Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka ba le Tumelo ea ’Nete

U ka ba le Tumelo ea ’Nete

U ka ba le Tumelo ea ’Nete

Nakong ea ha Sarah Jayne a le lilemo li 19, o ile a hlokomela hore o tšoeroe ke kankere ea karolo ea pōpelo e hlahisang mahe. Ka mor’a hore a buuoe, o ile a ikutloa a phela hantle hape a e-na le tšepo ka bokamoso. Ha e le hantle, o ne a e-na le tšepo haholo hoo eitseng ha a le lilemo li 20, a ileng a lebeletsoa ’me a qala ho etsa litokisetso bakeng sa lenyalo la hae. Selemong sona seo kankere ea hae e ile ea khutla, ’me o ile a lemoha hore o ne a saletsoe ke libeke tse seng kae feela hore a phele. Sarah Jayne o ile a hlokahala ka June 2000, pelenyana feela a e-ba lilemo li 21.

BA NENG ba etetse Sarah Jayne sepetlele ba ile ba khahloa ke kamoo a neng a kholisehile kateng ka bokamoso, hammoho le tumelo ea hae e tebileng ho Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Ho sa tsotellehe tlokotsi e bohloko eo a neng a tobane le eona, o ne a kholisehile ka tšepo ea tsoho—hore o tla boela a bone metsoalle ea hae. (Johanne 5:28, 29) O ile a re: “Kaofela ha lōna ke tla le bona lefatšeng le lecha la Molimo.”

Ba bang ba bolela hore tumelo ea mofuta o joalo ke boemo ba kelello bo thetsang. Ludovic Kennedy o botsa potso e reng: “Ho lumela hore ho na le bophelo ka mor’a lefu ke eng haese tumelo ea batho ba sa sireletsehang, ea hore ka mor’a terompeta ea ho qetela ba tla phela hamonate ba nyakaletse sebakeng se itseng se setalana joaloka Edene moo ba tla thabela ho phela le ba shoeleng pele ho bona mohlomong le ba bang ba ka ’nang ba shoa ka mor’a bona?” Ka lebaka la seo a se boletseng, re lokela ho botsa potso e ’ngoe. Ke hofe ho utloahalang ho le molemo—ho lumela hore “bophelo bona ke bona phetho bo teng, kahoo ho molemo hore re nke monyetla ka bona ka ho feletseng,” joalokaha Kennedy a hlalosa, kapa ho lumela ho Molimo le tšepiso ea hae ea tsoho? Sarah Jayne o ile a khetha ntlha ea bobeli. O ile a hlaolela tumelo e joalo joang?

‘Batla Molimo . . . ’me ka Sebele U mo Fumane’

Hore u be le tumelo le tšepo ho motho e mong, u lokela ho mo tseba le ho ithuta tsela eo a nahanang ka eona le liketso tsa hae. Mohato ona o ama pelo haesita le kelello. Ho joalo feela ha ho tluoa ho hōliseng tumelo ea ’nete ho Molimo. U lokela ho mo tseba, ho ithuta ka litšoaneleho tsa hae le botho ba hae, ho fumana hore na o ipakile e le ea ka tšeptjoang hakae le hore na ke eo ho ka itšetlehoang ka eena hakae mabapi le sohle seo a se buileng le seo a se entseng.—Pesaleme ea 9:10; 145:1-21.

Ba bang ba nahana hore sena se ke ke sa etsahala. Ba bolela hore Molimo o hōle haholo, le hore ke ea sa utloisisoeng—haeba kannete a le teng. Motho e mong ea belaellang lintho o botsa potso e reng: “Haeba Molimo e le oa sebele kamoo ho bonahalang kateng ho Bakreste ba kang Sarah Jayne, ke hobane’ng ha a sa itsebahatse ho rōna kaofela?” Empa na ka sebele Molimo o hōle haholo hoo a ke keng a batlisisoa? Puong eo a ileng a fana ka eona ho bo-rafilosofi le batho ba bohlale ba Athene, moapostola Pauluse o ile a re “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona” o boetse o fane ka sohle se hlokahalang e le hore batho ba ka ‘mo batla . . . ’me ka sebele ba mo fumana.’ Ha e le hantle, Pauluse o ile a re: ‘Ha a hōle le e mong le mong oa rōna.’—Liketso 17:24-27.

