Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’

Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’

Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’

MOPROFETA ESAIA o ile a re: “Lintho li tla tsamaea hantle bakeng sa ea lokileng, etsoe ba tla ja litholoana tsa mesebetsi ea bona.” Esaia o ile a boela a re: “Tsela ea ea lokileng ke ho loka.” (Esaia 3:10; 26:7) Ka ho hlakileng, hore mesebetsi ea rōna e hlahise litholoana tse molemo, re tlameha ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.

Leha ho le joalo, re ka tsamaea tseleng ea ho loka joang? Re ka lebella litlhohonolofatso life ha re etsa joalo? ’Me ba bang ba ka rua molemo joang ha re phela tumellanong le litekanyetso tsa Molimo tse lokileng? Khaolong ea 10 ea buka ea Bibele ea Liproverbia, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o arabela lipotso tsena ha a bapisa ba lokileng le ba khopo. Ha a etsa joalo, o sebelisa poleloana “ea lokileng” (kapa “ba lokileng”) ka makhetlo a 13. Poleloana ena e hlaha ka makhetlo a robong ho tloha temaneng ea 15 ho ea ho ea 32. Kahoo, ho hlahloba Liproverbia 10:15-32 e tla ba ho khothatsang. *

Khomarela Taeo

Solomone o bontša bohlokoa ba ho loka. O re: “Lintho tsa bohlokoa tsa morui ke motse oa hae o matla. Tšenyeho ea ba tlaase ke bofutsana ba bona. Mosebetsi oa ea lokileng o fella ka bophelo; lihlahisoa tsa ea khopo li fella ka sebe.”Liproverbia 10:15, 16.

Maruo e ka ba tšireletso khahlanong le maemo a itseng a sa tsitsang a bophelo, feela joalokaha motse o sirelelitsoeng ka matla o fana ka polokeho e itseng ho ba lulang ho oona. Bofutsana bo ka baka tšenyo ha ho hlaha maemo a sa lebelloang. (Moeklesia 7:12) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba morena eo ea bohlale o boetse o lemosa ka kotsi e amanang le leruo le bofutsana ka bobeli. Mohlomong monna ea ruileng a ka sekamela ho beheng tšepo ea hae e feletseng leruong la hae, a nahana hore lintho tsa hae tsa bohlokoa li “joaloka lerako le sireletsang.” (Liproverbia 18:11) Mohlomong le mofutsana ka phoso a ka nka hore bofutsana ba hae bo etsa hore ho se be le tšepo ka bokamoso ba hae. Ka tsela ena, ka bobeli ba hlōleha ho iketsetsa lebitso le letle ho Molimo.

Ka lehlakoreng le leng, ebang motho ea lokileng o na le lintho tse ngata tse bonahalang kapa che, ho loka ha hae ho lebisa bophelong. Joang? Ha e le hantle, o khotsofaletse seo a nang le sona. Ha a lumelle boemo ba hae ba lichelete ho kena-kenana le boemo ba hae bo botle ho Molimo. Ebang o ruile kapa o futsanehile, tsela ea motho ea lokileng ea bophelo e mo tlisetsa thabo hona joale le tšepo ea bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (Jobo 42:10-13) Motho ea khopo ha a rue molemo le haeba a ka fumana leruo. Ho e-na le ho ananela matla a lona a ho sireletsa le ho phela tumellanong le thato ea Molimo, o sebelisa leruo la hae ho ntšetsa pele bophelo ba sebe.

Morena oa Iseraele o tsoela pele ka ho re: “Ea tšoarellang taeong o tseleng e eang bophelong, empa ea tlohelang khalemelo o baka ho hlahlathela.” (Liproverbia 10:17) Setsebi se seng sa Bibele se fana ka maikutlo a hore temana ena e ka utloisisoa ka litsela tse peli. Ho ka etsahala hore ebe motho ea ikokobelletsang taeo le ea phehellang ho loka o tseleng e eang bophelong, athe ea tlohelang khalemelo oa hlahlathela tseleng eo. E ka ’na eaba temana ena e boetse e bolela hore “ea elang taeo hloko o bontša [ba bang] tsela e eang bophelong [ka lebaka la mohlala oa hae o motle], empa mang kapa mang ea hlokomolohang khalemelo o khelosa ba bang.” (Liproverbia 10:17, New International Version) Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ke habohlokoa hakaakang hore re khomarele taeo ’me re se furalle nyatso!

