Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Latela Mohlala oa Marena

Latela Mohlala oa Marena

Latela Mohlala oa Marena

“A ingolle bukeng kopi ea molao ona . . . E tla lula ho eena, ’me a e bale ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.”—Deuteronoma 17:18, 19.

1. Mokreste a ka ’na a batla ho tšoana le bo-mang?

MOHLOMONG le ho lora ha u lore u le morena kapa mofumahali. Na ho na le Mokreste ea tšepahalang kapa seithuti sa Bibele se ka iponang se se se e-na le matla a borena, joaloka marena a tšepahalang a kang Morena Davida, Morena Josiase, Morena Ezekiase kapa Morena Josafate? Leha ho le joalo, u ka ba joaloka bona bonyane ntlheng e le ’ngoe e khethehileng, ’me u lokela ho ba joaloka bona ho eona. Ke ntlheng efe? Hona ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho tšoana le bona ntlheng eo?

2, 3. Jehova o ile a bona eng esale pele ka morena oa motho, hona morena ea joalo o ne a lokela ho etsa eng?

2 Mehleng ea Moshe, nako e telele pele Molimo a lumella Baiseraele hore ba be le marena a batho, O ile a bona esale pele hore sechaba sa Hae se ne se tla lakatsa ho ba le morena. Kahoo o ile a bululela Moshe hore a kenyelletse litaelo tse amanang le seo selekaneng sa Molao. Tsena e ne e le litaelo tsa marena, tse a tataisang.

3 Molimo o ile a re: “Qetellong ha u fihla naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona, . . . ’me u itse, ‘A nke ke ipehele morena joaloka lichaba tsohle tse mpotolohileng’; ruri u lokela ho ipehela morena eo Jehova Molimo oa hao a tla mo khetha. . . . Ha a lula teroneng ea ’muso oa hae, a ingolle bukeng kopi ea molao ona . . . E tla lula ho eena, ’me a e bale ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, e le hore a ka ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae hore a tle a boloke mantsoe ’ohle a molao ona le melao ena ea tsamaiso ka ho e phetha.”—Deuteronoma 17:14-19.

4. Litaelo tsa Molimo bakeng sa marena li ne li akarelletsa eng?

4 E, morena eo Jehova a neng a tla mo khethela barapeli ba hae o ne a lokela ho iketsetsa kopi ea mangolo ao u ka a fumanang ka Bibeleng ea hao. Joale morena o ne a lokela ho bala kopi eo letsatsi le letsatsi, a e pheta-pheta. Ona e ne e se mokhoa feela oa ho leka ho ntlafatsa tsela ea ho hopola lintho. E ne e le ho ithuta, ’me ho ne ho etsoa ka sepheo se molemo. Ho ne ho hlokahala hore morena eo Jehova a neng a tla mo amohela a phehelle ho ithuta ka tsela ena e le hore a tle a be le boikutlo bo nepahetseng ba pelo ’me a lule a e-na le bona. Hape ho ne ho hlokahala hore a ithute mangolo ana a bululetsoeng e le hore e tle e be morena ea atlehang, ea nang le temoho.—2 Marena 22:8-13; Liproverbia 1:1-4.

Ithute Joaloka Morena

5. Ke likarolo life tsa Bibele tseo ho neng ho hlokahala hore Morena Davida a li kopitse a be a li bale, hona o ile a ikutloa joang ka see?

