Na Litlhohonolofatso Tsa Jehova li Tla U Fihlela?
Na Litlhohonolofatso Tsa Jehova li Tla U Fihlela?
“Litlhohonolofatso tsena tsohle li tla tla holim’a hao ’me li u fihlele, hobane u ntse u mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao.”—DEUTERONOMA 28:2.
1. Ke eng e neng e tla etsa hore Baiseraele ba fumane litlhohonolofatso kapa lithohako?
HO ELELLA bofelong ba leeto la bona la lilemo tse 40 lefeelleng, Baiseraele ba ne ba hlomme litente Lithoteng tsa Moabe. Naha e Tšepisitsoeng e ne e le ka pel’a bona. Joale Moshe o ile a ngola buka ea Deuteronoma, e akarelletsang letoto la litlhohonolofatso le lithohako. Haeba Baiseraele ba ne ba tla ‘’ne ba mamele lentsoe la Jehova’ ka hore ba mo utloe, litlhohonolofatso li ne li tla ba “fihlela.” Jehova o ne a ba rata joaloka ‘thepa ea hae e khethehileng’ ’me a batla ho bontša matla a hae molemong oa bona. Empa haeba ba ne ba sa tsoele pele ba mo mamela, lithohako li ne li tla ba fihlela ka tsela e tšoanang.—Deuteronoma 8:10-14; 26:18; 28:2, 15.
2. Moelelo oa maetsi a Seheberu a fetoletsoeng e le “u ntse u mamela” le “fihlela” ho Deuteronoma 28:2 ke ofe?
2 Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “u ntse u mamela” ho Deuteronoma 28:2 le bolela ketso e sa khaotseng. Batho ba Jehova ha baa lokela ho mo mamela ka linako tse itseng feela; ba lokela ho ’na ba mo mamela ka linako tsohle. Ke ka ho etsa joalo feela litlhohonolofatso tsa Molimo li tlang ho ba fihlela. Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “fihlela” le ’nile la hlalosoa e le lentsoe le sebelisoang ha ho tsongoa leo hangata le bolelang “ho fumana” kapa “ho tšoara.”
3. Re ka tšoana le Joshua joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
3 Joshua, moeta-pele oa Moiseraele, o ile a khetha ho mamela Jehova, kahoo o ile a fumana litlhohonolofatso. Joshua o ile a re: “Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa . . . Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Eaba sechaba sea araba se re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova e le hore re sebeletse melimo e meng.” (Joshua 24:15, 16) Ka lebaka la boikutlo ba Joshua bo botle, o ile a ba har’a ba ’maloa molokong oa habo ba ileng ba ba le tokelo ea ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Kajeno, re haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng ea maemo a phahameng ka ho fetisisa—e leng paradeise ea lefatšeng eo ho eona bohle ba amoheloang ke Molimo ba tlang ho fumana litlhohonolofatso tse fetang tsa mehleng ea Joshua. Na litlhohonolofatso tse joalo li tla u fihlela? Li tla u fihlela haeba u ntse u mamela Jehova. E le ho u thusa hore u matlafatse boikemisetso ba hao ba ho etsa sena, nahana ka histori ea Baiseraele ba boholo-holo esita le mehlala e rutang ea batho ka bomong.—Baroma 15:4.
Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
4. Ha a arabela thapelo ea Solomone, Molimo o ile a mo fa eng, hona re lokela ho ikutloa joang ka litlhohonolofatso tse joalo?
