Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute ka Nikodemase

Ithute ka Nikodemase

Ithute ka Nikodemase

“HAEBA mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.” (Luka 9:23) Memo eo e ile ea amoheloa habonolo ke batšoasi ba litlhapi ba baikokobetsi le ’mokelli oa lekhetho ea eisehang. Ba ile ba siea sohle e le hore ba latele Jesu.—Matheu 4:18-22; Luka 5:27, 28.

Khoeletso eo ea Jesu e sa ntsane e utluoa le kajeno, ’me ba bangata ba nkile khato ka eona. Leha ho le joalo, ba bang ba thabelang ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ba tsilatsila ho ‘itatola le ho nka lithupa tsa bona tsa tlhokofatso.’ Ba leqe ho jara boikarabelo le tokelo ea ho ba barutuoa ba Jesu.

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba qeaqea ho amohela memo ea Jesu le ho inehela ho Jehova Molimo? Ke ’nete hore ba neng ba sa hōlisoa ka maikutlo a Bojuda le a Bokreste a hore Molimo o mong feela, ba ka ’na ba hloka nako e eketsehileng pele ba utloisisa ka ho feletseng hore ho na le ’Mōpi ea nang le litšoaneleho tsa botho, ea matla ’ohle. Leha ho le joalo, esita leha ba se ba kholisehile hore Molimo ke oa sebele, ba bang ba qoba ho hata mehatong ea Jesu. Ba ka ’na ba tšaba hore na beng ka bona le metsoalle ea bona ba tla re’ng haeba e e-ba Lipaki tsa Jehova. Ba bang, ba hlokomolohang hore linako tseo re phelang ho tsona li potlakile, ba lelekisa botumo le maruo. (Matheu 24:36-42; 1 Timothea 6:9, 10) Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ba ntseng ba lieha ho etsa qeto ea ho ba balateli ba Jesu, ho na le seo ba ka ithutang sona tlalehong ea Nikodemase, ’musi oa morui oa Mojuda oa mehleng ea Jesu.

O ne a Buletsoe Menyetla e Hlollang

Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng feela ka mor’a hore Jesu a qale tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Nikodemase o ile a hlokomela hore Jesu ‘ke mosuoe ea tlileng a tsoa ho Molimo.’ Nikodemase o ne a khahliloe ke mehlolo eo Jesu a neng a sa tsoa e etsa Jerusalema ka Paseka ea 30 C.E. ha a tla ho eena bosiu ho tla bolela hore o lumela ho Jesu le ho tla ithuta ho eketsehileng ka mosuoe enoa. Ke ntlheng ena moo Jesu a ileng a bolella Nikodemase ’nete e tebileng ea hore hoa hlokahala hore motho a “tsoaloe hape” e le hore a kene ’Musong oa Molimo. Ketsahalong ena, Jesu o eketsa ka mantsoe ana: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:1-16.

Ho ne ho e-na le tšepo e babatsehang hakaakang bakeng sa Nikodemase! E ne e ka ba motsoalle ea haufi oa Jesu, ea bonang ka ho toba litšobotsi tse sa tšoaneng tsa bophelo ba Jesu lefatšeng. Kaha Nikodemase e ne e le ’musi oa Bajuda le mosuoe Iseraeleng, o ne a e-na le tsebo e ntle ea Lentsoe la Molimo. Hape, o ne a khona ho lemoha lintho, ’me sena se bonoa ka hore a lemohe hore Jesu ke mosuoe ea romiloeng ke Molimo. Nikodemase o ne a thahasella litaba tsa moea, ’me a ikokobelitse ka tsela e sa tloaelehang. E tlameha ebe ho ne ho le thata hakaakang bakeng sa setho sa lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Bajuda ho lumela hore mora oa ’metli oa maemo a tlaase ke motho ea romiloeng ke Molimo! Litšoaneleho tseo kaofela ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa motho hore e be morutuoa oa Jesu.

Ho bonahala thahasello ea Nikodemase ho monna enoa oa Nazaretha e ne e sa fele. Lilemo tse peli le halofo hamorao, Moketeng oa Maphephe, Nikodemase o ba teng sebokeng sa Sanhedrine. Nakong ena, Nikodemase e sa ntsane “e le e mong oa bona.” Baprista ba baholo le Bafarisi ba roma balaoli hore ba e’o tšoara Jesu. Balaoli baa khutla ’me baa tlaleha: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” Bafarisi ba qala ho ba nyelisa ba re: “Le lōna ha lea khelosoa, na ha ho joalo? Ha ho le ea mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea behileng tumelo ho eena, na ha ho joalo? Empa bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.” Nikodemase ha a sa khona ho ithiba. O bua ka sebete o re: “Molao oa rōna ha o ahlole motho ntle leha o utloile ho eena pele le ho tseba seo a se etsang, na ha ho joalo?” Joale Bafarisi ba bang baa mo soma ba re: “Ha u tsoe Galilea le uena, na ha ho joalo? Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlahisoa Galilea.”—Johanne 7:1, 10, 32, 45-52.

Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao, ka Letsatsi la Paseka ea 33 C.E., Nikodemase o bona setopo sa Jesu se theoloa thupeng ea tlhokofatso. O sebetsa le Josefa oa Arimathea, e leng setho se seng sa Sanhedrine, ho lokisetsa setopo sa Jesu lepato. Bakeng sa morero oo, Nikodemase o tlisa “moqolo oa myra le makhala” oo boima ba oona bo ka etsang liponto tse 100 tsa Roma tse lekanang le lik’hilograma tse 33. O ne o bitsitse chelete e ngata haholo. O ne a boetse a hloka sebete hore a nkoe a le ka lehlakoreng la ‘moikhakanyi eno,’ e leng kamoo Bafarisi ba habo ba neng ba bitsa Jesu kateng. Kapele feela bana ba babeli ba ile ba lokisetsa setopo sa Jesu lepato, ’me ba se beha lebitleng la khopotso le lecha le haufi. Leha ho le joalo, esita le nakong ena Nikodemase o ntse a e-s’o tsebahale e le morutuoa oa Jesu!—Johanne 19:38-42; Matheu 27:63; Mareka 15:43.

Lebaka Leo a sa Kang a Nka Khato ka Lona

Johanne ha aa ka a senola tlalehong ea hae hore na ke hobane’ng ha Nikodemase a ile a qoba ho ‘nka thupa ea hae ea tlhokofatso’ ’me a latela Jesu. Leha ho le joalo, o ile a siea tlhase ea hore na ke hobane’ng ha Mofarisi enoa a ile a tsilatsila.

Pele ho tsohle, Johanne o ile a bontša hore ’musi enoa oa Mojuda o ile a “tla ho [Jesu] bosiu.” (Johanne 3:2) Setsebi se seng sa Bibele se fana ka tlhaloso e reng: “Nikodemase ha aa ka a tla bosiu ka lebaka la tšabo, empa o ne a batla ho qoba matšoele a neng a ka ’na a kena-kenana le puisano ea hae le Jesu.” Leha ho le joalo, Johanne o hlalositse hore Nikodemase ke “monna ea ileng a tla ho [Jesu] bosiu ka lekhetlo la pele” litemaneng tseo ho tsona a buang ka Josefa oa Arimathea e le “eo e neng e le morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda.” (Johanne 19:38, 39) Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ebe Nikodemase o ile a ea ho Jesu bosiu ka lebaka la “ho tšaba Bajuda,” feela joalokaha ba bang mehleng ea hae ba ne ba tšaba ho sebelisana le Jesu.—Johanne 7:13.

Na u tlohetse ho etsa qeto ea ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu ka lebaka la seo beng ka uena, metsoalle ea hao, kapa bo-mphato ba hao ba ka ’nang ba se bua? Maele a re: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba.” Tšabo eo u ka e etsa joang? Maele a tsoela pele a re: “Empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” (Liproverbia 29:25) E le hore u matlafatse ho tšepa Jehova ka tsela e joalo, ho hlokahala hore u iponele hore Molimo o tla u tšehetsa ha u le mathateng. Rapela Jehova, ’me u mo kōpe hore a u fe sebete sa hore u etse liqeto tse amang borapeli ba hao, esita le tse nyenyane. Tumelo ea hao le ho tšepa ha hao Jehova li tla hōla butle-butle hoo u tla khona ho etsa liqeto tse khōlō tumellanong le thato ea Molimo.

Boemo ba Nikodemase le botumo ba hae e le e mong oa sehlopha sa babusi le bona bo ne bo ka ’na ba mo thibela ho nka khato ea bohlokoa ea ho itatola. Ka nako eo, e tlameha ebe o ne a ntse a khomaretse ka matla boemong ba hae ba ho ba setho sa Sanhedrine. Na u tsilatsila ho nka bohato ba ho ba molateli oa Kreste hobane u ka ’na ua lahleheloa ke boemo bo hlomphehang sechabeng kapa mohlomong u tlameha ho tela menyetla e itseng ea ho tsoela pele? Linthong tsena kaofela ha ho le e ’ngoe e ka bapisoang le tlotla ea ho khona ho sebeletsa Ea Holimo ka ho Fetisisa bokahohleng, ea ikemiselitseng ho phethahatsa likōpo tseo u li etsang tumellanong le thato ea hae.—Pesaleme ea 10:17; 83:18; 145:18.

