Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa

Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa

Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa

“Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”Liproverbia 10:22.

1, 2. Ke hobane’ng ha thabo e sa amane le maruo?

HO LELEKISA maruo ho tla pele bophelong ba batho ba limilione kajeno. Empa na maruo aa ba thabisa? The Australian Women’s Weekly e re: “Ha ke hopole ho kile ha e-ba le nako e joaloka ena eo batho ba sa khotsofalang hakana ka seo ba nang le sona.” Ea phaella: “Ke ho ikhanyetsa. Re bolelloa hore moruo oa Australia o motle, ’me bophelo ba teng ke ba boiketlo. . . . Leha ho le joalo, sechabeng sohle ho atile ho felloa ke tšepo ea katleho. Banna le basali ka ho tšoanang ba lemoha hore ho na le se haellang bophelong ba bona empa ha ba khone ho hlalosa hore na ke eng.” Mangolo a tiisitse hakaakang ha a re thabo le bophelo ha li hlahe linthong tseo re nang le tsona!—Moeklesia 5:10; Luka 12:15.

2 Bibele e ruta hore thabo e khōlō ka ho fetisisa e tlisoa ke ho fumana tlhohonolofatso ea Molimo. Tabeng ena, Liproverbia 10:22 e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Hangata bohloko bo bakoa ke ho batla maruo ka meharo. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.

3. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba hlaheloa ke liteko?

3 Ka lehlakoreng le leng, litlhohonolofatso tse se nang bohloko li fihlela bohle ba ‘ntseng ba mamela lentsoe la Jehova.’ (Deuteronoma 28:2) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Haeba ha ho bohloko bo phaelloang tlhohonolofatsong ea Jehova, ke hobane’ng ha bahlanka ba bangata ba Molimo ba utloa bohloko?’ Bibele e senola hore liteko tsa rōna li lumelloa ke Molimo empa ha e le hantle li bakoa ke Satane, tsamaiso ea hae e khopo le ho se phethahale ha rōna ka borōna. (Genese 6:5; Deuteronoma 32:4, 5; Johanne 15:19; Jakobo 1:14, 15) Jehova ke mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Kahoo, ha ho mohla litlhohonolofatso tsa hae li bakang bohloko. Ka hona, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa lineo tse phethahetseng tsa Molimo.

Lentsoe la Molimo—Mpho e Phethahetseng

4. Batho ba Jehova ba fumane tlhohonolofatso efe le mpho ea bohlokoa ‘nakong ee ea bofelo’?

4 Mabapi le “nako ea bofelo,” boprofeta ba Daniele bo re: “Tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” Leha ho le joalo, sena se ile sa hlakisoa ke mantsoe a reng: “Ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa; empa ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.” (Daniele 12:4, 10) Ak’u nahane! Lentsoe la Molimo—haholo-holo boprofeta—le ngotsoe ka bohlale bo boholo ba bomolimo hoo ba khopo ba ke keng ba le utloisisa, le hoja batho ba Jehova bona ba le utloisisa. Mora oa Molimo o ile a rapela: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana.” (Luka 10:21) Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba le mpho ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, Bibele, le ho ba har’a bao Jehova a ba fileng temoho ea moea!—1 Bakorinthe 1:21, 27, 28; 2:14, 15.

5. Bohlale ke eng, hona re ka bo fumana joang?

5 Re ka be re hloka temoho ea moea ka ho feletseng hoja e se ka “bohlale bo tsoang holimo.” (Jakobo 3:17) Bohlale bo bolela ho khona ho sebelisa tsebo le kutloisiso bakeng sa ho rarolla mathata, ho qoba kapa ho phema likotsi, ho finyella lipakane kapa ho fana ka keletso e bohlale. Re fumana bohlale ba bomolimo joang? Liproverbia 2:6 e re: “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.” E, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka ho re fa bohlale haeba re phehella ho bo rapella, joalokaha a ile a fa Morena Solomone “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso.” (1 Marena 3:11, 12; Jakobo 1:5-8) Hore re fumane bohlale, re boetse re lokela ho ’na re mamela Jehova ka hore kamehla re ithute re be re sebelise Lentsoe la hae.

