Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisang Jehova ha le Koetlisa Bana ba Lōna

Etsisang Jehova ha le Koetlisa Bana ba Lōna

Etsisang Jehova ha le Koetlisa Bana ba Lōna

“Na batsoali bohle ha ba khalemele bana ba bona?”—BAHEBERU 12:7, Contemporary English Version.

1, 2. Ke hobane’ng ha kajeno batsoali ba thatafalloa ke ho hōlisa bana ba bona?

PHUPUTSO e ileng ea etsoa Japane lilemong tse seng kae tse fetileng e ile ea senola hore hoo e ka bang halofo ea batho ba baholo bao ho buisanoeng le bona ba nahana hore batsoali le bana ba buisana seoelo le hore batsoali ba bokotsa bana ho tlōla. Phuputsong e ’ngoe hona naheng eo, hoo e ka bang kotara ea bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ile ba lumela hore ha ba tsebe ho sebelisana le bana. Mokhoa ona ha oa ata linaheng tsa Bochabela feela. The Toronto Star e ile ea tlaleha hore “batsoali ba bangata ba Macanada ba ile ba lumela hore ha ba tsebe hantle hore na e ka ba batsoali ba molemo joang.” Hohle, batsoali ba thatafalloa ke ho hōlisa bana ba bona.

2 Ke hobane’ng ha batsoali ba thatafalloa ke ho hōlisa bana ba bona? Lebaka le ka sehloohong ke hore re phela “matsatsing a ho qetela,” ’me re ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Ho phaella moo, Bibele e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) ’Me bacha ke bona ba oelang ka ho khetheha litlhaselong tsa Satane ea hlaselang joaloka “tau e purumang” ba se nang phihlelo. (1 Petrose 5:8) Ka sebele mathata a mangata bakeng sa batsoali ba Bakreste ba qalang ka boikemisetso ho hōlisa bana ba bona ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Batsoali ba ka thusa bana ba bona hore ebe barapeli ba Jehova ba hōlileng tsebong joang, ba khonang ho khetholla “se nepahetseng le se fosahetseng”?—Baheberu 5:14.

3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batsoali ba koetlise le ho tataisa bana ba bona e le hore ba ba hōlise ka katleho?

3 Morena Solomone ea bohlale o ile a elelloa hore “booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liproverbia 13:1; 22:15) Hore bana ba tlose booatla bo joalo lipelong tsa bona ba hloka khalemelo e lerato ea batsoali. Leha ho le joalo, hase kamehla bana ba thabelang ho amohela khalemelo e joalo. Ha e le hantle, hangata ba hloea khalemelo ho sa tsotellehe hore na e fanoa ke mang. Kahoo, batsoali ba lokela ho ithuta ho “koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng.” (Liproverbia 22:6) Ha bana ba khomarela taeo e joalo, e ka ba phelisa. (Liproverbia 4:13) Ke habohlokoa hakaakang hore batsoali ba tsebe se amehang ho hōliseng bana ba bona!

Taeo—Seo e se Akarelletsang

4. Moelelo o ka sehloohong oa “taeo” joalokaha e sebelisitsoe ka Bibeleng ke ofe?

4 Batsoali ba bang ba tlohela ho khalemela bana ba bona hobane ba tšaba ho qosoa ka ho khahlapetsa bana ’meleng, ka mantsoe, kapa maikutlong. Ha ho hlokahale hore re be le tšabo eo. Lentsoe “taeo,” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng, ha le akarelletse ho khahlapetsa kapa sehlōhō sa mofuta ofe kapa ofe. Lentsoe la Segerike bakeng sa “taeo” le amana haholo le thupelo, thuto, khalemelo, ’me ka linako tse ling le ama ho shapa ho etsoang ka tieo empa e le ka mokhoa o lerato.

5. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho hlahloba tsela eo Jehova a sebelisanang le batho ba hae ka eona?

