho hlakileng ha ho hlokahale hore bahlanka ba Molimo ba iketse mafutsana. (Liproverbia 30:8, 9) Leha ho le joalo, Pauluse o re hopotsa hore na bofutsana ehlile ke eng: ke khaello ea lijo, liaparo le bolulo tse lekaneng bakeng sa hore motho a khone ho phela moo a lulang teng. Ka lehlakoreng le leng, haeba re e-na le lintho tseo, re na le motheo oa khotsofalo.

Na Pauluse o tiile ha a fana ka tlhaloso eo ea khotsofalo? Na ka sebele hoa etsahala hore re khotsofalle feela lintho tse hlokahalang—lijo, liaparo le bolulo? Pauluse o lokela ho tseba. O ile a ba le maruo le litokelo tsa boemo bo phahameng sechabeng sa Bajuda le ho beng moahi oa Roma. (Liketso 22:28; 23:6; Bafilipi 3:5) Hape Pauluse o ile a utloisoa bohloko ke mathata a tebileng mesebetsing ea hae ea boromuoa. (2 Bakorinthe 11:23-28) Ho tsena tsohle, o ile a ithuta sephiri se ileng sa mo thusa hore a lule a khotsofetse. E ne e le sefe?

“Ke Ithutile Sephiri”

Pauluse o ile a hlalosa ho le leng la mangolo a hae: “Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.” (Bafilipi 4:12) Pauluse o utloahala a kholisehile, a tletse tšepo! Ho ka ba bonolo ho nka hore bophelo ba hae bo ne bo hloka mathata ha a ngola mantsoe ana empa ha ho joalo. O ne a le chankaneng Roma!—Bafilipi 1:12-14.

Ha re nahana ka ’nete eo e tebileng, temana ena e fetisa molaetsa o matla tabeng ea ho se khotsofalle feela maruo empa le ho khotsofalla maemo. Leruo le fetisisang kapa mathata a fetisisang li ka beha lintho tse tlang pele bophelong ba rōna tekong. Pauluse o ile a bua ka maruo a moea a ileng a mo nolofalletsa hore a khotsofale ho sa tsotellehe boemo boo a neng a le ho bona linthong tse bonahalang: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la [Molimo] ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Ho e-na le ho itšetleha ka matlotlo a hae, ebang a ne a le mangata kapa a fokola, Pauluse o ne a itšetlehile ka Molimo hore a khotsofatse litlhoko tsa hae. Phello e bile khotsofalo.

Mohlala oa Pauluse o ne o le bohlokoa ka ho khethehileng ho Timothea. Moapostola o ile a khothalletsa mohlankana eo hore a phehelle mokhoa oa bophelo o etelletsang boinehelo ba bomolimo le kamano e haufi le Molimo ka pele ho maruo. Pauluse o ile a re: “Leha ho le joalo, uena, motho oa Molimo, u balehele lintho tsena. Empa u phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Timothea 6:11) E ka ’na eaba mantsoe ana a ne a lebisitsoe ho Timothea, empa a sebetsa ho mang kapa mang ea batlang ho tlotlisa Molimo le ho phela bophelo bo thabileng e le kannete.

Ho ne ho hlokahala hore Timothea a itebele khahlanong le meharo joaloka Mokreste e mong le e mong. Ka ho totobetseng, ho ne ho e-na le balumeli ba ruileng phuthehong ea Efese, moo a neng a le hona teng ha Pauluse a mo ngolla. (1 Timothea 1:3) Pauluse o ne a ile a tlisa litaba tse molemo tsa Kreste setsing sena se atlehileng sa khoebo, ’me o ile a sokolla batho ba bangata. Ha ho pelaelo hore boholo ba bona e ne e le barui, joalokaha ho le joalo kajeno ka phuthehong ea Bokreste.

Kahoo, leseling la thuto e ho 1 Timothea 6:6-10, potso ke ho re: Batho ba nang le chelete e ngata ba lokela ho etsa’ng haeba ba batla ho tlotlisa Molimo? Pauluse o bolela hore ba lokela ho qala ka ho hlahloba boikutlo ba bona. Ka tloaelo chelete e etsa hore motho a be le maikutlo a hore oa ikhona. Pauluse o re: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.” (1 Timothea 6:17) Barui ba lokela ho ithuta ho talima ka nģ’ane ho chelete ea bona; ho hlokahala hore ba talime ho Molimo, mohloli oa maruo ’ohle.

Empa boikutlo ke karolo feela ea ho finyella katleho. Qetellong, ho hlokahala hore Bakreste ba barui ba sebelise maruo a bona hantle. Pauluse oa lemosa: ‘Le sebetse se molemo, le rue mesebetsing e metle, le be seatla se bulehileng, le itokisetse ho arolelana.’—1 Timothea 6:18.

“Bophelo ba Sebele”

Moko-taba oa keletso ea Pauluse ke ho re re lokela ho ikhopotsa hore lintho tse bonahalang li na le molemo o lekanyelitsoeng. Lentsoe la Molimo le re: “Lintho tsa bohlokoa tsa ea ruileng ke motse oa hae o matla, ’me li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.” (Liproverbia 18:11) E, qetellong tšireletso e ka fanoang ke maruo ke e inahaneloang ’me ha e le hantle ea thetsa. Ke phoso ho tsepamisa bophelo ba rōna ho ’ona ho e-na le ho fumana kamohelo ea Molimo.

Ho se tsitse ha maruo ho etsa hore e be a sa tieang hoo re ke keng ra beha tšepo ea rōna ho ’ona. Tšepo ea sebele e lokela ho tšehetsoa nthong e matla, e nang le morero le e tšoarellang. Tšepo ea Bokreste e thehiloe ho ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, le tšepisong ea hae ea bophelo bo sa feleng. Le hoja e le ’nete hore chelete e ke ke ea reka thabo, ke ’nete haholoanyane hore chelete e ke ke ea reka poloko. Ke tumelo ea rōna ho Molimo feela e ka re fang tšepo e joalo.

Kahoo ebang re barui kapa re mafutsana, bophelong a re phehelleng tsela e tla etsa hore re ‘ruele ho Molimo.’ (Luka 12:21) Ha ho ntho ea bohlokoa ho feta boemo bo amohelehang ho ’Mōpi. Boiteko bohle ba ho ntšetsa boemo boo pele bo tlatsetsa ho ‘ipolokeleng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore re ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’—1 Timothea 6:19.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Pauluse o ile a ithuta sephiri sa ho khotsofala

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Re ka thaba ra ba ra khotsofalla seo re nang le sona