Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Mathata a Batho a Tla ke a Fele?

Na Mathata a Batho a Tla ke a Fele?

Na Mathata a Batho a Tla ke a Fele?

“KOTARA ea baahi ba lefatše e futsanehile, ba limilione tse likete tse 1,3 ba phela ka chelete e ka tlaase ho $1 ka letsatsi, ba limilione tse sekete ha ba tsebe ho bala le ho ngola, ba limilione tse likete tse 1,3 ha ba na metsi a hloekileng a nooang ’me ba limilione tse sekete ba tsamaea ka lephako letsatsi le leng le le leng.” Ana ke mantsoe a tlaleho e tsoang Ireland mabapi le boemo ba lefatše.

Ke tlaleho e mpe hakaakang e bontšang hore motho o hlōlehile ho fumana tharollo e tšoarellang bakeng sa mathata a lefatše! Mathata ana a bonahala a le mabe haholo ha u hlokomela hore palo e khōlō bo tšosang ea batho ba hlalositsoeng tlalehong ena ke basali le bana ba sitoang ho itšireletsa. Hoa nyahamisa hore ebe le hona joale, lekholong la bo21 la lilemo, litokelo tsa bona li ntse li “hatakeloa letsatsi le leng le le leng ka palo e khōlō bo sisimosang.”—The State of the World’s Children 2000.

“Lefatše le Lecha Molokong o le Mong”

Ba Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana ba boletse hore ba na le tšepo ea hore “masoabi a re aparetseng lefatšeng ka bophara ka lebaka la tlhekefetso ena, a ka tlosoa.” Mokhatlo ona o bolela hore maemo a sisimosang ao batho bana ba limilione tse likete ba a mameletseng hona joale “a ka qojoa hape a ka fetoloa.” Ha e le hantle, o ntšitse mohoo oa hore “batho bohle ba finyelle lefatše le lecha molokong o le mong.” O na le tšepo ea hore lefatše lena e tla ba leo ho lona batho ba tla “tsoa bofumeng le khethollong, ba lokolohe pefong le maloetseng.”

Ba nang le maikutlo ana ba khothatsoa ke ’nete ea hore hona joale, batho ba mohau ba etsa mosebetsi o moholo oa ho fokotsa liphello tse bohloko tsa se “bonahalang e le letoto le sa feleng la likhohlano le maqakabetsi.” Ka mohlala, lilemong tse fetang 15 tse fetileng, Lenaneo la Bana la Chernobyl “le fokolitse mahlomola a bana ba makholo ba anngoeng ke likankere tse bakiloeng ke leru le ileng la sala ka mor’a ho phatloha ha nyutlelie.” (The Irish Examiner, April 4, 2000) Mekhatlo e meholo le e menyenyane ea liphallelo e hlile e etsa phapang e khōlō bophelong ba mahlatsipa a mangata haholo a lintoa le litlokotsi.

Leha ho le joalo, ba kentseng letsoho boitekong bona ba liphallelo ba na le pono ea sebele ea litaba. Baa tseba hore mathata ao ho talimanoeng le ’ona “a atile haholo ’me a tebile haholo ho feta kamoo a neng a le kateng lilemong tse leshome tse fetileng.” David Begg, mookameli oa Mokhatlo oa Maaerishe oa liphallelo o re “basebetsi, batšehetsi le bafani ba ile ba phalla ka mokhoa o babatsehang” ha Mozambique e ne e oetsoe ke meroallo e kotsi. Oa eketsa: “Empa re ke ke ra hlōla likoluoa tse khōlō tjena re le bang feela.” Mabapi le boiteko ba liphallelo Afrika, o ile a lumela ka ho toba a re: “Ho na le mabaka a fokolang a tšepo, ’me a lerootho joaloka likerese tse tukelang tlaase.” Ba bangata ba ne ba tla re mantsoe ana a hae le ’ona a akaretsa boemo ba lefatše ka tsela e nepahetseng.

Na hoa utloahala ho lebella “lefatše le lecha molokong o le mong” leo batho ba nang le tšepo ea lona? Le hoja boiteko ba hona joale ba liphallelo e le bo babatsehang kannete, ka sebele hoa utloahala ho hlahloba monyetla o mong bakeng sa lefatše le lecha le nang le toka le khotso. Bibele e bolela ka monyetla oo, joalokaha re tla hlahloba taba ena sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Page 3, children: UN/DPI Photo by James Bu