Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ba Maemo a sa Lebelloang Tšebeletsong ea Jehova

Bophelo ba Maemo a sa Lebelloang Tšebeletsong ea Jehova

Pale ea Bophelo

Bophelo ba Maemo a sa Lebelloang Tšebeletsong ea Jehova

JOALOKAHA HO BOLETSE ERIC LE HAZEL BEVERIDGE

“Ke u ahlolela likhoeli tse tšeletseng chankaneng.” Mantsoe ao a ne a luma ka litsebeng tsa ka ha ke isoa Chankaneng ea Strangeways, Manchester, Engelane. E ne e le ka December 1950, ’me ke ne ke le lilemo li 19. Ke ne ke qeta ho tobana le teko e ’ngoe e matla ka ho fetisisa bophelong ba ka—ke ne ke hanne ho thaotheloa sesole.—2 Bakorinthe 10:3-5.

KE NE ke sebeletsa ke le pula-maliboho oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova, e leng ho ka beng ho ile ha etsa hore ke lokolohe mosebetsing oa sesole, empa molao oa Brithani o ne o sa amohele boemo ba rōna ba bosebeletsi. Kahoo, ke ile ka iphumana ke le mong ka seleng ea chankana. Ke ile ka nahana ka Ntate. Ka tsela e sa tobang, ke ne ke le teronkong ka lebaka la hae.

Taba ke hore, Ntate, eo e neng e le mookameli oa chankana, e ne e le Moyorkshire ea thata le motho oa melao e thata. Ka lebaka la liphihlelo tsa hae sesoleng le ha e le ofisiri ea chankana, o ne a nena Bok’hatholike. O ne a ile a kopana le Lipaki ka lekhetlo la pele khale koana mathoasong a bo-1930 ha a ne a il’o li leleka monyako—’me a khutla a nkile libuka tse ling tsa tsona! Hamorao o ile a beheletsa makasine ea Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!). Lipaki li ne li mo etela selemo le selemo ho mo khothalletsa ho tsosolosa peeletso ea hae. Ha ke batla ke le lilemo li 15, li ile tsa ba le puisano e ’ngoe le Ntate, ’me ke ile ka kenella puisano ke le ka lehlakoreng la Lipaki. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka nako eo.

Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa ka March 1949. Hamorao selemong seo ke ile ka kopana le John le Michael Charuk, ba neng ba sa tsoa fumana mangolo sekolong sa boromuoa sa Gileade ba neng ba le tseleng ho leba Nigeria. Ke ile ka khahloa haholo ke moea oa bona oa boromuoa. Ebang ba ne ba hlokomela kapa che, ba ile ba kenya moea oo pelong ea ka.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka felloa ke thahasello ea ho ea ithuta univesithing. Pele selemo se fela ke tlohile hae ho ea sebetsa ofising ea Lekhetho la Thepa e Kenang le e Tsoang ka hare ho naha London, ke ile ka ikutloa hore nke ke ka phethahatsa boinehelo ba ka ho Molimo ka ho tsoela pele tšebeletsong ea sechaba. Ha ke tlohela mosebetsi oa ofisi, mosebetsi-’moho le ’na e mong ea nang le phihlelo ea nako e telele mosebetsing ona, o ile a mpabatsa hore ebe ke ne ke tlohela “mosebetsi o senyang kelello.”

Pele ho mona ke ile ka tobana le teko e ’ngoe—ea hore na ke tla bolella Ntate joang hore ke batla ho tlohela mosebetsi oa ka o nang le tšireletseho e le hore ke e’o sebeletsa ke le pula-maliboho. Mantsiboeeng a mang ha ke ntse ke le phomolong lapeng, ke ile ka phunya litaba. Ke ile ka emela hore Ntate a ntjolietse. Ke ile ka makala ha a re feela: “Ua jala; ’me u tla kotula. Empa haeba ho senyeha, u se k’a ba tla u matha ho ’na.” Ka la 1 January, 1950, bukeng ea ka eo ke ngolang lintlha tsa letsatsi le letsatsi ho eona, ke itse: “Ke boleletse Ntate ka bopula-maliboho. Ke ile ka makatsoa haholo ke thuso ea hae e leka-lekaneng. Thuso ea hae e ile ea nkama hoo e ileng ea etsa hore ke lle.” Ke ile ka itokolla tšebeletsong ea sechaba ’me ka amohela kabelo ea ho ba pula-maliboho oa nako e tletseng.

