Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lithibelo tse neng li etselitsoe ho nyalana ha seng Molaong oa Moshe li sebetsa hakae ho Bakreste kajeno?

Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele ha o bolele letho le qaqileng ka litšebeletso tsa lenyalo le mekhoa ea lona. Leha ho le joalo, o thibela likamano tse itseng tsa lenyalo. Ka mohlala, ho Levitike 18:6-20, re fumana letoto la likamano tse thibeloang pakeng tsa “seng se haufi.” Litemana tsena li fana ka letoto le qaqileng la hore na ke batho bafe ba amanang ba ke keng ba kopanela liphate. Ha e le hantle, Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe kapa hona ho tlangoa ke litaelo tsa oona. (Baefese 2:15; Bakolose 2:14) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Bakreste ba ka hlokomoloha taba ena habonolo feela ha ba khetha eo ba nyalanang le eena. Ho na le mabaka a ’maloa a hore na ke hobane’ng ha boemo bo le tjena.

Taba ea pele, ho na le melao ea naha e laolang lenyalo pakeng tsa seng se haufi, ’me Bakreste ba tlameha ho mamela melao ea naha eo ba lulang ho eona. (Matheu 22:21; Baroma 13:1) Ha e le hantle, melao e joalo, e fapana ka libaka. Melao e mengata ea kajeno ea mofuta ona e entsoe ho nahannoe haholo ka lefutso. Hoa tsebahala hore ho nyalana ha seng se haufi ho bakela bana ba tla hlaha lenyalong leo bokooa ba lefutso le maloetse. Kaha Bakreste ba kenang lenyalong ba ‘ipeha tlas’a balaoli ba phahameng,’ ba ikokobeletsa melao ea lenyalo ea libaka tsa habo bona.

Taba ea bobeli ke se amohelehang le se sa amoheleheng tikolohong eo motho a lulang ho eona. Hoo e ka bang batho ba setso se seng le se seng ba na le melao le meetlo e thibelang ho nyalana ha seng se haufi, hangata ba nka manyalo a joalo e le boitšoaro bo bobe pakeng tsa batho ba amanang haufi ’me kahoo baa a nena. Le hoja likamano tse thibeloang ka ho toba li fapana ka litso, The Encyclopædia Britannica e re: “Ka kakaretso, ha batho ba babeli ba amana haufi haholo, moetlo o thibelang, kapa o sa khothalletseng hore ba kopanele liphate o ba matla haholo ’me ho nenoa haholo.” Kahoo, le moo ho sa ameheng ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi, Bakreste ha ba batle ho hlokomoloha ka ho feletseng meetlo e behiloeng kapa ho hlokomoloha maikutlo a utloahalang a sechaba, e le hore ba se ke ba tlisetsa phutheho ea Bokreste kapa lebitso la Molimo thohako.—2 Bakorinthe 6:3.

Re se ke ra hlokomoloha letsoalo leo re le filoeng ke Molimo. Batho bohle ba tsoetsoe ba e-na le tsebo ea se nepahetseng le se fosahetseng, se setle le se sebe. (Baroma 2:15) Matsoalo a bona a ba bolella se loketseng le se tšoanelang, seo e seng sa tlhaho le se khopisang, ntle le haeba a fosahetse kapa a chesitsoe ke mekhoa e sothehileng. Jehova o ile a bua ka ’nete ena ha a neha Baiseraele molao oa hae khahlanong le lenyalo la seng se haufi. Rea bala: “Le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Egepeta, eo le ileng la lula ho eona, e etsang ka eona; le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Kanana, eo ke le isang ho eona, e etsang ka eona; ’me le se ke la tsamaea ka litaelo tsa bona tse hlomamisitsoeng.” (Levitike 18:3) Bakreste ba baballa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ’me ha ba a lumelle hore a senngoe ke tsebo e sothehileng ea lichaba ea se nepahetseng le se fosahetseng.—Baefese 4:17-19.

Ebe joale re ka fihlela qeto efe? Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, matsoalo a bona a ba bolella ka ho hlaka hore lenyalo pakeng tsa seng se haufi—se kang ntate le morali, ’mè le mora, motho le khaitseli ea hae—le haneloa ka ho feletseng har’a Bakreste. * Ha leloko le ntse le hōla, Bakreste ba hlokomela hore ho na le melao le litaelo tse laolang lenyalo la molao le hore ho na le litekanyetso tse amohelehang sechabeng le setsong. Lintho tsena li lokela ho nahaneloa ka hloko e le hore re lumellane le temoso ea Mangolo e reng: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle.”—Baheberu 13:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Bakeng sa puisano e qaqileng ka taba ena, ak’u bone sehlooho se reng “Manyalo a Batho ba Amanang Haufi ka Mali—Bakreste ba Lokela ho a Talima Joang?” ho Molula-Qhooa, oa October 1, 1978, leqepheng la 19-22.