5 Jehova Molimo o fana ka mohlala o phethahatseng oa ho fana ka taeo e joalo. Moapostola Pauluse o ile a ngola se latelang ha a bapisa Jehova le ntate oa motho: “Na batsoali bohle ha ba khalemele bana ba bona? . . . Bo-ntat’a rōna ba batho ba re khalemela ka nakoana feela, ’me ba ho etsa kamoo ba nahanang hore ho molemo ka ho fetisisa. Empa Molimo o re khalemela molemong oa rōna, hobane o batla hore re halalele.” (Baheberu 12:7-10; Contemporary English Version) E, Jehova o laea batho ba hae ka morero oa hore e ka ba ba halalelang, kapa ba hloekileng. Ka sebele re ka ithuta ho hongata ka ho laea bana ka ho hlahloba kamoo Jehova a koetlisitseng batho ba hae kateng.—Deuteronoma 32:4; Matheu 7:11; Baefese 5:1.

Lerato ke Matla a Susumetsang

6. Ke hobane’ng ha batsoali ba ka ’na ba thatafalloa ke ho etsisa lerato la Jehova?

6 Moapostola Johanne o re: “Molimo ke lerato.” Kahoo, koetliso eo Jehova a fanang ka eona e susumetsoa ke lerato kamehla. (1 Johanne 4:8; Liproverbia 3:11, 12) Na see se bolela hore batsoali ba nang le lerato la tlhaho bakeng sa bana ba bona ba ka fumana ho le bonolo ho etsisa Jehova tabeng ee? Ha ho be joalo kamehla. Lerato la Molimo ke lerato le tsamaisoang ka melao-motheo. Setsebi se seng sa Mogerike se bontša hore lerato le joalo “hase kamehla le tsamaisanang le litšekamelo tsa tlhaho.” Molimo ha a susumetsoe ke maikutlo. Kamehla o nahanela se molemo ka ho fetisisa bakeng sa batho ba hae.—Esaia 30:20; 48:17.

7, 8. (a) Jehova o ile a beha mohlala ofe oa lerato le tsamaisoang ke melao-motheo ha a sebelisana le batho ba hae? (b) Batsoali ba ka etsisa Jehova joang ha ba thusa bana ba bona ho hlaolela bokhoni ba ho latela melao-motheo ea Bibele?

7 Nahana ka lerato leo Jehova a ileng a le bontša ha a sebelisana le Baiseraele. Moshe o ile a sebelisa papiso e amang pelo ho hlalosa lerato la Jehova bakeng sa sechaba se sa tsoa thehoa sa Iseraele. Rea bala: “Feela joalokaha ntsu e sisinya sehlaha sa eona, e ōkaōkela malinyane a eona, e phukalatsa mapheo a eona, e a nka, e a jara ka masiba a eona, Jehova a le mong o ’nile a . . . tsamaisa [Jakobo].” (Deuteronoma 32:9, 11, 12) E le hore ntsu ea ’m’amalinyane e a rute ho fofa, “e sisinya sehlaha sa eona,” e opa le ho phukalatsa mapheo a eona ho a susumetsa hore a fofe. Ka mor’a nako ha lelinyane le ipetsa ka sehlaheng, seo hangata se leng tsullung ea lilomo, ntsu ea ’m’amalinyane ea le “ōkaōkela.” Ha ho bonahala eka lelinyane le ka ’na la tabana fatše, ’m’amalinyane ea tsubella, e le pepa ka ‘mapheo.’ Ka lerato, Jehova o ile a hlokomela sechaba se sa tsoa tsoaloa sa Iseraele ka tsela e tšoanang. O ile a fa sechaba Molao oa Moshe. (Pesaleme ea 78:5-7) Ka mor’a moo, Molimo o ile a alosa sechaba sa hae ka hloko, a loketse ho phallela batho ba hae ha ba kena khathatsong.