Kabelo e Akarelletsang “Ntlo e Nyenyane”

Joale ho ile ha latela teko e latelang ea ho inehela ho Molimo. Ke ile ka fuoa kabelo ea bopula-maliboho ke lula ‘ntlong e nyenyane’ Lancashire le Lloyd Griffiths, eo e neng e le Mokreste-’moho le ’na ea tsoang Wales. Ke ne ke lebeletse lintho tse khōlō le thabo ka ntlo ena ha ke fihla toropong ea Bacup e bolutu le e qhafutso ke pula. Ke ile ka makala ha ke fumana hore ntlo ena e nyenyane ke kamore e mokatong o ka tlaase! Bosiu re ne re e kopanela le litoeba le maphele. Ke ne ke le mothating oa ho fetola maikutlo le ho khutlela hae. Ho e-na le hoo, ke ile ka rapela ke khutsitse ke kōpa matla a ho tobana le teko ena. Ka tšohanyetso, ke ile ka utloa ke apareloa ke khotso, ’me ka qala ho bona boemo ka kelello e hlaphohileng. Kabelo ena ke ne ke e filoe ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ke ne ke tla tšepa Jehova hore a nthuse. Ke leboha hakaakang hore ebe ke ile ka mamella, hobane ho tlohela ho ne ho tla fetola bophelo ba ka ka ho sa feleng!—Esaia 26:3, 4.

Ka likhoeli tseo e ka bang tse robong pele ke hlahleloa chankaneng ka lebaka la ho hana ho kenela sesole ke ne ke bolela sebakeng seo ka nako eo se neng se putlame moruong sa Rossendale Valley. Ka mor’a libeke tse peli ke le Chankaneng ea Strangeways, ke ile ka isoa Chankaneng ea Lewes lebōpong le ka boroa la Engelane. Re ile ra qetella re le Lipaki tse hlano moo, ’me re ile ra khona ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste ka seleng ea chankana.

Ntate o ile a tla mpona ka lekhetlo le le leng. E tlameha ebe ntho ena e ile ea ama seriti sa hae kahobane e ne e le ofisiri e tsebahalang ea chankana e etetseng mora oa eona oa lepantiti! Ke tla leboha ketelo eo kamehla. Qetellong letsatsi la hore ke lokolloe le ile la fihla ka April, 1951.

Ha ke lokolloa Lewes, ke ile ka palama terene ho ea Cardiff, Wales, moo Ntate a neng a sebetsa teng ka nako eo e le ofisiri e khōlō ea chankana. Ke ne ke le e moholo baneng ba bane—bashemane ba bararo le ngoanana a le mong. Ke ile ka tlameha ho fumana mosebetsi o sa nkeng nako eohle e le hore nka iphelisa empa ke ntse ke le pula-maliboho. Ke ile ka ea sebetsa lebenkeleng la liphahlo, empa morero oa ka o moholo bophelong e ne e le tšebeletso ea ka ea Bokreste. ’Mè oa rōna o ile a re siea nakong ena. E ile ea e-ba masetla-pelo a feletseng ho Ntate le rōna bana, ba neng ba le lipakeng tsa lilemo tse 8 le 19. Ka masoabi, batsoali ba rōna ba ile ba hlalana.

Ea Fumanang Mosali ea Molemo . . . 

Ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata ka phuthehong. Har’a bona ho ne ho e-na le morali’abo rōna ea neng a tla mosebetsing oa boipheliso le oa boboleli letsatsi le leng le le leng a tsoa Rhondda Valley merafong ea mashala. Lebitso la hae e ne e le Hazel Green, ’me e ne e le pula-maliboho ea hloahloa. Hazel o ne a tsebile ’nete ka nako e telele ho mpheta—batsoali ba hae ba ne ba e-ba teng libokeng tsa Liithuti tsa Bibele (tseo hona joale li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova) khale koana ka bo-1920. Empa a re mo tloheleng a phete pale ea hae.

