Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le se ke la ba Bautloi ba Lebalang

Le se ke la ba Bautloi ba Lebalang

Le se ke la ba Bautloi ba Lebalang

“Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata.”—JAKOBO 1:22.

1. Sechaba sa Iseraele ea boholo-holo se ile sa fuoa tokelo ea ho bona mehlolo efe?

POLELOANA e loketseng bakeng sa ho hlalosa mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa Egepeta ea boholo-holo e ne e tla ba e reng, “ha e lebalehe.” Ho totobetse hore e ’ngoe le e ’ngoe ea Likotlo tseo tse Leshome e ne e tšosa. Likotlo tseo li ile tsa lateloa ke hore sechaba sa Iseraele se lopolloe ka mokhoa oa mohlolo metsing a arotsoeng a Leoatle le Lefubelu. (Deuteronoma 34:10-12) Re na le tšepo ea hore haeba u ne u bone liketsahalo tseo, u ne u ke ke ua lebala Ea li entseng. Leha ho le joalo, mopesaleme o ile a bina, a re: “[Baiseraele] ba lebala Molimo Mopholosi oa bona, Moetsi oa lintho tse khōlō Egepeta, mesebetsi e hlollang naheng ea Kama, lintho tse tšabehang Leoatleng le Lefubelu.”—Pesaleme ea 106:21, 22.

2. Ke eng e bontšang hore teboho ea Baiseraele bakeng sa liketso tsa Molimo tse matla ha ea ka ea tšoarella?

2 Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, ba ile ba “qala ho tšaba Jehova le ho beha tumelo ho Jehova.” (Exoda 14:31) Banna ba Iseraele ba ile ba bina le Moshe ha a binela Jehova pina ea tlhōlo, ’me Miriame le basali ba bang ba amohela pina eo ka ho letsa meropa e menyenyane le ka metjeko. (Exoda 15:1, 20) E, batho ba Molimo ba ne ba khahliloe ke liketso tse matla tsa Jehova. Empa teboho ea bona ho Ea entseng liketso tseo ha ea ka ea tšoarella. Kapele feela ka mor’a moo ba bangata ba bona ba ile ba itšoara joalokaha eka ba tšoeroe ke lefu la bolebali bo tebileng. Ba ile ba korotla le ho belaela ka Jehova. Ba bang ba ile ba kopanela borapeling ba litšoantšo le boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.—Numere 14:27; 25:1-9.

Ke Eng se ka re Lebatsang?

3. Kaha ha rea phethahala, re ka lebala eng?

3 Ho hloka teboho ha Baiseraele hoa makatsa ka sebele. Ho sa tsotellehe seo, le rōna re ka etsa ntho e tšoanang. Ke ’nete hore ha rea bona mehlolo e joalo ea Molimo. Leha ho le joalo, kamanong ea rōna le Molimo, kannete ho bile le liketsahalo tse sa lebaleheng. Ba bang ba rōna re ka ’na ra hopola nako eo ka eona re neng re amohela ’nete e ka Bibeleng. Linako tse ling tse thabisang li ka akarelletsa thapelo ea rōna ea boinehelo ho Jehova le kolobetso ea rōna metsing re le Bakreste ba ’nete. Ba bangata ba rōna ba latsoitse thuso ea Jehova maemong a mang bophelong. (Pesaleme ea 118:15) Ho feta tsohle, ka lefu la sehlabelo la Jesu Kreste, Mora oa Molimo, re amohetse tšepo ea poloko. (Johanne 3:16) Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, ha re thulana le litakatso tse fosahetseng le matšoenyeho a bophelo, re ka lebala habonolo feela lintho tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona.

4, 5. (a) Jakobo o lemosa joang ka kotsi ea ho ba bautloi ba lebalang? (b) Re ka sebelisa papiso ea Jakobo ea motho ea ichebang ka seiponeng joang?

4 Lengolong leo Jakobo, ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona, a ileng a le ngolla Bakreste, o ile a lemosa ka kotsi ea ho ba bautloi ba lebalang. O ile a ngola, a re: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata. Etsoe haeba leha e le mang e le moutloi oa lentsoe, ’me e se mophethi, o joaloka motho ea talimang sefahleho sa hae sa tlhaho ka seiponeng. Kaha oa icheba, ebe oa tloha ’me kapele-pele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe.” (Jakobo 1:22-24) Jakobo o ne a bolela’ng ka mantsoe ao?

