Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Bohlale ka Tsela ea Bona

Ba Bohlale ka Tsela ea Bona

Ba Bohlale ka Tsela ea Bona

MAELE a mang a Nigeria a re: “Batho ba hōlileng ba bohlale, empa bana ba bohlale ka tsela ea bona.” Moholo e mong oa Mokreste oa Nigeria, ea bitsoang Edwin o ile a fumana sena e le ’nete.

Ka letsatsi le leng Edwin o ile a fumana lebokose la tšepe ka tlas’a deske ea hae lapeng.

Edwin o ile a botsa bana ba hae ba bararo a re: “Lebokose lee ke la mang?”

Emmanuel ea lilemo li robeli o ile a arabela a re: “Ke la ka.” Ka potlako o ile a eketsa ka hore lebokose lena le rusitseng la tšepe le boholo ba lisekoere-senthimithara tse 12 le phuntsoeng ka holimo e ne e le la monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova. O ile a hlalosa: “Kaha ha ke ee Holong ea ’Muso letsatsi le leng le le leng, ke ile ka finyella qeto ea ho etsa lebokose lena e le hore neng le neng ha ke sa reke letho ka chelete ea ka ea lipompong, nka e kenya ka har’a lona.”

Ntat’a Emmanuel o ne a e-na le lebokose lapeng leo a neng a boloka chelete ka har’a lona e le hore ba ka ea kopanong ea setereke ea selemo le selemo. Empa ka lebaka la maemo a tšohanyetso a lelapa, ba ile ba sebelisa chelete e neng e le ka har’a lona. E le ho etsa bonnete ba hore chelete ena e ke ke ea sebelisetsoa morero leha e le ofe o mong, Emmanuel o ile a nka lekotikoti la khale a le isa moo ho cheseletsoang litšepe e le hore le ka tiisoa. Ka mor’a hore mocheseletsi oa litšepe a tsebe boikemisetso ba Emmanuel ka lekotikoti leo, o ile a mo etsetsa lebokose ka tšepe ea khale. Moena oa Emmanuel ea lilemo li hlano, Michael, le eena o ile a kōpa lebokose.

A makalitsoe ke seo bana ba hae ba se entseng, Edwin o ile a ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba e-na le mabokose ao. Michael o ile a arabela ka ho re: “Ke batla ho ntša monehelo!”

Batsoali ba bona ba ne ba sa tsebe hore, Emmanuel, Michael le Uchei, khaitseli ea bona e lilemo li robong, ba ne ba ntse ba boloka e ’ngoe ea chelete ea bona ea lijo tsa motšehare ka har’a mabokose ana. Ba fumane khopolo eo hokae? Ha ba hōlile ka ho lekaneng hore ba ka tšoara chelete, batsoali ba bona ba ile ba ba ruta hore ba akhele e ’ngoe ka har’a lebokose la monehelo Holong ea ’Muso. Ha ho pelaelo hore bana bana ba ile ba sebelisa seo ba ithutileng sona hantle.

Ha mabokose ao a se a tletse, a ile a buloa. Kakaretso ea chelete e neng e bolokiloe e ne e le R27,42—e ne e le ngata naheng eo ka karolelano moputso oa selemo e leng chelete e ka tlaase ho R3 000. Monehelo o joalo oa boithatelo o tšehetsa mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o etsoang linaheng tse 235 lefatšeng ka bophara.