Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mathata a Batho a Haufi le ho Fela!

Mathata a Batho a Haufi le ho Fela!

Mathata a Batho a Haufi le ho Fela!

“THUSO ea liphallelo hase ea bohlokoa ka ho feletseng haeba e se karolo ea leano le entsoeng ka hloko haholoanyane le le akarelletsang tšehetso ea ’muso leo sepheo sa lona e leng ho sebetsana le lisosa tsa likhohlano. Khafetsa liketsahalo li ’nile tsa bontša hore liphallelo ka botsona feela li ke ke tsa rarolla mathata ao e hlileng e leng a lipolotiki.”—The State of the World’s Refugees 2000.

Ho sa tsotellehe liphallelo tse ngata tse etsoang, mathata a batho a hōla ka tsela e ke keng ea qojoa. Na ho na le monyetla oa hore lipolotiki li be le tharollo e tšoarellang? Ha e le hantle, o fokola haholo. Empa ke hokae hape moo re ka batlang thuso? Karolong e hapang maikutlo e qalang lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Efese, moapostola Pauluse o hlalosa kamoo Molimo a tla felisa mathata ’ohle a batho kateng. Hape o bolela kofuto eo Molimo a tla etsa sena ka eona—e leng kofuto e tla sebetsana le lisosa tsa mathata ’ohle a re aparetseng kajeno. A re ke re hlahlobeng seo Pauluse a se bolelang. Karolo ena e fumanoa ho Baefese 1:3-10.

“Ho Bokella Lintho Tsohle Hape ho Kreste”

Moapostola o bolela hore morero oa Molimo o entsoe ka lebaka la seo a se bitsang “tsamaiso [kapa taolo ea litaba] tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng.” See se bolela’ng? Se bolela hore Molimo o na le nako eo a e behileng ea ho nka khato ka tsela eo ka eona a tla “bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” (Baefese 1:10) E, Molimo o qalisitse tokisetso ea ho khutlisetsa lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng tumellanong tlas’a taolo ea hae e tobileng. Se thabisang ke hore mabapi le lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho bokella hape,’ setsebi sa Bibele J. H. Thayer se re: “Ipokellela hape . . . lintho tsohle le lipheli tsohle (tseo ho tla fihlela joale li arohantsoeng ke sebe) boemong ba ho ba ntho e le ’ngoe ho Kreste.”

Sena se bontša hore ho ne ho hlokahala hore Molimo a etse sena a ipapisitse le tsela eo karohano e bileng teng ka eona. Qalong ea histori ea motho, batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba latela Satane Diabolose ho fetoheleng Molimo. Ba ne ba batla bolokolohi ba ho iketsetsa qeto tabeng ea se setle le se sebe. (Genese 3:1-5) Tumellanong le toka ea Molimo, ba ile ba lelekoa lelapeng la Molimo ’me ba lahleheloa ke botsoalle ba hae. Ba ile ba etsa hore batho ba oele ho se phethahaleng ka liphello tsohle tse tšabehang tse re hlahelang kajeno.—Baroma 5:12.

Bobe bo Lumelloa ka Nakoana

Batho ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ile a ba tlohella hore ba etse joalo? Ke hobane’ng ha a sa ka a sebelisa matla a hae a maholo ’me a qobella thato ea hae, kahoo a thibela bohloko bohle le mahlomola ’ohle tse re hlahelang hona joale?’ E ka ’na ea e-ba ntho ea tlhaho ho nahana joalo. Empa ho sebelisa likhoka joalo e ne e tla ba bopaki ba eng? Na u ka thabela kapa ua lumellana le motho eo e reng ha ba bang ba re khiri! feela a be a se a ba ripitla hobane feela a e-na le matla a ho etsa joalo? Ka sebele u ke ke.

Ha e le hantle, bafetoheli bana ha baa ka ba qholotsa matla a Molimo a fetisisang. Ka ho toba ba mpile ba qholotsa tokelo ea hae ea ho busa le tsela eo a busang ka eona. E le hore Jehova a rarolle ka ho feletseng lipelaelo tse khōlō tse hlahisitsoeng, o tlohelletse hore ka nakoana, libōpuoa tsa hae li itsamaise ntle ho taolo ea hae e tobileng. (Moeklesia 3:1; Luka 21:24) Ha nako eo e felile, o tla kenella hore a boele a laole lefatše ka ho feletseng. Ka nako eo, ho tla hlaka hantle hore tsela eo a busang ka eona ke eona feela e ka tiisang hore baahi ba lefatše ba ba le khotso, thabo le nala ka ho sa feleng. Joale, bahatelli bohle ba lefatše ba tla be ba tlositsoe ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 72:12-14; Daniele 2:44.