5 Ha re tsoha hoseng, re atisa ho icheba ka seiponeng ho bona hore na ho hlokahala re lokise ponahalo ea rōna joang. Ha re ntse re etsa mesebetsi e fapa-fapaneng ’me kelello e leba linthong tse ling, re khaotsa ho nahana ka seo re se boneng seiponeng. Sena se ka etsahala le linthong tsa moea. Ha re sheba ka Lentsoeng la Molimo, re ka bapisa seo re leng sona le seo Jehova a lebelletseng hore re be sona. Kahoo, re tobana le bofokoli ba rōna. Tsebo ena e lokela ho re susumelletsa hore re lokise botho ba rōna. Empa ha re ntse re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi ’me re loana le mathata a rōna, ho bonolo hore re khaotse ho nahana ka litaba tsa moea. (Matheu 5:3; Luka 21:34) Ho joalokaha eka re lebala liketso tse lerato tseo Molimo a re etsetsang tsona. Ha sena se ka etsahala, re pepesehela litšekamelong tsa boetsalibe.

6. Ke ho hlahloba eng ka Mangolong ho ka re thusang hore re se ke ra lebala lentsoe la Jehova?

6 Lengolong la hae la pele le bululetsoeng le eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o bua ka Baiseraele ba lebalang lefeelleng. Feela joalokaha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba rua molemo mantsoeng a Pauluse, ho hlahloba seo a ileng a se ngola ho ka re thusa hore re se ke ra lebala lentsoe la Jehova. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng 1 Bakorinthe 10:1-12.

Hana Litakatso Tsa Lefatše

7. Baiseraele ba ile ba amohela bopaki bofe bo ke keng ba latoloa ba hore Jehova oa ba rata?

7 Seo Pauluse a se buang ka Baiseraele se sebetsa e le temoso ho Bakreste. Karolo ea mantsoe a Pauluse e re: “Ha ke batle hore le hloke tsebo, barab’eso, hore baholo-holo ba rōna kaofela ba ile ba ba ka tlas’a leru ’me kaofela ba feta har’a leoatle ’me kaofela ba ile ba kolobetsoa ho kena ho Moshe ka leru le ka leoatle.” (1 Bakorinthe 10:1-4) Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba ne ba bone liponahatso tse khōlō tsa matla a Molimo, ho akarelletsa topallo ea Molimo ea mohlolo ea leru e neng e ba tsamaisa motšehare le e ileng ea ba thusa ho pholoha Leoatleng le Lefubelu. (Exoda 13:21; 14:21, 22) E, Baiseraele bao ba ile ba amohela bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Jehova oa ba rata.

8. Ho lebala moeeng ha Baiseraele ho ile ha fella ka eng?

8 Pauluse o re: “Leha ho le joalo, boholo ba bona Molimo ha aa ka a ba bontša kamohelo ea hae, kaha ba ile ba rapalatsoa lefeelleng.” (1 Bakorinthe 10:5) Ke ho soabisang hakaakang! Boholo ba Baiseraele ba ileng ba tloha Egepeta ba ile ba iketsa ba sa tšoaneleheng hore ba ka kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ile ba shoella lefeelleng hobane Molimo a ne a se a sa ba amohele ka lebaka la ho hloka tumelo ha bona. (Baheberu 3:16-19) Re ka ithuta eng ho see? Pauluse o re: “Lintho tsena e bile mehlala ea rōna, hore re se ke ra ba batho ba lakatsang lintho tse mpe, esita le joalokaha ba ile ba li lakatsa.”—1 Bakorinthe 10:6.

9. Jehova o ne a lokiselitse batho ba hae lintho life, ’me Baiseraele ba ile ba itšoara joang?

9 Baiseraele ba ne ba e-na le ho hongata ho ba thusang hore ba se ke ba kheloha moeeng ha ba ntse ba le lefeelleng. Ba ile ba kena selekaneng le Jehova ’me ba fetoha sechaba se inehetseng ho eena. Ho feta moo, ba ile ba fuoa boprista, tabernakele e le setsi sa borapeli, le tokisetso ea ho nyehela mahlabelo ho Jehova. Leha ho le joalo, ho e-na le ho thabela lineo tsena tsa moea, ba ile ba lumella ho se khotsofatsoe ke litokisetso tsa Molimo.—Numere 11:4-6.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka Molimo kamehla?

