Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U e Mong oa ba Ratoang ke Molimo?

Na U e Mong oa ba Ratoang ke Molimo?

Na U e Mong oa ba Ratoang ke Molimo?

“Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate.”—JOHANNE 14:21.

1, 2. (a) Jehova o ile a bontša lerato la hae bakeng sa moloko oa batho joang? (b) Jesu o ile a theha eng bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E.?

JEHOVA o rata batho bao a ba bōpileng. Ha e le hantle, o rata moloko oa batho “haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ha nako ea ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste e ntse e atamela, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba seli ho feta neng kapa neng hore Jehova “o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:10.

2 Bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu le baapostola ba hae ba 12 ba ile ba bokana kamoreng e ’ngoe e ka holimo Jerusalema ho ea keteka Paseka, ba ikhopotsa ho lopolloa ha Baiseraele Egepeta. (Matheu 26:17-20) Ka mor’a ho keteka mokete ona oa Sejuda, Jesu o ile a leleka Judase Iskariota eaba o qalisa lijo tsa boikhopotso tsa shoalane tseo e neng e tla ba Sehopotso sa Bokreste sa lefu la Kreste. * Jesu o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu ho tšoantšetsa ’mele oa hae oa nama le mali a hae, ’me a etsa hore baapostola ba 11 ba setseng ba je hammoho lijong tsena tse kopaneloang. Makolopetso a seo a ileng a se etsa a boleloa ke bangoli ba Likosepele tse Tšoanang Matheu, Mareka le Luka, hammoho le moapostola Pauluse, ea ileng a li bitsa “lijo tsa shoalane tsa Morena.”—1 Bakorinthe 11:20; Matheu 26:26-28; Mareka 14:22-25; Luka 22:19, 20.

3. Tlaleho ea moapostola Johanne ea lihora tsa ho qetela tseo Jesu a neng a e-na le barutuoa ba hae ka tsona kamoreng e ka holimo e fapana le tse ling ka litsela life tsa bohlokoa?

3 Seo re se hlokomelang ke hore moapostola Johanne ha aa ka a bua letho ka ho fetisa bohobe le veine, mohlomong ka lebaka la hore nakong eo a neng a ngola tlaleho ea Kosepele ea hae ka eona (hoo e ka bang ka 98 C.E.), mokhoa oa ho tsamaisa lintho o ne o se o hlomamisitsoe ka tieo har’a Bakreste ba pele. (1 Bakorinthe 11:23-26) Leha ho le joalo, ke Johanne feela eo ka pululelo a ileng a re fa boitsebiso ba bohlokoa mabapi le seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa pejana le ka moraonyana ho hore a thehe Sehopotso sa lefu la Hae. Makolopetso ana a thabisang a ngotsoe likhaolong tse hlano tsa Kosepele ea Johanne. Ha a siee khoao ea hore na Molimo o rata batho ba mofuta ofe. A re hlahlobeng Johanne khaolo ea 13 ho isa ho ea 17.

Ithuteng ka Lerato le Behang Mohlala la Jesu

4. (a) Johanne o totobalitse sehlooho se seholo sa seboka sa Jesu le barutuoa ba hae ha a ne a theha Sehopotso joang? (b) Lebaka le leng le ka sehloohong leo Jehova a ratang Jesu ka lona ke lefe?

4 Lerato ke taba e ka sehloohong likhaolong tsena tse nang le keletso eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae ha a arohana le bona. Ha e le hantle, lentsoe “lerato,” le hlaha ka mefuta e sa tšoaneng moo ka makhetlo a 31. Lerato le tebileng la Jesu bakeng sa Ntat’ae, Jehova, le bakeng sa barutuoa ba hae le totobetse haholo likhaolong tsena. Lerato la Jesu ho Jehova le totobalitsoe litlalehong tsohle tsa Likosepele tsa bophelo ba hae, empa ke Johanne feela ea tlalehang hore Jesu o ile a bolela ka ho toba a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Hape, Jesu o boletse hore Jehova oa mo rata a ba a hlalosa lebaka. O itse: “Feela joalokaha Ntate a nthatile ’me ’na ke le ratile, le lule leratong la ka. Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” (Johanne 15:9, 10) E, Jehova o rata Mora oa hae hobane o mo mamela ka ho feletseng. Ke thuto e ntle hakaakang bakeng sa balateli bohle ba Jesu Kreste!

