Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšepahala ho Bolela Eng?

Ho Tšepahala ho Bolela Eng?

Ho Tšepahala ho Bolela Eng?

BAHASID ba Bajuda ba ho tloha lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. ba ne ba nka hore ba tšepahala kannete. Lebitso la bona le tsoa ho cha·sidhʹ, e leng lentsoe le ka sehloohong la Seheberu bakeng sa “ho tšepahala.” Motso oa lona ke lereho cheʹsedh, leo hangata le fetoleloang e le “mosa o lerato,” “lerato le tšepahalang,” “mosa,” “molemo” le “mohau.” Ho ea ka Theological Dictionary of the Old Testament, cheʹsedh “e ama ketso, tšebelisano le mamello [’me] ha e bolele feela boikutlo ba motho, empa hape e bolela ketso e hlahisoang ke boikutlo bona. Ke ketso e bolokang kapa e ntšetsang bophelo pele. Ke ho phallela motho ea utloang bohloko kapa ea tšoenyehileng. Ke pontšo ea botsoalle.”

Ho hlakile hore ka lipuo tse ngata ha ho na lentsoe le le leng le ka fetisang moelelo o feletseng oa lentsoe lena la Seheberu joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea Bibele, botšepehi hase feela ho tšoarella ka botšepehi linthong tseo motho a itlammeng hore o tla li etsa. Bo akarelletsa maikutlo a ho khomarela ka lerato hammoho le ho nka bohato bo tiileng ho ruisa ba bang molemo. Ho utloisisa hore na botšepehi ba ’nete ke eng, nahana kamoo Jehova a ileng a bo bontša ho Abrahama, Moshe, Davida, sechaba sa Iseraele le ho moloko oa batho ka kakaretso.

Jehova o Bontšitse Botšepehi

Jehova o ile a re ho motsoalle oa hae Abrahama: “Ke ’na thebe ea hao.” (Genese 15:1; Esaia 41:8) Mantsoe ana e ne e se puo ea molomo feela. Jehova o ile a sireletsa le ho lopolla Abrahama le ba ntlo ea hae ho Faro le ho Abimeleke. O ile a thusa Abrahama hore a pholose Lota ho marena a mane a selekane. Jehova o ile a tsosa matla a ho etsa bana a Abrahama ea lilemo li 100 le Sara ea lilemo li 90 e le hore ka bona ho ka hlaha Peō e tšepisitsoeng. Nako le nako Jehova o ne a buisana le Abrahama ka lipono, litoro le manģosa a mangeloi. Ha e le hantle, Jehova o ile a bontša botšepehi ho Abrahama ha a sa ntse a phela le nako e telele ka mor’a lefu la hae. Ka makholo a lilemo, Jehova o ile a boloka litšepiso tsa hae ho bana ba Abrahama, e leng sechaba sa Iseraele, ho sa tsotellehe borabele ba bona. Kamano ea Jehova le Abrahama e ne e le pontšo ea seo botšepehi ba ’nete bo leng sona—e leng lerato le bontšoang ka liketso.—Genese, khaolo ea 12 ho ea ho khaolo ea 25.

Ho ile ha boleloa hore “Jehova [o ile] a bua le Moshe lifahleho li talimane, feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo.” (Exoda 33:11) Ha ho pelaelo hore kamano ea Moshe le Jehova e ne e le e atamelaneng ho feta ea baprofeta ba bang bohle ba tlileng pele ho Jesu Kreste. Jehova o ile a bontša botšepehi ho Moshe joang?

Ha Moshe e le monna ea lilemo li 40, ea nang le matla le bokhoni, ka boikakaso o ile a ipha boikarabelo ba ho lokolla sechaba sa habo. Empa nako e ne e e-s’o fihle. O ile a tlameha ho balehisa bophelo ba hae. O ile a alosa linku Midiane ka lilemo tse 40. (Liketso 7:23-30) Ho sa tsotellehe seo, Jehova ha aa ka a mo lahla. Ka nako e loketseng, Moshe o ile a khutlisoa hore a ntše Baiseraele Egepeta.