4 Nakong e ngata ea puso ea Morena Solomone, Baiseraele ba ile ba fumana litlhohonolofatso tse hlollang tse tsoang ho Jehova. Ba ne ba sireletsehile ’me ba e-na le lintho tse ngata tse ntle. (1 Marena 4:25) Leruo la Solomone le ile la tsebahala haholo, le hoja a ne a sa kōpa Molimo hore a mo fe maruo. Ho e-na le hoo, ha a sa ntse a le monyenyane a bile a se na phihlelo, o ile a rapella hore a fuoe pelo e mamelang—e leng kōpo eo Jehova a ileng a e utloa ka hore a mo hlohonolofatse ka ho mo fa bohlale le kutloisiso. Sena se ile sa nolofalletsa Solomone hore a ahlole sechaba hantle, a lemohe se setle le se sebe. Le hoja Molimo a ile a mo fa leruo le khanya, ha Solomone e sa ntse e le mohlankana, o ne a ananela bohlokoa bo fetisisang ba maruo a moea. (1 Marena 3:9-13) Ebang re ruile kapa che, re lokela ho leboha hakaakang haeba re e-na le tlhohonolofatso ea Jehova ’me re ruile moeeng!
5. Ho ile ha etsahala eng ha sechaba sa Iseraele le sa Juda se hlōleha ho ’na se mamela Jehova?
5 Baiseraele ha baa ka ba ananela tlhohonolofatso ea Jehova. Kaha ha baa ka ba ’na ba mo mamela, ba ile ba fihleloa ke lithohako tse neng li boletsoe esale pele. Sena se ile sa fella ka hore ba hlōloe ke lira tsa bona ’me baahi ba Iseraele le Juda ba isoe kholehong. (Deuteronoma 28:36; 2 Marena 17:22, 23; 2 Likronike 36:17-20) Na sechaba sa Molimo se ile sa ithuta ho itseng ka mahlomola ao hore litlhohonolofatso tsa Molimo li fihlela feela ba ntseng ba mamela Jehova? Masala a Bajuda a ileng a khutlela naheng ea habo ’ona ka 537 B.C.E. a ile a ba le monyetla oa ho bontša hore na ebe a ne a fumane “pelo e bohlale” ’me joale a bone tlhokahalo ea hore a ’ne a mamele Molimo.—Pesaleme ea 90:12.
6. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela Hagai le Zakaria hore ba profetele sechaba sa hae? (b) Molaetsa oa Molimo ka Hagai o bontša molao-motheo ofe?
6 Bajuda ba khutletseng naheng ea habo bona ba ile ba hloma aletare eaba ba qala mosebetsi oa ho haha tempele Jerusalema. Empa eitse ha ho hlaha khanyetso e matla, cheseho ea bona ea qala ho fokotseha eaba ba khaotsa ho haha. (Esdrase 3:1-3, 10; 4:1-4, 23, 24) Hape ba ile ba qala ho etelletsa mabothobotho pele. Kahoo, Molimo o ile a romela moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria hore ba tsosolose cheseho ea sechaba bakeng sa borapeli ba ’nete. Ka Hagai, Jehova o ile a re: “Na ke nako ea hore le lule matlong a lōna a manehiloeng ka mapolanka, ha ntlo ena [ea borapeli] e le lesupi? . . . Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna. Le jetse peō e ngata, empa ho tlisoa ho honyenyane. Hoa jeoa, empa eseng ho fihlela ho khotšoe. . . . ’Me ea ikhirisang o ikhirisa bakeng sa mokotla o nang le masoba.” (Hagai 1:4-6) Ho tela lithahasello tsa moea bakeng sa ho lelekisa maruo ha ho tlise tlhohonolofatso ea Jehova.—Luka 12:15-21.
7. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re ho Bajuda: “Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna”?
7 Kaha Bajuda ba ne ba amehile ka matšoenyeho a letsatsi le letsatsi, ba ne ba lebetse hore litlhohonolofatso tsa Molimo tse kang pula le linako tsa nala li ne li tla ba fihlela hafeela ba lula ba utloa Molimo esita leha ba tobane le khanyetso. (Hagai 1:9-11) Kahoo, keletso ee e bile e loketseng hakaakang: “Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna”! (Hagai 1:7) Ha e le hantle, Jehova o ne a re ho bona: ‘Nahanang! Bonang hore ha ntlo ea ka ea borapeli e le lesupi, le mesebetsi ea lōna masimong ke ea lefeela.’ Qetellong mantsoe a bululetsoeng a baprofeta ba Jehova a ile a fihla lipelong tsa ba ba mametseng, kaha sechaba se ile sa tsosolosa mosebetsi oa ho haha tempele, sa e phetha ka 515 B.C.E.
