Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ho 2 Petrose 3:13 e bua ka “maholimo [ka bongateng] a macha le lefatše le lecha,” empa Tšenolo 21:1 e bolela esale pele ka “leholimo [ka bonngoeng] le lecha le lefatše le lecha”?

Ha e le hantle hona ke makolopetso a ho ngoloa ha lipuo tsa pele. Ha ho bonahale ho e-na le moelelo leha e le ofe o khethehileng o fetolang se boleloang.

Nahana pele ka Mangolo a Seheberu. Tabeng e ngotsoeng ea puo ea pele, kamehla lentsoe la Seheberu sha·maʹyim, le fetoletsoeng e le “(ma)leholimo,” le ka bongateng. Ho ba ha lona ka bongateng ho bonahala ho sa bontše bongata ba bokhabane, empa ho bontša khopolo ea bongata “bo atolohelang sebakeng se itseng,” kapa khopolo ea “ntho e feletseng e entsoeng ka likarolo kapa lintlha tse se nang palo tse arohaneng.” Sena sea utloahala hobane maholimo a sebele a atolohela hōle le lefatše ka nģa tsohle ’me a akarelletsa linaleli tse limilione tse likete. Ha sha·maʹyim e etelloa pele ke lereho-lekhethi, hoo e batlang e le ka ho sa fetoheng Phetolelo ea Lefatše le Lecha e e fetolela e le “maholimo,” joaloka ho Esaia 66:22. Ha sha·maʹyim e hlaha e se na lereho-lekhethi, e ka fetoleloa ka bonngoeng (“leholimo,” joaloka ho Genese 1:8; 14:19, 22; Pesaleme ea 69:34) kapa ka bongateng (“maholimo,” joaloka ho Genese 49:25; Baahloli 5:4; Jobo 9:8; Esaia 65:17).

Ho Esaia 65:17 le 66:22, lentsoe la Seheberu bakeng sa maholimo le ka bongateng, ’me phetolelo e sa fetoheng e khethiloeng ke “maholimo a macha le [kapa] lefatše le lecha.”

Lentsoe la Segerike ou·ra·nosʹ le bolela “leholimo,” ’me ka bongateng ou·ra·noiʹ e bolela “maholimo.” Hoa thahasellisa hore ebe bafetoleli ba Septuagint ea Segerike ba ile ba sebelisa mofuta o ka bonngoeng ho Esaia 65:17 le 66:22.

Joale ho thoe’ng ka makhetlo a mabeli ao polelo “leholimo le lecha [kapa maholimo] le lefatše le lecha” e sebelisitsoeng ka ’ona Mangolong a Segerike a Bakreste?

Ho 2 Petrose 3:13, moapostola o sebelisitse mofuta o ka bongateng oa Segerike. Pele ho moo (temaneng ea 7, 10, 12), o ile a bua ka “maholimo” a teng hona joale a khopo, a sebelisa mofuta o ka bongateng. Kahoo ha aa ka a fetoha ha a sebelisa mofuta o ka bongateng temaneng ea 13. Ho feta moo, ho bonahala a ne a qotsa ho Esaia 65:17 ea pele, moo Seheberu se leng ka bongateng, joalokaha ho 2 Petrose 2:22, a ile a qotsa tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea Liproverbia 26:11. Kahoo Petrose o ile a bua ka “maholimo [ka bongateng] a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae.”

Ho fapana hanyenyane le sena, ho Tšenolo 21:1, moapostola Johanne ka ho hlakileng o ile a sebelisa phetolelo ea Esaia 65:17 ea Septuagint, eo joalokaha ho boletsoe, e nang le lentsoe la Segerike bakeng sa “maholimo” le le ka bonngoeng. Kahoo seo Johanne a se ngotseng se ne se re: “Ka bona leholimo [ka bonngoeng] le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile.”

Ana ke makolopetso a ho ngoloa ha puo a amanang le phetolelo. Ho hlokahala hore re boele re bolele hore ha ho bonahale ho e-na le phapang moelelong ha motho a bala kapa a bua ka “maholimo a macha” kapa “leholimo le lecha.” Tšebeliso ea mantsoe ana ka bobeli e na le moelelo o tšoanang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Stars: Frank Zullo