8 Batsoali ba Bakreste ba ka etsisa lerato la Jehova joang? Ntho ea pele, ba lokela ho ruta bana ba bona melao-motheo le litekanyetso tse ka Lentsoeng la Molimo. (Deuteronoma 6:4-9) Pakane ke ho thusa bana ho ithuta ho etsa liqeto tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Ha ba etsa sena, ka mantsoe a mang re ka re batsoali ba lerato ba ōkaōkela bana ba bona, ba ba behile leihlo ho bona hore na ba sebelisa melao-motheo eo ba ithutileng eona joang. Ha bana ba ntse ba thuthuha ’me ba fuoa bolokolohi bo eketsehileng, batsoali ba hlokomelang ke malala-a-laotsoe ho ‘tsubella’ le ho ‘pepa bana ba bona mapheong a bona’ neng le neng ha kotsi e le teng. E le kotsi ea mofuta ofe?

9. Batsoali ba lerato ba lokela ho falimehela kotsi efe ka ho khetheha? Etsa mohlala.

9 Jehova Molimo o ile a lemosa Baiseraele ka liphello tsa litloaelano tse mpe. (Numere 25:1-18; Esdrase 10:10-14) Ho tloaelana le batho ba fosahetseng le hona ke kotsi e tloaelehileng kajeno. (1 Bakorinthe 15:33) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsisa Jehova ntlheng ena. Ngoanana ea lilemo li 15 ea bitsoang Lisa o ile a khahloa ke moshemane ea neng a se na mekhoa ea boitšoaro le litekanyetso tsa moea tseo lelapa labo Lisa le neng le e-na le tsona. Lisa o re: “Kapele feela batsoali ba ka ba ile ba hlokomela phetoho boikutlong ba ka ’me ba bontša hore baa belaela. Ka linako tse ling ba ne ba nkhalemela, ’me ka linako tse ling ba ne ba nkhothatsa ka bonolo.” Ba ne ba lula fatše le Lisa ’me ba mo mamela ba sa fele pelo, kahoo ba mo thusa hore a sebetsane le seo ba neng ba lemoha hore ke sesosa sa bothata—e leng takatso ea hore a amoheloe ke lithaka tsa hae. *

Bolokang Puisano e Ntle

10. Ke ka litsela life Jehova a ileng a beha mohlala o motle ha a buisana le Baiseraele?

10 E le hore batsoali ba atlehe ha ba koetlisa bana, ba lokela ho loanela ho boloka puisano e ntle le bana ba bona. Le hoja Jehova a hlokomela ka ho feletseng se ka lipelong tsa rōna, o re khothalletsa ho buisana le eena. (1 Likronike 28:9) Ka mor’a hore Jehova a fe Baiseraele Molao, o ile a laela Balevi hore ba ba laee, ’me o ile a rōma baprofeta hore ba ba behele mabaka le ho ba khalemela. Hape o ile a bontša hore o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsa bona.—2 Likronike 17:7-9; Pesaleme ea 65:2; Esaia 1:1-3, 18-20; Jeremia 25:4; Bagalata 3:22-24 .

11. (a) Batsoali ba ka khothalletsa puisano e ntle le bana ba bona joang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba mamele ka hloko ha ba buisana le bana ba bona?

11 Batsoali ba ka etsisa Jehova ha ba buisana le bana ba bona joang? Ntho ea pele, ba lokela ho ipha nako ea bona. Hape, ke hantle ha batsoali ba qoba lipolelo tse phoqang tse bontšang ho se nahane tse kang, “Nthonyana eo ke eona phetho e u tšoenyang? Ke ne ke re ekaba u tla bua ntho e itseng cha!”; “Ha u na kelello”; “U ne u lebelletse’ng uena? U etsoa ke bongoana.” (Liproverbia 12:18) Batsoali ba bohlale ba leka ho mamela ka hloko e le hore ba khothaletse bana ho ntša maikutlo. Batsoali ba hlokomolohang bana ba bona ha bana ba le banyenyane ba ka ’na ba fumana hore bana baa ba hlokomoloha ha ba hōla. Kamehla Jehova o ’nile a ikemisetsa ho mamela batho ba hae. Litsebe tsa hae li lethoethoe ka linako tsohle ho mamela ba eang ho eena ka thapelo ka boikokobetso.—Pesaleme ea 91:15; Jeremia 29:12; Luka 11:9-13.