5 U nahana hore see se ne se tlama Davida hore a etse eng ha e e-ba morena oa Iseraele? O ne a lokela ho etsa kopi ea Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele (Genese, Exoda, Levitike, Numere, Deuteronoma). Nahana kamoo ho sebelisa mahlo le matsoho ho ngola kopi ea Molao e tlamehang ebe ho ile ha ama Davida ka botebo kateng kelellong le pelong. Mohlomong Moshe o ile a boela a ngola buka ea Jobo hammoho le Pesaleme ea 90 le ea 91. Na le tsona Davida o ile a li kopitsa? Mohlomong ho joalo. Hape e ka ’na eaba ho ne ho se ho ntse ho e-na le libuka tsa Joshua, Baahloli le Ruthe. Kahoo ua bona hore Morena Davida e tlameha ebe o ne a e-na le karolo e khōlō ea Bibele eo a neng a lokela ho e bala le ho nahana ka eona. Hoa utloahala hore u lumela hore o ile a fela a etsa joalo, hobane hlokomela seo a ileng a se bua ka Molao oa Molimo, seo hona joale se fumanehang ho Pesaleme ea 19:7-11.

6. Re ka kholiseha joang hore Jesu joaloka moholo-holo oa hae Davida o ne a thahasella Mangolo?

6 Davida e Moholo—e leng Jesu, Mora oa Davida—o ile a latela mohlala o tšoanang. Jesu o ne a tloaetse ho ea synagogeng ea sebakeng sa habo beke le beke. Ha a le moo o ne a utloa ha ho baloa Mangolo a bile a hlalosoa. Ho feta moo, ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bala phatlalatsa Lentsoeng la Molimo a ba a le hlalosa. (Luka 4:16-21) U khona ho lemoha kapele hore o ne a tloaelane le Mangolo. Ak’u bale litlaleho tsa Kosepele ’me u hlokomele kamoo khafetsa Jesu a neng a re, “ho ngoliloe” kapa a qotsa litemana tse tobileng tsa Mangolo. Ka mohlala, Thutong ea hae ea Thabeng e tlalehiloeng ke Matheu, Jesu o ile a qotsa Mangolong a Seheberu ka makhetlo a 21.—Matheu 4:4-10; 7:29; 11:10; 21:13; 26:24, 31; Johanne 6:31, 45; 8:17.

7. Jesu o ne a fapane joang le baeta-pele ba bolumeli?

7 Jesu o ile a latela keletso e ho Pesaleme ea 1:1-3: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo, . . . empa o thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” See se ne se fapane hakaakang le se neng se etsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae, ba neng “ba lutse setulong sa Moshe” empa ba hlokomoloha “molao oa Jehova”!—Matheu 23:2-4.

8. Ke hobane’ng ha ho ne ho se na thuso hore ebe baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba bala le ho ithuta Bibele?

8 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba qakoa ke polelo e ’ngoe e ka ’nang ea hlalosoa e le e bontšang hore Jesu o ne a sa khothalletse hore ho ithutoe Bibele. Ho Johanne 5:39, 40, re bala seo Jesu a ileng a se bolella batho ba bang ba mehleng ea hae: “Le phenya Mangolo, hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ke ’ona a mpakang. Leha ho le joalo ha le batle ho tla ho ’na e le hore le ka ba le bophelo.” Hase hore Jesu o ne a khothalletsa bamameli ba hae ba Bajuda hore ba se ke ba ithuta Mangolo ha a bua mantsoe ana. Ho e-na le hoo, o ne a pepesa hore ke baikaketsi ebile ba hloka ’nete. Ba ne ba hlokomela hore Mangolo a ne a ka ba tataisetsa bophelong bo sa feleng, empa ’ona Mangolo ana ao ba neng ba a batlisisa, a ka be a ile a ba tataisetsa ho Mesia, Jesu. Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho mo amohela. Ka lebaka leo, ho ithuta ho ne ho sa ba tsoele molemo hobane e ne e le baikaketsi, ba ke ke ba ruteha.—Deuteronoma 18:15; Luka 11:52; Johanne 7:47, 48.