Ka ho tšoanang, Jehova o ile a bontša botšepehi ho Davida, morena ea tsebisahalang oa bobeli oa Iseraele. Davida e ne e sa le mocha ha Jehova a bolella moprofeta Samuele, a re: “Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!” Ho tloha ka nako eo, ka botšepehi Jehova o ile a sireletsa le ho tataisa Davida ha a ntse a hōla hore e tle e be morena oa ka moso oa Baiseraele bohle. Jehova o ile a mo lopolla “marōng a tau le marōng a bere,” le letsohong la senatla sa Mofilista se bitsoang Goliathe. O ile a etsa hore ka makhetlo a mangata Davida a hlōle lira tsa Iseraele, ’me Jehova o ile a lopolla Davida lerumong la Saule ea mōna le ea lehloeo.—1 Samuele 16:12; 17:37; 18:11; 19:10.

Ke ’nete hore Davida e ne e le motho ea sa phethahalang. Ha e le hantle, o ile a etsa libe tse tebileng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Jehova a lahle Davida ea bakileng ka botebo, o ile a mo bontša lerato le tšepahalang. Bophelong bohle ba Davida, ka makhetlo Jehova o ile a nka mehato e bolokang bophelo le e bo ntšetsang pele. O ne a phallela ea tšoenyehileng. Sena e ne e le mosa o lerato e le kannete!—2 Samuele 11:1–12:25; 24:1-17.

Sechaba sa Iseraele kaofela se ile sa kena kamanong e khethehileng ea boinehelo ho Jehova ha se ne se lumela litumellano tsa selekane sa Molao oa Moshe Thabeng ea Sinai. (Exoda 19:3-8) Kahoo, Baiseraele ba tšoantšetsoa ba le kamanong ea lenyalo le Jehova. Ho ile ha thoe ho Baiseraele: “Jehova o u bitsitse joalokaha eka u mosali.” Hape Jehova o ile a re ho bona: “Ke tla u hauhela ka mosa o lerato ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 54:6, 8) Jehova o ile a bontša botšepehi joang kamanong ee e khethehileng?

Jehova ke eena ea ileng a etella pele ho hlokomeleng litlhoko tsa Baiseraele le ho matlafatseng maqhama a hae le bona. O ile a ba lopolla Egepeta, a ba hlophisa hore e be sechaba, ’me a ba isa “naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Exoda 3:8) O ne a ba laea kamehla moeeng ka baprista, ka Balevi le ka letoto la baprofeta le manģosa. (2 Likronike 17:7-9; Nehemia 8:7-9; Jeremia 7:25) Ha sechaba se ne se retelehela ho sebeletseng melimo e meng, Jehova o ne a se khalemela. Ha se baka, o ne a se tšoarela. Ke ’nete hore sechaba sa Iseraele e ne e le “mosali” ea likhathatso. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a potlakela ho mo lahla. Ka lebaka la litšepiso tsa hae ho Abrahama, O ile a khomarela Baiseraele ka botšepehi ho fihlela merero ea Hae mabapi le bona e phethahala. (Deuteronoma 7:7-9) Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa banyalani kajeno!

Jehova o boetse o bontša botšepehi ho moloko oa batho ka kakaretso ka hore o fana ka lintho tseo e leng litlhoko tse ka sehloohong tsa batho bohle, ba lokileng le ba sa lokang. (Matheu 5:45; Liketso 17:25) Ho feta moo, o fane ka Mora oa hae e le sehlabelo sa thekollo e le hore moloko oohle oa batho o ka ba le monyetla oa ho lokolloa botlamuoeng ba sebe le lefu le ho thabela ho lebella bophelo bo phethahetseng le ba ka ho sa feleng Paradeiseng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Mpho ea thekollo ke ketso e khōlō ka ho fetisisa ea ho boloka bophelo le ho bo ntšetsa pele. Ka sebele ke “ho phallela motho ea utloang bohloko kapa ea tšoenyehileng.”

