Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le ka Thusa Ngoana “ea Lehlasoa” Joang?

Le ka Thusa Ngoana “ea Lehlasoa” Joang?

Le ka Thusa Ngoana “ea Lehlasoa” Joang?

‘Thabang, hobane o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.’—LUKA 15:32.

1, 2. (a) Bacha ba bang ba ’nile ba itšoara joang mabapi le ’nete ea Bokreste? (b) Batsoali le bana ba boemong bo joalo ba ka ’na ba ikutloa joang?

“’NA HA ke sa batla ho ba Paki!” Ho utloisa bohloko hakaakang ha batsoali ba tšabang Molimo ba lekileng ka thata ho hōlisa bana ba bona ka tsela ea Bokreste ba utloa mantsoe aa ho ngoana! Bacha ba bang ba “hoholeha” feela ba sa hlahise maikutlo a bona. (Baheberu 2:1) Ba bangata ba bona ba tšoana le mora ea lehlasoa oa papiso ea Jesu, ea ileng a tloha habo eaba o senya lefa la hae naheng e hōle.—Luka 15:11-16.

2 Le hoja Lipaki tsa Jehova tse ngata li se na bothata bona, tse nang le bona, ha ho mantsoe a tšelisang a ka tlosang masoabi a tsona ka ho feletseng. Ntho e ke keng ea tlōlisoa mahlo holimo ke ho hloka thabo hoo ngoana oa lerabele ka boeena a bang le hona. Botebong ba pelo, letsoalo la hae le ka ’na la mo tšoenya. Papisong ea Jesu, mora ea lehlasoa o ile a qetella a ‘hlaphohetsoe kelellong,’ e leng ho ileng ha thabisa ntat’ae. Batsoali le ba bang ka phuthehong ba ka thusa bana ba bohlasoa hore ba ‘hlaphoheloe kelellong’ joang?—Luka 15:17.

Lebaka Leo ba Bang ba Tlohelang ho ba Lipaki ka Lona

3. A mang a mabaka ao bacha ba bang ba etsang qeto ea ho tlohela phutheho ea Bokreste ka ’ona ke afe?

3 Ho na le bacha ba makholo a likete ba sebeletsang Jehova ka thabo ka phuthehong ea Bokreste. Joale, ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tlohela ho ba Lipaki? Ba ka ’na ba nahana hore ba fetoa ke menyetla eo lefatše le fanang ka eona. (2 Timothea 4:10) Kapa ba ka ’na ba nka hore lesaka le sireletsang la Jehova le na le melao e thata ho tlōla. Letsoalo le molato, ho thahasella bashemane kapa banana ho tlōla, kapa takatso ea ho amoheloa ke lithaka le tsona li ka hoholela mocha ka ntle ho mohlape oa Jehova. Mocha a ka ’na a tlohela ho sebeletsa Molimo ka lebaka la se bonahalang e le boikaketsi ba batsoali ba hae kapa ba Mokreste e mong ea itseng.

4. Hangata ke eng e etsang hore bacha ba hlahlathele?

4 Hangata ha metsamao ea ngoana le boitšoaro ba hae e le tsa borabele, sena ke matšoao a ho fokola moeeng, ke lipontšo tsa se ka pelong ea hae. (Liproverbia 15:13; Matheu 12:34) Ho sa tsotellehe hore na mocha o hlahlathela ka lebaka lefe, hangata sesosa sa bothata ke ho se be le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (2 Timothea 3:7) Ho e-na le hore bacha ba iketse eka ba rapela Jehova, ke habohlokoa hore ba hōlise ho ba le kamano e haufi le eena. Ke eng e tla ba thusa ho etsa joalo?

Atamelang ho Molimo

5. Ho hlokahala eng hore mocha a hōlise ho ba le kamano le Molimo?

5 Morutuoa Jakobo o ile a ngola sena: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) E le hore mocha a etse sena, o lokela hore a thusoe ho hōlisa ho rata Lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 119:97) Qalong o tla hloka “lebese”—e leng lithuto tsa motheo tsa Bibele. Empa ha a ntse a thabela Lentsoe la Molimo ’me butle-butle a ntse a rata “lijo tse tiileng”—e leng litaba tse tebileng tsa moea—o tla be a le mothating oa ho hōla moeeng. (Baheberu 5:11-14; Pesaleme ea 1:2) Mocha ea ileng a lumela hore o ne a ile le litsela tsa lefatše o ile a qala ho ananela melao-motheo ea bohlokoa ea moea. O ile a thusoa ke eng hore a sokolohe? Ha a nka khato ka tlhahiso ea hore a bale Bibele kaofela, o ile a tšoarella kemisong ea ho bala Bibele kamehla. E, ho bala Lentsoe la Molimo kamehla ke habohlokoa bakeng sa ho hōlisa tlamahano e haufi le Jehova.