“Ha kea ka ka nka ’nete ka botebo ho fihlela ka 1944 ha ke bala bukana ea Religion Reaps the Whirlwind. ’Mè o ile a mphehella hore ke ee kopanong ea potoloho Cardiff. Ke sa tsebe letho ka Bibele, ke ile ka iphumana ke le setsing se seholo sa mabenkele, ’me molaleng oa ka ho leketlile plakate e phatlalatsang puo ea phatlalatsa. Ke ile ka feta ketsahalong eo ho sa tsotellehe ho tloka-tlokoa ke baruti le batho ba bang. Ke ile ka kolobetsoa ka 1946 ’me ka qala ho bula maliboho ka December selemong seo. Joale ka 1951 ho ile ha fihla pula-maliboho e monyenyane Cardiff, a qeta ho tsoa chankaneng. E ne e le Eric.

“Re ne re bolela hammoho. Re ne re utloana. Lipakane tsa rōna bophelong li ne li tšoana—e le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo. Kahoo, re ile ra nyalana ka December 1952. Le hoja ka bobeli re ne re le tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho ’me re se na chelete e ngata, ho ne ho se mohla re hlokang lintho tse hlokahalang. Ka linako tse ling re ne re fumana mpho e tsoang ho Paki eo ho neng ho ile ha etsahala hore ebe e ile ea batla jeme kapa sesepa ka bongata haholo ha e reka korosari—’me sena se ne se etsahala ha re li hloka! Liketso tse kang tsena tse thusang re ne re li ananela haholo. Empa re ne re letetsoe ke maemo a maholo a sa lebelloang.”

Boemo bo sa Lebelloang bo Ileng ba Fetola Bophelo ba Rōna

Ka November 1954, ’na le Hazel re ile ra fumana ntho eo re neng re sa e lebella—kōpo e tsoang ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova London ea hore ke be molebeli ea tsamaeang, ea etelang phutheho esele beke e ’ngoe le e ’ngoe. Re ne re kholisehile hore ke phoso, kahoo ha rea ka ra bolella motho phuthehong. Leha ho le joalo, ke ile ka tlatsa foromo eo ’me ka e romella ofising ea lekala, ’me ra lula re lebeletse ka matsoalo. Karabo e ile ea tla ka mor’a matsatsi a se makae, e re: “Tloong London ho tla koetlisoa”!

Ha ke le ofising ea London, ke ne ke sa kholoe hore ke le lilemo li 23, nka ba har’a barab’abo rōna ba hlahelletseng bao ke bonang e le linatla tsa moea—Pryce Hughes, Emlyn Wynes, Ernie Beavor, Ernie Guiver, Bob Gough, Glynn Parr, Stan le Martin Woodburn le ba bang ba bangata, bao boholo ba bona ba seng ba iketse bo-ea-batho. Ba ile ba rala motheo o tiileng oa cheseho le botšepehi Brithani khale koana lilemong tsa bo-1940 le bo-1950.

Mosebetsi oa Potoloho Engelane—Ho Hang o ne o sa Tene

Re ile ra qala mosebetsi oa ho tsamaea mariheng a lehloa le lengata a 1954/55. Re ne re abetsoe Anglia Bochabela, e leng sebaka se bataletseng sa Engelane se tobanang le meea e batang ea Leoatle la Leboea. Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse 31 000 feela Brithani. Re ile ra ithuta lintho tse thata potolohong eo ea pele; le barab’abo rōna bao re neng re ba etela ho ne ho le boima ho bona. Ka ho hloka phihlelo ha ka le ho phatloha feela joaloka batho ba Yorkshire ha ke bua, ka linako tse ling ke ne ke khopisa batho ba bang. Ho theosa le lilemo, ke ’nile ka tlameha ho ithuta hore mosa ke ntho ea bohlokoa ho feta bohlale le hore batho ke ba bohlokoa ho feta mekhoa ea tšebetso. Le hoja ke hlōleha ka linako tse ling, ke ntse ke leka ho latela mohlala oa Jesu oa ho khatholla ba bang.—Matheu 11:28-30.

Ka mor’a likhoeli tse 18 re le Anglia Bochabela, re ile ra abeloa ho sebetsa potoloho e ka leboea le ka bochabela Engelane, Newcastle e holim’a Tyne le Northumberland. Ke ne ke rata batho ba pelo-nolo ba sebaka seo se setle. Ke ile ka thusoa haholo ke molebeli ea etileng oa setereke, Don Ward, ea neng a tsoa Seattle, Washington, U.S.A. O ne a fumane lengolo sehlopheng sa bo20 sa Gileade. Ke ne ke le sebui se peteketsang ka lebelo le tšosang. O ile a nthuta ho bua butle, ho khefutsa le ho ruta.