6. Ke hobane’ng ha ho le bohlale ho sebelisa melao ea Molimo le melao-motheo ea hae bophelong ba rōna?

6 Mehlala e ka sehloohong ea bohlale ba bomolimo e fumaneha melaong ea Bibele le melao-motheong ea eona. E re tsoela molemo ka hohle—nameng, kelellong, maikutlong le moeeng. Ka ho loketseng mopesaleme o ile a bina: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo. Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye. Ho tšaba Jehova ho hloekile, ho ema ka ho sa feleng. Liqeto tsa boahloli tsa Jehova ke tsa ’nete; li lokile ka ho feletseng. Li lakatseha ho feta khauta, e, ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng.”—Pesaleme ea 19:7-10; 119:72.

7. Liphello tsa ho hlompholla litekanyetso tsa Molimo tse lokileng ke life?

7 Ka lehlakoreng le leng, ba hlomphollang litekanyetso tsa Molimo tse lokileng ha ba fumane thabo le tokoloho eo ba e batlang. Neng-neng, baa lemoha hore Molimo ha a songoe, hobane motho o tla kotula seo a se jalang. (Bagalata 6:7) Ba limilione ba hlomphollang melao-motheo ea Bibele ba kotula liphello tse bohloko joaloka kemaro e sa batleheng, mafu a litšila kapa ho lemalla lintho tse fokolisang ’mele. Ntle leha ba fetola tsela ea bona ea bophelo ka ho bontša pako, qetellong tsela ea bona e tla ba isa lefung ’me mohlomong le ho timetsoeng ke Molimo.—Matheu 7:13, 14.

8. Ke hobane’ng ha ba ratang Lentsoe la Molimo ba thabile?

8 Leha ho le joalo, ba ratang Lentsoe la Molimo ’me ba le sebelisa ba tla fihleloa ke litlhohonolofatso tse ngata hona joale le nakong e tlang. Ka ho loketseng ba ikutloa hore molao oa Molimo o ba lokolotse, ba thabile e le kannete ’me ka thahasello ba lebeletse nako eo ka eona ba tla lokolloa sebeng le liphellong tsa sona tse bolaeang. (Baroma 8:20, 21; Jakobo 1:25) Tšepo ena ke ea sebele hobane e thehiloe mphong ea Molimo e lerato ka ho fetisisa ho batho—e leng sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; Baroma 6:23) Mpho e joalo e fetang tsohle e tiisa botebo ba lerato la Molimo ho batho ’me e tiisa hore ho tla ba le litlhohonolofatso tse sa feleng bakeng sa bohle ba ntseng ba mamela Jehova.—Baroma 8:32.

Re Leboha Mpho ea Moea o Halalelang

9, 10. Re rua molemo joang mphong ea Jehova ea moea o halalelang? Etsa mohlala.

9 Mpho e ’ngoe e lerato ea Molimo eo re lokelang ho e leboha ke moea o halalelang. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a phehella bongata bo neng bo le Jerusalema: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” (Liketso 2:38) Kajeno, Jehova o fana ka moea o halalelang ho bahlanka ba hae ba inehetseng ba o rapellang le ba batlang ho etsa thato ea hae. (Luka 11:9-13) Mehleng ea boholo-holo, matla ana a maholo ka ho fetisisa bokahohleng—moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang—a ile a matlafatsa banna le basali ba tumelo, ho kopanyelletsa le Bakreste ba pele. (Zakaria 4:6; Liketso 4:31) A ka re etsetsa se tšoanang, le hoja re ka tobana le litšitiso kapa mathata a maholo joaloka batho ba Jehova.—Joele 2:28, 29.

10 Nahana ka mohlala oa Laurel, ea neng a tšoaroe ke pholio ’me a lula ka har’a mochine o mo thusang ho phefumoloha ka lilemo tse 37. * Ho sa tsotellehe maemo a hae a lekang haholo, o ile a sebeletsa Molimo ka cheseho ho fihlela lefung. Ha lilemo li ntse li feta, tlhohonolofatso e ngata ea Jehova e ile ea fihlela Laurel. Ka mohlala, o ile a khona ho thusa batho ba 17 ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele, le hoja a ne a sa tsoe ka har’ a mochine oa hae lihora tse 24 ka letsatsi! Boemo ba hae bo re hopotsa mantsoe a moapostola Pauluse: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:10) E, katleho leha e le efe eo re ka bang le eona ha re bolela litaba tse molemo ha e tsoe bokhoning ba rōna kapa matleng a rōna, empa e tsoa thusong ea Molimo ka moea o halalelang, oo a o fang ba ntseng ba mamela lentsoe la hae.—Esaia 40:29-31.