6, 7. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba hōlise ho rata Lentsoe la Molimo?

6 Ke habohlokoa hakaakang hore batsoali ba thuse bana ba bona hore ba hōlise ho rata Lentsoe la Molimo! Ho sa tsotellehe thuto ea lelapa e neng e khannoa kamehla, mocha e mong oa ngoanana o ile a tloaelana le litlokotsebe. Ha a bua ka thuto ea lelapa labo, oa hopola: “Ha Ntate a ne a botsa lipotso, ke ne ke bala likarabo feela, ntle le hore ke mo shebe mahlong.” Batsoali ba bohlale ha ba akaretse taba feela nakong ea thuto ea lelapa, ho e-na le hoo, ba sebelisa tsebo ea ho ruta. (2 Timothea 4:2) Hore mocha a thabele thuto, o tlameha ho ikutloa hore ea mo ama. Ke hobane’ng ha u sa mo botse lipotso tse mo batlang maikutlo ’me u mo tlohele a itlhalose? Khothalletsa mocha hore a sebelise taba eo ho buisanoang ka eona. *

7 Ho feta moo, etsa hore puisano ea Mangolo e be e hlabollang. Moo ho loketseng, etsa hore bana ba bapale liketsahalo tsa Bibele le litšoantšiso. Ba thuse ho bona ka mahlo a kelello libaka le libōpeho tsa naha eo liketsahalo tseo ho buuoang ka tsona li etsahetseng ho eona. Ho sebelisa limmapa le lichate ho ka thusa. Ha ho pelaelo hore ha ho ka sebelisoa monahano, thuto ea lelapa e ka etsoa hore e be e hlabollang le e nang le motsoako. Batsoali le bona ba lokela ho hlahloba kamano ea bona le Jehova. Ha bona ka bobona ba atamela ho Jehova, ba ka thusa bana ba bona hore ba etse joalo.—Deuteronoma 6:5-7.

8. Thapelo e thusa motho ho atamela ho Molimo joang?

8 Thapelo le eona e thusa motho hore a atamele ho Molimo. Ngoanana e mong ea sa tsoa kena lilemong tsa bocha o ne a tšoenyehile hobane o ne a sa khone ho khetha pakeng tsa bophelo ba Bokreste le setsoalle sa hae le metsoalle e neng e sa tšoane le eena ka tumelo. (Jakobo 4:4) O ile a etsa’ng ka hona? O ile a re: “Ke ne ke qala hore ke hle ke rapele Jehova ke mo phetlela sefuba.” O ile a phetha ka hore thapelo ea hae e ile ea arabeloa ha qetellong a fumana motsoalle ka phuthehong ea Bokreste eo a neng a ka mo phetlela sefuba. Ha a ikutloa hore Jehova o ne a mo tataisa, o ile a qala ho hōlisa ho ba le kamano le Molimo. Batsoali ba ka thusa bana ba bona ka hore batsoali ka bobona ba ntlafatse lithapelo tsa bona. Ha ba rapela e le lelapa, batsoali ba ka ntša maikutlo a bona ka ho feletseng e le hore bana ba ka utloa hore ho na le tlamahano pakeng tsa batsoali le Jehova.

U se ke Ua Fela Pelo Empa U Tiee

9, 10. Jehova o ile a beha mohlala ofe ha a tiisetsa Baiseraele ba marabele?