Boemo bo Bong bo sa Lebelloang bo Ileng ba Fetola Bophelo ba Rōna

Ka 1958 re ile ra amohela lengolo le ileng la fetola bophelo ba rōna. Re ne re memeloa ho ea Sekolong sa Gileade South Lansing, New York, U.S.A. Re ile ra rekisa koloi ea rōna e nyenyane ea Austin Seven ea moetso oa 1935 ’me ra reka litekete tsa ho tsamaea ka sekepe ho ea New York. Re ile ra qala ka ho ba teng kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e le New York City. Ha re tloha moo re ile ra leba Peterborough, Ontario, bakeng sa ho bula maliboho ka likhoeli tse tšeletseng pele re leba ka boroa Sekolong sa Gileade.

Barupeli ba sekolo sena ba ne ba akarelletsa Albert Schroeder, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang, hammoho le Maxwell Friend le Jack Redford, bao e seng e le bafu hona joale. Botsoalle bo neng bo le har’a liithuti tse 82 tse tsoang linaheng tse 14 bo ne bo matlafatsa haholo. Re ile ra qala ho utloisisa haholoanyane litso tsa rōna tse fapa-fapaneng. Ho tsoakana le liithuti tse neng li thatafalloa ke Senyesemane ho ile ha re fa leseli la mathata ao re neng re tla tobana le ’ona ha re ithuta maleme a mang. Re ile ra qeta lithuto tsa rōna ka mor’a likhoeli tse hlano ’me ra romeloa linaheng tse 27. Joale ho ile ha latela letsatsi la kabo ea mangolo, ’me ka mor’a matsatsi a se makae re ne re le New York City, re emetse sekepe sa rōna se bitsoang Queen Elizabeth, hore se re busetse Europe.

Naha Esele ea Pele eo re Ileng ra e Abeloa

Re ne re abetsoe ho ea hokae? Portugal! Re ile ra fihla Lisbon ka November 1959. Joale ho ile ha tla teko ea ho tloaela puo e ncha le mekhoa e mecha. Ka 1959 ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolofolo tse 643 Portugal, har’a baahi ba ka bang limilione tse robong. Empa mosebetsi oa rōna oa ho bolela o ne o sa ngolisoa ka molao. Le hoja re ne re e-na le Liholo tsa ’Muso, ho ne ho se na matšoao ka ntle.

Ka mor’a hore moromuoa ea bitsoang Elsa Piccone a re rute Sepotoketsi, ’na le Hazel re ile ra etela liphutheho le lihlopha tse potolohileng Lisbon, Faro, Evora le Beja. Ka 1961 lintho li ile tsa qala ho fetoha. Ke ne ke ithuta Bibele le mohlankana ea bitsoang João Gonçalves Mateus. O ile a etsa qeto ea ho ema e le Mokreste ea sa jeleng paate tabeng ea sesole. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka memeloa ntlo-khōlō ea sepolesa ho ea hlongoa lipotso. E ne e le boemo bo bong bo sa lebelloang! Ka mor’a matsatsi a se makae, re ile ra tsebisoa hore re fuoa matsatsi a 30 a hore re tsoe ka hare ho naha! Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ka baromuoa-’moho le rōna Eric le Christina Britten le Domenick le Elsa Piccone.

Ke ile ka nka boipiletso, ’me re ile ra lumelloa ho bona mookameli oa sepolesa sa sekhukhu. O ile a re bolella a sa qeaqee hore na ke hobane’ng ha ho thoe re tsamaee ’me a bolela lebitso—João Gonçalves Mateus—e leng seithuti sa ka sa Bibele! O ile a bolela hore Portugal, ho fapana le Brithani, e ke ke ea lumella bosaoana ba ho hana bosole ka lebaka la bolumeli. Kahoo re ile ra tlameha ho tloha Portugal, eaba re lahlehelane le João. Joale, lilemo tse 26 hamorao, ke ile ka thaba hakaakang ha ke mo bona a e-na le mosali oa hae le barali ba bararo ha ho ne ho neheloa Bethele e ncha ea Portugal! Re ne re sa sebeletsa lelea Portugal!—1 Bakorinthe 3:6-9.

Re ile ra abeloa ho ea hokae ka mor’a moo? Moo re sa lebellang! Re ile ra abeloa ho ea naheng ea boahelani ea Spain. Re ne re sekisitse meokho ka February 1962 ha re tšoara terene Lisbon ’me re leba Madrid.