9. Baapostola le baprofeta ba pele ba ile ba beha mohlala ofe o motle?

9 Phapang e ne e le e kaakang ka barutuoa ba Jesu, ho kopanyelletsa le baapostola! Ba ne ba ithutile ‘lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho hlalefisetsa motho poloko.’ (2 Timothea 3:15) Tabeng ena ba ne ba tšoana le baprofeta ba pele ba neng “ba botsisisa ka ho khothala ’me ba batlisisa.” Ho batlisisa ha baprofeta bao e ne e se feela nako ea ho ithuta ka sekhahla ka likhoeli tse seng kae kapa ka selemo. Moapostola Petrose o re ba ile “ba ’na ba tsoela pele ho batlisisa,” haholo-holo ka Kreste le hore na ho ne ho ameha lintho life tse ntle mosebetsing oa hae oa ho pholosa batho. Lengolong la hae la pele, Petrose o qotsitse libukeng tse leshome tsa Bibele ka makhetlo a 34.—1 Petrose 1:10, 11.

10. Ke hobane’ng ha bohle re lokela ho thahasella ho ithuta Bibele?

10 Kahoo, ho hlakile hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko e ne e le kabelo ea marena a Iseraele ea boholo-holo. Jesu o ile a latela mohlala ona. ’Me ba neng ba tla busa le Kreste e le marena leholimong ba ne ba lokela ho ithuta lona. (Luka 22:28-30; Baroma 8:17; 2 Timothea 2:12; Tšenolo 5:10; 20:6) Mohlala ona oa marena e sa ntse e le oa bohlokoa le kajeno ho bohle ba lebeletseng litlhohonolofatso lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso.—Matheu 25:34, 46.

Mosebetsi oa Marena le oa Hao

11. (a) Bakreste ba ka ’na ba hlaheloa ke kotsi efe tabeng ea ho ithuta? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

11 Re ka bolela ka matla le ka tieo hore Mokreste e mong le e mong oa ’nete o lokela hore a hlahlobe Bibele ka boeena. Sena ha se hlokahale feela ha u qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Bohle re lokela ho ikemisetsa ho qoba ho tšoana le ba bang mehleng ea moapostola Pauluse bao ka mor’a nako ba ileng ba khoehlisa tabeng ea thuto ea botho. Ba ne ba ithutile “lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo,” tse kang “thuto ea mathomo mabapi le Kreste.” Leha ho le joalo, ha baa ka ba tsoela pele ba ithuta, kahoo, ha baa ka ba ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheberu 5:12–6:3) Ho loketse hore re ipotse: ‘Ke ikutloa joang ka thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo, ebang ke sa tsoa kopanela le phutheho ea Bokreste kapa e se e le khale ke kopanela? Pauluse o ile a rapela hore Bakreste ba mehleng ea hae ba tsoele pele ho “hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.” Na ke bontša hore ke na le takatso e tšoanang?’—Bakolose 1:9, 10.

12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsoele pele ho rata Lentsoe la Molimo?

12 Senotlolo sa hore u be le mekhoa e metle ea ho ithuta ke hore u rate Lentsoe la Molimo. Pesaleme ea 119:14-16 e bontša hore ntho e ka etsang hore u thabele Lentsoe la Molimo ke ho nahanisisa ka lona kamehla le ka sepheo se itseng. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na u bile Mokreste halelele hakae. Ho hatisa taba ena, hopola mohlala oa Timothea. Le hoja moholo enoa oa Mokreste a ne a se a ntse a sebeletsa e le “lesole le khabane la Kreste Jesu,” Pauluse o ile a mo phehella hore a etse sohle se matleng a hae hore a ‘tšoare lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:3, 15; 1 Timothea 4:15) Ho hlakile hore ho etsa “sohle se matleng a hao” ho akarelletsa ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta.

13. (a) Ke joang u ka fumanang nako e eketsehileng bakeng sa ho ithuta Bibele? (b) U ka khona ho etsa liphetoho life hore u fumane nako e eketsehileng ea ho ithuta?