Paka Botšepehi ba Hao ka Liketso Tse Molemo

Kaha botšepehi bo tšoana le mosa o lerato, bo na le moelelo o matla oa ho buseletsana. Ha u bontšoa mosa o lerato, ho ka lebelloa hore le uena u o bontše. Botšepehi bo buseletsoa ka botšepehi. ’Nete ea hore Davida o ne a utloisisa moelelo oa cheʹsedh e totobatsoa ke mantsoe a hae a reng: “Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao e halalelang, ke tla roka lebitso la hao.” Ka lebaka lefe? “Ka lebaka la mosa oa hao o lerato le ka lebaka la ’nete ea hao.” (Pesaleme ea 138:2) Ho hlakile hore Davida o ile a susumeletseha ho rapela le ho roka Jehova ka lebaka la ho amohela mosa oa Hae o lerato. Kahoo, ha re ntse re nahana ka mosa o sa tšoanelang oo Jehova a re bontšang oona, na re susumeletseha ho etsa se tšoanang? Ka mohlala, haeba lebitso la Jehova le rohakoa, na kameho ea hao ka botumo ba hae e u susumelletsa hore u bue ho mo sireletsa?

Mokreste e mong e mocha le mosali oa hae ba ile ba etsahalloa ke sena ha ba ne ba ile lepatong la mong ka bona ea neng a shoele kotsing ea sethuthuthu. E ne e se tšebeletso ea bolumeli, ’me batho ba neng ba le teng ba ne ba lumelloa ho bua ho hong ka mofu. Sebui se seng se ile sa tšoaea Molimo phoso ka lefu la tšohanyetso la mohlankana enoa se re, ‘Molimo o ne a mo batla leholimong, kahoo o mo nkile.’ Mor’abo rōna oa Mokreste o ile a sitoa ho thōla. O ile a hloella sethaleng le hoja a ne a sa nka Bibele kapa pampiri e ngotseng lintlha. O ile a botsa: “Na le nahana hore Molimo ea mohau, ea qenehelang le ea matla ’ohle o lumella maemo a kang boo?” Ka mor’a moo o ile a tsoela pele ka puo e sa reroang ea metsotso e leshome, a qotsa Mangolo a hlalosang hore na ke hobane’ng ha re e-shoa, hore na Molimo o entse eng ho re pholosa lefung, le a hlalosang tebello e hlollang ea tsoho e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka tšohanyetso feela batho ba fetang 100 ba neng ba le teng ba ile ba opa liatla halelele. Hamorao mor’abo rōna o ile a hopola: “Ke ile ka ikutloa ke thabile pelong ka tsela eo ho seng mohlang nkileng ka thaba ka eona. Ke ile ka leboha Jehova ka ho nthuta bohlale ba hae le ka ho mpha monyetla oa ho sireletsa lebitso la hae le halalelang.”

Ho tšepahala ho Jehova ho akarelletsa ho tšepahala Lentsoeng la hae, e leng Bibele. Hobane’ng? Hobane Jehova o re ruta ka Bibele hore na re phele joang. Ha ho pelaelo hore melao le litekanyetso tse tlalehiloeng ka ho eona ke litaelo tse molemo le tse thusang ka ho fetisisa bophelong. (Esaia 48:17) U se ke ua lumella khatello e tsoang ho ba bang kapa bofokoli ba hao li u etse hore u tlohele ho khomarela melao ea Jehova. U tšepahalle Lentsoe la Molimo kamehla.

Ho tšepahala ho Molimo ho boetse ho akarelletsa ho tšepahala ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ha lilemo li ntse li feta, re ne re ke ke ra qoba ho lokisa le ho ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea mangolo a itseng. ’Nete ke hore ha ho batho ba feptjoang hantle moeeng joaloka rōna. (Matheu 24:45-47) Ha ho pelaelo hore Jehova ka botšepehi o tšehelitse mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa kajeno. Na le rōna re ke ke ra etsa joalo? A. H. Macmillan o ile a o tšehetsa. Nakoana pele a hlokahala, o ile a re: “Ho tloha ha ke ne ke inehela ho Molimo ha ke le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ka September 1900, ke bone ha mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o tlosa leoto, ho fihlela o hōla hore e be mokhatlo oa batho ba thabileng ba bolelang linnete tsa hae ka cheseho. . . . Ha ke bona tšebeletso eo ke e etsetsang Molimo lefatšeng e le haufi le ho khaotsa, ke kholisehile ho feta neng kapa neng hore Jehova o tataisitse batho ba hae le hore ka nako e loketseng o ba fa seo ba hlileng ba se hlokang.” Mor’abo rōna Macmillan o ile a sebeletsa ka bokhabane le ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 66, ho fihlela a hlokahala ka la 26 August, 1966. E ne e le mohlala o motle oa botšepehi mokhatlong oa Molimo o bonahalang.

