Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Ithuta ho Mokotatsie

Ho Ithuta ho Mokotatsie

Ho Ithuta ho Mokotatsie

“ESITA le mokotatsie maholimong—o tseba hantle linako tsa oona tse behiloeng . . . Empa ha e le sechaba sa ka, ha se tsebe kahlolo ea Jehova.” (Jeremia 8:7) Ka mantsoe ana, moprofeta Jeremia o ne a phatlalatsa kahlolo ea Jehova ho sechaba sa bakoenehi sa Juda, se neng se lahlile Jehova Molimo oa sona ’me se retelehetse borapeling ba melimo esele. (Jeremia 7:18, 31) Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a khetha mohlala oa mokotatsie ho ruta Bajuda ba sa tšepahaleng?

Baiseraele ba ne ba tloaetse ho bona mokotatsie, haholo-holo mokoroane, ha o falla ho pholletsa linaheng tsa mehleng ea Bibele. Lentsoe la Seheberu bakeng sa nonyana ena e tsamaeang ka har’a metsi e meomo e melelele ke lentsoe le ka botšehaling le bolelang “ea tšepahalang; ea nang le mosa o lerato.” Sena se loketse, hobane ho fapana le boholo ba linonyana tse ling, mokoroane o motona le o motšehali e lula ’moho bophelo bohle. Ka mor’a ho qeta likhoeli tsa mariha libakeng tse futhumetseng, mekotatsie e mengata e khutla selemo le selemo, hangata e khutlela sehlaheng seo e neng e lula ho sona pele.

Boitšoaro ba tlhaho ba mokotatsie bo tšoantša tšoaneleho ea botšepehi ka litsela tse ling tse babatsehang. Linonyana tse tona le tse tšehali li kopanela ho fuoameng mahe le ho fepeng malinyane. Buka ea Our Magnificent Wildlife ea hlalosa: “Ha mekotatsie e e-na le malinyane, o mong o bontša botšepehi ho o mong ka ho ikhethang. Mokotatsie o mong o motona Jeremane o ile oa fofela mehaleng ea motlakase ’me oa bolaoa ke matla a motlakase. O motšehali o ile oa tsoela pele ho fuama mahe o le mong ka matsatsi a 3, ’me ka nako ena eohle o ne o siee sehlaha hang le hona e le ka nako e khutšoanyane ha o il’o sela. . . . Ketsahalong e ’ngoe, ha mokotatsie o motšehali o bolaoa ka sethunya, o motona o ile oa hōlisa malinyane.”

Ka sebele, mokotatsie o phelela lebitso la oona le bolelang “ea tšepahalang,” ha ka tlhaho o bontša botšepehi ho molekane oa oona oa bophelo bohle ’me o hlokomela malinyane a oona ka lerato. Kahoo, mekotatsie e ile ea e-ba thuto e matla ho Baiseraele ba sa tšepahaleng le ba sa laoleheng.

Ho batho ba bangata kajeno, botšepehi bo feletsoe ke nako—bo botle empa ha bo sebetse. Ho ata ha tlhalo, ho lahla malapa kherehloa, ho qhekella le mefuta e meng ea thetso, ho bontša hore botšepehi ha bo sa nkoa e le ba bohlokoa. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore botšepehi bo susumetsoang ke lerato le mosa ke ba bohlokoa haholo. E khothalletsa Bakreste hore ba “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:24) E, botho bo bocha bo re thusa hore re tšepahale, empa re ka boela ra ithuta botšepehi ho mokotatsie.