Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

“U Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

“U Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Mantsoe ana a thoriso a ne a lebisitsoe ho mosali e monyenyane oa Momoabe. E ne e le mohlolohali ea bitsoang Ruthe, ngoetsi ea mosali oa Moiseraele ea bitsoang Naomi. Ruthe o phetse Iseraele lilemong tse fetileng tse ka bang 3000 ha ho ne ho busa baahloli ’me o ile a iphumanela lebitso la hore o khabane ka ho fetisisa. (Ruthe 3:11) O ile a fumana lebitso lee le letle joang? Ke bo-mang ba ka ruang molemo mohlaleng oa hae?

Ruthe o ne a sa je “bohobe ba botsoa,” o ne a sebetsa nako e telele le ka thata ha a khoahlapisa masimong, a khothetse ka tsela e ileng ea etsa hore a babatsoe. Esita leha a ne a fuoa monyetla oa ho iphokoletsa mosebetsi, o ne a tsoela pele a sebetsa ka thata, a etsa ho fetang se lebelletsoeng. O ile a tšoaneloa ke tlhaloso ea Bibele ea mosali ea rorisoang, ea nang le bokhoni le ea mahlahahlaha.—Liproverbia 31:10-31; Ruthe 2:7, 15-17.

Litšoaneleho tsa Ruthe tsa moea—botho ba hae ba boikokobetso le ba boitelo le lerato la hae le tšepahalang—ke tsona tse neng li mo tumisitse haholo. O ile a tlohela batsoali ba hae le naha ea habo, ’me a khomarela Naomi, a e-na tebello e fokolang ea ho fumana tšireletseho e ka tlisoang ke lenyalo. Ho sa tsotellehe boemo bona, Ruthe o ile a bolela hore o lakatsa ho sebeletsa Jehova, Molimo oa ’m’ae matsale. Tlaleho ea Mangolo e hatisa bohlokoa ba hae ka ho bolela hore o ne a le “molemo ho [Naomi] ho feta bara ba supileng.”—Ruthe 1:16, 17; 2:11, 12; 4:15.

Le hoja metsoalle ea Ruthe ea batho e ne e mo rorisa hakaalo ka bokhabane ba hae bo fetisisang, ntho ea bohlokoa haholo ke tsela e ntle eo Molimo a neng a nka litšoaneleho tsa hae ka eona le ho mo putsa ha hae ka tokelo ea ho ba moholo-holo oa Jesu Kreste. (Matheu 1:5; 1 Petrose 3:4) Ruthe ke mohlala o motle hakaakang ho basali ba Bakreste le ho bohle ba bolelang hore ba rapela Jehova!