Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?

Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?

Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?

BOHLOEKI bo bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng. Ka mohlala, ha moshanyana a bolelloa ke ’m’ae hore a hlape matsoho le sefahleho, a ka nahana hore ho ina matsoho feela ka metsing le ho sola molomo ho lekane. Empa ’m’ae eena ha a nahane joalo. O boela a mo khutlisetsa metsing ’me o mo tlotsa matsoho le sefahleho ka sesepa le ho mo hlapisa hantle ka metsi a mangata—ho sa tsotellehe khanyetso ea hae e etsoang ka lerata!

Ke ’nete hore litekanyetso tsa bohloeki ha li tšoane lefatšeng ho pota, ’me batho ba hōla ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka bohloeki. Linaheng tse ngata mehleng e fetileng, tikoloho ea sekolo e hloekileng le e hlophisitsoeng hantle, e ne e thusa liithuti ho hlaolela mekhoa e metle ea bohloeki. Kajeno, mabala a likolo tse ling a tletse lithōle, mabotlolo le makotikoti hoo e kang ke thotobolo ho e-na le ho ba sebaka sa ho bapalla kapa sa boikoetliso. ’Me ho thoe’ng ka liphaposi tsa ho rutela? Darren, mohlokomeli oa sekolo se seng se phahameng sa Australia, o itse: “Re fumana litšila esita le ka liphaposing tsa ho rutela.” Liithuti tse ling li nka mantsoe a reng “E thonake” kapa “Tlosa bohlasoa bono” e le mantsoe a sebelisoang ha li fumana kotlo. Bothata ke hore matichere a mang a fa bana kotlo ka hore ba hloekise.

Ka lehlakoreng le leng, hangata batho ba baholo ha ba behe mohlala o motle oa bohloeki, ebang ke bophelong ba letsatsi le leng le le leng kapa mosebetsing. Ka mohlala, libaka tse ngata tsa sechaba li siuoa li le bohlasoa ebile li sa bohehe. Liindasteri tse ling li silafatsa tikoloho. Leha ho le joalo, tšilafalo ha e bakoe ke liindasteri le likhoebo tse se nang bophelo kapa boikutlo, empa e bakoa ke batho. Le hoja meharo e le sona sesosa se ka sehloohong sa bothata bo aparetseng lefatše ba tšilafalo le phello ea eona, karolo ea bothata bona e bakoa ke mekhoa e litšila ea botho. Motsamaisi-kakaretso oa mehleng oa Selekane sa Australia o ile a tšehetsa qeto ena ha a ne a re: “Bophelo bo botle ba sechaba bo itšetlehile ka ho nahanela ha monna e mong le e mong, mosali e mong le e mong le ngoana e mong le e mong.”

Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore bohloeki ke taba ea botho ’me ha boa lokela hore e be taba e amang motho e mong. Empa na kannete ho joalo?

Tabeng ea lijo tsa rōna, bohloeki ke ba bohlokoa—ebang re li reka ’marakeng, re li ja reschorenteng, kapa lelapeng la motsoalle. Ho lebeletsoe litekanyetso tse phahameng tsa bohloeki ho ba phehang kapa ba tšolang lijo tseo re li jang. Matsoho a litšila—ebang ke a rōna kapa a ba phehang le ba tšolang lijo—a ka baka maloetse a mangata. Ho thoe’ng ka lipetlele—libaka tseo re lebeletseng ho fumana bohloeki ho tsona ho feta libakeng tsohle tse ling? The New England Journal of Medicine e tlalehile hore lingaka le baoki ba sa hlapeng matsoho ke bona ba ikarabellang ka hore ebe bakuli ba tšoaetsoa maloetse a jang liranta tse limilione tse likete tse 90 ka selemo hore a phekoloe. Ka ho loketseng re lebeletse hore ho se be le motho ea re behang kotsing ea ho kula ka mekhoa ea hae e litšila.

E boetse ke bothata bo tebileng haholo ha motho e mong—ebang ke ka boomo kapa ke ka ho se nahane—a silafatsa phepelo ea rōna ea metsi. Hape, na ho sireletsehile hore motho a tsamaee lebōpong la leoatle a sa roala lieta moo a ka ’nang a bona linalete tse siiloeng ke makhoba a lithethefatsi le ba bang? Mohlomong potso ea bohlokoa le ho feta e amang motho ka mong ke e reng: Na re tloaetse bohloeki lelapeng la rōna?

Bukeng ea hae e reng Chasing Dirt, Suellen Hoy o botsa potso e reng: “Na re sa hloekile joaloka pele?” Oa araba: “Ha ho bonahale joalo.” O re sesosa se seholo sa sena ke maemo a bophelo a feto-fetohang. Kaha batho ba qeta nako e nyenyane ba le malapeng, seo ba se etsang ke ho lefa motho e mong hore a ba hloekisetse. Ka lebaka leo, ho ba le tikoloho e hloekileng ha e sa le ntho e tlang pele ho batho. Monna e mong o itse: “Ha ke hloekise sebaka seo ke hlapelang ho sona—kea itlhoekisa. Bonyane haeba ntlo ea ka e le litšila, ’na ke hloekile.”

Leha ho le joalo, bohloeki ha bo felle feela ka ponahalo ea ka ntle. Ke molao-motheo o akaretsang oa bophelo bo botle. Hape ke boemo ba kelello le pelo bo amang boitšoaro ba rōna le borapeli ba rōna. A re ke re boneng hore na sena se joalo joang.