Nkela Lehloeo Sebaka ka Lerato

Ka mor’a moo, Solomone o fana ka maele a likarolo li peli a jereng khopolo e tšoanang, karolo ea bobeli e hatisa karolo ea pele. O re: “Moo ho nang le ea koahelang lehloeo ho na le molomo o leshano.” Haeba motho a hloile e mong ka pelong empa a ho pata ka mantsoe a monate kapa ka thoriso ea boikaketsi, ke mothetsi—o na le “molomo o leshano.” Morena ea bohlale o phaella ka ho re: “Ea hlahisang tlaleho e mpe o hloka kelello.” (Liproverbia 10:18) Ho e-na le ho pata lehloeo la bona, batho ba bang ba etsa liqoso tsa bohata le ho bua eo ba mo hloileng hampe. Bona ke booatla hobane tlaleho ea bohata ha e hlile ha e fetole seo motho eo a leng sona. Le momameli ea hlokolosi o tla lemoha lehloeo leo ’me a ke ke a bontša moetselletsi tlhompho. Kahoo, ea jalang tlaleho e mpe o intša kotsi.

Tsela e lokileng ke ea ho se sebelise thetso leha e le ketselletso. Molimo o ile a bolella Baiseraele a re: “U se ke ua hloea mor’eno ka pelong ea hao.” (Levitike 19:17) Le Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae a re: “Tsoelang pele ho rata [esita le] lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:44, 45) Ho molemo hakaakang ho tlatsa lipelo tsa rōna lerato ho e-na le ho li tlatsa lehloeo!

‘Thiba Molomo oa Hao’

Ha a totobatsa tlhokahalo ea ho laola leleme, morena ea bohlale o re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.”Liproverbia 10:19.

“Leoatla le bua mantsoe a mangata.” (Moeklesia 10:14) Molomo oa lona o “bua booatla [o] sa khaotse.” (Liproverbia 15:2) Sena ha se bolele hore motho e mong le e mong ea buang haholo ke leoatla. Empa ho bonolo hakaakang hore motho ea buang haholo e be mocha o hasang litšebo tse lematsang kapa taba ea bo-ba-re! Puo ea booatla e ka senya botumo bo botle, ea lematsa maikutlo, ea felisa likamano tse ntle esita le ho baka kotsi ’meleng. “Moo ho nang le mantsoe a mangata, sebe se ke ke sa tlohela ho ba teng.” (Liproverbia 10:19, An American Translation) Ho feta moo, hoa tena ho ba haufi le motho ea sa felloeng ke seo a ka se buang mabapi le taba e ’ngoe le e ’ngoe. E se eka re ke ke ra bua ho feta tekano.

Ho e-na le ho qoba leshano feela, ea thibang molomo oa hae o etsa ka mokhoa o masene. Oa nahana pele a bua. A susumetsoa ke lerato bakeng sa litsela tsa Jehova le takatso ea sebele ea ho thusa batho ba bang, o nahanisisa ka tšusumetso eo mantsoe a hae a bang le eona ho ba bang. Lipolelo tsa hae li lerato li bile li mosa. O thuisa kamoo a ka etsang hore seo a se buang e be se ipiletsang le se molemo. Mantsoe a hae a joaloka “liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera”—a bohlale ebile aa hlompheha ka linako tsohle.—Liproverbia 25:11.

‘U ’ne U Lise ba Bangata’

Solomone o tsoela pele ho re: “Leleme la ea lokileng ke silevera e ntle; pelo ea ea khopo e na le bohlokoa bo bonyenyane.” (Liproverbia 10:20) Lipuo tsa ba lokileng li hloekile—joaloka silevera e ntle, e hloekisitsoeng, e se nang manya. Ka sebele sena ke ’nete ka bahlanka ba Jehova ha ba abela ba bang tsebo e pholosang bophelo ea Lentsoe la Molimo. Morupeli oa bona e Moholo, Jehova Molimo, o ba rutile a ba a ba ‘fa leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ba tsebe ho araba ea khathetseng.’ (Esaia 30:20; 50:4) Ka sebele, maleme a bona a joaloka silevera e ntle ha a bolela ’nete ea Bibele. Lipolelo tsa bona li molemo ka ho ke keng ha lekanngoa hakaakang ho ba lipelo li tšepahalang ho feta boikemisetso ba ea khopo! Ha re cheseheleng ho bua ka ’Muso oa Molimo le mesebetsi ea Molimo e hlollang.