10 Ho fapana le Baiseraele lefeelleng, kajeno batho ba Jehova ba amoheloa ke Molimo. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore kamehla boinotšing re nahane ka Molimo. Ho etsa joalo ho tla re thusa ho hana litakatso tsa boithati tse ka ’nang tsa re foufatsa moeeng. Re lokela ho ikemisetsa “ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.” (Tite 2:12) Rōna ba ’nileng ba kopanela le phutheho ea Bokreste ho tloha bongoaneng, le ka mohla re se ke ra nahana hore re fetoa ke menate. Haeba khopolo e joalo e ka hlaha likelellong tsa rōna, ho hotle ho hopola Jehova le litlhohonolofatso tse hlollang tseo a re lokiselitseng tsona.—Baheberu 12:2, 3.

Ho Mamela Jehova ka ho Feletseng

11, 12. Motho a ka ba molato oa borapeli ba litšoantšo joang empa a sa hlomphe litšoantšo tse betliloeng?

11 Pauluse o re fa temoso e ’ngoe ha a ngola, a re: “Hape le se ke la ba barapeli ba litšoantšo, joalokaha ba bang ba bona e ile ea e-ba barapeli ba litšoantšo; feela joalokaha ho ngoliloe: ‘Sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa, ’me sa ema hore se ithabise.’” (1 Bakorinthe 10:7) Pauluse o bua ka ketsahalo eo ho eona Baiseraele ba ileng ba susumelletsa Arone hore a etse namane ea khauta. (Exoda 32:1-4) Le hoja ho ka ’na ha se ke ha etsahala hore re retelehele borapeling ba litšoantšo bo totobetseng, re ka fetoha barapeli ba litšoantšo ka ho lumella hore litakatso tsa rōna tsa boithati li re khelose hore re se ke ra rapela Jehova ka moea oohle.—Bakolose 3:5.

12 Nakong e ’ngoe, Pauluse o ile a ngola ka ba bang ba neng ba amehile haholo ka lintho tse bonahalang ho e-na le ho ameha ka litaba tsa moea. O ile a ngola ka ba neng ‘ba tsamaea e le lira tsa thupa ea tlhokofatso ea Kreste,’ a re: “Pheletso ea bona ke timetso, ’me molimo oa bona ke limpa tsa bona.” (Bafilipi 3:18, 19) Ba ne ba sa rapele setšoantšo se betliloeng. Ba ne ba rapela takatso ea bona ea lintho tse bonahalang. Ha e le hantle, hase litakatso tsohle tse fosahetseng. Jehova o re bōpile hore ho be le lintho tseo re li hlokang joaloka batho le hore re khone ho thabela menyaka e fapa-fapaneng. Empa ba etelletsang menate ka pele ho kamano ea bona le Molimo, ha e le hantle, ba fetoha barapeli ba litšoantšo.—2 Timothea 3:1-5.

13. Re ka ithuta eng ka tlaleho ea namane ea khauta?

13 Ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta, ba ile ba etsa namane ea khauta hore ba e rapele. Ntle ho temoso eo tlaleho ena e fanang ka eona ka borapeli ba litšoantšo, e boetse e na le thuto e ’ngoe ea bohlokoa. Baiseraele ba ile ba hlompholla tataiso e hlakileng ea Jehova. (Exoda 20:4-6) Leha ho le joalo, ba ne ba sa rera ho lahla Jehova hore ha e sa le Molimo oa bona. Ba ile ba hlabela namane e entsoeng ka ho qhibilihisoa ’me ’mōka oo ba o bitsa “mokete oa Jehova.” Ba ile ba ithetsa ka ho nahana hore Molimo o ne a tla hlokomoloha ho se mamele ha bona. Sena e ne e le nyeliso ho Jehova, ’me se ile sa mo halefisa haholo.—Exoda 32:5, 7-10; Pesaleme ea 106:19, 20.

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba se na lebaka la ho ba bautloi ba lebalang? (b) Haeba re ikemiselitse ho ba bautloi ba sa lebaleng, re tla etsa’ng ka litaelo tsa Jehova?

