Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lulang le Tiile Joalokaha Eka le Bona ea sa Bonahaleng!

Lulang le Tiile Joalokaha Eka le Bona ea sa Bonahaleng!

Lulang le Tiile Joalokaha Eka le Bona ea sa Bonahaleng!

“[Moshe] o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.”—BAHEBERU 11:27.

1. Jesu o ile a bolela eng e tsotehang ka Molimo Thutong ea hae ea Thabeng?

JEHOVA ke Molimo ea sa bonahaleng. Ha Moshe a ne a kōpa ho bona khanya ea Hae, Jehova o ile a araba ka ho re: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.” (Exoda 33:20) Moapostola Johanne eena o ile a ngola, a re: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Ha Jesu Kreste e ne e le motho oa nama lefatšeng, le eena o ne a sa bone Molimo. Leha ho le joalo, Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.” (Matheu 5:8) Jesu o ne a bolela’ng?

2. Ke hobane’ng ha re sa khone ho bona Molimo ka mahlo a nama?

2 Mangolo a tsebahatsa Jehova e le Moea o sa bonahaleng. (Johanne 4:24; Bakolose 1:15; 1 Timothea 1:17) Kahoo, Jesu o ne a sa bolele hore rōna batho re hlile re ka bona Jehova ka mahlo a nama. Ke ’nete hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla bona Jehova Molimo leholimong ka mor’a hore ba tsosoe e le libōpuoa tsa moea. Empa batho “ba lipelo li hloekileng” le ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba ka khona ho “bona” Molimo. Hoo ho khoneha joang?

3. Batho ba ka lemoha litšoaneleho tse ling tsa Molimo joang?

3 Re ithuta ho hong ka Jehova ka ho ela hloko lintho tseo a li bōpileng. Ka tsela eo, re ka khahloa ke matla a hae ’me ra susumeletseha ho amohela hore ke Molimo ’Mōpi. (Baheberu 11:3; Tšenolo 4:11) Ntlheng ena, moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Kahoo, mantsoe a Jesu ka ho bona Molimo a akarelletsa matla a ho lemoha litšoaneleho tse ling tsa Jehova. Ho bona ho joalo ho thehiloe tsebong e nepahetseng ’me ho lemohuoa ka tsela ea moea ka “mahlo a lipelo.” (Baefese 1:18) Mantsoe a Jesu le liketso le tsona li senola ho hongata ka Molimo. Kahoo, Jesu o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Jesu o ile a bonahatsa botho ba Jehova ka mokhoa o phethahetseng. Kahoo, ho tseba bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae ho ka re thusa ho bona, kapa ho lemoha litšobotsi tse ling tsa Molimo.

Hoa Hlokahala ho Bontša Kananelo ea Lintho Tsa Moea

4. Kajeno batho ba bangata ba bontša joang hore ha ba ananele lintho tsa moea?

4 Kajeno, ha ho pelaelo hore tumelo le kananelo ea ’nete ea lintho tsa moea li fumanoa seoelo. Pauluse o ile a re: “Hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathesalonika 3:2) Ba bangata ba phathahane haholo ka lintho tsa bona ’me ha ba lumele ho Molimo. Boitšoaro ba bona ba boetsalibe le ho hloka kananelo ea lintho tsa moea li ba thibela ho mo bona ka mahlo a kutloisiso, hobane moapostola Johanne o ile a ngola, a re: “Ea etsang se sebe ha a e-s’o bone Molimo.” (3 Johanne 11) Kaha batho ba joalo ha ba bone Molimo ka mahlo a nama, ba etsa eka ha a bone seo ba se etsang. (Ezekiele 9:9) Ba nyelisa lintho tsa moea, kahoo ba ke ke ba fumana “tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:5) Joale, Pauluse o ile a ngola ka nepo, a re: “Motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba, hobane li hlahlojoa ka tsela ea moea.”—1 Bakorinthe 2:14.