“Pele Lefatše le Thehoa”

Jehova o rerile khale hore o tla etsa sena sohle. Pauluse o re “pele lefatše le thehoa.” (Baefese 1:4) Hase pele ho bōptjoa lefatše kapa Adama le Eva. Lefatše leo le ne le le “molemo haholo,” ’me borabele bo ne bo e-s’o qhome. (Genese 1:31) Ebe moapostola Pauluse o ne a bolela “lefatše” lefe? O ne a bolela lefatše la bana ba Adama le Eva—e leng batho ba baetsalibe le ba sa phethahalang ba lebelletseng hore ba lopolloe. Pele ho tsoaloa bana, Jehova o ne a se a tseba hore na o tla etsa joang ho lopolla bana ba Adama ba neng ba ka lopolloa.—Baroma 8:20.

Leha ho le joalo, sena ha se fane ka maikutlo a hore ’Musi oa bokahohle o tlameha ho sebetsa litaba joaloka batho. Kaha baa hlokomela hore ho ka ’na ha hlaha maemo a tšohanyetso, ba lokisetsa lintho tse fapa-fapaneng e le hore ba sebetse boemo. Che, Molimo ea Matla ’Ohle o bolela morero oa hae ebile oa o phethahatsa. Leha ho le joalo, Pauluse o hlalosa kamoo Jehova a ileng a etsa qeto ea ho rarolla maemo kateng e le hore a lopolle batho ka ho sa feleng. Mehato eo ke efe?

Topollo e Tla Tlisoa ke Mang?

Pauluse o hlalosa hore barutuoa ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba na le karolo e khethehileng ea ho etsolla tšenyo e bakiloeng ke sebe sa Adama. Pauluse o re Jehova o “ile a re khetha bonngoeng le [Kreste],” ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. Ha Pauluse a hlalosa sena ka ho eketsehileng, o re Jehova “o ile a re khetha esale pele hore re nkeloe ka lapeng re le bara ho eena ka Jesu Kreste.” (Baefese 1:4, 5) Ha e le hantle, Jehova ha aa ka a ba khetha, kapa a ba hlomamisa esale pele ka bomong. Ho fapana le seo, o hlomamisitse esale pele sehlopha sa batho ba tšepahalang le ba inehetseng ba neng ba tla kopanela le Kreste ho etsolleng tšenyo eo Satane Diabolose, hammoho le Adama le Eva, ba e tliselitseng batho.—Luka 12:32; Baheberu 2:14-18.

Ke ntho e hlollang hakaakang! Mathomong ha Satane a qholotsa bobusi ba Molimo, o ile a fetisa maikutlo a hore Molimo o bōpile batho ba sa phethahala—hore ha ba ka hatelloa kapa ba lekoa ka mokhoa o lekaneng, kaofela ba tla fetohela puso ea Molimo. (Jobo 1:7-12; 2:2-5) Pontšong e matla ea “mosa oa hae o sa tšoanelang o khanyang,” ka nako ea teng Jehova Molimo o ile a bontša hore o tšepa batho ka hore a nkele ka lapeng la hae bana ba bang ba lelapa la baetsalibe la Adama a ba etse bana ba hae ba moea. Litho tsa sehlotšoana sena li ne li tla nkeloa ho ea sebeletsa leholimong. Ka morero ofe?—Baefese 1:3-6; Johanne 14:2, 3; 1 Bathesalonika 4:15-17; 1 Petrose 1:3, 4.

Moapostola Pauluse o re bara bana bao Molimo a ba nketseng ka lapeng la hae e ba “majalefa hammoho le Kreste” ’Musong oa hae oa leholimo. (Baroma 8:14-17) Ha e se e le marena le baprista, ba tla kopanela ho lokolleng batho bohlokong le mahlomoleng tse ba hlahelang hona joale. (Tšenolo 5:10) Ke ’nete hore “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” Leha ho le joalo, haufinyane, bara bana ba Molimo ba khethiloeng ka ho khetheha ba tla latela Jesu Kreste ha a nka khato, ’me batho bohle ba mamelang ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me [ba boele ba] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:18-22.

