Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Phomolo” eo ho buuoang ka eona ho Baheberu 4:9-11 ke eng, hona motho o “kena phomolong eo” joang?

Ha a ngolla Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae. Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo.”—Baheberu 4:9-11.

Ha Pauluse a ne a bua ka ho phomola ha Molimo mosebetsing oa Hae, ho bonahala eka o ne a bua ka se boletsoeng ho Genese 2:2, moo re balang: “Ka letsatsi la bosupa Molimo a phetha mosebetsi oa hae oo a o entseng, ’me a phomola ka letsatsi la bosupa mosebetsing oohle oa hae oo a o entseng.” Ke hobane’ng ha Jehova a ile “a phomola ka letsatsi la bosupa”? Ka sebele e ne e se hobane a ne a hloka matla a macha ka mor’a ‘mosebetsi oohle oa hae oo a o entseng.’ Temana e latelang e fana ka leseli: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa, hobane o phomotse ka lona mosebetsing oohle oa hae oo Molimo a o bōpileng ka morero oa ho o etsa.”—Genese 2:3; Esaia 40:26, 28.

“Letsatsi la bosupa” le ne le fapane le matsatsi a mang kaofela a tlileng pele ho lona ka hore e ne e le letsatsi leo Molimo a le hlohonolofalitseng le ho le halaletsa, ke hore, letsatsi le beheletsoeng ka thōko kapa le nehetsoeng morerong o khethehileng. Morero oo e ne e le ofe? Pejana, Molimo o ne a ile a senola morero oa hae mabapi le moloko oa batho le lefatše. Molimo o ile a re ho monna oa pele le mosali oa hae: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Le hoja Molimo a ne a qalisitse moloko oa batho le lefatše ka tsela e phethahetseng, ho ne ho tla nka nako hore lefatše lohle le busoe ’me le fetoloe paradeise e tletseng lelapa le phethahetseng la batho, joalokaha Molimo a ne a rerile. Ka hona, ka “letsatsi la bosupa,” Molimo o ile a phomola, kapa a emisa mesebetsi e eketsehileng ea pōpo lefatšeng e le hore a lumelle seo a neng a se a se bōpile hore se tsoele pele ho latela thato ea hae. Qetellong ea “letsatsi” leo, sohle seo Molimo a neng a se rerile se tla be se phethahetse. Phomolo eo e tla ba telele hakae?

Ha re khutlela polelong ea Pauluse e ho Baheberu, re hlokomela hore o ile a bontša hore “ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo,” ’me o ile a phehella Bakreste-’moho le eena hore ba etse sohle se matleng a bona “ho kena phomolong eo.” Sena se bontša hore ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, “letsatsi la bosupa” la phomolo ea Molimo, le neng le qalile lilemo tse 4 000 pejana, le ne le sa ntse le tsoela pele. Le tla fela feela ha morero oa Molimo mabapi le moloko oa batho le lefatše o se o phethahetse ka ho feletseng qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste, eo e leng “Morena oa sabatha.”—Matheu 12:8; Tšenolo 20:1-6; 21:1-4.

Ka tebello eo e babatsehang, Pauluse o ile a hlalosa kamoo motho a ka kenang phomolong ea Molimo kateng. O ile a ngola: “Motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae.” Sena se re bontša hore le hoja o qalehile ka tsela e phethahetseng, moloko oa batho ka kakaretso o ne o sa kena phomolong ea Molimo. Lebaka la sena ke hore Adama le Eva ha baa ka ba lakatsa ho boloka phomolo ea Molimo ka “letsatsi la bosupa” ka ho amohela tokisetso eo a neng a ba etselitse eona. Ho e-na le hoo, ba ile ba mo fetohela ’me ba batla ho ipusa kantle ho Molimo. Ha e le hantle, ba ile ba khema le morero oa Satane ho fapana le ho amohela tataiso ea Molimo e lerato. (Genese 2:15-17) Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, moloko oohle oa batho o ile oa kena bokhobeng ba sebe le lefu.—Baroma 5:12, 14.

Bofetoheli ba moloko oa batho ha boa ka ba sitisa morero oa Molimo. Letsatsi la hae la phomolo le sa ntse le tsoela pele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa tokisetso e lerato—e leng ea thekollo—ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le hore bohle ba e amohelang motheong oa tumelo ba ka lebella ho lokolloa le ho phomotsoa moroalong oa sebe le lefu. (Baroma 6:23) Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a phehella Bakreste-’moho le eena hore ba ‘phomole mesebetsing ea bona.’ Ba ne ba lokela ho amohela tokisetso ea Molimo ea poloko ’me ba se ke ba leka ho iketsetsa bokamoso ka tsela ea bona, joalokaha Adama le Eva ba ne ba entse. Ba ne ba boetse ba lokela ho qoba ho phehella mesebetsi ea bona ea ho itokafatsa.

Ho behella ka thōko lintho tsa boithati tseo motho a li lelekisang kapa tseo e seng tsa bohlokoa, e le hore a etse thato ea Molimo, ka sebele hoa khatholla ebile ho tlisa phomolo. Jesu o ile a fana ka memo ena: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.

Ka sebele ho tšohla ha Pauluse phomolo ea Molimo le hore na motho a ka kena joang ho eona ho ile ha khothatsa Bakreste ba Baheberu ba neng ba le Jerusalema, ba neng ba mameletse mahloriso a mangata le ho songoa ka lebaka la tumelo ea bona. (Liketso 8:1; 12:1-5) Ka ho tšoanang, mantsoe a Pauluse a ka khothatsa Bakreste kajeno. Kaha rea hlokomela hore tšepiso ea Molimo ea ho tlisa lefatše la paradeise tlas’a ’Muso oa hae oa ho loka e haufi le ho phethahala, le rōna re lokela ho phomola mesebetsing ea rōna ’me re etse sohle se matleng a rōna hore re kene phomolong eo.—Matheu 6:10, 33; 2 Petrose 3:13.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Tšepiso ea Molimo ea lefatše la paradeise e tla phethahala qetellong ea letsatsi la hae la phomolo