5. Batho ba sekametseng linthong tsa moea ba lemoha ’nete efe?

5 Leha ho le joalo, haeba re sekametse linthong tsa moea, ka linako tsohle re tla lemoha hore le hoja Jehova e se Molimo ea tšoaeang liphoso, oa tseba ha re susumetsoa ke menahano e mebe le litakatso tse mpe. Ka sebele, “litsela tsa motho li ka pel’a mahlo a Jehova, ’me o nahanisisa ka litsela tsohle tsa hae.” (Liproverbia 5:21) Haeba sebe se ka re hlōla, re susumeletseha ho baka le ho batla tšoarelo ea Jehova hobane rea mo rata ’me ha re batle ho mo utloisa bohloko.—Pesaleme ea 78:41; 130:3.

Ke Eng e Etsang Hore re Tiee?

6. Ho ba ea tiileng ho bolela’ng?

6 Le hoja Jehova a sa bonahale mahlong a rōna, kamehla re hopole hore eena oa re bona. Ho lemoha hore o teng le ho kholiseha hore o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena ho tla re thusa hore re tiee—re se ke ra thekesela le ho sisinyeha botšepehing ba rōna ho eena. (Pesaleme ea 145:18) Re ka tšoana le Moshe eo Pauluse a ileng a ngola ka eena, a re: “Ka tumelo o ile a tloha Egepeta, empa a sa tšabe bohale ba morena, kaha o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.”—Baheberu 11:27.

7, 8. Ke eng se ileng sa etsa hore Moshe a be sebete ka pel’a Faro?

7 Ka makhetlo a mangata Moshe o ne a hlaha ka pel’a Faro ea hatellang ka lekhotleng la borena le tletseng baeta-pele ba bolumeli le ba sesole ha a ne a phethahatsa taelo e fanoeng ke Molimo ea ho etella Baiseraele pele ho ba ntša bokhobeng ba Egepeta. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe mabota a ntlo ea borena a ne a tlatsitsoe litšoantšo tse rapeloang. Empa Jehova, le hoja a sa bonahale, e ne e le oa sebele ho Moshe, ho fapana le litšoantšo tsohle tse tšoantšetsang melimo e sa pheleng ea Egepeta. Hase feela Moshe a sa kang a tšosoa ke Faro!

8 Ke eng e ileng ea fa Moshe sebete sa ho hlaha ka pel’a Faro khafetsa? Mangolo a re bolella hore “monna enoa Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Ho hlakile hore kananelo ea hae e matla ea lintho tsa moea le kholiseho ea hore Molimo o na le eena li ile tsa fa Moshe matla a hlokahalang hore a emele ‘Ea neng a sa bonahale’ ka pel’a morena oa Egepeta ea se nang mohau. Ba “bonang” Molimo ea sa bonahaleng ba bonahatsa tumelo ea bona ka litsela life kajeno?

9. Tsela e ’ngoe eo re ka tsoelang pele re tiile ka eona ke efe?

9 Tsela e ’ngoe ea ho bonahatsa tumelo le ho tsoela pele re tiile joalokaha eka re bona Ea sa bonahaleng ke ho bolela ka sebete ho sa tsotellehe mahloriso. Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae, a re: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Luka 21:17) O ile a boela a re ho bona: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20) Tumellanong le mantsoe a Jesu, kapele ka mor’a lefu la hae, balateli ba hae ba ile ba hlorisoa ka litšokelo, ho tšoaroa le ho shapuoa. (Liketso 4:1-3, 18-21; 5:17, 18, 40) Le hoja baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba ile ba oeloa ke seoa sa mahloriso, ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka sebete.—Liketso 4:29-31.