Mohlomong lebaka le leng la ho lieha ha Nikodemase le ne le amana le maruo a hae. Joaloka Mofarisi, mohlomong o ne a susumetsoa ke ba bang “ba neng ba rata chelete.” (Luka 16:14) ’Nete ea hore o ile a khona ho reka moqolo oa myra le makhala o bitsang chelete e ngata e tiisa hore e ne e le morui. Ba bang kajeno ba lieha ho etsa qeto ea ho jara boikarabelo ba Bokreste hobane ba tšoenyehile ka maruo a bona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a khothatsa balateli ba hae a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. . . . Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:25-33.

O Fetiloe ke Menyetla e Mengata

Ntho e thahasellisang ke hore tlaleho e buang ka Nikodemase, e hlahang feela Kosepeleng ea Johanne, ha e bolele letho ka hore na e kile ea e-ba molateli oa Jesu kapa che. Neano e ’ngoe e bolela hore Nikodemase o ile a emela Jesu, a kolobetsoa, a hlorisoa ke Bajuda, a amohuoa boemo ba hae ’me qetellong a lelekoa Jerusalema. Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala’ng, ’nete ke hore: O ile a fetoa ke menyetla e mengata ka lebaka la ho tsilatsila ha Jesu a ntse a le lefatšeng.

Hoja Nikodemase a qala ho latela Jesu nakong ea ha a kopana le Morena ka lekhetlo la pele feela, e ka be e bile morutuoa ea haufi oa Jesu. Ka tsebo, temohisiso, boikokobetso le kelo-hloko ea litlhoko tsa moea tseo Nikodemase a neng a e-na le tsona, e ka be e bile morutuoa ea hlaheletseng. Ha ho pelaelo hore a ka be a utloile lipuo tse tsotehang tsa Mosuoe e Moholo, a ithutile lithuto tsa bohlokoa lipapisong tsa Jesu, a bone mehlolo e tsotehang e neng e etsoa ke Jesu le ho matlafatsoa ke khothatso ea ho qetela ea Jesu ho baapostola ba hae. Empa o ile a fetoa ke menyetla eo kaofela.

Nikodemase o ile a lahleheloa haholo ka lebaka la ho tsilatsila. Har’a tse ileng tsa mo lahlehela ke memo e mofuthu ea Jesu, e reng: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Nikodemase o ile a fetoa ke monyetla ona oa ho khatholloa ke Jesu ka boeena.

Uena?

Ho tloha ka 1914, Jesu Kreste o bile teng maholimong e le Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo. Ha a bolela esale pele se neng se tla etsahala nakong ea boteng ba hae, har’a lintho tseo a ileng a li bolela o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Pele bofelo bo tla, mosebetsi oo oa ho bolela lefatšeng ka bophara o tlameha ho finyelloa. Jesu Kreste o khahlisoa ke hore batho ba sa phethahalang ba kenye letsoho. Le uena u ka kenya letsoho mosebetsing ona.

Nikodemase o ile a hlokomela hore Jesu o tsoa ho Molimo. (Johanne 3:2) Mohlomong u fihletse qeto e tšoanang ha u ntse u ithuta Bibele. Mohlomong u fetotse tsela eo u phelang ka eona e le hore u lumellane le litekanyetso tsa Bibele. Mohlomong u ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova hore u fumane tsebo e eketsehileng ea Bibele. Rea u babatsa ka boiteko bo joalo. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore Nikodemase a etse ho eketsehileng ho feta ho bontša feela hore oa utloisisa hore Jesu o romiloe ke Molimo. Ho ne ho hlokahala hore “a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a latele [Jesu] a sa khaotse.”—Luka 9:23.

Nka ka botebo seo moapostola Pauluse a re bolellang sona. O ile a ngola a re: “Ha re sebetsa hammoho le eena, re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona. Kaha o re: ‘Ke u utloile ka nako e amohelehang, ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko.’ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.”—2 Bakorinthe 6:1, 2.

Joale ke nako ea ho hōlisa tumelo e u susumelletsang ketsong. E le hore u finyelle seo, nahanisisa ka lintho tseo u ithutang tsona Bibeleng. Rapela Jehova, ’me u mo kōpe hore a u thuse ho bontša tumelo e joalo. Ha a ntse a u thusa, kananelo ea hao le lerato la hao bakeng sa hae li tla u susumelletsa hore u batle ho ‘itatola ’me u nke thupa ea hao ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi ’me u latele Jesu Kreste u sa khaotse.’ Na u tla nka khato hona joale?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Qalong, Nikodemase o ile a emela Jesu ka sebete

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho sa tsotellehe khanyetso, Nikodemase o ile a thusa ho lokisetsa setopo sa Jesu lepato

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Thuto ea botho le thapelo li ka u matlafatsa hore u nke khato

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na u tla amohela tokelo ea ho sebetsa tlas’a boeta-pele ba Jesu Kreste?