Ho Ikamahanya le Meetlo e Meng

Ha re le Spain re ile ra tlameha ho tloaela mokhoa oa ho bolela le ho tšoara liboka ka lenyele. Re ne re tloaetse hore re se ke ra etela matlo a mabeli a atamelaneng ha re bolela. Ha re qeta ho paka ntlong e sebakeng se itseng, re ne re e-ea seterateng se seng le mohahong o mong. Sena se ne se thatafalletsa mapolesa—kapa baprista—ho re tšoara. U hopole hore re ne re phela pusong ea Bofasista le bompoli ba Mak’hatholike, ’me mosebetsi oa rōna oa ho bolela o ne o thibetsoe. Kaha re ne re le melata, re ile ra ikhakanya ka mabitso a Sepanishe e le hore re se ke ra tsejoa. Ke ile ka bitsoa Pablo, Hazel eena a bitsoa Juana.

Ka mor’a likhoeli li se kae re le Madrid, re ile ra abeloa mosebetsi oa potoloho Barcelona. Re ne re etela liphutheho tse sa tšoaneng motseng oo, hangata re ne re qeta libeke tse peli kapa tse tharo ho e ’ngoe le e ’ngoe. Maeto ana a ne a nka nako e telele joalo hobane re ne re etela sehlopha se seng le se seng sa thuto ea buka joalokaha eka ke phutheho, ’me hangata seo se ne se bolela lihlopha tse peli ka beke.

Phephetso e sa Lebelloang

Ka 1963 re ile ra memeloa ho etsa mosebetsi oa setereke Spain. E le hore re sebeletse Lipaki tse ka bang 3 000 tse mafolofolo, re ne re tlameha ho akaretsa naha eo kaofela, re etela lipotoloho tse robong tse neng li le teng ka nako eo. Likopano tse ling tseo re sa koaleng molomo ha re li hopola ke tseo re neng re li tšoarela ka lenyele haufi le Seville, polasing e haufi le Gijon, le tseo re neng re li tšoarela linōkeng tse haufi le Madrid, Barcelona le Logroño.

E le hore re be malala-a-laotsoe ha re bolela ka ntlo le ntlo, ke ne ke hlahloba boemo ba literata tse haufi bakeng sa moo re ka balehang le teng haeba ho ka etsahala phoso. Ka lekhetlo le leng ha re ntse re bolela Madrid, ’na le Paki e ’ngoe re ne re le mokatong o ka holimo ha re utloa ka tšohanyetso batho ba tlerolang le ba hoeletsang ka tlaase. Ha re fihla tlaase, ho ne ho e-na le sehlopha sa banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba litho tsa sehlopha sa Mak’hatholike se bitsoang Hijas de María (Bana ba Maria). Ba ne ba lemosa baahi ba moo ka rōna. Ba ile ba hana ho re mamela, ’me ka tseba hore re tla tlameha ho tloha hang-hang ho seng joalo mapolesa a tla re tšoara. Kahoo re ile ra baleha—le hona ka potlako!

Ho ne ho le monate ho ba Spain lilemong tseo. Re ne re leka ho khothatsa bara le barali babo rōna ba molemo ba moo, ho akarelletsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ba ne ba ipeha kotsing ea ho kena chankaneng ’me hangata ba mamella bofutsana e le hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho theha le ho matlafatsa liphutheho.

Nakong eo re ile ra fumana le litaba tse bohloko. Hazel oa hlalosa: “Ka 1964 ’Mè, eo e neng e le Paki e tšepahalang, o ile a shoa. Ke ile ka utloa bohloko haholo hore a ntšie ke sa mo lumelisa. Bona ke bo bong ba mathata a mosebetsi oa boromuoa ao ba bang ba bangata ba ’nileng ba tobana le ’ona.”

Tokoloho Qetellong

Ka mor’a lilemo tsa ho hlorisoa, ’muso oa Franco o ile oa qetella o ngolisitse mosebetsi oa rōna ka molao ka July 1970. ’Na le Hazel re ile ra thaba haholo ha ho buloa Liholo tsa ’Muso, ea pele e ile ea buloa Madrid ’me ea bobeli ea buloa Lesseps, Barcelona. Kamehla li ne li e-na le matšoao a maholo, hangata e le a bonesitsoeng. Re ne re batla hore batho ba tsebe hore re ngolisitsoe ka molao le hore re tla lula re le teng Spain! Mothating ona, ka 1972, ho ne ho e-na le Lipaki tse 17 000 Spain.