5. Jesu o ile a bontša lerato la hae joang ho barutuoa ba hae?

5 Lerato le tebileng la Jesu ho balateli ba hae le hatisoa qalong ea tlaleho ea Johanne ea seboka sa ho qetela sa Jesu le baapostola ba hae. Johanne o ile a pheta sena: “Joale, kahobane a ne a tseba pele ho mokete oa paseka hore hora ea hae ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate e fihlile, Jesu, kaha a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng, o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Johanne 13:1) Shoalaneng eo ea bohlokoa o ile a ba ruta thuto e sa lebaleheng ea ho sebeletsa ba bang ka lerato. O ile a hlatsoa maoto a bona. Ntho ena ke eo e mong le e mong a neng a lokela hore ebe o ne a ikemiselitse ho e etsetsa Jesu le barab’abo, empa ha baa ka ba etsa joalo. Jesu o ile a etsa mosebetsi ona oa boemo bo tlaase eaba o re ho barutuoa ba hae: “Haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto a lōna, le lōna le tšoanela ho hlatsoana maoto. Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Johanne 13:14, 15) Bakreste ba ’nete ba lokela ho ikemisetsa le ho thabela ho sebeletsa barab’abo bona.—Matheu 20:26, 27, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Johanne 13:17.

Latelang Taelo e Ncha

6, 7. (a) Johanne o fana ka makolopetso afe a bohlokoa mabapi le ho thehoa ha Sehopotso? (b) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo efe e ncha, ’me ke eng e neng e le ncha ka eona?

6 Tlaleho ea Johanne ea se etsahetseng kamoreng e ka holimo bosiung ba la 14 Nisane ke eona feela e bolelang ka ho toba ka ho tsamaea ha Judase Iskariota. (Johanne 13:21-30) Ho nyalanya litlaleho tsa Likosepele ho bontša hore Jesu o ile a theha Sehopotso sa lefu la Hae ka mor’a hore moeki enoa a tsamaee. Ka mor’a moo o ile a bua halelele le baapostola ba hae ba tšepahalang, a ba fa keletso le litaelo tsa karohano. Ha re itokisetsa ho ba teng Sehopotsong, re lokela ho thahasella ka matla seo Jesu a ileng a se bua ketsahalong eo, haholo-holo kaha re hlile re batla ho ba ba bang bao Molimo a ba ratang.

7 Taelo ea pele eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae ka mor’a ho theha Sehopotso sa lefu la hae e ne e le ntho e ncha. O ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Ke eng e neng e le ncha ka taelo ee? Hamorao shoalaneng eo, Jesu o ile a hlakisa litaba, a re: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:12, 13) Molao oa Moshe o ne o laela Baiseraele hore ba ‘rate ba habo bona joalokaha ba ithata.’ (Levitike 19:18) Empa taelo ea Jesu e ile ea fetela pele. Bakreste ba ne ba lokela ho ratana joalokaha Kreste a ba ratile, ba ikemiselitse ho tella barab’abo bona bophelo ba bona.

8. (a) Lerato le nang le boitelo le akarelletsa eng? (b) Lipaki tsa Jehova li bonahatsa lerato le nang le boitelo joang kajeno?

8 Nako ea Sehopotso ke nako e loketseng ea hore re itlhahlobe, re le motho ka mong hape re le phutheho, ho bona hore na re hlile re na le letšoao lena le khethollang Bakreste ba ’nete—e leng lerato le kang la Kreste. Lerato le nang le boitelo joalo le ka bolela hore Mokreste a ka beha bophelo ba hae kotsing ho e-na le hore a eke barab’abo, ’me ka linako tse ling ho hlile ha e-ba joalo. Leha ho le joalo, hangata le akarelletsa hore re ikemisetse ho tela lithahasello tsa rōna e le hore re thuse le ho sebeletsa barab’abo rōna le ba bang. Moapostola Pauluse e ne e le mohlala o motle ntlheng ena. (2 Bakorinthe 12:15; Bafilipi 2:17) Lipaki tsa Jehova li tsejoa lefatšeng lohle ka moea oa tsona oa boitelo, ho thusa barab’abo tsona le baahelani ba tsona le ho ikitlaelletsa ho bolella batho ba bang ’nete ea Bibele. *Bagalata 6:10.

Kamano e Lokelang ho Baballoa

9. E le hore re boloke kamano ea bohlokoa le Molimo le Mora oa hae, re tla thabela ho etsa’ng?

9 Ha ho letho leo e ka bang la bohlokoa ho rōna ho feta ho ratoa ke Jehova le Mora oa hae, Kreste Jesu. Leha ho le joalo, e le hore re be le lerato lena re be re le utloe, re tlameha ho etsa ho hong. Bosiung boo ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae, Jesu o ile a re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata ’me ke tla ipontša eena ka ho hlaka.” (Johanne 14:21) Kaha re nka kamano ea rōna le Molimo le Mora oa hae e le ea bohlokoa, re thabela ho mamela litaelo tsa bona. Sena se akarelletsa taelo e ncha ea ho bontša lerato le nang le boitelo hape se akarelletsa taelo eo Kreste a faneng ka eona ka mor’a tsoho ea hae ea hore “re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng,” re ntse re leka ‘ho etsa barutuoa’ ka ba amohelang litaba tse molemo.—Liketso 10:42; Matheu 28:19, 20.

10. Batlotsuoa le “linku tse ling” ba bulehetsoe ke kamano efe ea bohlokoa?

10 Hamorao hona bosiung boo, ha Jesu a araba potso eo a neng a e botsitsoe ke moapostola Judase (Thaddaeuse) ea tšepahalang, o ile a re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka, Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena re lule le eena.” (Johanne 14:22, 23) Esita leha ba sa le lefatšeng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba memetsoeng ho ea busa le Kreste leholimong, ba na le kamano e haufi ka ho khethehileng le Jehova le Mora oa hae. (Johanne 15:15; 16:27; 17:22; Baheberu 3:1; 1 Johanne 3:2, 24) Empa metsoalle ea bona ea “linku tse ling,” e nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le eona e na le kamano ea bohlokoa le ‘molisa a le mong’ oa bona, e leng Jesu Kreste, le Molimo oa bona, e leng Jehova, hafeela e mamela.—Johanne 10:16; Pesaleme ea 15:1-5; 25:14.

‘Ha le Karolo ea Lefatše’

11. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae temoso efe e tebileng?

11 Sebokeng sena sa ho qetela le barutuoa ba hae ba tšepahalang pele ho lefu la hae, Jesu o ile a fana ka temoso e tebileng e reng: Ha motho a ratoa ke Molimo, lefatše le tla mo hloea. O ile a re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile. Hopolang lentsoe leo ke ileng ka le bolella lona, Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa; haeba ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna.”—Johanne 15:18-20.

12. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lemosa barutuoa ba hae hore lefatše le ne le tla ba hloea? (b) Ho ka ba molemo hore bohle ba nahane ka’ng ha Sehopotso se ntse se atamela?

12 Jesu o fane ka temoso ena e le hore baapostola bana ba 11 le Bakreste ba bang ba ’nete ba neng ba tla tla ka mor’a bona ba se ke ba nyahama ’me ba tela ha lefatše le ba hloea. O ile a phaella ka ho re: “Ke le boleletse lintho tsena hore le se ke la khoptjoa. Batho ba tla le leleka synagogeng. Ha e le hantle, hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang. Empa ba tla etsa lintho tsena hobane ha ba tsebe Ntate kapa ’na.” (Johanne 16:1-3) Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e hlalosa hore sebōpeho sa leetsi le sebelisitsoeng mona e le “khoptjoa” se bolela “ho etsa hore motho e mong a qale hore a se ke a tšepa e mong le hore a mo lahle empa a ne a tšoanela ho mo tšepa le ho mo mamela; ho khelosa.” Ha nako ea ho boloka Sehopotso e ntse e atamela, ke hantle ha bohle ba ka nahana ka tsela eo batho ba tšepahalang ba nakong e fetileng le kajeno ba neng ba phela ka eona, ebe ba etsisa mohlala oa bona oa ho tiea tlas’a teko. U se ke ua lumella khanyetso kapa mahloriso ho u etsa hore u furalle Jehova le Jesu, empa ikemisetse ka tieo ho ba tšepa le ho ba mamela.

13. Jesu o ile a kōpa eng molemong oa balateli ba hae thapelong ho Ntat’ae?

13 Thapelong ea hae e koalang pele a tloha kamoreng eane e ka holimo Jerusalema, Jesu o ile a re ho Ntat’ae: “Ke ba file lentsoe la hao, empa lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14-16) Re ka tiisa hore Jehova o lebela ba mo ratang, ho ba matlafatsa ha ba ntse ba ikarotse lefatšeng.—Esaia 40:29-31.

Lulang Leratong la Ntate le Leratong la Mora

14, 15. (a) Jesu o ile a itšoantša le eng, ho fapana le ‘sefate [sefe] sa morara o bolileng’? (b) “Makala” a “sefate sa morara oa ’nete” ke bo-mang?

14 Moqoqong o tebileng le barutuoa ba hae ba tšepahalang bosiung ba la 14 Nisane, Jesu o ile a itšoantša le “sefate sa morara sa ’nete,” ho fapana le ‘sefate sa morara o bolileng’ sa Baiseraele ba sa tšepahaleng. O ile a re: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.” (Johanne 15:1) Makholo a lilemo pejana, moprofeta Jeremia o ile a tlaleha mantsoe ana ao Jehova a ileng a a bolella sechaba sa hae se koenehileng: “Ke u hlomme hore u be sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu . . . Kahoo u mphetohetse joang hore u be letlōbō le bolileng la sefate sesele sa morara?” (Jeremia 2:21) Moprofeta Hosea eena o ile a ngola a re: “Baiseraele ke sefate sa morara se bolileng. Ba ntse ba ipehela litholoana. . . . Lipelo tsa bona li fetohile tse tletseng boikaketsi.”—Hosea 10:1, 2.

15 Ho e-na le ho hlahisa litholoana tsa borapeli ba ’nete, Baiseraele ba ile ba oela bokoenehing ’me ba beha litholoana tsa bona. Matsatsi a mararo pele ho seboka sena sa ho qetela le barutuoa ba hae ba tšepahalang, Jesu o ile a re ho baeta-pele ba baikaketsi ba Bajuda: ‘Ke re ho lōna, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.’ (Matheu 21:43) Sechaba seo se secha ke “Iseraele ea Molimo,” se entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba tšoantšoang le “makala” a “morara oa ’nete,” e leng Kreste Jesu.—Bagalata 6:16; Johanne 15:5; Tšenolo 14:1, 3.

16. Jesu o ile a phehella baapostola ba tšepahalang ba 11 hore ba etse’ng, ’me ho ka thoe’ng ka masala a tšepahalang mehleng ee ea bofelo?

16 Jesu o ile a bolella baapostola ba 11 ba neng ba e-na le eena kamoreng eane e ka holimo sena: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana oa le tlosa, ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng. Lulang bonngoeng le ’na, le ’na ke lule bonngoeng le lōna. Feela joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ntle le hore le lule sefateng sa morara, ka tsela e tšoanang le lōna le ke ke la beha litholoana ka bolōna, ntle le hore le lule bonngoeng le ’na.” (Johanne 15:2, 4) Histori ea kajeno ea batho ba Jehova e bontša hore masala a tšepahalang a Bakreste ba tlotsitsoeng a lutse bonngoeng le Kreste Jesu, Hlooho ea ’ona. (Baefese 5:23) A lumetse ho hloekisoa le ho pongoa makala a mabe. (Malakia 3:2, 3) Ho tloha ka 1919, a hlahisitse litholoana tse ngata tsa ’Muso, a qalile ka Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ’me, ho tloha ka 1935, ha latela metsoalle ea ’ona ea “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha.—Tšenolo 7:9; Esaia 60:4, 8-11.

17, 18. (a) Ke mantsoe afe a Jesu a thusang batlotsuoa le linku tse ling ho lula leratong la Jehova? (b) Ho ba teng Sehopotsong ho tla re thusa joang?

17 Ho Bakreste bohle ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, ho sebetsa mantsoe a eketsehileng a Jesu a reng: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka. Feela joalokaha Ntate a nthatile ’me ’na ke le ratile, le lule leratong la ka. Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.”—Johanne 15:8-10.

18 Bohle re batla ho lula leratong la Molimo, ’me sena se re susumelletsa hore re be Bakreste ba behang litholoana. Re etsa sena ka ho sebelisa monyetla o mong le o mong hore re bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Re boetse re etsa sohle seo re ka se khonang ho bonahatsa “litholoana tsa moea” bophelong ba rōna. (Bagalata 5:22, 23) Ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ho tla re matlafatsa boikemisetsong ba rōna ba ho etsa sena, etsoe re tla hopotsoa lerato le leholo leo Molimo le Kreste ba re ratang ka lona.—2 Bakorinthe 5:14, 15.

19. Ke thuso efe e eketsehileng eo ho tla buisanoa ka eona sehloohong se latelang?

19 Ka mor’a ho theha Sehopotso, Jesu o ile a tšepisa hore Ntat’ae o tla romella balateli ba hae ba tšepahalang “mothusi, moea o halalelang.” (Johanne 14:26) Hore na moea ona o thusa batlotsuoa le linku tse ling ho lula leratong la Jehova joang, ho tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Kamoo ho sebelitsoeng lipalo kateng ho ea ka Bibele bakeng sa selemo sa 2002, la 14 Nisane, le qala ka mor’a hore letsatsi le likele ka Labone la la 28 March. Mantsiboeeng ao, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li tla bokana hammoho ho ikhopotsa lefu la Morena, Jesu Kreste.

^ ser. 8 Bona buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, khaolong ea 19 le ea 32.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

• Jesu o ile a fa barutuoa ba hae thuto efe e sebetsang mabapi le tšebeletso e lerato?

• Nako ea Sehopotso ke nako e loketseng ea ho itlhahloba ntlheng efe?

• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khoptjoa ke temoso ea Jesu mabapi le lehloeo la lefatše le mahloriso a lona?

• “Sefate sa morara sa ’nete” ke mang? “Makala” ke bo-mang, ’me ho lebeletsoe eng ho bona?

[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jesu o ile a fa baapostola ba hae thuto e sa lebaleheng mabapi le tšebeletso e lerato

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Barutuoa ba Kreste ba mamela taelo ea hae ea ho bontša lerato le nang le boitelo