11. Moea oa Molimo o hlahisa litšoaneleho life ho ba aparang “botho bo bocha”?

11 Haeba re mamela Molimo ka boikokobetso, moea oa hae o hlahisa ka ho rōna litšoaneleho tsa lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) ‘Litholoana tsena tsa moea’ ke karolo ea “botho bo bocha” boo Bakreste ba bo aparang ho nkela sebaka litšobotsi leha e le life tsa meharo, tsa bophoofolo, tseo mohlomong ba neng ba li bontša pele. (Baefese 4:20-24; Esaia 11:6-9) Ea bohlokoa ka ho fetisisa litholoaneng tsena ke lerato, “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14.

Lerato la Bokreste—Mpho e Lokelang ho Ananeloa

12. Tabitha le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša lerato joang?

12 Lerato la Bokreste ke mpho e ’ngoe e thabisang e tsoang ho Jehova—eo e leng hantle ha re e ananela. Le laoloa ke molao-motheo, empa le tletse boikutlo bo mofuthu hoo le etsang hore balumeli ba atamelane le ho feta kamoo batho ba amanang ba atamelaneng kateng. (Johanne 15:12, 13; 1 Petrose 1:22) Ka mohlala, nahana ka Tabitha, mosali ea molemo oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo. “O ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau,” haholo-holo molemong oa bahlolohali ka phuthehong. (Liketso 9:36) E ka ’na eaba basali bana ba ne ba e-na le beng ka bona, empa Tabitha o ne a batla ho etsa sohle seo a ka se khonang ho ba thusa le ho ba khothatsa. (1 Johanne 3:18) Tabitha o ile a beha mohlala o motle hakaakang! Lerato la bara ba motho le ile la susumelletsa Priska le Akuila ho ‘ipeha kotsing’ bakeng sa Pauluse. Hape lerato le ile la susumetsa Epafrase, Luka, Onesiforase le ba bang hore ba thuse moapostola enoa ha a ne a kentsoe chankaneng Roma. (Baroma 16:3, 4; 2 Timothea 1:16; 4:11; Filemone 23, 24) E, kajeno Bakreste ba mofuta ona ‘ba na le lerato har’a bona,’ e leng mpho e thabisang e tsoang ho Molimo, e ba khethollang hore ke barutuoa ba ’nete ba Jesu.—Johanne 13:34, 35.

13. Re ka bontša joang hore re ananela ka botebo mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa Bokreste?

13 Na u ananela lerato le bontšoang ka phuthehong ea Bokreste? Na u na le teboho bakeng sa mokhatlo oa rōna oa bara ba motho, o lefatšeng ka bophara? Lintho tsena le tsona ke limpho tse thabisang le tse entšang tse tsoang holimo. Re ka bontša joang hore re li nka e le tsa bohlokoa? Ka ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang, ka ho kopanela libokeng tsa Bokreste le ka ho bontša lerato le litholoana tse ling tsa moea oa Molimo.—Bafilipi 1:9; Baheberu 10:24, 25.

“Limpho Tseo e Leng Banna”

14. Ho hlokahala eng ho Mokreste hore a sebeletse e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang?

14 Banna ba Bakreste ba lakatsang ho sebeletsa barapeli-’moho le bona e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba na le pakane e ntle. (1 Timothea 3:1, 8) Hore mor’abo rōna a tšoanelehe bakeng sa litokelo tsena, ho hlokahala hore e be motho oa moea, a tsebe Mangolo ’me a chesehele tšebeletso ea tšimo. (Liketso 18:24; 1 Timothea 4:15; 2 Timothea 4:5) O lokela ho bontša boikokobetso, boinyenyefatso le ho se fele pelo hobane litlhohonolofatso tsa Molimo ha li fihlele batho ba iketelletsang pele, ba ikhohomosang le ba ratang ho hlahella. (Liproverbia 11:2; Baheberu 6:15; 3 Johanne 9, 10) Haeba a nyetse, e lokela ho ba hlooho ea lelapa e lerato ’me a khone ho okamela lelapa la hae lohle hantle. (1 Timothea 3:4, 5, 12) Kaha o nka maruo a moea e le a bohlokoa, monna ea joalo o tla fumana tlhohonolofatso ea Jehova.—Matheu 6:19-21.