12. Batsoali ba ka bonahatsa litšoaneleho life tse ka etsang hore bana ba ba atamele habonolo?

12 Hape hlahloba kamoo litšobotsi tse itseng tsa Molimo li entseng hore ho be bonolo kateng hore batho ba hae ba mo atamele ka bolokolohi. Ka mohlala, Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a etsa sebe se tebileng ka ho feba le Bathe-sheba. Kaha e ne e le motho ea sa phethahalang, Davida o ile a etsa libe tse ling tse tebileng bophelong ba hae. Empa ha ho mohla a ileng a tlohela ho atamela Jehova le ho batla tšoarelo ea hae le khalemelo. Ha ho pelaelo hore mosa o lerato oa Molimo le mohau oa hae li ile tsa nolofalletsa Davida ho khutlela ho Jehova. (Pesaleme ea 103:8) Ha batsoali ba bontša litšoaneleho tsa bomolimo tse kang qenehelo le mohau, ba ka thusa ho boloka puisano esita le ha bana ba fosa.—Pesaleme ea 103:13; Malakia 3:17.

Le be le Kahlolo e Molemo

13. Ho ba le kahlolo e molemo ho akarelletsa eng?

13 Ha batsoali ba mamela bana ba bona, ba lokela ho ba le kahlolo e molemo ’me ba bonahatse “bohlale bo tsoang holimo.” (Jakobo 3:17) Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ho ba le kahlolo e molemo ho bolela’ng? Tlhaloso e ’ngoe ea lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “kahlolo e molemo” ke “ho se tsitlelle ho ntša molao ka metso.” Batsoali ba ka ba le kahlolo e molemo joang empa ba ntse ba tšoarelletse litekanyetsong tsa boitšoaro le tsa moea?

14. Jehova o ile a bontša kahlolo e molemo joang ha a sebetsana le Lota?

14 Tabeng ea ho ba le kahlolo e molemo Jehova o beha mohlala o babatsehang. (Pesaleme ea 10:17) Ha a ne a phehella Lota le lelapa la hae hore ba tsoe motseng o ahlotsoeng oa Sodoma, Lota ‘a ’na a lieha.’ Hamorao ha lengeloi la Jehova le kōpa Lota hore a balehele sebakeng se lithaba, o ile a re: “Ha ke khone ho balehela sebakeng se lithaba . . . Ka kōpo, motse ona [oa Zooare] o haufi hore nka balehela ho oona ’me ke ntho e nyenyane. Ka kōpo, na nka balehela teng—na hase ntho e nyenyane?” Jehova o ile a etsa joang ka see? O ile a re: “Ke u nahanela le ho isa tekanyong ena, ka hore ke se ke ka heletsa motse oo u buileng ka oona.” (Genese 19:16-21, 30) Jehova o ne a ikemiselitse ho lumella kōpo ea Lota. E, ho hlokahala hore batsoali ba khomarele litekanyetso tseo Jehova Molimo a li behileng ka Lentsoeng la hae e leng Bibele. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore litakatso tsa bana li nahaneloe, ha ho sa tlōloe melao-motheo ea Bibele.

15, 16. Ke thuto efe eo batsoali ba ka ithutang eona papisong e fumanoang ho Esaia 28:24, 25?