Ea lokileng ke tlhohonolofatso ho ba mo potolohileng. Solomone o tsoela pele ho re: “Molomo oa ea lokileng o ntse o lisa ba bangata, empa ka lebaka la pelo e haelloang maoatla a ntse a shoa.”Liproverbia 10:21.

Ke joang ‘ea lokileng a ntseng a lisa ba bangata’? Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le fana ka maikutlo a ho “alosa.” (Liproverbia 10:21, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Le fetisa moelelo oa ho tataisa haesita le ho fepa, feela joalokaha molisa oa boholo-holo a ne a hlokomela linku tsa hae. (1 Samuele 16:11; Pesaleme ea 23:1-3; Sefela sa Lifela 1:7) Motho ea lokileng o tataisa ba bang kapa o ba etella pele ho ea tseleng ea ho loka, lipolelo tsa hae li matlafatsa bamameli. Ka lebaka leo, ba phela bophelo bo thabileng haholoanyane, bo khotsofatsang haholoanyane ’me mohlomong ba ka ba ba fumana bophelo bo sa feleng.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka leoatla? Kaha le na le pelo e hlokang temoho, le bontša ho haelloa ke sepheo se setle kapa kameho ka liphello tsa tsela ea lona. Motho ea joalo o etsa eng kapa eng eo a batlang ho e etsa, ho sa tsotellehe liphello. Kahoo, o utloa bohloko ka lebaka la litholoana tse bohloko tsa liketso tsa hae. Ha ea lokileng a thusa ho boloka ba bang ba phela, motho ea nang le pelo e hlokang temoho o sitoa le ho ipoloka a phela ka boeena.

Qoba Boitšoaro bo Hlephileng

Botho ba motho hangata bo pepesoa ke lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Ha a bolela ntlha ena, morena oa Iseraele o re: “Ho ea hlokang kelello ho ntšetsa pele boitšoaro bo hlephileng ho joaloka papali, empa bohlale ke ba motho ea nang le temoho.”Liproverbia 10:23.

Ba bang ba nka boitšoaro bo hlephileng joaloka papali, ’me ba kopanela ho bona feela bakeng sa “monyaka.” Batho ba joalo ha ba nke Molimo e le eena eo bohle ba tla ikarabella ho eena, ’me ba lula ba sa bone hore tsela ea bona e fosahetse. (Baroma 14:12) Monahano oa bona o silafala haholo hoo ba bileng ba nahanang hore Molimo ha a bone liketso tsa bona tse fosahetseng. Ha e le hantle, ka liketso tsa bona ba re: “Jehova ha a eo.” (Pesaleme ea 14:1-3; Esaia 29:15, 16) Ke booatla bo bokaakang!

Ke lehlakoreng le leng, monna ea nang le temoho o elelloa hore boitšoaro bo hlephileng hase papali. Oa tseba hore ha bo thabise Molimo le hore bo ka senya kamano ea motho le eena. Boitšoaro bo joalo ke booatla hobane bo amoha batho boitlhompho, bo senya manyalo, bo lematsa kelello hammoho le ’mele, ’me bo fella ka ho oa moeeng. Re tla be re etsa ka bohlale ha re ka qoba boitšoaro bo hlephileng ’me ra hlaolela lerato bakeng sa bohlale joalokaha eka ke morali’abo rōna ea ratoang haholo.—Liproverbia 7:4.

Haha Motheong o Nepahetseng

Ha a supa bohlokoa ba ho haha bophelo ba motho motheong o nepahetseng, Solomone o re: “Ntho e tšosang ea khopo—ke eona e tla mo hlahela; empa takatso ea ba lokileng e tla khotsofatsoa. Joaloka ha moea oa sefefo o feta, ka ho tšoanang ea khopo ha a sa le eo; empa ea lokileng ke motheo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”Liproverbia 10:24, 25.