14 E ka ba ntho e sa tloaelehang haholo hore e mong oa Lipaki tsa Jehova e be setho sa bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hana taelo ea Jehova ka litsela tse ling empa ba ntse ba le ka phuthehong. Batho ba Iseraele ba ne ba se na lebaka la ho ba bautloi ba lebalang. Ba ne ba utloile Litaelo tse Leshome ’me ba ne ba le teng ha Moshe a ba fa taelo ena ea Molimo: “Le se ke la etsa melimo ea silevera hammoho le ’na, ’me le se ke la iketsetsa melimo ea khauta.” (Exoda 20:18, 19, 22, 23) Empa Baiseraele ba ile ba rapela namane ea khauta.

15 Le rōna re ne re ke ke ra ba le mabaka a utloahalang haeba re ne re ka fetoha bautloi ba lebalang. Maemong a mangata a bophelo Mangolo a re fa tataiso e tsoang ho Molimo. Ka mohlala, Lentsoe la Jehova le nyatsa ka ho toba tloaelo ea ho alima ebe ha u buse. (Pesaleme ea 37:21) Bana ba laeloa hore ba mamele batsoali ba bona, bo-ntate ba lebelletsoe ho hōlisa bana ba bona ka “kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:1-4) Bakreste ba masoha ba lauoa hore ba nyale le ho nyaloa “feela Moreneng,” ’me bahlanka ba Molimo ba lenyalong baa bolelloa: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (1 Bakorinthe 7:39; Baheberu 13:4) Haeba re ikemiselitse hore re se ke ra ba bautloi ba lebalang, re tla nka ka botebo litataiso tsena le tse ling tse tsoang ho Molimo ’me re sebetse tumellanong le tsona.

16. Liphello tsa ho rapela namane ea khauta e bile life?

16 Jehova ha aa ka a amohela boiteko ba Baiseraele ba ho mo rapela kamoo ba neng ba nahana kateng. Ho e-na le hoo, ba 3 000 ba ile ba timetsoa, mohlomong ka lebaka la karolo e hlahelletseng eo ba neng ba e nkile ketsong ea bofetoheli ea ho rapela namane ea khauta. Bafosi ba bang ba ile ba fumana kotlo e tsoang ho Jehova. (Exoda 32:28, 35) Ke thuto e ntle hakaakang ho bohle ba balang Lentsoe la Molimo empa ba ikhethela seo ba batlang ho se latela!

“Balehelang Bohlola”

17. Bakorinthe ba Pele 10:8 e ne e bolela ketsahalo efe?

17 Ntho e ’ngoe eo litakatso tsa nama li ka susumelletsang bolebali ba moea ho eona e hlahisoa ke Pauluse ha a re: “Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.” (1 Bakorinthe 10:8) Mona Pauluse o bua ka ketsahalo e ’ngoe Mahoatateng a Moabe qetellong ea leeto la Baiseraele la lilemo tse 40 lefeelleng. Baiseraele ba ne ba sa tsoa thusoa ke Jehova ho hapa linaha tse ka bochabela ho Jordane, empa ba bangata ba ile ba lebala ’me ba se ke ba leboha. Meeling ea Naha e Tšepisitsoeng, ba ile ba ekoa hore ba kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate le borapeling bo sa hloekang ba Baale oa Peore. Ho ile ha timetsoa ba ka bang 24 000, ba 1 000 e le bahlohlelletsi.—Numere 25:9.

18. Ke boitšoaro ba mofuta ofe bo ka lebisang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate?

18 Batho ba Jehova kajeno ba tsebahala ka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Empa Bakreste ba bang ba khaotsa ho nahana ka Molimo le melao-motheo ea hae ha ba lekoa hore ba etse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Ba fetohile bautloi ba lebalang. Qalong, teko e ka ’na ea se ke ea akarelletsa bohlola. E ka ’na ea e-ba bohelehele ba ho shebella litšoantšo tsa bootsoa, ho soasoa kapa ho bonya ka mokhoa o sa lokelang, kapa ho phehella setsoalle le batho ba se nang boitšoaro. Lintho tsena kaofela li ’nile tsa lihela Bakreste boitšoarong ba boetsalibe.—1 Bakorinthe 15:33; Jakobo 4:4.