Kahoo, u ka ‘batla Molimo joang . . . ’me ka sebele u mo fumane’? Ba bang ba entse sena ka hore feela ba hlokomele bokahohle bo ba pota-potileng. Ho batho ba bangata, bokahohle ka bobona bo fana ka bopaki bo lekaneng ho ba kholisa hore e tlameha ebe ’Mōpi o teng. * (Pesaleme ea 19:1; Esaia 40:26; Liketso 14:16, 17) Ba ikutloa joaloka moapostola Pauluse, hore “litšobotsi [tsa Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”—Baroma 1:20; Pesaleme ea 104:24.

U Hloka Bibele

Leha ho le joalo, e le hore u ka ba le tumelo ea sebele ho ’Mōpi, u hloka ho hong hoo a faneng ka hona. Ke eng hoo? Ke Bibele—Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, leo ho lona a senolang thato ea hae le morero oa hae. (2 Timothea 3:16, 17) Batho ba bang ba ka ’na ba re, “Butle hanyenyane, ho tla joang hore u lumele seo Bibele e se bolelang ha e le moo u bona lintho tse tšabehang tse etsoang ke batho ba ipolelang hore ba latela Bibele?” Ke ’nete hore Bokreste-’mōtoana bo na le tlaleho e tšosang ea boikaketsi, bobatana le boitšoaro bo bobe. Empa motho e mong le e mong ea nang le kahlolo e molemo o khona ho bona hore Bokreste-’mōtoana bo ikhakanya joalokaha eka bo latela melao-motheo ea Bibele.—Matheu 15:8.

Bibele ka boeona e ile ea lemosa hore batho ba bangata ba ne ba tla bolela hore ba rapela Molimo empa, ha e le hantle, ba ne ‘ba tla latola esita le monghali ea ba rekileng.’ Moapostola Petrose o ile a re: ‘Ka lebaka la bona tsela ea ’nete e tla nyefoloa.’ (2 Petrose 2:1, 2) Jesu Kreste o ile a re batho bana ke “ba etsang tlōlo ea molao” ba neng ba tla tsejoa ka ho hlaka ka liketso tsa bona tse mpe. (Matheu 7:15-23) Ho qhelela thōko Lentsoe la Molimo ka lebaka la tlaleho ea Bokreste-’mōtoana ho tšoana le ho lahla lengolo le tsoang ho motsoalle ea tšepahalang hobane feela u le fumane ka motho ea tummeng hampe.

Kantle ho Lentsoe la Molimo, ho ke ke ha khoneha ho haha tumelo ea sebele. Ka puo ea tšoantšetso, Jehova o re file monyetla oa ho tseba litaba tsa hae ka ho sebelisa Bibele feela. O fana ka likarabelo tsa lipotso tse sa fetoheng tse kang tsa hore na ke hobane’ng ha a lumeletse mahlomola le ho utloa bohloko le hore na ke eng seo a tla se etsa ka boemo boo. (Pesaleme ea 119:105; Baroma 15:4) Sarah Jayne o ile a lumela hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. (1 Bathesalonika 2:13; 2 Petrose 1:19-21) Joang? Hase feela hobane batsoali ba hae ba ile ba mo bolella hore ho joalo, empa ke hobane a ile a ipha nako ea ho hlahlobisisa bopaki bohle bo supang hore Bibele ke tšenolo e sa tšoaneng le tse ling e tsoang ho Molimo. (Baroma 12:2) Ka mohlala, o ile a lemoha tšusumetso e matla eo Bibele e nang le eona bophelong ba batho ba phelang tumellanong le melao-motheo ea eona. Ka thuso ea lingoliloeng tse tšoanang le buka e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, * o ile a boela a hlahloba ka hloko bopaki bo bongata bo ka har’a eona bo pakang hore e bululetsoe ke Molimo.

“Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng”

Leha ho le joalo, ha hoa lekana ho ba le Bibele feela kapa hona ho lumela hore e bululetsoe. Moapostola Pauluse oa ngola: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Ho utloa Bibele, eseng feela ho ba le eona, ke hona ho hahang tumelo. U “utloa” seo Molimo a se buang ka ho bala le ho ithuta Lentsoe la hae. Esita le bana ba banyenyane ba ka etsa sena. Pauluse o re Timothea o ile a rutoa “lingoliloeng tse halalelang” ke ’m’ae le nkhono’ae “ho tloha boseeng.” Na see se bolela hore ho ile ha akarelletsoa thuto e qobelloang ka morero oa ho fetola kelello ea hae? Che! Timothea ha aa ka a huloa ka nko kapa a qhekelloa ka tsela leha e le efe. O ile a ‘susumelletsoa ho lumela’ seo a neng a se utloa le ho se bala.—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.