Motho ea khopo a ka bakela ba bang tšabo e khōlō. Leha ho le joalo, qetellong ke eena ea tla apareloa ke seo a se tšabang. Ka lebaka la ho hloka motheo oa melao-motheo e lokileng, o tšoana le mohaho o sa tsitsang o oang nakong ea sefefo se matla. Oa inehela ha a le tlas’a khatello. Ka lehlakoreng le leng, motho ea lokileng o joaloka monna ea etsang se tumellanong le mantsoe a Jesu. Jesu o ile a re ke “monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika. Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo, empa ha ea ka ea heleha, kaha e ne e thehiloe holim’a lefika.” (Matheu 7:24, 25) Motho ea joalo o tsitsitse—monahano oa hae le liketso tsa hae li thehiloe ka tieo melao-motheong ea Molimo.

Pele a tsoela pele ho bapisa ba khopo le ba lokileng, morena ea bohlale o fana ka keletso e khutšoanyane empa e le ea bohlokoa. O re: “Joaloka asene menong le joaloka mosi mahlong, motho ea botsoa o joalo ho ba mo romang.” (Liproverbia 10:26) Asene e etsa hore meno a be sethokothetsi. Asiti e ho eona e etsa hore ho be bolila ka hanong ’me sena se ka etsa hore meno a hao a thelle. Mosi o etsa hore mahlo a be bohloko bo hlabang le ho babasela. Ka ho loketseng, mang kapa mang ea hirang motho ea botsoa kapa ea mo sebelisang e le lenģosa o tla hloka phomolo le ho lahleheloa.

“Tsela ea Jehova ke Qhobosheane”

Morena oa Iseraele o tsoela pele ka ho re: “Ho tšaba Jehova ho tla eketsa matsatsi, empa lilemo tsa ba khopo li tla khutsufatsoa. Tebello ea ba lokileng ke thabo, empa tšepo ea ba khopo e tla timela.”Liproverbia 10:27, 28.

Ea lokileng o tataisoa ke tšabo ea bomolimo ’me o leka ho thabisa Jehova ka menahano, mantsoe le liketso tsa hae. Molimo oa mo hlokomela ’me o phethahatsa litebello tsa hae tse lokileng. Leha ho le joalo, ea khopo o phela bophelo ba ho se tšabe Molimo. Ka linako tse ling, litebello tsa hae li ka bonahala li phethahala empa ka nakoana feela, hobane matsatsi a hae a khutsufatsoa ke pefo kapa ho kula ho bakiloeng ke mokhoa oa hae oa bophelo. Ka lona letsatsi leo a shoang ka lona tšepo eohle ea hae ea timela.—Liproverbia 11:7.

Solomone o re: “Tsela ea Jehova ke qhobosheane bakeng sa ea sa tšoauoeng phoso, empa tšenyeho ke ea ba tloaetseng ho etsa se kotsi.” (Liproverbia 10:29) Ha a bua ka tsela ea Jehova mona, ha a bolele tsela ea bophelo eo re lokelang ho tsamaea ho eona, empa o bolela tsela eo Molimo a sebelisanang le batho ka eona. Moshe o ile a re: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) Litsela tsa Molimo tse lokileng li bolela tšireletseho bakeng sa ba lokileng le tšenyeho bakeng sa ba khopo.

Jehova o ipaka e le qhobosheane e kaakang ho batho ba hae! “Ha e le ea lokileng, a ke ke a etsoa hore a thekesele ho isa nakong e sa lekanyetsoang; empa ha e le ba khopo, ba ke ke ba tsoela pele ba lula lefatšeng. Molomo oa ea lokileng—o beha litholoana tsa bohlale, empa leleme le khelohileng le tla khaoloa. Molomo oa ea lokileng—o tseba kamohelo, empa melomo ea ba khopo ke ho kheloha.”Liproverbia 10:30-32.

Ka sebele ba lokileng ba tsoela pele hantle ’me baa hlohonolofatsoa ka lebaka la ho tsamaea tseleng ea ho loka. Ka sebele, “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Liproverbia 10:22) Kahoo, e se eka kamehla re ka etsa bonnete ba hore re phela tumellanong le melao-motheo ea Molimo. Hape a re thibeng melomo ea rōna ’me re sebeliseng maleme a rōna bakeng sa ho fepa ba bang ’nete ea Lentsoe la Molimo e pholosang bophelo le ho ba tataisetsa tseleng ea ho loka.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bakeng sa tlhaloso e nang le makolopetso ea Liproverbia 10:1-14, bona Molula-Qhooa oa July 15, 2001, leqepheng la 24-7.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Leleme le ka tšoana le “silevera e ntle”