13 Mohato o lebisang mekhoeng e metle ea ho ithuta ke ho behella nako ka thōko kamehla bakeng sa ho ithuta Bibele. Na u etsa joalo? Ho sa tsotellehe hore na karabo ea hao e tšepahalang ke efe potsong ee, na u nahana hore u ka rua molemo ka ho qeta nako e eketsehileng u etsa thuto ea botho? U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke tla fumana nako ea ho etsa joalo hokae?’ Ba bang ba ekelitse nako ea ho ithuta Bibele ka ho atlehileng ka ho tsoha hoseng ho feta kamoo ba tloaetseng kateng. Ba ka ’na ba bala Bibele ka metsotso e 15 kapa ba etsa thuto ea botho. E le mokhoa o mong, na u ka fetola kemiso ea hao ea beke le beke hanyenyane? Ka mohlala, haeba u tloaetse ho bala koranta ka matsatsi a mangata kapa ho shebella litaba tsa mantsiboea thelevisheneng, na u ka tlōlisa letsatsi le le leng feela bekeng? U ka sebelisa nako eo bakeng sa ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng. Haeba u tlohetse ho shebella litaba ka letsatsi le le leng ’me u sebelisa nako ea metsotso e ka bang 30 bakeng sa thuto ea botho, u ka fumana nako e eketsehileng ea lihora tse 25 ka selemo. Ak’u inahanele feela ka molemo oa ho ba le lihora tse 25 tsa ho bala Bibele kapa ho ithuta ka ho eketsehileng! Tlhahiso e ’ngoe ke ena: Bekeng e tlang, hlahloba lintho tseo u li entseng qetellong ea letsatsi ka leng. Ak’u lekole hore na ho na le ntho eo u ka e tlohelang kapa ua e fokotsa e le hore u be le nako ea ho bala Bibele kapa ho ithuta ka ho eketsehileng.—Baefese 5:15, 16.

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha lipakane li le bohlokoa tabeng ea thuto ea botho? (b) Motho a ka ipehela lipakane life mabapi le ho bala Bibele?

14 Ke eng e tla u nolofalletsa hore u ithute ’me u thabele ho etsa joalo? Ke ho ipehela lipakane. U ka ipehela lipakane life tseo u tla khona ho li finyella? Bakeng sa ba bangata, pakane ea pele e ratehang ke ea ho bala Bibele kaofela. Mohlomong ho fihlela joale, nako le nako u ’nile ua bala likarolo tse itseng tsa Bibele ’me u ruile molemo ka sena. Na joale u ka ikemisetsa ho bala Bibele kaofela? E le hore u etse sena, pakane ea hao ea pele e ka ba ho bala Likosepele tse ’nè, ’me ea lateloa ke pakane ea bobeli, e kang ho bala Mangolo a setseng a Segerike a Bakreste. Hang ha u se u fumane khotsofalo le melemo e tlisoang ke sena, pakane ea hao e latelang e ka ba ho bala libuka tsa Moshe le libuka tsa histori ho ea fihla ho Esthere. Ha u finyelletse seo, u tla bona hore u ka khona ho qetela karolo e setseng ea Bibele. Mosali e mong ea neng a ka ba lilemo li 65 ha e e-ba Mokreste, o ile a ngola ka hare sekoahelong sa Bibele ea hae letsatsi leo a qalileng ka lona ho e bala kaofela ’me hamorao o ile a ngola letsatsi leo a e qetileng ka lona. Hona joale o se a e balile ka makhetlo a mahlano! (Deuteronoma 32:45-47) ’Me ho e-na le ho e balla k’homphieutheng kapa maqepheng a hatisitsoeng a tsoang k’homphieutheng, o ne a e bala a e tšoere ka matsoho.