Ha re tšepahala ho mokhatlo o hlophisitsoeng, na re tla tšepahala le ho ba bang? Ha re tšosoa ke mahloriso a sehlōhō, na re tla lula re tšepahala ho bara le barali babo rōna? Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, barab’abo rōna ba Netherlands ba ile ba beha mohlala o motle oa botšepehi. Moholo e mong oa Phutheho ea Groningen, e leng Klaas de Vries, o ile a hlongoa lipotso ka mokhoa o sehlōhō le o se nang mohau ke Magestapo a Bonazi, o ne a koaletsoe a le mong ka matsatsi e 12, ’me a fuoa bohobe le metsi feela, ebe ka mor’a moo o hlongoa lipotso hape. O ne a supiloe ka sethunya ’me a tšosoa ka lefu, ha a fuoa metsotso e ’meli hore a senole hore na barab’abo ba ikarabellang ba hokae, le hore a ntše boitsebiso bo bong ba bohlokoa. Ntho feela eo Klaas a neng a e bua e ne e le ho re: “Ha ho letho le leng leo le tla le utloa ho ’na. . . . Nke ke ka ba lehlabaphio.” O ile a tšosoa ka sethunya ka makhetlo a mararo. Qetellong Magestapo a ile a tela, eaba Klaas o isoa chankaneng e ’ngoe. Ho hang ha aa ka a eka barab’abo.

Na botšepehi ba rōna bo tla akarelletsa beng ka rōna ba haufi ka ho fetisisa—e leng balekane ba rōna ba lenyalo? Feela joalokaha Jehova a ile a tlotla kamano ea hae ea selekane le sechaba sa Iseraele, na re tšepahalla likano tsa rōna tsa lenyalo? Ha rea tšoanela ho tiea botšepehing ba rōna feela, empa hape re lokela ho phehella ka mafolofolo kamano e haufi le balekane ba rōna. Etella pele ho etsa hore lenyalo la hao le sireletsehe. Qetang nako le le hammoho, buisanang ka bolokolohi le ka ho toba, tšehetsanang le ho khothatsana, mamelanang, tšehang hammoho, llang hammoho, bapalang hammoho, sebetsang hammoho ho finyella lipakane tsa lōna le le babeli, khahlisanang, ’me le be metsoalle. Le be hlokolosi hore le se ke la ba le maikutlo a lerato ho ba bang. Le hoja ho loketse ebile ho tšoaneleha ho ba le bao u tloaelaneng le bona esita le ho ba le setsoalle se haufi le ba bang bao e seng balekane ba rōna ba lenyalo, maikutlo a lerato a lokela ho fella feela ho balekane ba rōna. U se ke ua lumella mang kapa mang ho kena lipakeng tsa hao le molekane oa hao.—Liproverbia 5:15-20.

Tšepahala kamehla ho metsoalle e lumelang le litho tsa lelapa. Ha lilemo li ntse li feta, u se ke ua ba lebala. Tseba moo ba leng teng, ba ngolle, ba founele, hape u ba etele. Ho sa tsotellehe hore na maemo a bophelo a u lebisa hokae, leka hore u se ke ua ba soabisa. Etsa hore ba thabele ho bolela hore baa u tseba kapa hore ba amana le uena. Ha u tšepahala ho bona, u tla lula u ikemiselitse ho etsa se nepahetseng ’me seo se tla u khothatsa.—Esthere 4:6-16.

Ha ho pelaelo hore botšepehi ba ’nete bo akarelletsa liketso tse molemo tsa ho boloka likamano tsa bohlokoa. Etsa sohle seo u ka se khonang ho buseletsa mosa o lerato oa Jehova. Etsisa botšepehi ba Jehova ha u sebelisana le phutheho ea Bokreste, molekane oa hao oa lenyalo, ba lelapa le metsoalle. Ka botšepehi u bolelle baahelani ba hao ka makhabane a Jehova. Mopesaleme o ile a opa khomo lenaka ha a re: “Ke tla bina ka lipontšo tsa Jehova tsa mosa o lerato esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ke tla tsebahatsa botšepehi ba hao ka molomo oa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Pesaleme ea 89:1) Na Molimo ea joalo ha a re hohele? Kannete “mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 100:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

A. H. Macmillan