Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho

Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho

Le Eme ka ho Feletseng le ka Kholiseho e Tiileng

Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho

JOSEPH F. RUTHERFORD, ea lilemo li 50 le ea kulang ka mor’a ho qeta selemo a koaletsoe ka leeme chankaneng, o sebetsa ka thabo ho thusa baeti ba fihlang hoteleng ka lithōtō tsa bona. Ka mafolofolo o jara lisutuk’heise le ho thusa Bakreste-’moho le eena ho ea likamoreng tsa bona tsa hotele. Ba babeli ba Liithuti tsa Bibele-’moho le eena ba neng ba le chankaneng le eena, ba fa batho ba bangata ba letetseng marobalo mangolo a bontšang likamore tseo ba li abetsoeng. Ke lehlanahlana ho fihlela e se e le khale ka mor’a khitla. Bohle ba apareloa ke moea oa thabo. Ho etsahala’ng?

Selemo ke sa 1919, ’me Liithuti tsa Bibele (tseo hona joale li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova) li itlhotha litlhotse ka mor’a ho hlorisoa ka sehlōhō. E le hore li tsosolose mokhatlo oa tsona oa bara ba motho, li tšoere kopano Cedar Point, Ohio, U.S.A., ho tloha ka la 1 ho ea ho la 8 September, 1919. Letsatsing la ho qetela la kopano ena, boieane bo thabileng ba bamameli ba 7 000 bo mamela ka hloko ha Mor’abo rōna Rutherford a khothatsa e mong le e mong oa ba kopanong ka mantsoe ana: “Le manģosa a Morena oa marena le ’Musi oa babusi, a bolellang batho . . . ka ’muso o khanyang oa Morena oa rōna.”

Har’a batho ba Jehova, likopano li qalile mehleng ea Iseraele ea boholo-holo. (Exoda 23:14-17; Luka 2:41-43) Liboka tse joalo e ne e le liketsahalo tse thabisang, tse thusang bohle ba teng ho hopola Lentsoe la Molimo kamehla. Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno likopano tsa Lipaki tsa Jehova li thehoa litabeng tsa moea. Ho bashebelli ba tšepahalang liboka tsena tse thabisang ke bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Lipaki li tlamahantsoe ke maqhama a tiileng a mokhatlo oa bara ba motho oa Bokreste.

Boiteko ba ho ba Teng

Bakreste ba kajeno ba hlokomela hore likopano tsa bona ke linako tsa ho hlabolloa moeeng le ho lauoa ka Lentsoe la Molimo. Ba nka liboka tsena tse khōlō e le mokhoa oa bohlokoahali o ba thusang ho “ema [ba] feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.” (Bakolose 4:12) Kahoo, Lipaki li tšehetsa liboka tsena ka pelo eohle, li etsa boiteko bo boholo ho ba teng ho tsona.

E le hore Lipaki tse ling li be teng likopanong tse joalo, ho hlokahala tumelo le ho hlōla litšitiso tse khōlō. Ka mohlala, nahana ka Paki e ’ngoe e hōlileng ea Austria. Le hoja e tšoeroe ke lefu la tsoekere ’me e hloka ente ea insulin letsatsi le letsatsi, e ile ea etsa bonnete ba hore e ba teng matsatsi kaofela a kopano ea setereke e neng e le naheng ea habo eona. India, lelapa le leng le leholo la Lipaki le kollang ntsi hanong le ne le selebaletsoe ke ho ea kopanong. Setho se seng sa lelapa se ile sa thusa. Se re: “Kaha ke ne ke sa batle ho fetoa ke kopano ena, ke ile ka rekisa masale a ka a khauta hore re fumane chelete ea leeto. Ke ne ke sa itella lefeela hobane setsoalle le liphihlelo li ile tsa matlafatsa tumelo ea rōna.”

Papua New Guinea, sehlopha sa batho ba sa kolobetsoang ba thabelang se ne se ikemiselitse ho ba teng kopanong ea setereke motse-moholo. Ba ile ba bua le monna e mong oa motseng oa habo bona ea nang le koloi ea baeti ’me ba mo botsa hore na a ka ba lefisa bokae ho ba isa kopanong. Kaha chelete e hlokahalang e ne e ba imela, ba ile ba lokisetsa ho sebetsa lapeng ha monna eo, ba nchafatse kichine ea hae. Kahoo, ba ile ba khona ho ea kopanong ea setereke le ho rua molemo ka ho ba teng lenaneong leo kaofela.

Bohōle hase pharela ho Lipaki tsa Jehova tse ikemiselitseng ho ba teng likopanong. Ka 1978, mocha e mong oa Paki Poland o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 1 200 ka baesekele ka matsatsi a tšeletseng e le hore a be teng kopanong ea Lille, Fora. Lehlabuleng la 1997, Lipaki tse peli tsa Mongolia li ile tsa nka leeto la lik’hilomithara tse 1 200 ho ea ba teng sebokeng sa Bokreste Irkutsk, Russia.

Mokhatlo oa ’Nete oa Bara ba Motho Mosebetsing

Bonngoe le kutloano ea bara ba motho tse bonahatsoang ke Lipaki likopanong tsa tsona li bonoa ka ho hlaka ke bashebelli ba seng leeme. Ba bangata ba ’nile ba khahloa ke hore ba leng teng kopanong ha ba khethollane le hore le ba qalang ho bonana baa thabelana.

Nakong ea kopano ea machaba ea haufinyane tjena Australia, motsamaisi oa bahahlauli ea ileng a tsamaea beke kaofela le Lipaki tsa baeti tse tlileng kopanong, o ne a batla ho lula le tsona haleletsana e le hore a thabele botsoalle ba tsona. A makalitsoe ke lerato la tsona le bonngoe boo li nang le bona, ha aa ka a lumela tsela eo li neng li sebelisana hantle ka eona, kaha boholo ba tsona bo ne bo qala ho tsebana. Ha ho fihla nako ea hore a tsamaee, o ile a re li hloaee tsebe. O ile a li bitsa “bara le barali beso,” ’me a qala ho li leboha, empa a sisa pelo eaba oa lla.

Ka 1997, Sri Lanka ho ile ha tšoaroa kopano ea pele ea setereke ea lipuo tse tharo lebaleng le leholo la lipapali. Lenaneo lohle le ile la nehelanoa ka nako e le ’ngoe ka Senyesemane, Sesinhalese le Setamile. Lefatšeng leo ho lona ho se utloane ha merabe ho ntseng ho ja setsi, batho ba ile ba ela hloko seboka sena sa lipuo tse tharo. Lepolesa le leng le ile la botsa mor’abo rōna e mong: “Ke bo-mang ba tsamaisang kopano ee—ke Masinhalese, Matamile, kapa Manyesemane?” Mor’abo rōna a araba: “Ha ho na sehlopha se tsamaisang kopano ena. Rea sebelisana.” Lepolesa lena le ne le sa lumele. Ha batho ba lipuo tsena tse tharo ba kopanela thapelong ea ho qetela ’me ho utloahala “Amen” e kopanetsoeng hohle ka lebaleng la lipapali, ba tlileng kopanong ba ile ba etsa litlatse ba sa rera. Ba bangata ba ne ba sekile meokho. E, ka sebele likopano ke liketsahalo tse thabisang tse pakang hore re mokhatlo oa bara ba motho.—Pesaleme ea 133:1. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Bona leqephe la 66-77, 254-82 bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.