Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko bo Tiileng Neng?

Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko bo Tiileng Neng?

Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko bo Tiileng Neng?

“NTLOHELE ke tsamaee, etsoe mafube a se a hlahile.”

“Nke ke ka u tlohela ho fihlela u ntlhohonolofatsa pele.”

“Lebitso la hao u mang?”

“Ke Jakobo.”

“Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo empa e tla ba Iseraele, etsoe u loanne le Molimo le batho hoo qetellong u hlōtseng.”—Genese 32:26-28.

Puisano ena e thahasellisang e bakiloe ke ha Jakobo ea lilemo li 97 a ne a bontša ka ho hlollang hore o ntse a khona ho tlōla litšoepho joaloka baatlelete. Le hoja Bibele e sa hlalose hore e ne e le moatlelete, o ile a loana kapa a betana le lengeloi bosiu bohle. Hobane’ng? Hobane Jakobo o ne a amehile haholo ka lefa la hae leo Jehova a neng a entse tšepiso ka lona ho ntat’ae moholo.

Lilemo tse ngata pejana, Esau, mor’abo Jakobo, o ne a lahlehetsoe ke tokelo ea hae ea ho ba letsibolo ka lebaka la ho mo rekisetsa eona bakeng sa sechu. Joale Jakobo o utloela hore Esau o tla ka banna ba 400. Kaha ka ho utloahalang Jakobo o khathatsehile, o batla hore Jehova a mo tiisetse hore lelapa la hae le tla atleha naheng e ka mose ho Nōka ea Jordane. Tumellanong le lithapelo tsa hae, Jakobo o nka khato e tiileng. O romela limpho tse ngata ho Esau ea atamelang. O boetse oa itšireletsa, o arola sehlopha sa hae habeli ’me o tšelisa basali ba hae le bana lelibohong la Jaboke. Ka boiteko bo matla le likhapha tse ngata, joale o ikitlaetsa ka ho eketsehileng ka ho betana bosiu bohle le lengeloi e le hore “a ka ikōpela mohau.”—Hosea 12:4; Genese 32:1-32.

Nahana ka mohlala oa pejana, e leng Ragele, mosali oa bobeli oa Jakobo ebile e le thatohatsi. Ragele o tseba ka tšepiso ea Jehova ea ho hlohonolofatsa Jakobo. Lea, morali’abo, mosali oa matsoa-thaka oa Jakobo, o hlohonolofalitsoe ka bara ba bane ha Ragele eena e le nyopa. (Genese 29:31-35) Ho e-na le ho ikutloela bohloko, o lula a kōpa Jehova ka matla thapelong ’me o nka khato e tobileng tumellanong le lithapelo tsa hae. Joalokaha moholo-holo oa hae Sara a ile a etsa ho Hagare, Ragele o tlisa lekhabunyane la hae Bilha ho Jakobo hore e be mosali oa hae e monyenyane, ’me o re, “E le hore nka fumana bana ka eena.” * Bilha o ile a tsoalla Jakobo bara ba babeli, e leng Dane le Nefthali. Ha Nefthali a tsoaloa, Ragele o hlalosa kamoo a ileng a tšoenyeha kateng maikutlong, o re: “Ke loanne le morali’eso ntoa e boima. Hape ke mo hlōtse!” Hamorao Ragele o hlohonolofatsoa ka bara ba babeli ba tsoetsoeng ke eena, e leng Josefa le Benjamine.—Genese 30:1-8; 35:24.

Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hlohonolofatsa boiteko bo entsoeng ka matla a ’mele le ba maikutlo ba Jakobo le Ragele? Ke kahobane ba ne ba etelletsa thato ea Jehova pele ’me ba ne ba ananela lefa la bona. Ba ile ba rapela ka tieo hore a ba hlohonolofatse bophelong ’me ba nka mehato e hlokahalang tumellanong le thato ea Molimo le likōpo tsa bona.