Sarah Jayne o ile a susumetsoa ka tsela e tšoanang. Joaloka Baberea ba lekholong la pele la lilemo, o ile a “amohela lentsoe [le tsoang ho batsoali ba hae le mesuoe e meng] ka tabatabelo e khōlō ea kelello.” Ha a sa le monyenyane, ha ho pelaelo hore ka tlhaho o ne a lumela seo batsoali ba hae ba neng ba mo bolella sona. Hamorao, ha a hōla, ha aa ka a lumela sohle seo a neng a se rutoa kantle le mabaka kapa kantle le ho etsa boiteko ba letho. O ne a “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

U ka Ikahela Tumelo ea ’Nete

Le uena u ka ikahela tumelo ea ’nete—mofuta oa tumelo o ileng oa hlalosoa ke moapostola Pauluse lengolong la hae leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu. O ile a re tumelo e joalo ke “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ka ho ba le tumelo e joalo, u tla kholiseha ka ho feletseng hore tšepo le tebello ea hao, ho akarelletsa le tšepiso ea Molimo ea tsoho ea bafu, li tla phethahatsoa. U tla kholiseha hore tšepo e joalo e thehiloe motheong o tsitsitseng, hore hase khopolo-taba feela. U tla tseba hore Jehova ha a e-s’o ka a hlōleha ho boloka litšepiso tsa hae. (Joshua 21:45; 23:14; Esaia 55:10, 11; Baheberu 6:18) Lefatše le tšepisitsoeng la Molimo e tla ba la sebele ho uena joalokaha eka le se le ntse le le teng. (2 Petrose 3:13) Ka mahlo a tumelo u tla bona ka ho hlaka hore Jehova Molimo, Jesu Kreste le ’Muso oa Molimo kaofela ke lintho tsa sebele, hase mafeela-feelane.

Ha ua tloheloa kherehloa hore u ikahele tumelo ea ’nete. Ntle le ho etsa hore Lentsoe la hae le fumanehe ka bolokolohi, Jehova o boetse o fane ka phutheho ea Bokreste ea lefatše ka bophara e thusang batho ba lipelo li tšepahalang hore ba hlaolele tumelo ho Molimo. (Johanne 17:20; Baroma 10:14, 15) Amohela thuso eohle eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oo o hlophisitsoeng. (Liketso 8:30, 31) Kaha tumelo ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, kamehla rapella moea oo hore o u thuse ho hlaolela tumelo ea ’nete.—Bagalata 5:22.

U se nyahamisoe ke batho ba belaellang lintho ba somang mang kapa mang ea reng o lumela ho Molimo le Lentsoe la hae. (1 Bakorinthe 1:18-21; 2 Petrose 3:3, 4) Ha e le hantle, tumelo ea ’nete ke ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho matlafatsa boikemisetso ba hao khahlanong le litlhaselo tse joalo. (Baefese 6:16) Sarah Jayne o ile a fumana seo e le ’nete, ’me kamehla o ne a khothalletsa ba neng ba mo etela sepetlele hore ba hahe tumelo ea bona. O ne a tloaetse ho re: “’Nete u e fetole ea hao. Ithute Lentsoe la Molimo. Khomarela mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng. Rapela kamehla. Lula u le mahlahahlaha tšebeletsong ea Jehova.”—Jakobo 2:17, 26.

Ka mor’a hore mooki e mong a elelloe tumelo eo a neng a e-na le eona ho Molimo esita le tsohong, o ile a re: “Kannete u hlile u lumela sena.” Ha a botsoa hore na ke eng e ileng ea mo fa tšepo hakaalo ho sa tsotellehe liteko tsa hae, o ile a araba ka ho re: “Ke ho ba le tumelo ho Jehova. Ke motsoalle oa sebele ho ’na, ’me ke mo rata haholo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Bona buka e reng, Is There a Creator Who Cares About You?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

^ ser. 12 E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

“Ho tloha boseeng” Timothea o ile a rutoa “lingoliloeng tse halalelang” ke ’m’ae le nkhono’ae

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Baberea ba ile ba babatsoa ka lebaka la ho hlahlobisisa Mangolo letsatsi le leng le le leng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From “Photo-Drama of Creation,” 1914

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Tumelo e hahoa ka ho utloa le ho ela Bibele hloko, eseng ka ho ba le eona feela

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Kaofela ha lōna ke tla le bona lefatšeng le lecha la Molimo”