Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Maoma a Etsoang ke Motsoalle”

“Maoma a Etsoang ke Motsoalle”

“Maoma a Etsoang ke Motsoalle”

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a bona ho hlokahala hore a khalemele Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Galatia. Mohlomong e le ho thibela tlhonamo, o ile a botsa: “Joale, he, na ke fetohile sera sa lōna hobane ke le bolella ’nete?”—Bagalata 4:16.

Pauluse o ne a sa fetoha sera sa bona ka ho ‘bua ’nete.’ Ha e le hantle, o ne a sebetsa tumellanong le molao-motheo oa Bibele: “Maoma a etsoang ke motsoalle [aa] tšepeha.” (Liproverbia 27:6, Bibele ea Sesotho) O ne a tseba hore ba fosang ba ka ’na ba ikutloa ba nyenyefalitsoe. Leha ho le joalo, o ne a hlokomela hore ho ithiba ho khalemela moetsalibe ha a hloka khalemelo ho ka bolela ho mo sitisa hore a se ke a bontšoa lerato la Jehova Molimo. (Baheberu 12:5-7) Ka lebaka leo, joaloka motsoalle ea tšepahalang eo haholo-holo a amehileng ka lithahasello tsa nako e telele tsa phutheho, Pauluse ha aa ka a ikhula ho faneng ka khalemelo.

Kajeno, Lipaki tsa Jehova li phetha thōmo ea tsona ea hore li “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . [li] ba rute ho boloka lintho tsohle tseo [Jesu Kreste a li] laetseng tsona.” Ka ho etsa joalo, Bakreste bana ba tšepahalang ha ba sekisetse linnete tsa Bibele tse pepesang le ho nyatsa phoso ea thuto ea bolumeli le boitšoaro boo e seng ba Bokreste. (Matheu 15:9; 23:9; 28:19, 20; 1 Bakorinthe 6:9, 10) Ho e-na le ho fetoha lira tse lokelang ho lahloa, ba bonahatsa thahasello ea metsoalle ea ’nete.

Ka temoho e bululetsoeng ke Molimo, mopesaleme o ile a ngola: “Ha ea lokileng a ka nkotla, e ne e tla ba mosa o lerato; ha a ka nkhalemela, e ne e tla ba oli holim’a hlooho, eo hlooho ea ka e neng e ke ke ea e hana.”—Pesaleme ea 141:5.