15 Ba bang ba seng ba finyelletse pakane ea ho bala Bibele kaofela ba nka mehato e meng e etsang hore thuto ea bona e tsoelang pele e be e behang litholoana le e putsang haholoanyane. Tsela e ’ngoe ke ka ho kenyelletsa boitsebiso bo khethiloeng bo ka ithutoang pele motho a bala buka e latelang ea Bibele. Ho “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” le ho Insight on the Scriptures, motho a ka fumana boitsebiso bo molemo ka histori ea buka ka ’ngoe ea Bibele, mokhoa oo e ngotsoeng ka oona le melemo ea eona. *

16. Re lokela ho qoba mohlala ofe mabapi le ho ithuta Bibele?

16 Ha u ntse u ithuta, qoba mokhoa o tloaetsoeng ke ba bangata bao ho thoeng ke litsebi tsa Bibele. Ba lebisa tlhokomelo ka ho feteletseng tabeng ea ho hlahlobisisa litemana joalokaha eka Bibele e tsoa ho batho. Ba bang ba bona ba leka ho etsa hore e ke buka ka ’ngoe e ngoletsoe batho ba itseng kapa ba inahanele sepheo kapa maikutlo ao mongoli oa motho oa buka ka ’ngoe a neng a e-na le ’ona. Phello ea monahano o joalo oa batho e ka ba ho nka hore libuka tsa Bibele ke tsa histori feela kapa ho nka hore li bontša ho feto-fetoha ha maikutlo ka bolumeli. Litsebi tse ling li ameha haholo ka ho ithuta mantsoe, joaloka tabeng ea thuto ea lingoliloeng tsa Bibele. Li ameha haholo ka ho ithuta tšimoloho ea mantsoe le ho qotsa se boleloang ke Seheberu le Segerike ho feta se boleloang ke molaetsa oa Molimo. Na u nahana hore ho ka etsahala hore maikutlo a joalo a etse hore ho be le tumelo e tebileng le e fanang ka tšusumetso?—1 Bathesalonika 2:13.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela hore Bibele e na le molaetsa oa bohle?

17 Na qeto ea litsebi ea utloahala? Na ke ’nete hore buka ka ’ngoe ea Bibele e na le ntlha e le ’ngoe feela ea sehlooho kapa hore e reretsoe babali ba itseng feela? (1 Bakorinthe 1:19-21) ’Nete ke hore libuka tsa Lentsoe la Molimo li na le molemo oa ka ho sa feleng bakeng sa batho ba lilemo tsohle le ba limelo tsohle. Esita le haeba qalong buka e ne e ngoletsoe motho a le mong, joaloka Timothea kapa Tite, kapa e ngoletsoe sehlopha se itseng, mohlomong Bagalata kapa Bafilipi, kaofela ha rōna re ka ithuta libuka tsena ebile re lokela ho ithuta tsona. Li bohlokoa ho rōna bohle, ’me buka e itseng e ka tšohla lihlooho tse ngata ’me ea tsoela babali ba bangata molemo. E, molaetsa oa Bibele ke oa lefatše lohle, e leng se re thusang hore re utloisise lebaka la hore ebe e fetoletsoe ka lipuo tsa batho ba lefatše lohle.—Baroma 15:4.

Rua Molemo U Ruise le ba Bang Molemo

18. Ha u ntse u bala Lentsoe la Molimo, u lokela ho nahanisisa ka eng?

18 Ha u ntse u ithuta, u tla fumana ho le molemo haholo ho batla kutloisiso ea Bibele esita le ho leka ho fumana kamoo boitsebiso bo ho eona bo amanang kateng. (Liproverbia 2:3-5; 4:7) Seo Jehova a se senotseng ka Lentsoe la hae se amana haufi le morero oa hae. Kahoo ha u ntse u bala, bona kamoo lintlha le likeletso li amanang le oona kateng. U ka ’na ua thuisa ka hore na ketsahalo, khopolo, kapa boprofeta bo amana joang le morero oa Jehova. Ipotse: ‘See se nthuta eng ka Jehova? Se amana joang le ho phethahatsoa ha morero oa Molimo ka ’Muso oa hae?’ U ka boela ua ipotsa: ‘Nka sebelisa boitsebiso boo joang? Na nka bo sebelisa ha ke ruta kapa ke eletsa ba bang ka Mangolo?’—Joshua 1:8.