15, 16. Ke bo-mang ba ipakang hore ke “limpho tseo e leng banna”? Etsa mehlala.

15 Ha ba sebeletsang e le baholo ka phuthehong ba ikitlaetsa hore e be baboleli ba evangeli, balisa le mesuoe, ba re fa mabaka a utloahalang a hore re ananele ‘limpho tse joalo tseo e leng banna.’ (Baefese 4:8, 11) E ka ’na eaba hase kamehla ba ruang molemo tšebeletsong ea bona e lerato ba ba tsebisang hore baa ba ananela, empa Jehova o bona sohle seo baholo ba tšepahalang ba se etsang. A ke ke a lebala lerato leo ba le bontšang bakeng sa lebitso la hae ka ho sebeletsa batho ba hae.—1 Timothea 5:17; Baheberu 6:10.

16 Nahana ka moholo e mong ea sebetsang ka thata ea ileng a etela ngoanana oa Mokreste ea neng a il’o buuoa bokong. Motsoalle oa lelapa o ile a ngola: “O ne a le mosa, e le motšehetsi, a bontša kameho. O ile a kōpa hore a rapele Jehova le rōna. Ha a ntse a rapela, ntate oa ngoanana enoa [eo e seng e mong oa Lipaki tsa Jehova] o ile a sisa pelo, ’me bohle ba leng kamoreng eo ea sepetlele ba ile ba lla. Thapelo ea moholo eo e ne e le mofuthu hakaakang, ’me Jehova o ile a bontša lerato le lekaakang ka hore a mo romele ka nako eo!” Ha mokuli e mong oa Paki a bua ka baholo ba ileng ba mo etela, o ile a re: “Ha ba atamela bethe ea ka kamoreng ea tlhokomelo ea bakuli ba kulang haholo, ke ile ka tseba hore ho sa tsotellehe se etsahalang, nka mamella. Ke ile ka matlafala ’me ka ba le khotso.” Na ho na le motho ea ka rekang kameho e joalo e lerato? Ha a eo! Ke mpho e tsoang ho Molimo, e fumanehang ka phutheho ea Bokreste.—Esaia 32:1, 2.

Mpho ea Tšebeletso ea Tšimo

17, 18. (a) Jehova o file batho bohle ba hae mpho efe ea tšebeletso? (b) Molimo o fane ka thuso efe e le hore re ka phetha tšebeletso ea rōna?

17 Ho sebeletsa Jehova, ea Holimo-limo, ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa e ka fuoang motho leha e le ofe. (Esaia 43:10; 2 Bakorinthe 4:7; 1 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, tokelo ea ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa e bulehetse bohle—ba banyenyane le ba baholo, banna le basali—ba nang le takatso e tiileng ea ho sebeletsa Molimo. Na u sebelisa mpho ee ea bohlokoa? Ba bang ba ka ’na ba hana ho bolela kahobane ba ikutloa ba sa tšoanelehe, empa hopola hore Jehova o fana ka moea o halalelang ho ba mo sebeletsang, ’me moea o halalelang o tlatselletsa sohle seo re haelloang ho sona.—Jeremia 1:6-8; 20:11.

18 Jehova o behile mosebetsi oa boboleli ba ’Muso tlhokomelong ea bahlanka ba hae ba ikokobelitseng, eseng ho batho ba ratang ho ikhohomosa le ho itšetleha ka bokhoni ba bona. (1 Bakorinthe 1:20, 26-29) Batho ba ikokobelitseng, ba inyenyefatsang, baa lumela hore ba na le mefokolo ’me ba itšetleha ka thuso ea Molimo ha ba le tšebeletsong ea tšimo. Hape ba ananela thuso ea moea eo a fanang ka eona ka “motsamaisi ea tšepahalang.”—Luka 12:42-44; Liproverbia 22:4.

