Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le Ntho e Hlileng e ka Kopanyang Batho?

Na ho na le Ntho e Hlileng e ka Kopanyang Batho?

Na ho na le Ntho e Hlileng e ka Kopanyang Batho?

HO SA tsotellehe seo u se lumelang, mohlomong ua lumela hore e tlameha ebe ho na le batho ba ratang ’nete hoo e ka bang malumeling kaofela. Batho ba ananelang ’nete ka ho tebileng le ba ikemiselitseng ho e batla ba ka fumanoa har’a Mahindu, Mak’hatholike, Bajuda le ba bang. Leha ho le joalo, bolumeli bo bonahala eka bo arola moloko oa batho. Ba bang ba bile ba sebelisa bolumeli ho finyella merero e mebe. Na le ka mohla ho tla ke ho etsahale hore batho ba tšepahalang ba malumeli ’ohle ba ratang ho loka le ’nete ba kopane? Na ba ka bokana hammoho ka morero o tšoanang?

Ho ferekanya hakaakang ho bona hore bolumeli bo ntse bo tsoela pele ho ba sesosa sa karohano! Ak’u nahane ka tse ling tsa likhohlano tsena. Mahindu a loana le Mabuddha Sri Lanka. Maprostanta, Mak’hatholike le Bajuda ba ’nile ba tšolla mali likhohlanong tse sa tšoaneng. Chechnya, Indonesia le Kosovo ba ipolelang hore ke Bakreste ba loana le Mamosleme. ’Me ka March 2000, matsatsi a mabeli a ntoa e mabifi e amanang le bolumeli a ile a feta ka bophelo ba baahi ba Nigeria ba 300. Ha e le hantle, lehloeo la bolumeli le ’nile la hotetsa hlaha likhohlanong tsena.

Hangata batho ba tšepahalang ba tepelletsoa ke litloaelo tse mpe tse etsoang lebitsong la bolumeli. Ka mohlala, batho ba bangata ba kenang likereke ba nyarosoa ke hore ebe baruti ba hlekefelitseng bana ka likamano tsa botona le botšehali ba ’nile ba lumelloa hore ba tsoele pele ba sebetsa ka molao ke likereke tse ling. Balumeli ba bang ba soabisitsoe haholo ke likarohano tse teng ka har’a lihlopha tsa Bokreste tseo ho thoeng ke tsa bokhelohi tse mabapi le liphehisano tse joaloka bosodoma le ho ntša mpa. Ka ho hlakileng, bolumeli ha boa kopanya moloko oa batho. Leha ho le joalo, ho na le barati ba sebele ba ’nete litumelong tse ngata, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.

Ba ne ba Labalabela ’Nete

Fidelia e ne e le morapeli oa sebele le ea inehetseng oa Kereke e K’hatholike ea San Francisco, La Paz, Bolivia. O ne a khumama ka pel’a setšoantšo sa Maria le ho beha likerese tse ntle ka ho fetisisa tseo a neng a ka khona ho li reka ka pel’a setšoantšo sa Kreste sefapanong. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, o ne a fana ka lijo tse ngata ho moprista e le hore a ka li abela mafutsana. Leha ho le joalo, Fidelia o ile a shoeloa ke masea a mahlano a neng a e-s’o kolobetsoe. Ha moprista a mo bolella hore kaofela ha ’ona a ntse a hlokofatsoa lefifing Limbo, Fidelia o ile a ipotsa, ‘Haeba Molimo a lokile, hoo ho ka etsahala joang?’

Tara, eo e leng ngaka ea sekhooa, o ile a hōlisoa e le Mohindu Kathmandu, Nepal. E le ha a latela meetlo ea khale ea baholo-holo ba hae, o ne a rapela melimo ea hae litempeleng tsa Mahindu ’me a e-na le melimo ea litšoantšo lelapeng la hae. Empa Tara o ne a ferekanngoa ke lipotso tse tšoanang le tsena: Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale? Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Bolumeli ba hae bo ile ba hlōleha ho mo fa likarabo tse khotsofatsang.