Joaloka Jakobo le Ragele, ba bangata kajeno ba ka paka hore ho hlokahala boiteko bo matla hore ba fumane tlhohonolofatso ea Jehova. Hangata boiteko ba bona bo tsamaea le likhapha, ho nyahama le ho ferekana. ’Mè e mong oa Mokreste, ea bitsoang Elizabeth, o sa hopola kamoo ho ileng ha hlokahala boiteko bo tiileng kateng hore a boele a be teng kamehla libokeng tsa Bokreste ka mor’a hore li mo fose ka nako e telele. Ho ne ho le boima hobane o ne a e-na le bana ba banyenyane ba bahlano ba bashanyana, monna ea sa lumelang, ’me Holo ea ’Muso e haufi e le hōle ka lik’hilomithara tse 30. “Ho leka ho ba teng kamehla libokeng ho ne ho hloka ho itaea ho hoholo, e leng seo ke neng ke tseba hore se molemo ho ’na le ho bara ba ka. Ho ile ha ba thusa hore ba bone hore ena ke tsela eo ho loketseng hore ba e phehelle.” Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae. Ho bara ba hae ba bararo ba ntseng ba le mafolofolo ka phuthehong ea Bokreste, ba babeli ba tšebeletsong ea nako e tletseng. A thabisitsoe ke khatelo-pele ea bona ea moea, o re: “Ba se ba hōlile ho mpheta moeeng.” Boiteko ba hae bo tiileng bo hlohonolofalitsoe hakaakang!

Boiteko bo Tiileng Boo Jehova a bo Hlohonolofatsang

Ka sebele ho etsa boiteko bo tiileng le ho sebetsa ka thata ho na le moputso. Ha re etsa boiteko bo eketsehileng mosebetsing kapa kabelong e itseng, sena se re fa khotsofalo e eketsehileng. Ena ke tsela eo Jehova a re entseng ka eona. Morena Solomone o ile a ngola a re: “Motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moeklesia 3:13; 5:18, 19) Leha ho le joalo, e le hore re amohele tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo, re lokela ho tiisa hore re etsa boiteko nthong e loketseng. Ka mohlala, na hoa utloahala ho lebella hore Jehova a hlohonolofatse mokhoa oa bophelo o bontšang hore litaba tsa moea li sebakeng sa bobeli? Na Mokreste ea inehetseng a ka lebella hore Jehova a mo hlohonolofatse haeba a amohela mosebetsi kapa ho nyolloa mosebetsing ho tla etsa hore kamehla a fosoe ke botsoalle bo hahang tumelo le taeo e fumanehang libokeng tsa Bokreste?—Baheberu 10:23-25.

Hore motho a sebetse ka thata bophelo bohle a lelekisa mosebetsi oa boipheliso kapa maruo ha ho bolele hore o tla “bona se molemo” haeba a beheletse lintho tsa moea ka thōko. Papisong ea mojali, Jesu o ile a hlalosa liphello tsa ho ikitlaelletsa ntho e fosahetseng. Mabapi le peō “e jetsoeng har’a meutloa,” Jesu o ile a hlalosa hore “enoa ke ea utloang lentsoe, empa matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe, ’me o fetoha ea sa beheng.” (Matheu 13:22) Pauluse le eena o ile a lemosa ka leraba le tšoanang a ba a phaella ka ho re ba lelekisang maruo “ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” Pheko ke efe bakeng sa tsela ee ea bophelo e kotsi moeeng? Pauluse o ile a tsoela pele: ‘Balehela lintho tsena ’me u se ke ua beha tšepo ea hao maruong a sa tsitsang, empa u e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’—1 Timothea 6:9, 11, 17.

Ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna kapa hore na re sebelelitse Jehova halelele hakae, bohle re ka rua molemo ka ho etsisa boiteko bo tiileng ba Jakobo le Ragele. Moo ba batlang kamohelo ea Molimo, ha ho mohla ba kileng ba lebala lefa la bona, ho sa tsotellehe hore na maemo a ne a tšosa kapa a ferekanya hakae. Kajeno, likhatello le mathata ao re tobanang le ’ona li ka ’na tsa tšosa le ho ferekanya ka tsela e tšoanang, esita le ho nyahamisa. Motho a ka lekeha hore a inehele ntoeng ’me a fetohe e mong oa bahlaseluoa ba Satane. A ka ’na a sebelisa mekhoa leha e le efe, ebang ke boithabiso kapa boikhathollo, lipapali kapa lintho tse etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello, mosebetsi kapa matlotlo a lintho tse bonahalang, hore a finyelle merero ea hae. Hangata ho tšepisoa hore ho tla ba le liphello tse lakatsehang empa hase kamehla li fumanehang. Hangata ba thetsoang kapa ba hoheloang hore ba phehelle lintho tse joalo ba fumana hore ba soetseha haholo. Joaloka Jakobo le Ragele ba boholo-holo, a re hlaoleleng moea oa seloani se khothetseng ’me re hlōle maqiti a Satane.

Diabolose a ka thaba haholo ho bona re inehela, re nka hore ‘ha ho sa na tšepo ea katleho. Ha ho letho le ka etsoang. Ha ho thuse.’ Joale ke habohlokoa hakaakang hore kaofela ha rōna re loane khahlanong le ho ba le boikutlo ba ho tela re nahana hore ‘ha ho ea nthatang’ le hore ‘Jehova o ntebetse.’ Ho inehella mehopolo e joalo ke ho ipolaea. Na ho ka bontša hore re nyehlisitse ’me ha re sa tsoela pele ho loana ho fihlela re fumane tlhohonolofatso? Hopola, Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo tiileng. Le ’ne le Loanele Tlhohonolofatso ea JehovaKatleho ea rōna ea moea e itšetlehile haholo ka hore re utloisise linnete tse peli tsa motheo ka bophelo ba rōna re le bahlanka ba Jehova. (1) Ha ho motho ea nang le mathata, maloetse kapa maemo a thata bophelong ao e leng eena feela ea nang le ’ona, hape (2) Jehova o utloa mehoo ea ba ipiletsang ho eena ka tieo bakeng sa thuso le tlhohonolofatso.—Exoda 3:7-10; Jakobo 4:8, 10; 1 Petrose 5:8, 9.

Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao a thata hakae kapa u nahana hore u fokola hakae, u se ke ua inehella “sebe se re tšoasang habonolo”—ho hloka tumelo. (Baheberu 12:1) Tsoela pele u loana ho fihlela u fumana tlhohonolofatso. U se ke ua fela pelo, u hopole Jakobo ea hōlileng, ea ileng a loana bosiu bohle hore a fuoe tlhohonolofatso. Joaloka sehoai se jalang nakong ea selemo ebe se emela kotulo, le uena ka ho se fele pelo batla tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa hao oa moea, ho sa tsotellehe hore na u ka nahana hore mosebetsi oa hao o fokola hakae. (Jakobo 5:7, 8) Ka linako tsohle u hopole mantsoe a mopesaleme a reng: “Ba jalang peō ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo.” (Pesaleme ea 126:5; Bagalata 6:9) Ema u tiile, ’me u lule har’a liloani.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Ho ne ho nkoa basali ba lirethe le pele ho selekane sa Molao ’me tokisetso ena e ne e amoheloa ebile e laoloa ke Molao. Ho fihlela ka mor’a hore Jesu Kreste a hlahe, Molimo ha aa ka a bona ho loketse ho tsosolosa molao-motheo oa pele o neng o thehiloe serapeng sa Edene oa ho nyala mosali a le mong, empa o ile a sireletsa mosali oa serethe ka melao e itseng. Ka ho utloahalang, basali ba lirethe ba ne ba thusa hore sechaba sa Iseraele se ate ka potlako.