10. Ho kholiseha ha rōna ka tlhokomelo e sireletsang ea Jehova ho re thusa joang tšebeletsong?

10 Joaloka Moshe, balateli ba pele ba Jesu ha baa ka ba tšosoa ke lira tsa bona tse ngata tse bonahalang. Barutuoa ba Jesu ba ne ba lumela ho Molimo, ’me ka lebaka leo, ba ne ba khona ho mamella mahloriso a matla ao ba neng ba le ho ’ona. Ke ’nete hore ba ile ba tsoela pele ba tiile joalokaha eka ba bona Ea sa bonahaleng. Kajeno, re sebete ka lebaka la ho elelloa kamehla tlhokomelo e sireletsang ea Jehova, e re fang matla le ho hloka tšabo mosebetsing oa rōna oa boboleli ba ’Muso. Lentsoe la Molimo le re “ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” (Liproverbia 29:25) Ka lebaka leo, ha re ikhule ka lebaka la ho tšaba mahloriso; ’me ha re lihlong ka tšebeletso ea rōna. Tumelo ea rōna e re susumelletsa hore ka sebete re pakele baahelani, basebetsi-’moho, liithuti-’moho le rōna le ba bang.—Baroma 1:14-16.

Ea sa Bonahaleng O Tsamaisa Batho ba Hae

11. Ho ea ka Petrose le Juda, ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ea Bokreste ba ile ba bonahatsa joang hore ha ba ananele lintho tsa moea?

11 Tumelo e re thusa ho bona hore Jehova ke eena ea tsamaisang mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. Kahoo, re qoba boikutlo ba ho nyatsa ba ikarabellang ka phuthehong. Moapostola Petrose le Juda ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona, ba lemositse ka ba neng ba se na kananelo ea lintho tsa moea hoo ba neng ba bua hampe ka banna ba etellang pele har’a Bakreste. (2 Petrose 2:9-12; Juda 8) Na bo-motšoaea-liphoso bao ba ka be ba buile ka tsela eo ka pel’a Jehova haeba a ne a bonahetse ho bona? Le hanyenyane! Empa kaha Molimo ha a bonahale, banna bao ba sekametseng linthong tsa nama ba ile ba hlōleha ho nahana hore ba ikarabella ho eena.

12. Re lokela ho bontša boikutlo bofe ho ba etellang pele ka phuthehong?

12 Ke ’nete hore phutheho ea Bokreste e entsoe ka batho ba sa phethahalang. Ka linako tse ling ba sebeletsang e le baholo ba etsa liphoso tse ka re amang. Leha ho le joalo, Jehova o sebelisa banna ba joalo e le balisa ba mohlape oa hae. (1 Petrose 5:1, 2) Banna le basali ba sekametseng linthong tsa moea ba hlokomela hore ona ke mokhoa o mong oo Jehova a tsamaisang batho ba hae ka oona. Kahoo, joaloka Bakreste, re qoba moea oa ho nyatsa le ho belaela ’me re bontša hore re hlompha litokisetso tsa puso ea Molimo. Ka ho mamela ba etellang pele har’a rōna, re bontša hore re bona Ea sa bonahaleng.—Baheberu 13:17.

Ho Bona Hore Molimo ke Morupeli oa Rōna e Moholo

13, 14. Ho bona hore Jehova ke Morupeli e Moholo ho bolela’ng ho uena?

13 Ho na le karolo e ’ngoe e hlokang temoho ea moea. Esaia o ile a profeta, a re: “Mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo.” (Esaia 30:20) Ho hloka tumelo ho hlokomela hore Jehova ke eena ea re rutang ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. (Matheu 24:45-47) Ho bona hore Molimo ke Morupeli oa rōna e Moholo ha ho bolele feela ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta Bibele le ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste. Ho bolela ho sebelisa ka botlalo litokisetso tsa Molimo tsa moea. Ka mohlala, ho hlokahala hore re ele hloko ka ho fetisisa tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka Jesu e le hore re se ke ra hoholeha moeeng.—Baheberu 2:1.

14 Ka linako tse ling ho hlokahala boiteko bo khethehileng ho rua molemo o feletseng lijong tsa moea. Ka mohlala, ho ka etsahala hore re se ke ra tebisa kelello ha re bala litlaleho tse itseng tsa Bibele tse re thatafallang. Ha re bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, mohlomong re tlōla lihlooho tse itseng hobane taba ea tsona e batla e sa ipiletse ho rōna. Kapa re ka ’na ra lumella likelello ho lelera ha re le libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, re ka mamelisisa haeba re nahana ka hloko ka lintlha tseo ho buuoang ka tsona. Kananelo ea rōna e tebileng bakeng sa taeo ea moea eo re e fumanang e bontša hore re hlokomela hore Jehova ke Morupeli oa rōna e Moholo.