Ka lehlakoreng le leng, Panya o hōtse e le Mobuddha ntlong e haufi le foro e khōlō ea metsi Bangkok, Thailand. O ne a rutiloe hore mahlomola a teng ka lebaka la liketso tse entsoeng bophelong bo fetileng le hore motho a ka itokolla ho ’ona ka ho felisa litakatso tsohle ho eena. Joaloka Mabuddha a mang a tšepahalang, o ne a rutiloe hore a bontše tlhompho e tebileng ho baitlami ba banna ba aparang liaparo tse telele tse tšehla ba neng ba tla ntlong eo ka meso letsatsi le leng le le leng ho tla phomosetsoa. O ne a tloaetse ho lula a thuisa le ho bokella litšoantšo tsa Buddha tseo a neng a lumela hore li fana ka tšireletso. Ka mor’a hore a be kotsing e ileng ea mo siea a holofetse ho tloha thekeng ho theosa, Panya o ile a etela matlo a baitlami a Mabuddha a e-na le tšepo e tiileng ea hore o tla folisoa ka tsela ea mohlolo. Ha aa ka a fumana pheko kapa tlhahiso-leseling ea moea. Ho e-na le hoo, o ile a pepesehela tšebelisano le meea ’me a qala ho itšunya-tšunya ho eona.

Virgil o tsoaletsoe United States ’me ha a le kolecheng e ile ea e-ba setho sa ma-Black Muslim. Ka cheseho o ne a aba lingoliloeng tsa ’ona tse neng li bolela hore makhooa ke bo-Diabolose. A ne a nahana hore leo ke lona lebaka la liketso tse ngata hakana tse sehlōhō tseo makhooa a neng a li entse khahlanong le batho ba batšo. Le hoja a ne a tšepahala ho seo a se lumelang, Virgil o ne a tšoenngoa ke lipotso tsena: Ke joang makhooa ’ohle a ka bang mabe? ’Me ke hobane’ng ha boholo ba boboleli bo le mabapi le chelete?

Le hoja Charo a hōletse Amerika Boroa e tletseng Mak’hatholike, e ne e le Moprostanta ea tšepahalang. O ne a thabela ho se be karolo ea borapeli ba litšoantšo bo neng bo mo pota-potile. Charo o ne a thabela ho ea kerekeng Sontaha se seng le se seng bakeng sa tšebeletso e hapang maikutlo, moo a neng a hoeletsa a re “Hallelujah!” le ho kopanela ’minong le tantšing tsa bolumeli tse neng li latela hamorao. Ka sebele Charo o ne a lumela hore o pholositsoe le hore o tsoetsoe labobeli. O ne a lefa karolo ea leshome ea moputso oa hae kerekeng, ’me ha moevangeli eo a mo ratang ka ho fetisisa oa thelevisheneng a ne a kōpa menehelo, o ile a mo romella chelete bakeng sa bana, Afrika. Leha ho le joalo, ha a botsa moruti oa hae hore na ke hobane’ng ha Molimo a hlokofatsa meea liheleng, o ile a lemoha hore o sitoa ho fana ka karabo e utloahalang. Hamorao o ile a boela a fumana hore menehelo ea hae e ne e sa sebelisetsoe ho thusa bana Afrika.

Le hoja ba hōletse maemong a sa tšoaneng, batho bana ba bahlano ba ne ba e-na le ntho e ’ngoe eo ba tšoanang ka eona. Ba ne ba rata ’nete ’me ba batla likarabo tsa ’nete bakeng sa lipotso tsa bona. Empa na ba ne ba hlile ba ka kopana borapeling ba ’nete? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na ho ka etsahala hore batho ba hōletseng maemong a sa tšoaneng ba hle ba kopane?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

G.P.O., Jerusalem