9 Ha mocha a qala ho hoholeha, a ka ’na a leka ho itšehla thajana ’me a hana boiteko leha e le bofe ba batsoali ba hae ba ho buisana le eena ka lintho tsa moea. Batsoali ba ka etsa’ng boemong bo lekang joalo? Nahana seo Jehova a ileng a se etsa ka Baiseraele ba boholo-holo. O ile a mamella Baiseraele ba “melala e sataletseng” ka lilemo tse fetang 900 pele a ba tlohella tseleng ea bona ea borabele. (Exoda 34:9; 2 Likronike 36:17-21; Baroma 10:21) Ho sa tsotellehe hore ba ile ‘ba mo leka’ ka makhetlo-khetlo, Jehova ‘o ne a le mohau’ ho bona. “A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata, o ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.” (Pesaleme ea 78:38-42) Molimo o ne a se na molato litšebelisanong tsa hae le bona. Batsoali ba lerato ba etsisa Jehova ’me ha ba fele pelo ha ngoana a sa arabele kapele boitekong ba bona ba ho mo thusa.

10 Ho ba ea tiisetsang, kapa ea sa feleng pelo ho boetse ho bolela ho hana ho felloa ke tšepo ea hore likamano tse seng ntle li tla ntlafala. Jehova o behile mohlala oa hore na motho a ka tiisetsa joang. O ne a etella pele ka ho romela manģosa a hae ho Baiseraele “nako le nako.” Jehova “o ne a qenehela batho ba hae,” le hoja “ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae.” (2 Likronike 36:15, 16) O ne a ipiletsa ho Baiseraele, a re: “Furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe.” (Jeremia 25:4, 5) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a sekisetsa melao-motheo ea hae e lokileng. Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba khutlele ho Molimo le litseleng tsa hae.

11. Batsoali ba ka tiisetsa empa e le ba tiileng joang ha ba sebetsana le ngoana ea tsoang tseleng?

11 Batsoali ba ka etsisa Jehova ka ho ba ba tiisetsang ka hore ba se ke ba potlakela ho felloa ke matla mabapi le ngoana ea tsoang tseleng. Ba sa felloe ke tšepo, ba ka etella pele ho etseng hore puisano e se ke ea khaotsa kapa ho tsosoloseng puisano. Ba ntse ba khomaretse melao-motheo e lokileng, “nako le nako” ba ka ipiletsa ho ngoana hore a khutlele tseleng ea ’nete.

Ha Ngoana ea Tlaase Lilemong a Khaoloa

12. Batsoali ba na le boikarabelo bofe ka ngoana ea tlaase lilemong ea lulang le bona empa a lelekiloe ka phuthehong?

12 Ho thoe’ng haeba ngoana ea tlaase lilemong ea lulang le batsoali ba hae a ameha phosong e tebileng ’me ka lebaka la ho se bake a lelekoa ka phuthehong? Kaha ngoana o lula le batsoali ba hae, ba sa ntsane ba ikarabella bakeng sa ho mo ruta le ho mo laea tumellanong le Lentsoe la Molimo. Ba ka etsa see joang?—Liproverbia 6:20-22; 29:17.

13. Batsoali ba ka leka joang ho finyella pelo ea ngoana ea fosang?

13 Ho ka ’na ha khoneha—ka sebele ho ka khoneha—ho fana ka thuto e joalo le taeo nakong ea thuto e ka thōko ea Bibele. Motsoali ha aa lokela ho ahlola taba ka ho thatafala ha ngoana empa o lokela ho leka ho bona se ka pelong ea hae. Bokuli ba hae ba moea bo boholo hakae? (Liproverbia 20:5) Na pelo ea hae e tetemang e ka finyelloa? Ke mangolo afe a ka sebelisoang ka katleho? Moapostola Pauluse oa re tiisetsa: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Ha ho pelaelo hore batsoali ba ka etsa ho fetang feela ho bolella bana ba bona hore ba se ke ba hlola ba pheta ntho e fosahetseng. Ba ka leka ho qalisa le ho ntšetsa pele phekolo.

14. Bohato ba pele boo mocha ea fosang a lokelang ho bo nka ke bofe ho tsosolosa kamano ea hae le Jehova, ’me batsoali ba ka thusa ngoana eo joang ho nka bohato boo?