8. Jehova o ile a khothalletsa Bajuda ba mehleng ea Malakia hore ba etse eng, hona hobane’ng?
8 Hamorao, mehleng ea moprofeta Malakia, Bajuda ba ile ba boela ba likalika moeeng, ba bile ba hlahisetsa Molimo mahlabelo a sa amoheleheng. (Malakia 1:6-8) Kahoo, Jehova o ile a ba khothalletsa hore ba tlise likarolo tsa leshome tsa lihlahisoa tsa bona ntlong ea hae ea polokelo ’me ba mo leke ba tle ba bone hore na a ke ke a ba bulela likhoro tsa maholimo ’me a ba tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se letho le hlokoang. (Malakia 3:10) E ne e le booatla bo bokaakang hore Bajuda ba sehlele lintho tseo Molimo a neng a tla ba fa tsona ka bongata hafeela ba ne ba ka ’na ba mamela lentsoe la hae!—2 Likronike 31:10.
9. Re tla hlahloba bophelo ba batho bafe ba bararo ba leng tlalehong ea Bibele?
9 Ho phaella ho bueng ka histori ea sechaba sa Iseraele, Bibele e fana ka tlaleho ea bophelo ba batho ba bangata ba ileng ba amohela litlhohonolofatso kapa lithohako tse tsoang ho Molimo, ho ea ka hore na ebe ba ’nile ba mamela Jehova kapa che. A re ke re boneng hore na re ka ithuta eng ho ba bararo ba bona—Boaze, Nabale le Anna. U ka ’na ua bala buka ea Ruthe esita le 1 Samuele 1:1–2:21 le 1 Samuele 25:2-42 mabapi le sena.
Boaze o Ile a Mamela Molimo
10. Boaze le Nabale ba ne ba tšoana ka lintho life?
10 Le hoja Boaze le Nabale ba sa ka ba phela nakong e le ’ngoe, ho na le lintho tseo ba neng ba tšoana ka tsona. Ka mohlala, banna bana ba ne ba lula naheng ea Juda. E ne e le barui ba nang le libaka, ’me ka bobeli ba ile ba ba le monyetla o khethehileng oa ho bontša mosa o lerato ho motho ea hlokang. Empa ho tšoana ha bona ho fella moo.
11. Boaze o ile a bontša joang hore o ne a ntse a mamela Jehova?
11 Boaze o ile a phela mehleng ea baahloli ba Iseraele. O ne a hlompha batho ba bang, ’me bakotuli ba hae ba ne ba mo hlompha haholo. (Ruthe 2:4) E le ha a mamela Molao, Boaze o ile a etsa bonnete ba hore tšimong ea hae, ba hlorileng le ba futsanehileng ba sieloa seo ba ka se khoahlapisang. (Levitike 19:9, 10) Boaze o ile a etsa eng ha a tseba boemo ba Ruthe le Naomi ’me a bona mahlahahlaha a Ruthe ha a hlokomela ’ma’e matsale ea seng a hōlile? O ile a nahanela Ruthe ka ho khetheha eaba o laela banna ba hae hore ba mo tlohele hore a khoahlapise tšimong ea hae. Ka mantsoe a hae le liketso tsa hae tse lerato, Boaze o ile a bontša hore e ne e le motho oa moea ea mamelang Jehova. Ka lebaka leo, o ile a fumana kamohelo ea Molimo le tlhohonolofatso ea hae.—Levitike 19:18; Ruthe 2:5-16.
12, 13. (a) Boaze o ile a bontša tlhompho e tebileng bakeng sa molao oa Jehova oa thekollo joang? (b) Ke litlhohonolofatso life tse tsoang ho Molimo tse ileng tsa fihlela Boaze?
