Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Laoloang ke Tumela-khoela

Bophelo bo Laoloang ke Tumela-khoela

Bophelo bo Laoloang ke Tumela-khoela

U BATLA u thula motho ha u tsoa ha hao. U khopa lejoe ka monoana oa leoto. Nonyana e itseng e lla bosiu. U lora toro e le ’ngoe khafetsa. Ho ba bangata tsena ke liketsahalo tse tloaelehileng, tse se nang kotsi. Empa batho ba bang ba Afrika Bophirimela ba nka lintho tsena e le lipontšo, litšupo, kapa melaetsa e tsoang sebakeng sa meea. Ho nahanoa hore ho tla hlaha lehlohonolo kapa bomalimabe motheong oa pontšo le tlhaloso ea eona.

Ha e le hantle, tumela-khoela ha e Afrika feela. Ho sa tsotellehe hore na batho ba bangata ka ho makatsang ba Chaena le lirephabliking tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union, ba phetse lilemo tse ngata hakae sebakeng seo ka molao batho ba neng ba sa lumele hore Molimo o teng, ba ntse ba khomaretse litumela-khoela. Linaheng tsa Bophirimela, ba bangata ba hlahloba boitsebiso ba linaleli tsa bona, ba tšaba Labohlano la la 13 ’me ba qoba likatse tse ntšo. Batho ba bang ba Leboea le Hōle ba nka mafube a leboea a bilietsa ntoa le lefu la seoa. India, AIDS e jaloa ke baqhobi ba literaka ba lumelang hore ho kopanela liphate ha ho chesa haholo ho pholisa ’mele. Japane, batho ba sebetsang likotopong ba lumela hore haeba mosali a ka kena ka kotopong pele e fela, o tlisa bomalimabe. Litumela-khoela li boetse li atile lipapaling. Sebapali se seng sa volleyball se ile sa bolela hore se ’nile sa hlōla ka makhetlo-khetlo ka lebaka la ho roala likausi tse ntšo eseng tse tšoeu. Re ka bolela mehlala e mengata.

Ho thoe’ng ka uena? Na mohlomong lekunutung ho na le seo u se tšabang, seo u sitoang ho hlalosa lebaka la ho se tšaba? Na u anngoe ke “ho lumela ntho ka ho feletseng kapa ka ho sa fellang, kapa meetlo eo ho se nang mabaka a utloahalang ka eona”? Karabo ea hao e ka bontša hore bophelo ba hao bo laoloa ke tumela-khoela kapa che, etsoe ena ke tsela eo buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosang lentsoe “tumela-khoela” kateng.

Motho ea lumellang tumela-khoela hore e laole liqeto tsa hae le bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi o lumella hore a susumetsoe ke ntho eo ha e le hantle a sa e utloisiseng. Na ho bohlale ho etsa see? Na re lokela ho inehella tšusumetso e sa utloahaleng joalo le eo mohlomong e leng mpe? Na tumela-khoela ke bofokoli bo se nang kotsi kapa tšokelo e kotsi?