15 Ho ba le kahlolo e molemo ho akarelletsa ho lokisetsa lipelo tsa bana ho amohela keletso. Ka tsela ea tšoantšetso, Esaia o ile a tšoantša Jehova le molemi ’me a re: “Na molemi o lema letsatsi lohle e le hore a jale peō, a hlephise le ho ekha mobu oa hae? Ha a se a batalalitse bokaholimo ba oona, na joale ha a hasanye kumine e ntšo ’me a jale kumine, ’me na ha a kenye koro, nyalothe, le harese sebakeng se behiloeng, le maili e le moeli oa hae?”—Esaia 28:24, 25.

16 Jehova ‘oa lema e le hore a jale peō’ ’me o ‘hlephisa le ho ekha mobu oa hae.’ Ka tsela eo o lokisa lipelo tsa batho ba hae pele a ba khalemela. Batsoali ba ka “lema” lipelo tsa bana ba bona joang ha ba ba khalemela? Ntate e mong o ile a etsisa Jehova ha a khalemela mora oa hae ea lilemo li ’nè. Ha mora oa hae a ne a otlile moshemane oa moahelani, ntate o ile a qala ka ho mamela boikemelo ba mora oa hae a sa fele pelo. Ka mor’a moo, joalokaha eka o “lema” pelo ea mora oa hae, ntate o ile a pheta pale ea moshemane e monyenyane ea neng a hlorisoa haholo ke moshemane e mong oa ’mampoli. Ha moshemane oa hae a utloa pale ena, o ile a susumelletseha hore a re moshemane eo oa ’mampoli o lokela ho otloa. Ho “lema” ka tsela ena ho ile ha lokisa pelo ea moshemane enoa ’me ha mo nolofalletsa ho bona hore ho otla moshemane oa moahelani e ne e le ketso ea bompoli ’me e fosahetse.—2 Samuele 12:1-14.

17. Ho Esaia 28:26-29 ho fanoa ka thuto efe ea khalemelo e etsoang ke batsoali?

17 Esaia o ile a tsoela pele ho bapisa khalemelo ea Jehova le mosebetsi o mong o etsoang temong—e leng mosebetsi oa ho pola. Molemi o pola ka lisebelisoa tse sa tšoaneng ho itšetlehile ka bothata ba lekhapetla la sejo-thollo. Kumine e ntšo e bonolo e poloa ka thupa ’me kumine eona e poloa ka molamu, ebe lijo-thollo tse makhapetla a thata li poloa ka selei kapa ka lebili la kariki. Leha ho le joalo, a ke ke a pola lijo-thollo tse thata ho fihlela li sileha. Ka tsela e tšoanang, ha Jehova a batla ho tlosa se sa rateheng ho batho ba hae, o fetola tšoaro ea hae ho latela se hlokahalang ka nako eo le ho latela maemo a nako eo. Ha a hatelle ebile ha a tube. (Esaia 28:26-29) Bana ba bang ba khalemeloa ke leihlo la batsoali feela. Ba bang ba hloka ho hopotsoa nako le nako, ha ba bang bona ba ka ’na ba hloka ho phehelloa ka matla. Batsoali ba nang le kahlolo e molemo ba tla khalemela bana ho latela se hlokoang ke ngoana ka mong.

Etsang Hore Lipuisano Tsa Lelapa e be Tse Thabisang

18. Batsoali ba ka bula monyetla oa thuto ea lelapa ea Bibele ea kamehla joang?

18 Tse ling tsa litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho laea bana ba lōna ke thuto ea lelapa ea Bibele ea kamehla le puisano ea letsatsi le letsatsi ea Mangolo. Thuto ea lelapa e atleha haholo ha e tšoaroa kamehla. Haeba qeto ea ho e tšoara e etsoa ka tšohanyetso feela tjena kapa ka lehlaphahlapa, e ke ke ea tšoaroa kamehla. Kahoo, batsoali ba lokela ‘ho reka nako’ ea thuto. (Baefese 5:15-17) Ho khetha nako e itseng e lumellanang le bohle e ka ba bothata. Ntate e mong o ile a fumana hore ha bana ba ntse ba hōla, likemiso tsa bona tse sa tšoaneng li ne li thatafatsa hore lelapa lohle le be hammoho. Leha ho le joalo, lelapa le ne le e-ba hammoho kamehla mantsiboeeng a liboka tsa phutheho. Kahoo, ntate o ile a lokisetsa hore thuto ea lelapa e be mantsiboeeng a mang ho ao. Tokisetso ena e ile ea atleha. Bana bao ba bararo kaofela, hona joale ke bahlanka ba kolobelitsoeng ba Jehova.