12 Bopaki bo totobetseng ka ho fetisisa ba hore Boaze o ne a ntse a mamela Jehova ke tsela e se Deuteronoma 25:5-10; Levitike 25:47-49) Ruthe o ile a itlhahisa hore ho nyaloe eena ho e-na le Naomi, ea neng a se a fetile lilemo tsa ho beleha. Ka mor’a hore mong ka Elimeleke ea haufi a hane ho thusa Naomi, Boaze o ile a nyala Ruthe. Mora oa bona Obede o ne a nkoa e le ngoana oa Naomi le mojalefa oa molao oa Elimeleke.—Ruthe 2:19, 20; 4:1, 6, 9, 13-16.
nang boithati eo a ileng a sebelisa molao oa Molimo oa thekollo ka eona. Boaze o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tiisa hore lefa la mong ka eena—e leng Elimeleke, monna ea seng a shoele oa Naomi—le ke ke la tloha lelapeng la Elimeleke. Ka ‘lenyalo la ho kenela,’ mohlolohali o ne a lokela ho nyaloa ke mong ka monna oa hae ea shoeleng e le hore ba ka ba le mora eo lefa le tla tsoela pele ka eena. (13 Litlhohonolofatso tse ngata li ile tsa fihlela Boaze ka lebaka la ho mamela molao oa Molimo ntle ho boithati. Ka mora oa bona Obede, eena le Ruthe ba ile ba hlohonolofatsoa ka tokelo ea ho ba baholo-holo ba Jesu Kreste. (Ruthe 2:12; 4:13, 21, 22; Matheu 1:1, 5, 6) Liketsong tse se nang boithati tsa Boaze re ithuta hore litlhohonolofatso li fihlela ba bontšang ba bang lerato ’me ba sebetsa tumellanong le seo Molimo a se hlokang.
Nabale ha aa ka a Mamela
14. Nabale e ne e le motho oa mofuta ofe?
14 Ho fapana le Boaze, Nabale ha aa ka a mamela Jehova. O ile a tlōla molao oa Molimo o reng: “U rate oa heno joalokaha u ithata.” (Levitike 19:18) Nabale e ne e se motho oa moea; “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe.” Esita le bahlanka ba hae ba ne ba mo nka e le “motho ea se nang molemo.” Ka ho loketseng, lebitso la hae, Nabale, le bolela “ea hlokang kelello” kapa “leoatla.” (1 Samuele 25:3, 17, 25) Kahoo Nabale o ne a tla itšoara joang ha a hlaheloa ke monyetla oa ho bontša mosa o lerato ho motho ea hlokang—e leng Davida, motlotsuoa oa Jehova?—1 Samuele 16:13.
15. Nabale o ile a tšoara Davida joang, hona Abigaile o ile a fapana le monna oa hae joang tabeng ee?
15 Ha Davida le banna ba hae ba hlomme liahelo haufi le mehlape ea Nabale, ba ile ba e sireletsa ntle ho tefo lihlopheng tse futuhang. E mong oa balisa ba Nabale o ile a re: “E bile lerako ho re potoloha bosiu le motšehare.” Leha ho le joalo, ha manģosa a Davida a kōpa lijo, Nabale ‘o ile a a omanya’ ’me a tsamaea a sa fuoa letho. (1 Samuele 25:2-16) Ka potlako mosali oa Nabale, Abigaile, o ile a isetsa Davida lijo. A tuka ke bohale, Davida o ne a le mothating oa ho bolaea Nabale le banna ba hae. Kahoo, ho nka bohato ha Abigaile ho ile ha thibela Davida hore a be le molato oa mali. Empa meharo ea Nabale le bohale ba hae li ne li se li feteletse. Matsatsi a ka bang leshome hamorao, “Jehova a otla Nabale, hoo a ileng a shoa.”—1 Samuele 25:18-38.