Ka nako ena, ke ile ka fumana litaba tse khothatsang haholo tse tsoang Engelane. Ntate o ne a ile a re etela Spain ka 1969. O ile a khahloa ke tsela eo Lipaki tsa Spain li ileng tsa mo tšoara ka eona hoo eitseng ha a khutlela Engelane a ileng a qala ho ithuta Bibele. Joale ka 1971, ke ile ka bolelloa hore Ntate o kolobelitsoe! E ne e le nako e amang maikutlo ha re ne re etetse hae ’me a lebohela lijo ka thapelo joaloka mor’eso oa Mokreste. Ke ne ke emetse letsatsi leo ka lilemo tse 20. Moena oa ka Bob le mosali oa hae, Iris, e ne e bile Lipaki ka 1958. Mora oa bona, Philip, hona joale o sebetsa Spain e le molebeli oa potoloho hammoho le mosali oa hae, Jean. Re thaba haholo ha re bona ba sebetsa naheng eo e ntle.

Ntho ea Morao-rao eo re Neng re sa e Lebella

Ka February 1980, setho sa Sehlopha se Busang se ile sa etela Spain e le molebeli oa libaka. Ke ile ka makala ha se batla ho tsamaea le ’na tšebeletsong. Ke ne ke sa tsebe hore sea ntlhahloba! Joale ka September re ile ra mengoa hore re fallele ntlo-khōlō e Brooklyn, New York! Re ne re maketse. Re ile ra amohela memo eo, le hoja lipelo tsa rōna li ne li le bohloko ha re siea barab’abo rōna ba Spain. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse 48 000!

Ha re tloha, mor’abo rōna e mong o ile a mpha oache ea pokotho. Ho eona o ne a ngotse litemana tse peli—“Lucas 16:10; Lucas 17:10.” O ile a bolela hore ke litemana tsa ka tsa sehlooho. Luka 16:10 e hatisa hore re lokela ho tšepahala linthong tse nyenyane, ’me Luka 17:10 e bolela hore “re makhoba a se nang molemo” ’me ka lebaka leo ha re na lebaka la ho ithorisa. Kamehla ke hlokometse hore eng kapa eng eo re e etsang tšebeletsong ea Jehova ke feela tšoanelo ea rōna re le Bakreste ba inehetseng.

Bokuli bo Neng bo sa Lebelloa

Ka 1990, ke ile ka tšoaroa ke lefu la pelo. Qetellong, ke ile ka tlameha ho kenngoa lethopo e le hore ho buloe mothapo o koalehileng. Nakong ena e thata ea ho fokola ’meleng, Hazel o ntšehelitse ka litsela tse ngata, hangata a nka mekotlana le lisutuk’heise tse neng li nkimela ka lebaka la ho fokola. Joale, ka May 2000, ke ile ka kenngoa mochine o laolang ho otla ha pelo. O entse phetoho e khōlō hakaakang!

Ka lilemo tse 50 tse fetileng, ’na le Hazel re bone hore letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane le hore merero ea hae e phethahala ka nako e tšoanetseng, eseng ea rōna. (Esaia 59:1; Habakuke 2:3) Bophelong ba rōna re bile le lintho tse ngata tse thabisang tse neng li sa lebelloa le tse seng kae tse bohloko, empa Jehova o re tšehelitse ho tsona tsohle. Mona ntlo-khōlō ea batho ba Jehova, re hlohonolofatsoa letsatsi le leng le le leng ka ho kopana le litho tsa Sehlopha se Busang. Ka linako tse ling ke ee ke ipotse, ‘Na ka sebele re moo?’ Ke mosa o sa re tšoanelang. (2 Bakorinthe 12:9) Re tšepa hore Jehova o tla ’ne a re sireletse maqiting a Satane le ho re boloka e le hore re ka thabela letsatsi la puso ea hae ea ho loka lefatšeng.—Baefese 6:11-18; Tšenolo 21:1-4.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Chankana ea Strangeways, Manchester, moo ke qalileng ho sebeletsa kahlolo ea ka ea chankana

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Re koloing ea rōna ea Austin Seven mosebetsing oa potoloho Engelane

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Kopano ea lenyele Cercedilla, Madrid, Spain, ka 1962

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Re tafoleng ea rōna ea ho paka Brooklyn