Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motse o Lutseng Holim’a Thaba

Motse o Lutseng Holim’a Thaba

Motse o Lutseng Holim’a Thaba

THUTONG ea hae e tummeng ea Thabeng, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae a re: “Le leseli la lefatše. Motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba.”—Matheu 5:14.

Metse e mengata ea Bajudea le Bagalilea e ne e le holim’a lithaba ho e-na le hore e be liphuleng tse tlaase. Lebaka le ka sehloohong la ho khetha libaka tse phahameng joalo e ne e le tšireletseho. Ntle ho mabotho a hlaselang, liahelo tsa Baiseraele li ne li atisa ho hlaseloa ke lihlopha tsa bafutuhi. (2 Marena 5:2; 24:2) Baahi ba motse ba sebete ba ne ba ka sireletsa habonolo seqhoqho sa matlo a atamelaneng haufi holim’a thaba ho feta motse o liphuleng tse bataletseng, o neng o hloka lerako le leholo hore o sireletsehe.

Kaha hangata mabota a matlo a Bajuda a ne a liloa ka mokoetla, matlo a soeufalitsoeng a entseng seqhoqho a ne a bonahala habonolo ha motho a le hōle haholo. (Liketso 23:3) Khanyeng e matla ea letsatsi le chesang la Palestina, metse ena e maralleng e ne e khanya joaloka mabone, feela joalokaha metse e tšoanang ea Mediterranean e ntse e khanya kajeno.

Jesu o ile a sebelisa tšobotsi ena e tsotehang ea libaka tse thōko tsa Galilea le Judea ho ruta balateli ba hae karolo ea Mokreste oa ’nete. O ile a ba bolella a re: “Ka ho tšoanang leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) Le hoja Bakreste ba sa etse mesebetsi e metle hore ba rorisoe ke batho, boitšoaro ba bona bo botle boa lemohuoa.—Matheu 6:1.

Boitšoaro bo botle joalo bo bonahala ka ho hlaka nakong ea likopano tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova. Ha e bua ka kopano ea morao tjena, koranta e ’ngoe ea Spain e ile ea re: “Le hoja ho thahasella litaba tsa bolumeli ho ntse ho qepha lihlopheng tse ling tsa bolumeli, ha ho joalo ka Lipaki tsa Jehova. Kaha ha li batle hore Bibele e lahleheloe ke moelelo oa eona, li sebelisa Lentsoe la Molimo.”

Thomas, eo e leng mohlokomeli oa lebala la lipapali le ka leboea-bophirimela ho Spain leo Lipaki li le sebelisang kamehla, o ne a thabela ho ba har’a batho ba sebelisang Lentsoe la Molimo. O ile a chechisa nako ea hae ea ho tlohela mosebetsi e le hore a ka ba teng kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a kopano ha baemeli ba bangata ba tlileng kopanong, ho akarelletsa le ba banyenyane, ba iteanya le eena le ho mo leboha ka tšebelisano eo a e bontšitseng ka lilemo-lemo le ho mo lakaletsa phomolo e monate ha a tlohela mosebetsi, o ile a tšolla meokho. O itse: “Ho tloaelana le batho ba kang lōna tjena e bile e ’ngoe ea liphihlelo tse molemo ka ho fetisisa bophelong ba ka.”

Motse o holim’a thaba o hapa tlhokomelo ea moshebelli hobane o eme o khetholohile ho fihlela moo pono ea motho e fellang teng le hobane matlo a masoeu a ho oona a bonahatsa khanya ea letsatsi. Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete ba khetholohile hobane ba leka ka matla ho latela litekanyetso tsa mangolo tsa botšepehi, boitšoaro le kutloelo-bohloko.

Ho ekeletsa moo, Bakreste ba bonahatsa leseli la bona la ’nete ka mosebetsi oa bona oa boboleli. Ha a bua ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re: “Kaha re na le bosebeletsi bona ho ea ka mohau oo re ileng ra o bontšoa, ke ka lebaka leo, re sa teleng . . . empa ka ho bonahatsa ’nete [re ipuella] letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.” (2 Bakorinthe 4:1, 2) Le hoja ba ne ba kopana le khanyetso hohle moo ba neng ba etsa mosebetsi oa boboleli teng, Jehova o ile a hlohonolofatsa tšebeletso ea bona hoo ka selemo sa 60 C.E., Pauluse a ileng a ngola hore litaba tse molemo li ne li boleloa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

Kajeno, ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova li nka ka botebo boikarabelo ba tsona ba ho etsa hore ‘leseli la tsona le khanye ka pel’a batho,’ joalokaha Jesu a ile a laela. Lipaki tsa Jehova li phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ka molomo le ka lingoliloeng linaheng tse 235 ho pota lefatše. E le hore leseli la Bibele le ka finyella batho ba bangata kamoo ho khonehang, li entse hore lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele li fumanehe ka lipuo tse ka bang 370.—Matheu 24:14; Tšenolo 14:6, 7.

Libakeng tse ngata, Lipaki li tobane le phephetso ea ho ithuta puo ea batho ba bang ba tsoang libakeng tseo mosebetsi oa boboleli o thibeloang kapa o thibetsoeng ho tsona. Ka mohlala, palo e khōlō ea batho ba tsoang Chaena le Russia e falletse metseng e meholo ea Amerika Leboea. Lipaki tsa sebakeng seo li leka ka matla ho ithuta Sechaena, Serussia le lipuo tse ling e le hore li bolelle bana ba sa tsoa fihla litaba tse molemo. Ha e le hantle, ho tšoaroa lithupelo tse potlakisang ho ithuta lipuo tse ngata e le hore litaba tse molemo li ka bolelloa ba bang ba eketsehileng ha tšimo e sa ntse e “soeufetse bakeng sa kotulo.”—Johanne 4:35.

Moprofeta Esaia o boletse esale pele a re: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; lichaba tsohle li tla phallela ho eona.” Ka boitšoaro le ka tšebeletso ea tsona, Lipaki tsa Jehova li thusa batho hohle hore ba nyolohele ‘thabeng ea ntlo ea Jehova’ ho tla rutoa ka litsela tsa Molimo le ho ithuta ho tsamaea litseleng tsa Molimo. (Esaia 2:2, 3) Joalokaha Jesu a ile a hlalosa, phello e thabisang ke hore, kaofela ba ‘tlotlisa Ntat’a bona ea maholimong,’ Jehova Molimo.—Matheu 5:16; 1 Petrose 2:12.