16. Ke joang re ka etsisang Boaze ’me ra khesa litsela tsa Nabale?
16 E bile phapang e kaakang pakeng tsa Boaze le Nabale! Le hoja re lokela ho khesa litsela tse bohale le tsa boithati tsa Nabale, a re etsiseng mosa le ho hloka boithati ha Boaze. (Baheberu 13:16) Re ka etsa joalo ka ho sebelisa keletso ea moapostola Pauluse: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Kajeno, “linku tse ling” tsa Jesu, e leng Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, li na le tokelo ea ho etsa batlotsuoa ba Jehova hantle, e leng masala a ba 144 000, a tlang ho fuoa bophelo ba ho se shoe leholimong. (Johanne 10:16; 1 Bakorinthe 15:50-53; Tšenolo 14:1, 4) Jesu o nka eka liketso tse joalo tse lerato li entsoe ho eena ka ho toba, ’me ho etsa lintho tsena tse ntle ho tlisa tlhohonolofatso e ngata ea Jehova.—Matheu 25:34-40; 1 Johanne 3:18.
Liteko le Litlhohonolofatso Tsa Anna
17. Anna o ile a tobana le liteko life, hona o ile a bontša boikutlo bofe?
17 Tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea fihlela le Anna, mosali ea tšabang Molimo. O ne a lula sebakeng se lithaba sa Efraime le monna oa hae oa Molevi, Elkana. Joalokaha Molao o ne o lumella seo o bile o se laela, Elkana o ne a e-na le mosali e mong—e leng Penina. Anna o ile a lula e le nyopa, ’me hoo e ne e le sekhobo ho mosali oa Moiseraele, athe Penina eena o ne a e-na 1 Samuele 1:1-3; 1 Likronike 6:16, 33, 34) Leha ho le joalo, ho e-na le ho tšelisa Anna, Penina o ne a itšoara ka tsela e se nang lerato e neng e tšoenya Anna hoo a neng a lla ’me pelo ea hae e e-ba ntšo. Ho hobe le ho feta, Penina o ne a etsa sena “selemo le selemo,” nako le nako ha lelapa le e-ea ntlong ea Jehova e Shilo. (1 Samuele 1:4-8) Penina o ne a etsa sehlōhō se sekaakang, ’me e ne e le teko e kaakang ho Anna! Leha ho le joalo, le ka mohla Anna ha aa ka a beha Jehova molato; ebile ha aa ka a sala hae ha monna oa hae a e-ea Shilo. Kahoo, qetellong ruri tlhohonolofatso e khōlō e ne e tla mo fihlela.
le bana ba ’maloa. (18. Anna o ile a beha mohlala ofe?
18 Anna o ile a beha mohlala o motle bakeng sa batho ba Jehova kajeno, haholo-holo bao e ka ’nang eaba ba utloisitsoe bohloko ke lipuo tse hlabang tsa ba bang. Maemong a joalo, ho itšehla thajana hase tharollo. (Liproverbia 18:1) Anna ha aa ka a lumella hore liteko tsa hae li fokotse takatso ea hae ea hore a be moo Lentsoe la Molimo le rutoang teng le moo batho ba hae ba bokanang teng bakeng sa borapeli. Ka lebaka leo, o ile a lula a le matla moeeng. Botebo ba bomoea ba hae bo senoloa ke thapelo ea hae e babatsehang e tlalehiloeng ho 1 Samuele 2:1-10. *
19. Re ka bontša kananelo ea rōna bakeng sa lintho tsa moea joang?
19 Kaha re bahlanka ba kajeno ba Jehova, ha re rapele tabernakeleng. Leha ho le joalo, re ka bontša kananelo bakeng sa lintho tsa moea, joaloka Anna. Ka mohlala, re ka bontša kananelo e tebileng bakeng sa maruo a moea ka hore re be teng kamehla libokeng tsa Bokreste le likopanong tse khōlō le tse nyenyane. A re sebeliseng liketsahalo tsena ho khothatsana borapeling ba ’nete ba Jehova, ea re fileng “tokelo ea hore ka ho se tšabe letho re mo etsetse tšebeletso e halalelang ka botšepehi le ho loka.”—Luka 1:74, 75; Baheberu 10:24, 25.