19. Ke mang ea ruang molemo ha u phetela ba bang lintho tseo u ithutileng tsona? Hlalosa.

19 Ho nahana ka ba bang ho molemo le tabeng e ’ngoe. Ha u ntse u bala Bibele u bile u ithuta eona, u tla ithuta lintho tse ncha ’me u be le kutloisiso e ncha. Leka ho kopanyelletsa lintho tsena moqoqong o hahang oo u bang le oona le litho tsa lelapa kapa ba bang. Haeba u etsa joalo ka linako tse loketseng le ka tsela e itekanetseng, ha ho pelaelo hore moqoqo o joalo o tla tlisa meputso. Ha ka tieo le ka mafolofolo u ba phetela seo u ithutileng sona kapa lintho tseo u fumaneng li thahasellisa, sena se ka ’na sa etsa hore boitsebiso boo bo ame ba bang haholoanyane. Ho feta moo, ho tla u tsoela molemo. Ka tsela efe? Litsebi li boletse hore motho a ka qeta nako e telele a ntse a hopola seo a ithutileng sona kapa seo a se balileng haeba a se sebelisa kapa a se phetela ba bang se sa le secha. *

20. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bala Bibele ka makhetlo-khetlo?

20 Nako le nako ha u bala buka e itseng ea Bibele, ka sebele u tla ithuta boitsebiso bo bocha. U tla hlolloa ke litemana tseo nakong e fetileng li sa kang tsa u ama hakaalo. U tla li utloisisa haholoanyane. Sena se lokela ho hatisa hore ho e-na le hore ebe libuka tsa Bibele ke lingoliloeng feela tsa batho, ke matlotlo ao u lokelang ho ithuta ’ona ka makhetlo-khetlo le ho rua molemo ho ’ona. Hopola, morena ea kang Davida o ne a lokela hore “a e bale ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.”

21. U ka lebella moputso ofe ka ho eketsa thuto ea hao ea Lentsoe la Molimo?

21 E, ba iphang nako ea ho ithuta Bibele ka botebo ba rua molemo o moholo. Ba fumana matlotlo a moea le temohisiso ea moea. Kamano ea bona le Molimo ea matlafala, e ba e haufi ka ho eketsehileng. Hape e ba ba bohlokoa ka ho eketsehileng ho litho tsa lelapa, ho bara le barali babo bona ka phuthehong ea Bokreste, le ho bao e e-song ho be barapeli ba Jehova.—Baroma 10:9-14; 1 Timothea 4:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Lithuso tsena tsa ho ithuta li hatisoa ke Lipaki tsa Jehova ’me li fumaneha ka lipuo tse ngata.

^ ser. 19 Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1993, leqepheng la 13-14.

Na U sa Hopola?

• Marena a Iseraele a ne a lebeletsoe hore a etse eng?

• Jesu le baapostola ba ile ba beha mohlala ofe mabapi le ho ithuta Bibele?

• U ka etsa liphetoho life bakeng sa hore u eketse nako ea thuto ea hao ea botho?

• U lokela ho ba le boikutlo bofe ha u ithuta Lentsoe la Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 15]

“Matsohong a Rōna”

“Haeba re batla . . . tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho ka Bibeleng, sesebelisoa sa bohlokoa ka ho fetisisa ke Internet. Empa haeba re batla ho bala Bibele, ho ithuta eona, ho nahana ka eona, ho thuisa ka eona, e lokela ho ba matsohong a rōna, kaha ena ke eona feela tsela ea hore e kene likelellong tsa rōna le lipelong tsa rōna.”—Gertrude Himmelfarb, moprofesa ea tsebahalang ea pencheneng, City University, New York.