19. Batsoali ba ka etsisa Jehova joang ha ba khanna thuto ea lelapa?

19 Leha ho le joalo, ha hoa lekana hore nakong ea thuto taba e itseng e tsoang ka Mangolong e etsoe mabala-nkoe feela. Jehova o ne a ruta Baiseraele ba tsosolositsoeng ka baprista, ba neng ba ‘qaqisa [Molao] le ho o kenya moelelo’ “ba . . . etsa hore ’malo o utloisisoe.” (Nehemia 8:8) Ntate e mong ea ileng a atleha ho thusa bana bohle ba hae ba supileng ho rata Jehova, kamehla o ne a ikoalla ka kamoreng ea hae pele ho thuto ea lelapa e le hore a lokisetse, a etsa hore taba e tla tšohloa e lumellane le litlhoko tsa ngoana ka mong. O ne a etsa hore bana ba hae ba thabele thuto. Mora e mong oa hae ea seng a hōlile oa hopola: “Thuto e ne e e-ba monate kamehla. Haeba re ne re le ka ntle re bapala bolo ha re bitsetsoa thuto ea lelapa, kapele feela re ne re hleka bolo ea rōna ebe re mathela ka tlung bakeng sa thuto. E ne e e-ba mantsiboea a monate ka ho fetisisa a beke.”

20. Ho tla tšohloa bothata bofe bo ka ’nang ba hlaha ha ho hōlisoa bana?

20 Mopesaleme o ile a re: “Bonang! Bara ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso.” (Pesaleme ea 127:3) Ho koetlisa bana ba rōna ho hloka nako le boiteko, empa ha ho etsoa ka tsela e tšoanetseng ho ka bolela bophelo bo sa feleng ho bana ba rōna. Moputso oo e ka ba o motle hakaakang! E se eka re ka chesehela ho etsisa Jehova ha re koetlisa bana ba rōna. Leha ho le joalo, le hoja batsoali ba filoe boikarabelo ba ho “hōlisa [bana] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ha ho na bopaki bo tiileng ba hore ba tla atleha. (Baefese 6:4) Ngoana leha a hlokometsoe hamolemo ka ho fetisisa, e ka ba lerabele ’me a khaotsa ho sebeletsa Jehova. Boemong bo joalo ho ka etsoa joang? Ke taba e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Mohlomong liphihlelo tse fumanoang sehloohong sena le se latelang li tsoa linaheng tse fapaneng le ea haeno ka meetlo. Leka ho lemoha melao-motheo e amehang, ebe u e sebelisa boemong ba meetlo ea haeno.

Karabo ea Hao ke Efe?

•Batsoali ba ka etsisa lerato la Jehova le hlalositsoeng ho Deuteronoma 32:11, 12 joang?

•U ithutile’ng tseleng eo Jehova a neng a buisana le Baiseraele ka eona?

•Ho mamela ha Jehova thapeli ea Lota ho re ruta eng?

•U ithutile’ng ka ho khalemela bana ho Esaia 28:24-29?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Moshe o ile a tšoantša ho koetlisa ha Jehova batho ba hae le litsela tseo ntsu e koetlisang malinyane a eona ka tsona

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ho hlokahala hore batsoali ba iphe nako ea bana ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

“E ne e e-ba mantsiboea a monate ka ho fetisisa a beke”