20, 21. Anna o ile a putsoa joang bakeng sa boinehelo ba hae ba bomolimo?
20 Jehova o ile a hlokomela boinehelo ba bomolimo ba Anna ’me a mo putsa haholo. Leetong le leng ha lelapa le e-ea Shilo joalokaha le ne le etsa selemo le selemo, Anna ea ntseng a lla o ile a rapela Molimo ka tieo ’me a etsa kano: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane la hao ’me u nkhopole, ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” (1 Samuele 1:9-11) Molimo o ile a utloa kōpo ea Anna e tiileng eaba o mo hlohonolofatsa ka mora eo a ileng a mo reha lebitso la Samuele. Ha a se a khoesitsoe, o ile a mo isa Shilo e le hore a tle a sebeletse tabernakeleng.—1 Samuele 1:20, 24-28.
21 Anna o ile a bontša hore o rata Molimo ’me a phetha kano ea hae ho eena mabapi le Samuele. Nahana ka tlhohonolofatso e ngata eo eena le Elkana ba bileng le eona hobane mora oa bona ea ratoang o ne a sebeletsa tabernakeleng ea Jehova! Batsoali ba bangata ba Bakreste ba fumana thabo le tlhohonolofatso e tšoanang hobane bara le barali ba bona ba sebeletsa e le basebeletsi ba nako e tletseng ba bo-pula-maliboho, litho tsa lelapa la Bethele, kapa ka litsela tse ling tse tlotlisang Jehova.
U ’ne U Mamele Jehova!
22, 23. (a) Re ka kholiseha ka eng haeba re ntse re mamela lentsoe la Jehova? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
22 Re ka kholiseha ka eng haeba re ntse re mamela Jehova? Re tla rua moeeng haeba re bontša hore re rata Molimo ka moea oohle ’me re phetha boinehelo ba rōna ho eena. Esita leha ho Pesaleme ea 37:4; Baheberu 6:10.
phehella tsela e joalo ho bolela hore re lokela ho mamella liteko tse thata, ka ho totobetseng tlhohonolofatso ea Jehova e tla re fihlela—hangata e le ka litsela tse khōlō ho feta kamoo re nahanang kateng.—23 Batho ba Molimo ba tla fuoa litlhohonolofatso tse ngata nakong e tlang. Ka lebaka la ho mamela Jehova ka boikokobetso, “bongata bo boholo” bo tla bolokoa “matšoenyehong a maholo” ’me bo tla thabela bophelo lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 7:9-14; 2 Petrose 3:13) Teng Jehova o tla khotsofatsa takatso ea batho bohle ba hae ka botlalo. (Pesaleme ea 145:16) Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, le hona joale ba ntseng ba mamela lentsoe la Jehova ba hlohonolofatsoa ka ‘limpho tse molemo le lineo tse phethahetseng tse tsoang holimo.’—Jakobo 1:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 18 Lipolelo tsa Anna li tšoana le tsa moroetsana ea bitsoang Maria, tseo a ileng a li bua nakoana ka mor’a hore a tsebe hore e tla ba ’mè oa Mesia.—Luka 1:46-55.
Na U sa Hopola?
•Histori ea Iseraele e ka re ruta eng ka litlhohonolofatso tse tsoang ho Molimo?
•Boaze le Nabale ba ne ba fapane joang?
•Re ka etsisa Anna joang?
•Ke hobane’ng ha re lokela ho ’na re mamela lentsoe la Jehova?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Morena Solomone o ile a rapella hore a fuoe pelo e mamelang, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ho mo fa bohlale
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Boaze o ne a tšoara ba bang ka tlhompho le mosa
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Anna o ile a hlohonolofatsoa haholo bakeng sa ho itšetleha ka Jehova