Re Tlameha ho Ikarabella

15. Ke ka tsela efe ba bang ba ’nileng ba itšoara joalokaha eka ha ba bonahale ho Jehova?

15 Tumelo ho Ea sa bonahaleng e hlokahala haholo kaha bokhopo bo jele setsi ‘nakong ena ea bofelo.’ (Daniele 12:4) Ho se tšepahale le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate li atile. Ha e le hantle, ke bohlale ho hopola hore Jehova o lemoha liketso tsa rōna le ha batho ba sa re bone. Ba bang ba hlokomolohile ntlha ena. Ba ka ’na ba kopanela boitšoarong bo sa lumellaneng le Mangolo ha ba sa bonoe ke motho. Ka mohlala, ba bang ha ba hanele teko ea ho shebella boithabiso bo kotsi le litšoantšo tsa bootsoa ho Internet, thelevishene le mefuta e meng ea lintho tsa kajeno tsa theknoloji. Kaha lintho tse joalo li ka etsoa sephiring, ba bang ba ’nile ba itšoara joalokaha eka boitšoaro ba bona ha bo bonahale ho Jehova.

16. Ke eng e lokelang ho re thusa hore re lumellane le litekanyetso tsa Jehova tse phahameng?

16 Ho hotle ho hopola mantsoe a moapostola Pauluse, ha a re: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Baroma 14:12) Ho hlokahala re lemohe hore nako le nako ha re etsa sebe, re siteloa Jehova. Ha re tseba sena, se tla re thusa ho lumellana le litekanyetso tsa hae tse phahameng le ho qoba boitšoaro bo sa hloekang. Bibele ea re hopotsa: “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae, empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Ke ’nete hore re tlameha ho ikarabella ho Molimo, empa ha ho pelaelo hore lebaka le ka sehloohong la hore re etse thato ea Jehova le hore re amohele re be re hlomphe litekanyetso tsa hae tse lokileng, ke lerato la rōna le tebileng ho eena. Kahoo, a re etseng liqeto tse bohlale litabeng tse kang boithabiso boo re bo khethang le boitšoaro ba rōna ha re e-na le batho ba bong bo fapaneng.

17. Jehova o re shebella ka thahasello ea mofuta ofe?

17 Jehova o re thahasella haholo, empa seo ha se bolele hore o emetse hore re etse liphoso e le hore a re ahlole. Ho e-na le hoo, o re shebella ka kameho e lerato e tšoanang le ea ntate ea batlang ho putsa bana ba hae ba mamelang. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore tumelo ea rōna e thabisa Ntat’a rōna oa leholimo le hore ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo”! (Baheberu 11:6) E se eka re ka bontša tumelo e feletseng ho Jehova ’me ‘ra mo sebeletsa ka pelo e feletseng.’—1 Likronike 28:9.

18. Kaha Jehova o re shebelletse ’me o hlokomela botšepehi ba rōna, ke eng eo Mangolo a re kholisang ka eona?

18 Liproverbia 15:3 e re: “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” E, Molimo o lula a talimile batho ba babe ’me o sebetsana le bona ho latela boitšoaro ba bona. Leha ho le joalo, haeba re le har’a “ba molemo,” re ka kholiseha hore Jehova o hlokomela liketso tsa rōna tsa botšepehi. Ho matlafatsa tumelo hakaakang ho tseba hore “mosebetsi oa [rōna] hase oa lefeela mabapi le Morena” le hore ea sa bonahaleng a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae’!—1 Bakorinthe 15:58; Baheberu 6:10.