19. Ke keletso efe ea Mangolo e re thusang ho ‘balehela bohlola’?

19 Haeba re lekeha ho kopanela boitšoarong bo bobe, re se ke ra khaotsa ho nahana ka Jehova. Ho e-na le hoo, re lokela ho latela likhopotso tse Lentsoeng la hae. (Pesaleme ea 119:1, 2) Joaloka Bakreste, boholo ba rōna re etsa sohle se matleng a rōna ho lula re hloekile boitšoarong, empa ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo ho hloka boiteko bo tsoelang pele. (1 Bakorinthe 9:27) Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma, a re: “Ho mamela ha lōna ho tlile tlhokomelong ea bohle. Ka hona kea thaba ke lōna. Empa ke batla hore le be bohlale mabapi le se molemo, empa le hloke molato mabapi le se sebe.” (Baroma 16:19) Joalokaha Baiseraele ba 24 000 ba ile ba bolaeloa sebe sa bona, lihlola le bafosi ba bang ba tla tloha ba utloa kahlolo e bohloko ea Jehova. (Baefese 5:3-6) Joale, ho e-na le ho ba bautloi ba lebalang, re lokela ho tsoela pele ho ‘balehela bohlola.’—1 Bakorinthe 6:18.

Kamehla U Ananele Litokisetso Tsa Jehova

20. Baiseraele ba ile ba leka Jehova joang, ’me phello e ile ea e-ba efe?

20 Bakreste ba bangata ha ho mohla ba oelang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra phehella tsela e tla re bakela ho korotla kamehla, e ka fellang ka ho se amoheloe ke Molimo. Pauluse oa re eletsa, o re: “Hape re se ke ra leka Jehova, joalokaha ba bang ba [Baiseraele] ba ile ba mo leka, hore feela ba timetsoe ke linoha. Hape le se ke la ba bakorotli, feela joalokaha ba bang ba bona ba ile ba korotla, hore feela ba timetsoe ke motimetsi.” (1 Bakorinthe 10:9, 10) Baiseraele ba ile ba korotla ka Moshe le Arone—haesita le ka Molimo ka boeena—ba belaela ka manna a neng a fanoe ka mohlolo. (Numere 16:41; 21:5) Na bohlola ba bona bo ile ba khopisa Jehova ho feta ho korotla ha bona? Tlaleho ea Bibele e bontša hore bakorotli ba bangata ba ile ba bolaoa ke linoha. (Numere 21:6) Ketsahalong ea pejana, ho ile ha timetsoa bakorotli ba bafetoheli ba fetang 14 700. (Numere 16:49) Kahoo, a re se keng ra leka mamello ea Jehova ka ho hlompholla litokisetso tsa hae.

21. (a) Pauluse o ile a bululeloa ho ngola khothatso efe? (b) Ho latela Jakobo 1:25, re ka thaba e le kannete joang?

21 Ha Pauluse a ngolla Bakreste-’moho le eena, o phetha letoto la litemoso ka khothatso ena: “Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng. Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” (1 Bakorinthe 10:11, 12) Joaloka Baiseraele, re amohetse litlhohonolofatso tse ngata ho Jehova. Leha ho le joalo, ho fapana le bona, e se eka le ka mohla re ke ke ra lebala ’me ra hlōleha ho leboha lintho tse molemo tseo Molimo a re etsetsang tsona. Ha matšoenyeho a bophelo a re imela, a re nahaneng ka litšepiso tse hlollang tse fumanoang Lentsoeng la hae. E se eka re ka hopola kamano ea rōna ea bohlokoa le Jehova ’me ra tsoela pele ka mosebetsi o behiloeng tlhokomelong ea rōna oa ho bolela ka ’Muso. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ka sebele tsela e joalo e tla re thabisa e le kannete, hobane Mangolo aa tšepisa: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.

U ka Araba Joang?

•Ke eng e ka re etsang bautloi ba lebalang?

•Ke hobane’ng ha ho utloa Molimo ka ho feletseng ho hlokahala?

•Re ka ‘balehela bohlola’ joang?

•Boikutlo ba rōna ka litokisetso tsa Jehova e lokela ho ba bofe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baiseraele ba ile ba lebala liketso tse matla tseo Jehova a ileng a ba etsetsa tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Batho ba Jehova ba ikemiselitse ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro