Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba Bang

Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba Bang

Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba Bang

“Na uena ea rutang e mong, ha u ithute?”—BAROMA 2:21.

1, 2. U batla ho ithuta Bibele ka mabaka afe?

U NA le mabaka a mangata a ho ithuta Lentsoe la Molimo. Mohlomong u batla ho tseba linnete tse ka ho lona—mabapi le batho, liketsahalo, libaka le lintho tse ling. U batla ho tseba ’nete ea thuto e itseng ea bolumeli, ho fapana le likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli tse kang Boraro-bo-bong kapa mollo oa lihele. (Johanne 8:32) Hape u lokela ho batla ho tseba Jehova hamolemo e le hore u ka tšoana le eena ka ho eketsehileng ’me ua tsamaea ka pel’a hae ka ho loka.—1 Marena 15:4, 5.

2 Lebaka le leng le tšoanang le ana ebile e le la bohlokoa la ho ithuta Lentsoe la Molimo ke ho itlhomella hore u rute ba bang—bao u ba ratang, metsoalle, esita le bao u sa ba tsebeng. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho etsa sena. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

3, 4. Ke hobane’ng ha e le ho babatsehang hore u rute joalokaha Jesu a laetse?

3 Ho ithuta Bibele ka lebaka la takatso ea ho ruta ba bang hoa babatseha ebile ho ka tlisa khotsofalo e sa feleng. Ho tloha khale botichere e le mosebetsi o babatsehang. Encarta Encyclopedia e re: “Har’a Bajuda, batho ba bangata ba baholo ba ne ba nka matichere e le batataisi ba isang polokong ’me ba ne ba khothalletsa bana ba bona hore ba hlomphe matichere le ho feta kamoo ba hlomphang batsoali kateng.” Ke ho babatsehang ka ho khethehileng hore Bakreste ba ithute Bibele joale ba ntan’o ruta ba bang.

4 “Mosebetsi oa botichere o etsoa ke batho ba bangata ho feta mosebetsi leha e le ofe. Lefatšeng lohle banna le basali ba ka bang limilione tse 48 ke matichere.” (The World Book Encyclopedia) Tichere e tloaelehileng e filoe boikarabelo ba ho rupela bacha ’me e ka ba susumetsa ka lilemo tse ngata tse tlang. Ho ba le phello e tebileng haholoanyane haeba u mamela taelo ea Jesu ea hore u rute ba bang; seo u ba rutang sona se tla ama bokamoso ba bona ba ka ho sa feleng. Moapostola Pauluse o ile a totobatsa sena ha a ne a phehella Timothea: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) E, ho ruta ha hao ho amana le poloko.

5. Ke hobane’ng ha ho ruta ho etsoang ke Mokreste e le ha boleng bo phahameng ka ho fetisisa?

5 Mohloli o phahameng ka ho fetisisa, e leng ’Musi oa bokahohle ke eena ea u fileng tumello le taelo ea hore u ithute joale u ntan’o ruta ba bang. Sena ke sona se etsang hore ho ruta hona e be habohlokoa ho feta ho ruta ho tloaelehileng, ebang ke ho ruta lithuto tsa motheo, mahlale a mosebetsi kapa esita le tsa bongaka. Ho ruta ho etsoang ke Mokreste ho bolela hore ea rutoang o lokela ho ithuta ho etsisa Mora oa Molimo, Kreste Jesu, le ho ruta ba bang ho etsa se tšoanang.—Johanne 15:10.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta?

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta pele? (b) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlōleha ho ba matichere joang?

6 Ke hobane’ng ha ho thoe re lokela ho ithuta pele? Re ke ke ra ruta ba bang hantle haeba rōna re sa ithuta pele. Pauluse o ile a hatisa ntlha ena temaneng e susumetsang motho hore a nahane ka ho teba e neng e ngoletsoe Bajuda morao koo, empa e ntse e e-na le molaetsa oa bohlokoa bakeng sa Bakreste kajeno. Pauluse o ile a botsa: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa? Uena ea reng ‘U se ke ua feba,’ na ua feba? Uena ea bolelang hore u nyonya litšoantšo tse rapeloang, na u tlatlapa tsa litempele? Uena ea motlotlo ka molao, ka ho tlōla ha hao Molao na u hlompholla Molimo?”—Baroma 2:21-23.

7 Ka ho sebelisa lipotso tse atlehileng, Pauluse o ile a bua ka liphoso tse peli tse neng li boleloa ka ho toba Melaong e Leshome: U se ke ua utsoa, le, u se ke ua feba. (Exoda 20:14, 15) Mehleng ea Pauluse, Bajuda ba bang ba ne ba ithorisa ka hore ba na le Molao oa Molimo. Ba ne ba ‘rutiloe ka molomo ho tsoa Molaong ’me ba kholisitsoe hore ke batataisi ba ba foufetseng le leseli la ba lefifing, mesuoe ea bana.’ (Baroma 2:17-20) Leha ho le joalo, ba bang e ne e le baikaketsi hobane ka sephiring ba ne ba utsoa kapa ba feba. Seo se ne se hlompholla Molao le Moqapi oa oona ea leholimong. U ka bona hore ka sebele ba ne ba sa tšoanelehe ho ruta ba bang; ha e le hantle, ba ne ba bile ba sa ithute.

8. Ho ka etsahala hore ebe mehleng ea Pauluse Bajuda ba bang ba ne ba “tlatlapa tsa litempele” joang?

8 Pauluse o buile ka ho tlatlapa tsa litempele. Na ho na le Bajuda ba neng ba etsa seo ka ho toba? Pauluse o ne a nahanne ka eng? Bonneteng, ka lebaka la boitsebiso bo fokolang temaneng ena, re ke ke ra tiisa hore na Bajuda ba bang ba ne ba “tlatlapa tsa litempele” joang. Pejana motlalehi oa motse oa Efese o ne a ile a bolela hore metsoalle ea Pauluse e ne e se “batlatlapi ba litempele,” e leng se bontšang hore bonyane batho ba bang ba ne ba nahana hore Bajuda ba ka ba molato oa seo. (Liketso 19:29-37) Na ba ne ba itšebelisetsa kapa ba rekisa matlotlo a litempele tsa bahetene, a neng a hapiloe ke bahlōli kapa batho ba chesehelang bolumeli? Ho latela Molao oa Molimo, khauta le silevera e litšoantšong tse rapeloang e ne e lokela ho senngoa, e ne e sa lokela ho sebelisoa. (Deuteronoma 7:25) * Kahoo ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka Bajuda ba neng ba hlompholla taelo ea Molimo ’me ba sebelisa kapa ba rua molemo ka thepa e tsoang litempeleng tsa bahetene.

9. Ke liketso life tse fosahetseng tse amanang le tempele e Jerusalema tse ka ’nang tsa tšoana le ho tlatlapa tsa tempele?

9 Ka lehlakoreng le leng, Josephus o ile a bua ka mahlabisa-lihlong a ileng a etsoa ke Bajuda ba bane Roma, bao moeta-pele oa bona e neng e le mosuoe oa Molao. Batho bana ba bane ba ile ba kholisa mosali oa Moroma, ea neng a sokolohetse Sejudeng, hore a ba fe khauta le matlotlo a mang e le monehelo bakeng sa tempele e Jerusalema. Hang ha a ba file lintho tsena, ba ile ba ithuisa ka tsona—kahoo, ba ne ba tlatlapa tsa tempele. * Ba bang ba ne ba tlatlapa tsa tempele ea Molimo ka mokhoa o sa tobang ka hore ba fane ka mahlabelo a nang le sekoli ’me ba ntšetse pele khoebo e meharo mabaleng a eona, ba fetola tempele “lehaha la masholu.”—Matheu 21:12, 13; Malakia 1:12-14; 3:8, 9.

Ruta Boitšoaro bo Botle ba Bokreste

10. Ha rea lokela ho lahleheloa ke moko-taba ofe oa mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Baroma 2:21-23?

10 Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ne a bua ka mekhoa efe ea lekholong la pele la lilemo e amang ho utsoa, bofebe le ho tlatlapa tsa litempele, e se eka re ke ke ra lahleheloa ke moko-taba oa mantsoe a hae. O ile a botsa: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute?” Hoa hlokomeleha hore mehlala eo Pauluse a buang ka eona e ama boitšoaro bo botle. Mona moapostola o ne a sa lebisa tlhokomelo lithutong tsa motheo tsa Bibele kapa histori. Ho ithuta le ho ruta ba bang hoo Pauluse a neng a bua ka hona ho amana le boitšoaro bo botle ba Bokreste.

11. Ke hobane’ng ha u lokela ho ela hloko boitšoaro bo botle ba Bokreste ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo?

11 E le hore re sebelise thuto e ho Baroma 2:21-23 re lokela ho ithuta boitšoaro bo botle ba Bokreste Lentsoeng la Molimo, re phele tumellanong le seo re ithutang sona, ebe joale re ruta ba bang ho etsa se tšoanang. Kahoo, ha u ntse u ithuta Bibele, ela hloko lintho tse bontšang melao-motheo ea Jehova, eo boitšoaro bo botle ba Bokreste bo thehiloeng ho eona. Thuisa ka keletso le thuto eo u e fumanang Bibeleng. Joale u be sebete ho sebelisa seo u ithutang sona. Ho etsa joalo ho hloka sebete le boikemisetso. Ho bonolo hore batho ba sa phethahalang ba ikemele ba be ba behe mabaka a hore na ke hobane’ng ha boemo bo itseng bo etsa kapa bo hloka hore ho se bontšoe boitšoaro bo botle ba Bokreste tabeng e itseng. Mohlomong Bajuda bao Pauluse a neng a bua ka bona ba ne ba tloaetse ho beha mabaka a joalo a bolotsana a reretsoeng ho emela ketso e itseng kapa ho khelosa ba bang. Leha ho le joalo, mantsoe a Pauluse a bontša hore boitšoaro bo botle ba Bokreste ha boa lokela ho nkeloa fatše kapa ho hlokomolohuoa ka thato ea motho.

12. Boitšoaro bo botle kapa boitšoaro bo bobe bo ama tsela eo Jehova Molimo a talingoang ka eona joang, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lula re hopotse see?

12 Moapostola o ile a totobatsa lebaka la sehlooho la ho ithuta, ebe joale u sebelisa boitšoaro bo botle boo u bo fumanang ka Bibeleng. Boitšoaro bo bobe ba Bajuda bo ne bo ama tsela eo Jehova a neng a talingoa ka eona: “Uena ea motlotlo ka molao, ka ho tlōla ha hao Molao na u hlompholla Molimo? Etsoe ‘lebitso la Molimo le ntse le nyefoloa ka lebaka la lōna har’a lichaba.’” (Baroma 2:23, 24) Le kajeno e ntse e le ’nete hore haeba re hlokomoloha boitšoaro bo botle ba Bokreste, re hlompholla Moqapi oa bona. Ka lehlakoreng le leng, haeba re khomarela melao-motheo ea Molimo, sena se mo hlahisa hantle, sea mo tlotlisa. (Esaia 52:5; Ezekiele 36:20) Ho elelloa sena ho ka matlafatsa boikemisetso ba hao ha u tobane le liteko kapa maemo ao ho ’ona ho ka bonahalang ho le bonolo kapa ho le molemo ho lahla boitšoaro bo botle ba Bokreste. Ho feta moo, mantsoe a Pauluse a re ruta taba e ’ngoe. Ho phaella ho elelloeng hore boitšoaro ba hao bo ama tsela eo Molimo a talingoang ka eona, ha u ruta ba bang, ba thuse hore ba hlokomele hore tsela eo ka eona ba sebelisang melao-motheo ea boitšoaro bo botle eo ba ithutang eona, e tla ama tsela eo Jehova a talingoang ka eona. Hase feela taba ea hore na boitšoaro bo botle ba Bokreste bo tlisa khotsofalo ’me bo sireletsa bophelo ba motho. Bo boetse bo ama tsela eo Ea faneng ka boitšoaro boo bo botle le ea bo khothalletsang, a talingoang ka eona.—Pesaleme ea 74:10; Jakobo 3:17.

13. (a) Bibele e re thusa joang tabeng ea boitšoaro bo botle? (b) Bolela moko-taba oa keletso e ho 1 Bathesalonika 4:3-7.

13 Boitšoaro bo botle bo boetse bo ama batho ba bang. U ka bona sena mehlaleng e Lentsoeng la Molimo e bontšang bohlokoa ba ho sebelisa melao-motheo ea Molimo ea boitšoaro le liphello tsa ho e hlokomoloha. (Genese 39:1-9, 21; Joshua 7:1-25) Hape u ka fumana keletso e hlakileng ea boitšoaro bo botle e kang ena: “Sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe, hore le ile bohlola; hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba tseo tse sa tsebeng Molimo li nang le eona; hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena, . . . etsoe Molimo ha aa re bitsa ka tumello ea ho se hloeke, empa o re bitsitse mabapi le khalaletso.”—1 Bathesalonika 4:3-7.

14. U ka ’na ua ipotsa lipotso life mabapi le keletso e fanoeng ho 1 Bathesalonika 4:3-7?

14 Hoo e ka bang e mong le e mong oa hlokomela hore temaneng ena, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ke ho tlōla molao oa boitšoaro bo botle ba Bokreste. Leha ho le joalo, u ka fumana moelelo o tebileng ka ho eketsehileng oa temana ena. Litemana tse ling li fana ka monyetla oa hore motho a ithute tsona ka ho eketsehileng a be a thuise ka tsona, e leng se tla fella ka hore a li utloisise ka ho tebileng le ka ho nepahetseng haholoanyane. Ka mohlala, u ka nahana ka hore na Pauluse o ne a bolela eng ha a re ho etsa bohlola ho ka etsa hore motho a ee “ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena.” Ho ameha litokelo life, hona ho utloisisa see hamolemo ho tla u susumelletsa joang ka ho eketsehileng hore u boloke boitšoaro bo botle ba Bokreste? Ke joang liphello tsa ho batlisisa joalo li tlang ho u hlomella ka ho eketsehileng hore u rute ba bang u be u ba thuse hore ba tlotlise Molimo?

Ithute e le Hore U Tle U Rute ba Bang

15. U ka sebelisa lithulusi life hore u ithute thutong ea botho?

15 Lipaki tsa Jehova li na le lithulusi tseo li li sebelisang bakeng sa ho etsa lipatlisiso lipotsong kapa liphehisanong tse hlahang ha li ntse li ithuta kapa li ruta ba bang. Thulusi e ’ngoe e fumanehang ka lipuo tse ngata ke Watch Tower Publications Index. Haeba u e-na le eona, u ka e sebelisa ho fumana hore na boitsebiso bo hlaha hokae ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa Lipaki tsa Jehova. U ka batla sehlooho kapa moo ho thathamisitsoeng litemana tsa Bibele. Thulusi e ’ngoe eo Lipaki tsa Jehova li nang le eona ka lipuo tse ngata tse khōlō ke Watchtower Library. Lenaneo lena la k’homphieutha le ho CD-ROM le na le pokello e khōlō ea lingoliloeng. Lenaneo la eona le lumella motho hore a etse lipatlisiso lihloohong le lipuisanong tsa mangolo. Haeba u e-na le e ’ngoe ea lithulusi tsena kapa u e-na le tsona ka bobeli, li sebelise kamehla ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo e le hore u tle u rute ba bang.

16, 17. (a) Ke hokae moo u ka fumanang litlhaloso tse u behang leseling mabapi le litokelo tse boletsoeng ho 1 Bathesalonika 4:6? (b) Bohlola bo ka nyonyobela litokelo tsa batho ba bang ka litsela life?

16 A re sebeliseng mohlala o boletsoeng ka holimo oa 1 Bathesalonika 4:3-7. Ho ile ha hlaha potso mabapi le litokelo. Ke litokelo tsa mang? Hona ke joang litokelo tseo li ka nyonyobeloang? Ka lithulusi tse boletsoeng tsa ho ithuta, mohlomong u ka fumana litlhaloso tse ngata tse u behang leseling ka litemana tsena, le ka litokelo tseo Pauluse a neng a bua ka tsona. U ka bala litlhaloso tsena ho Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 863-4; Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?, leqepheng la 145; Molula-Qhooa oa November 15, 1989, leqepheng la 31.

17 Ha u phehella ho ithuta, u tla bona hore lingoliloeng tsena li bontša kamoo mantsoe a Pauluse e leng ’nete kateng. Sehlola se siteloa Molimo ’me se ipepesetsa mafu. (1 Bakorinthe 6:18, 19; Baheberu 13:4) Monna ea etsang bohlola o nyonyobela litokelo tse fapa-fapaneng tsa mosali ea etsang sebe le eena. O mo amoha ho ba le boitšoaro bo hloekileng le letsoalo le hloekileng. Haeba ha aa nyaloa, monna enoa o nyonyobela tokelo ea hae ea ho kena lenyalong e le moroetsana le tokelo eo monna oa hae oa ka moso a nang le eona ea ho lebella hore e be ke moroetsana. O utloisa batsoali ba ngoanana eo bohloko le monna oa mosali eo bohloko haeba a nyetsoe. Monna ea itšoereng hampe o amoha lelapa la hae tokelo ea ho ba le tlaleho e hloekileng ea boitšoaro bo botle. Haeba ke setho sa phutheho ea Bokreste, o e tlisetsa thohako, o senya botumo ba eona.—1 Bakorinthe 5:1.