“Tokollo ka Thekollo”

Sena sohle se khoneha ka seo e tlamehang ebe ke pontšo e hlollang le e hlomphehang ka ho fetisisa ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo malebana le lefatše lena la batho ba ka lopolloang—e leng sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Pauluse oa ngola, o re: “Ka [Jesu Kreste] re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.”Baefese 1:7.

Jesu Kreste ke eena ea ka sehloohong ho phethahaleng ha morero oa Molimo. (Baheberu 2:10) Sehlabelo sa hae sa thekollo se fana ka motheo oa molao oa hore Jehova a nkele ka lapeng la hae la leholimo bana ba bang ba Adama le ho lokolla batho liphellong tsa sebe sa Adama, a sa senye ho tšepahala ha melao le melao-motheo ea Hae. (Matheu 20:28; 1 Timothea 2:6) Jehova o entse lintho ka tsela e phahamisang ho loka ha hae le e khotsofatsang se hlokoang ke toka e phethahetseng.—Baroma 3:22-26.

“Sephiri se Halalelang” sa Molimo

Ka likete tsa lilemo, Molimo ha aa ka a senola hantle hore na o tla finyella morero oa hae joang bakeng sa lefatše. Lekholong la pele la lilemo C.E., ‘o ile a tsebisa [Bakreste] sephiri se halalelang sa thato ea hae.’ (Baefese 1:9) Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng ba ile ba utloisisa ka ho hlaka karolo ea bohlokoa e abetsoeng Jesu Kreste ho phethahaleng ha morero oa Molimo. Ba boetse ba ananela karolo ea bona e khethehileng e le majalefa-’moho le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. (Baefese 3:5, 6, 8-11) E, puso ea ’Muso e matsohong a Jesu Kreste le babusi-’moho le eena ke kofuto eo Molimo a tla tlisa khotso e sa feleng maholimong le lefatšeng ka eona. (Matheu 6:9, 10) Ka eona, Jehova o tla khutlisetsa lefatše lena boemong boo a neng a le reretse bona tšimolohong.—Esaia 45:18; 65:21-23; Liketso 3:21.

Nako eo a e behetseng ho nka khato e tobileng ea ho felisa khatello eohle le ho hloka toka hohle lefatšeng, e haufi haholo. Empa Jehova o hlile a qala mosebetsi oa ho tsosolosa ka Pentekonta ea 33 C.E. Joang? Ka hore nakong eo a qale ho bokella “lintho tse maholimong,” e leng ba tla busa le Kreste maholimong. Bana ba ne ba akarelletsa Bakreste ba Efese. (Baefese 2:4-7) Morao tjena, mehleng ea rōna, Jehova o ’nile a bokella “lintho tse lefatšeng.” (Baefese 1:10) Ka letšolo la ho bolela lefatšeng lohle, o tsebisa lichaba tsohle litaba tse molemo tsa puso ea ’Muso oa hae e matsohong a Jesu Kreste. Hona joale, ba arabelang ba bokelloa sebakeng sa ho sireletsoa le ho phekoloa moeeng. (Johanne 10:16) Haufinyane, lefatšeng le hloekisitsoeng la paradeise, ba tla lokoloha ka ho feletseng ho hlokeng toka le mahlomoleng.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 11:18.

Ho entsoe “tsoelo-pele e khōlō” ka liphallelo ho thusa batho ba hatelletsoeng. (The State of the World’s Children 2000) Leha ho le joalo, bohato bo hlollang haholo e tla ba ha haufinyane Kreste Jesu le babusi-’moho le eena ba kenella ka puso ea ’Muso oa leholimo. Ba tla rarolla ka ho sa feleng lisosa tsohle tsa khohlano le bobe bo bong bo re khathatsang. Ba tla felisa mathata ’ohle a batho.—Tšenolo 21:1-4.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Liphallelo ha lia rarolla mathata a batho

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Sehlabelo sa Kreste sa thekollo se lopolotse batho sebeng sa Adama

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Hoa khoneha ho sireletsoa le ho phekoloa moeeng kajeno

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Haufinyane ’Muso oa Mesia o tla lokolla batho ka ho feletseng mathateng