Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tumelo ea ’Nete—Na e sa Ntse e ka Fumaneha?

Tumelo ea ’Nete—Na e sa Ntse e ka Fumaneha?

Tumelo ea ’Nete—Na e sa Ntse e ka Fumaneha?

“Tumelo ke tšepo e sa thekeseleng, e matla mohaung oa Molimo, e tiile ebile ke ea sebele haholo hoo molumeli a ka behang bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a sekete ka lebaka la eona.”—MARTIN LUTHER, 1522.

“Ho tšoana le ha eka re se re fetohile sechaba se sa thahaselleng lintho tsa moea seo ho sona tumelo ea Bokreste le mekhoa ea bona li seng li felile.”—LUDOVIC KENNEDY, 1999.

PONO ea batho mabapi le tumelo e fapana haholo. Nakong e fetileng, ho lumela ho Molimo e ne e le ntho e tloaelehileng. Mehleng ea kajeno, lefatšeng le tletseng ho belaella lintho le mahlomola, tumelo ea ’nete ho Molimo le Bibele e ntse e nyamela ka potlako.

Tumelo ea ’Nete

Ho batho ba bangata, lentsoe “tumelo” le bolela feela ho lumela thuto e itseng ea bolumeli kapa ho latela mofuta o itseng oa borapeli. Leha ho le joalo, kamoo le sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, lentsoe “tumelo” le bolela ho ba le tšepo e feletseng—e tletseng, e sa sisinyeheng ho Molimo le litšepisong tsa hae. Ke tšobotsi e khethollang morutuoa oa Jesu Kreste.

Ketsahalong e ’ngoe, Jesu Kreste o ile a bua ka tlhokahalo ea ho rapela le ‘ho se tele.’ Ha a bua joalo, o ile a botsa potso ea hore na tumelo ea ’nete e ne e tla ba teng mehleng ea rōna. O ile a botsa a re: “Ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo [ee] lefatšeng?” Ke hobane’ng ha a ile a botsa potso e joalo?—Luka 18:1, 8.

Tumelo e Lahlehileng

Lintho tse ngata li ka etsa hore batho ba lahleheloe ke tumelo eo mohlomong ba nang le eona. Tse ling tsa lintho tsena ke maemo a sithabetsang le liteko tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, nakong ea koluoa ea sefofane ea Munich moo ho ileng ha shoa libapali tsa sehlopha sa bolo ea maoto sa Manchester United ka 1958, Moprofesa Michael Goulder e ne e le moprista oa pharishe ea Manchester, Engelane. Lenaneong la thelevishene la BBC, mophatlalatsi oa mananeo Joan Bakewell o ile a hlalosa hore Goulder “o ne a tsielehile ha a bona kamoo batho ba saretsoeng kateng.” Phello e ’ngoe e ile ea e-ba hore o ile a “felloa ke tumelo ho Molimo ea kena-kenanang le qetello ea batho e reriloeng esale pele.” Goulder o ile a bolela tumelo ea hae ea hore “Bibele hase . . . lentsoe le se nang liphoso la Molimo” empa, ho e-na le hoo, “ke lentsoe le nang li liphoso la batho, leo mohlomong le bululetsoeng ke Molimo mona le mane.”

Ka linako tse ling tumelo e fela ka ho feletseng. Ke sona se etsahetseng ho mongoli le mophatlalatsi oa mananeo Ludovic Kennedy. O re ho tloha bongoaneng o ne “a lula a tšoenngoa ke lipelaelo tse sa feleng [mabapi le Molimo] ’me o ile a felloa ke tumelo hanyane ka hanyane.” Kamoo ho neng ho bonahala kateng, ho ne ho se ea ka mo fang likarabo tse utloahalang lipotsong tsa hae. Ho shoa ha ntat’ae leoatleng e ne e le ketsahalo e sa lebelloang e ileng ea fokolisa tumelo ea hae e neng e se e ntse e tetema haholo. Lithapelo tse neng li lebisitsoe ho Molimo hore a “re boloke likotsing tsa leoatleng le ho sera se mabifi” ha lia ka tsa arabeloa ha sekepe sa baeti seo ntat’ae a neng a se palame se ne se hlaseloa le ho timetsoa ke likepe tsa ntoa tsa Jeremane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.—All in the Mind—A Farewell to God.

Liphihlelo tse joalo li tloaelehile. Moapostola Pauluse o re: “Hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathesalonika 3:2) U nahana joang? Na tumelo ea ’nete ho Molimo le Lentsoe la hae e sa ntse e ka fumaneha lefatšeng le tletseng lipelaelo tse ntseng li eketseha? Hlahloba se tšohloang sehloohong se latelang mabapi le taba ena.