Bophelo bo Thabileng ba Lelapa—Mpho e Molemo

19. Ke lintho life tse etsang hore ho hōlisoe bana ka katleho?

19 Lenyalo le bophelo bo thabileng ba lelapa ke limpho tse tsoang ho Molimo. (Ruthe 1:9; Baefese 3:14, 15) Bana le bona ke ‘lefa la bohlokoa le tsoang ho Jehova,’ ’me ba thabisa batsoali ba atlehang ho kenya ka ho bona litšoaneleho tse thabisang Molimo. (Pesaleme ea 127:3) Haeba u motsoali, u ’ne u mamele lentsoe la Jehova ka ho koetlisa bana ba hao ho ea ka Lentsoe la hae. Ha ho pelaelo hore ba etsang joalo ba tla fumana tšehetso ea Jehova le tlhohonolofatso e ngata.—Liproverbia 3:5, 6; 22:6; Baefese 6:1-4.

20. Ke eng e ka thusang batsoali bao bana ba bona ba furallang borapeli ba ’nete?

20 Ho sa tsotellehe boiteko bo hlokolosi ba batsoali ba tšabang Molimo, ho ka etsahala hore ba bang ba bana ba bona ba khethe ho furalla borapeli ba ’nete ha ba hōla. (Genese 26:34, 35) Sena se ka tšoenya batsoali haholo maikutlong. (Liproverbia 17:21, 25) Leha ho le joalo, ho e-na le ho felloa ke tšepo, ho ka ba molemo ho hopola papiso ea Jesu ea mora ea lehlasoa. Le hoja mora eo a ile a tloha lapeng eaba o tsoa tseleng, hamorao o ile a khutlela ka tlung ea ntat’ae, ea ileng a mo amohela ka thabo le ka lerato. (Luka 15:11-32) Ho sa tsotellehe se ka etsahalang, batsoali ba tšepahalang ba Bakreste ba ka kholiseha hore Jehova oa utloisisa, o na le kameho e lerato ’me o tla ba tšehetsa ka linako tsohle.—Pesaleme ea 145:14.

21. Re lokela ho mamela mang, hona hobane’ng?

21 Joale, e mong le e mong oa rōna a ke a etse qeto ea hore na ke eng eo e leng ea bohlokoa e le kannete bophelong ba hae. Na re khothaletse ho lelekisa maruo, a ka ’nang a re tlisetsa bohloko hammoho le malapa a rōna? Kapa re lelekisa ‘limpho tse molemo le lineo tse phethahetseng’ tse theohang ho “Ntate oa maseli a leholimo”? (Jakobo 1:17) Satane, “ntate oa leshano,” o batla hore re sehlele leruo ’me re lahleheloe ke thabo le bophelo. (Johanne 8:44; Luka 12:15) Leha ho le joalo, Jehova o re tsotella e le kannete ’me o re batlela se molemong oa rōna. (Esaia 48:17, 18) Kahoo, a re ’ne re mameleng Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo ’me kamehla re “ithabele ka ho phethehileng” ho eena. (Pesaleme ea 37:4) Haeba re etsa joalo, limpho tsa Jehova tsa bohlokoa le tlhohonolofatso ea hae e ngata li tla re ruisa—’me li re ruisa ho se na bohloko le bo bonyenyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 22, 1993, leqepheng la 18-21.

Na U sa Hopola?

•Thabo e khōlō ka ho fetisisa e ka fumanoa hokae?

•Tse ling tsa limpho tseo Jehova a li fang batho ba hae ke life?

•Ke hobane’ng ha tšebeletso ea tšimo e le mpho?

•Batsoali ba ka etsa eng hore ba tle ba fumane tlhohonolofatso ea Molimo ha ba hōlisa bana ba bona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na u bontša kananelo bakeng sa mpho ea Molimo ea Lentsoe la hae le ngotsoeng?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho sa tsotellehe maemo a thata ka ho fetisisa, Laurel Nisbet o ile a sebeletsa Molimo ka cheseho

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Joaloka Tabitha, Bakreste ba kajeno ba tsebahala haholo ka liketso tsa bona tse lerato

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Baholo ba Bakreste ba na le kameho e lerato bakeng sa balumeli-’moho le bona