18. U rua molemo joang ha u ithuta Bibele ka boitšoaro bo botle ba Bokreste?

18 Na litlhaloso tsee tse mabapi le litokelo ha li u hlakisetse temana ee? Ka sebele ho ithuta tjena ke habohlokoa ka ho fetisisa. Ha u ntse u ho phehella, ua ithuta. Kutloisiso ea hao ka bonnete le botebo ba molaetsa oa Molimo ea hōla. U matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho khomarela boitšoaro bo botle ba Bokreste ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha teko efe. Hape ak’u nahane hore na u ka ba mosuoe ea atlehang hakaakang! Ka mohlala, ha u ntse u ruta ba bang ’nete ea Bibele, u ka ba thusa hore ba be le kutloisiso e eketsehileng ea 1 Bathesalonika 4:3-7, ua eketsa kutloisiso ea bona le kananelo ea bona ka boitšoaro bo botle ba Bokreste. Kahoo, ho ithuta ho ka thusa uena le ba bang ba bangata hore le tlotlise Molimo. Mona re boletse mohlala o le mong feela, oa lengolo la Pauluse ho Bathesalonika. Ho sa na le litšobotsi tse ling tse ngata tsa boitšoaro bo botle ba Bokreste, ’me ka ho tšoanang ho na le mehlala e meng e mengata ea Bibele le likeletso tseo u ka ithutang tsona, ua li sebelisa, ua ba ua li ruta ba bang.

19. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore u khomarele boitšoaro bo botle ba Bokreste?

19 Ho hang ha ho pelaelo ea hore ho etsa joalo ho bohlale. Jakobo 3:17 e re “bohlale bo tsoang holimo,” ho Jehova Molimo, “pele ho tsohle bo hloekile.” Ka ho hlakileng sena se bolela ho latela melao-motheo ea Molimo ea boitšoaro. Ha e le hantle, Jehova o batla hore ba mo emelang ho ruteng Bibele le bona e be mehlala e metle “tlhoekong.” (1 Timothea 4:12) Mokhoa oa bophelo oa barutuoa ba pele ba kang Pauluse le Timothea o paka sena; ba ile ba qoba boitšoaro bo bobe, ’me Pauluse a ba a ngola: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang.”—Baefese 5:3, 4.

20, 21. Ke hobane’ng ha u lumellana le seo moapostola Johanne a se ngotseng, joalokaha se tlalehiloe ho 1 Johanne 5:3?

20 Le hoja melao-motheo ea boitšoaro e Lentsoeng la Molimo e hlakile ebile e tobile, hase moroalo o boima. Sena se ile sa totobala ho Johanne, moapostola ea phetseng nako e telele ho feta ba bang. Motheong oa seo a neng a se bone ka lilemo tse ngata tseo a li phetseng, o ne a tseba hore boitšoaro bo botle ba Bokreste ha bo kotsi. Ho fapana le sena, bo ne bo le khabane, bo le molemo, ebile e le tlhohonolofatso. Johanne o ile a hatisa sena, ha a ngola: “Ho rata Molimo ke ho etsa sena: hore re boloke litaelo tsa hae. Litaelo tsa hae hase moroalo ho rōna.”—1 Johanne 5:3, New English Translation.

21 Leha ho le joalo, hlokomela hore Johanne ha aa ka a re ho mamela Molimo ka ho phela ka boitšoaro bo botle ba Bokreste ke tsela e molemo hobane feela e re qobisa mathata le liphello tse bohloko tse ka re hlahelang haeba re sa etse joalo. O ile a beha litaba hantle ka hore pele a lumele hore ke pontšo ea lerato la rōna ho Jehova Molimo, monyetla oa bohlokoa oa hore re bontše lerato la rōna ho eena. Ka sebele, ho ithuta kapa ho ruta ba bang hore ba rate Molimo ho hloka hore re amohele re be re sebelise melao-motheo ea hae e phahameng. E, ho bolela ho ithuta le ho ruta ba bang boitšoaro bo botle ba Bokreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Le hoja a ne a re Bajuda ba ne ba sa nyefole lintho tse halalelang, Josephus o ile a pheta molao oa Molimo ka tsela ena: “Ho se ke ha e-ba le ea nyefolang melimo e rapeloang ke metse e meng, le ho tlatlapa tsa litempele tsa basele, le ho nka matlotlo a nehetsoeng ho molimo leha e le ofe.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Jewish Antiquities, Buka 4, khaolo 8, serapa 10.

^ ser. 9 Jewish Antiquities, Buka 18, khaolo 3, serapa 5.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta pele re ka ruta ba bang?

• Boitšoaro ba rōna bo ka ama tsela eo Jehova a talingoang ka eona joang?

• Sehlola se ka ’na sa be se nyonyobela litokelo tsa bo-mang?

• Boikemisetso ba hao ke bofe mabapi le boitšoaro bo botle ba Bokreste?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

“Litaelo tsa hae ha se moroalo ho rōna”