Ho Mema Jehova Hore a re Hlahlobe

19. Melemo e meng e hlahisoang ke tumelo e matla ho Jehova ke efe?

19 Kaha re bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, re ba bohlokoa ho eena. (Matheu 10:29-31) Le hoja a sa bonahale, e ka ba oa sebele ho rōna, ’me re ka nka kamano ea rōna le eena e le ea bohlokoa haholo. Ho ba le boikutlo bo joalo ho Ntat’a rōna oa leholimo ho re tlisetsa melemo e mengata. Tumelo ea rōna e matla e re thusa hore re be le pelo e hloekileng le letsoalo le letle ka pel’a Jehova. Ntho e ’ngoe hape, tumelo e se nang boikaketsi e re thibela ho phela bophelo bo habeli. (1 Timothea 1:5, 18, 19) Tumelo ea rōna e sa thekeseleng ho Molimo e beha mohlala o motle ’me e ka khothatsa ba re potolohileng. (1 Timothea 4:12) Ho feta moo, tumelo e joalo e khothalletsa boitšoaro bo amohelehang ho Molimo, ’me e thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha ho lakatseha hore ebe leihlo la Jehova le seli le re shebile? (b) Re ka itšebelisetsa Pesaleme ea 139:23, 24 joang?

20 Haeba re bohlale e le kannete, re thabela ha Jehova e le eena molebeli oa rōna. Ha re batle feela hore a re bone empa re boetse re lakatsa hore a hlahlobisise mehopolo le liketso tsa rōna. Re etsa hantle ha re rapela re kōpa Jehova hore a re batlisise ’me a bone haeba re na le litšekamelo leha e le life tse sa lokelang. Ka sebele a ka re thusa hore re loane ka katleho le mathata a rōna le hore re lokise sohle se hlokang ho lokisoa. Mopesaleme Davida o ile a bina ka nepo, a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 139:23, 24.

21 Davida o ile a kōpa ka tieo hore Jehova a mo batlisise ho bona haeba ho ne ho e-na le “tsela leha e le efe e bohloko” ka ho eena. Joaloka mopesaleme, na ha re labalabele hore Molimo a batlisise lipelo tsa rōna ’me a bone haeba re na le sepheo se fosahetseng? Joale, a re kōpeng ka tumelo hore Jehova a re hlahlobe. Empa ho thoe’ng haeba re tšoenngoa ke phoso e itseng kapa ho e-na le ntho e ’ngoe e kotsi ka hare ho rōna? Joale, a re tsoeleng pele re ntse re rapela Jehova, Molimo oa rōna ea lerato ka tieo, ’me ka boikokobetso re ipehe tlas’a tsamaiso ea moea oa hae o halalelang le keletso ea Lentsoe la hae. Re ka kholiseha hore o tla re thusa ’me o tla re lota hore re phehelle tsela e tla isa bophelong bo sa feleng.—Pesaleme ea 40:11-13.

22. Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe mabapi le Ea sa bonahaleng?

22 Ha ho pelaelo hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ka bophelo bo sa feleng haeba re etsa seo a se hlokang. Ha e le hantle, re lokela ho amohela hore o na le matla le bolaoli, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola, a re: “Ho Morena oa bosafeleng, ea ke keng a bola, ea sa bonahaleng, eo e leng eena feela Molimo, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.” (1 Timothea 1:17) E se eka kamehla re ka bonahatsa tlhompho e tlohang pelong joalo bakeng sa Jehova. Leha ho ka ba joang kapa joang, le ka mohla re se ke ra thekesela boikemisetsong ba rōna ba ho tsoela pele re tiile joalokaha eka re bona Ea sa bonahaleng.

U ka Araba Joang?

•Ho bonolo joang hore batho ba bone Molimo?

•Haeba Jehova ke oa sebele ho rōna, re tla itšoara joang ha re hlorisoa?

•Ho bona hore Jehova ke Morupeli oa rōna e Moholo ho bolela’ng?

•Ke hobane’ng ha re lokela ho lakatsa hore Jehova a re hlahlobe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Moshe ha aa ka a tšosoa ke Faro, ’me o ile a etsa joalokaha eka o bona Jehova, Molimo ea sa bonahaleng

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Le ka mohla re se ke ra itšoara joalokaha eka Jehova a ke ke a bona seo re se etsang

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Re batla tsebo ea Molimo ka tieo hobane re bona e le eena Morupeli oa rōna e Moholo