14 Mocha ea fosang o lokela ho tsosolosa kamano ea hae le Jehova. Bohato ba pele boo a lokelang ho bo nka ke hore a ‘bake ’me a sokolohe.’ (Liketso 3:19; Esaia 55:6, 7) Ha batsoali ba thusa mocha ea ka lelapeng la bona hore a bake, ba lokela hore ‘ba ithibe bobeng, ba rupele ka bonolo’ ngoana ea ratang ho hanyetsa. (2 Timothea 2:24-26) Ho hlokahala hore ba mo ‘khalemele’ ka tsela ea Bibele. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khalemela” le ka boela la fetoleloa e le ho “fa bopaki bo kholisang.” (Tšenolo 3:19; Johanne 16:8) Kahoo, ho khalemela ho akarelletsa ho bontša bopaki bo lekaneng bo kholisang ngoana ka bobe ba tsela ea hae. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho etsa joalo. Moo ho khonehang batsoali ba ka ipiletsa pelong ea hae, ba mo kholisa ka ho sebelisa mekhoa eohle e loketseng ea Mangolo. Ba lokela ho leka ho mo thusa ho utloisisa hore ho hlokahala hore a ‘hloee se sebe, le ho rata se molemo.’ (Amose 5:15) A ka ’na a hlaphoheloa ‘kelellong ’me a tsoa lerabeng la Diabolose.’

15. Thapelo e phetha karolo efe ho tsosoloseng kamano ea Jehova le mofosi?

15 Ha motho a tsosolosa kamano ea hae le Jehova, thapelo ke tlamo. Ho hlakile hore ha ho ea ka ‘etsang kōpo’ mabapi le sebe se tlotlollang seo ho hlakileng hore motho ea kileng a kopanela le phutheho ea Bokreste o se etsa a sa bake. (1 Johanne 5:16, 17; Jeremia 7:16-20; Baheberu 10:26, 27) Empa, batsoali ba ka kōpa Jehova hore a ba fe bohlale ba ho sebetsana le boemo. (Jakobo 1:5) Haeba mocha ea khaotsoeng a bontša bopaki ba pako empa a sa khone ‘ho bua ka bolokolohi ho Molimo,’ batsoali ba ka rapella hore haeba Molimo a fumana motheo oa ho tšoarela ngoana eo phoso ea hae, ho etsoe thato ea Hae. (1 Johanne 3:21) Ha ngoana a utloa lithapelo tsena, ho tla mo thusa ho bona hore Jehova ke Molimo ea mohau. *Exoda 34:6, 7; Jakobo 5:16.

16. Re ka thusa litho tsa malapa a bana ba tlaase lilemong ba khaotsoeng joang?

16 Ha mocha ea kolobelitsoeng a khaoloa, ho lebeletsoe hore litho tsa phutheho li “khaotse ho itsoakanya” le eena. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 10, 11) Mohlomong sena se ka qetella se mo thusitse hore ‘a hlaphoheloe kelellong’ ’me a khutlele lesakeng le sireletsang la Molimo. (Luka 15:17) Leha ho le joalo, ebang oa khutla kapa che, litho tsa phutheho li ka khothatsa lelapa labo mocha ea khaotsoeng. Kaofela re ka batla menyetla ea ho le bontša “ho utloelana bohloko” le “qenehelo e bonolo.”—1 Petrose 3:8, 9.

Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng

17. Litho tsa phutheho li lokela ho hopola eng ha li leka ho thusa ngoana ea hlahlathelang?

17 Ho thoe’ng ka mocha ea sa khaoloang phuthehong ea Bokreste empa a fokola tumelong? Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le [eena].” (1 Bakorinthe 12:26) Ba bang ba ka bontša thahasello e thusang ho mocha ea joalo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ho hlokomeloe kaha mocha ea kulang moeeng a ka ba le tšusumetso e mpe ho bacha ba bang. (Bagalata 5:7-9) Phuthehong e ’ngoe, batho ba baholo ba neng ba e-na le sepheo se setle sa ho thusa bacha ba neng ba fokola moeeng, ba ne ba ba memela libokeng tsa ho bapala ’mino o ratehang le bona. Le hoja bacha bana ba ne ba lumela kapele le ho thabela linako tse joalo, tšusumetsano ea bona qetellong e ile ea etsa hore ba khaotse ho kopanela le phutheho. (1 Bakorinthe 15:33; Juda 22, 23) Ngoana ea kulang moeeng a ke ke a phekoloa ke meketjana ea boithabiso e se nang tsamaiso e thehiloeng linthong tsa moea, empa a ka phekoloa ke setsoalle se mo thusang ho hōlisa ho rata lintho tsa moea. *

18. Re ka etsisa boikutlo ba ntat’a ngoana ea lehlasoa papisong ea Jesu joang?

18 Ha mocha ea tlohetseng phutheho a khutlela Holong ea ’Muso kapa a e-ba teng kopanong, nahanang hore na e ka ’na eaba o ikutloa joang. Na ha rea lokela ho bontša moea oa kamohelo oa ntat’a ngoana ea lehlasoa papisong ea Jesu? (Luka 15:18-20, 25-32) Mocha ea ileng a tlohela phutheho ea Bokreste ’me hamorao a ba teng kopanong ea setereke o ile a re: “Ke ne ke nahanne hore e mong le e mong o tla hlokomoloha motho ea tšoanang le ’na, empa bara le barali beso ba ile ba nkatamela le ho nkamohela. Ke ile ka ameha ka ho tebileng.” O ile a qala ho ithuta Bibele hape ’me hamorao a kolobetsoa.

Le se ke la Tela

19, 20. Ke hobane’ng ha re ka tsoela pele re e-na le tšepo mabapi le ngoana ea lehlasoa?

19 Ho thusa ngoana “ea lehlasoa” hore ‘a hlaphoheloe kelellong’ ho hloka ho se fele pelo ’me e ka ba phephetso ho batsoali le ba bang. Empa le se ke la tela. “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Mangolo a re tiisetsa hore Jehova o batla hore batho ba bake ’me ba phele. Ha e le hantle, ke eena ea etellang pele litokisetso tsa ho etsa hore batho ba boelane le eena. (2 Bakorinthe 5:18, 19) Ho se fele pelo ha hae ho nolofalelitse ba bangata ho hlaphoheloa kelellong.—Esaia 2:2, 3.

20 Joale, na batsoali ha baa lokela ho sebelisa mokhoa o mong le o mong oa Mangolo o khonehang ho thusa ngoana oa bona ea lehlasoa ea tlaase lilemong hore a hlaphoheloe kelellong? Ha le etsisa Jehova, le tiisetse ha le nka mehato e tiileng ea ho thusa ngoana oa lōna hore a khutlele ho Jehova. Tšoarellang ka tieo melao-motheong ea Bibele, ’me le leke ho bonahatsa litšoaneleho tsa Jehova tsa lerato, toka le bohlale ha le ntse le mo rapela hore a le thuse. Feela joalokaha marabele a mangata a thatafetseng a arabetse memong e lerato ea Jehova ea hore a khutle, mora kapa morali oa lōna ea lehlasoa a ka ’na a khutlela mohlapeng o sireletsang oa Molimo.—Luka 15:6, 7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Bakeng sa litlhahiso tsa kamoo le ka rutang bacha ka katleho kateng, bonang Molula-Qhooa oa July 1, 1999, leqepheng la 13-17.

^ ser. 15 Lithapelo tse joalo li ke ke tsa etsoa phatlalatsa libokeng tsa phutheho molemong oa ngoana ea tlaase lilemong ea khaotsoeng, kaha e ka ’na eaba ba bang ha ba hlokomele hore na boemo ba motho ea khaotsoeng ke bofe.—Bona Molula-Qhooa oa April 15, 1980, leqepheng la 31.

^ ser. 17 Bakeng sa litlhahiso tse tobileng, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 22, 1972, leqepheng la 13-16; Tsoha! ea October 8, 1996, leqepheng la 28-30.

Na U sa Hopola?

•Motso oa bothata e ka ’na ea e-ba eng ha bacha ba tlohela phutheho?

•Bacha ba ka thusoa joang ho hōlisa kamano pakeng tsa bona le Jehova?

•Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batsoali ba tiisetse empa e be ba tiileng ha ba thusa ngoana ea lehlasoa?

•Litho tsa phutheho li ka thusa mocha ea lehlasoa joang hore a khutle?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho bala Lentsoe la Molimo hoa hlokahala bakeng sa ho hōlisa tlamahano e haufi le Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Thapelo ea batsoali e tlohang botebong ba pelo e ka thusa bana ba bona ho utloa hore ho na le tlamahano pakeng tsa batsoali le Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Amohelang ngoana ea lehlasoa ha a ‘hlaphoheloa kelellong’

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Nkang mehato e sebetsang ho thusa ngoana oa lōna ho khutlela ho Jehova