Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo

Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo

Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo

“Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng, Jehova ke Morena oa rōna.”—ESAIA 33:22.

1. Sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ne se ikhetha ka eng har’a lichaba tse ling?

SECHABA sa Iseraele se tsoetsoe ka 1513 B.C.E. Ka nako eo, se ne se se na motse-moholo, se se na naha, hape se se na morena ea bonahalang. Bafo ba sona ba ne ba tsoa bokhobeng. Leha ho le joalo, sechaba sena se secha se ne se khethehile ka tsela e ’ngoe hape. Jehova Molimo e ne e le Moahloli, Mofani oa taelo e hlomamisitsoeng le Morena oa sona ea sa bonahaleng. (Exoda 19:5, 6; Esaia 33:22) Ho ne ho se sechaba se seng se ka bolelang hore ho joalo ka sona!

2. Ho phahama potso efe mabapi le tsela eo Baiseraele ba neng ba hlophisitsoe ka eona, ’me ke hobane’ng ha karabo ea eona e le ea bohlokoa ho rōna?

2 Kaha Jehova ke Molimo oa taolo, ebile ke Molimo oa khotso, re ne re ka lebella hore sechaba sefe kapa sefe seo a se busang e be se hlophisehileng. (1 Bakorinthe 14:33) Ka sebele ho ne ho le joalo ka Baiseraele. Empa mokhatlo o bonahalang oa lefatšeng o ne o ka tsamaisoa ke Molimo ea sa bonahaleng joang? Ho molemong oa rōna hore re hlahlobe tsela eo Jehova a neng a busa sechaba seo sa boholo-holo ka eona, re tsepamisa maikutlo ka ho khetheha tseleng eo a neng a tsamaisa Baiseraele ka eona e neng e totobatsa bohlokoa ba hore ka botšepehi ho ikokobelletsoe bolaoli bo behiloeng ke Molimo.

Kamoo Baiseraele ba Boholo-holo ba Neng ba Busoa Kateng

3. Jehova o ile a etsa litokisetso life tse sebetsang bakeng sa ho tataisa batho ba hae?

3 Le hoja Jehova e ne e le Morena ea sa bonahaleng oa Baiseraele, o ile a khetha banna ba tšepahalang hore e be baemeli ba hae ba bonahalang. Ba ne ba e-na le marenana, lihlooho tsa malapa a bo-ntat’a bona, le banna ba hōlileng ba neng ba sebeletsa sechaba e le baeletsi le baahloli. (Exoda 18:25, 26; Deuteronoma 1:15) Leha ho le joalo, re se ke ra phetha ka hore ntle ho tataiso ea Molimo banna bao ba ikarabellang ba ne ba ka ahlola litaba ka temoho le kutloisiso e phethahetseng. Ba ne ba sa phethahala, ’me ba ne ba ke ke ba bona se ka lipelong tsa barapeli-’moho le bona. Leha ho le joalo, baahloli ba tšabang Molimo ba ne ba ka fa balumeli-’moho le bona keletso e molemo hobane e ne e thehiloe Molaong oa Jehova.—Deuteronoma 19:15; Pesaleme ea 119:97-100.

4. Baahloli ba tšepahalang ba Iseraele ba ne ba chesehela ho qoba mekhoa efe, hona hobane’ng?

4 Leha ho le joalo, ho ba moahloli ho ne ho sa felle feela ka ho tseba Molao. Kaha banna ba hōlileng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ho ithiba mekhoeng efe kapa efe e tsoileng tseleng—e kang boithati, leeme le meharo—e neng e ka ’na ea sotha likahlolo tsa bona. Moshe o ile a re ho bona: “Le se ke la ba leeme kahlolong. Le lokela ho utloa e monyenyane le e moholo ka ho tšoana. Le se ke la tšosoa ke motho, etsoe kahlolo ke ea Molimo.” E, baahloli ba Iseraele ba ne ba ahlolela Molimo. E ne e le tokelo e hlomphehang le e khethehileng hakaakang!—Deuteronoma 1:16, 17.

5. Ntle ho ho beha baahloli, Jehova o ile a etsa litokisetso life tse ling bakeng sa ho hlokomela batho ba hae?

5 Jehova o ile a etsa litokisetso tse ling tsa ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa batho ba hae. Le pele ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a ba laela hore ba hahe tabernakele e le setsi sa borapeli ba ’nete. O ile a lokisetsa le boprista bo tla ruta Molao, bo nyehele mahlabelo a liphoofolo le ho chesa libano hoseng le mantsiboea. Molimo o ile a hlomamisa Arone, moholoane oa Moshe, e le moprista ea phahameng oa pele oa Iseraele ’me a khetha bara ba Arone hore ba thuse ntat’a bona mesebetsing ea hae.—Exoda 28:1; Numere 3:10; 2 Likronike 13:10, 11.

6, 7. (a) Kamano e ne e le efe pakeng tsa baprista le Balevi bao e seng baprista? (b) Re ka ithuta eng ntlheng ea hore Balevi ba ne ba etsa mesebetsi e fapa-fapaneng? (Bakolose 3:23)

6 Ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa batho ba limilione-milione e ne e le mosebetsi o moholo haholo, ’me baprista ba ne ba fokola ka palo. Kahoo ho ile ha etsoa tokisetso ea hore ba thusoe ke litho tse ling tsa leloko la Levi. Jehova o ile a re ho Moshe: “U fane ka Balevi ho Arone le bara ba hae. Ke ba fanoeng, bao a ba filoeng ho bara ba Iseraele.”—Numere 3:9, 39.

7 Balevi ba ne ba hlophisitsoe hantle. Ba ne ba arotsoe ka malapa a mararo—la Bagershone, la Bakohathe le la Bamerari—lelapa ka leng le ne le abetsoe mosebetsi oo le o etsang. (Numere 3:14-17, 23-37) Mesebetsi e meng e ne e ka ’na ea bonahala e le ea bohlokoa ho feta e meng empa kaofela e ne e hlokahala. Mosebetsi oa Balevi ba Bakohathe o ne o ba hloka pel’a areka e halalelang ea selekane le thepa ea tabernakele. Leha ho le joalo, Molevi e mong le e mong ebang e ne e le oa leloko la Bakohathe kapa che, o ne a thabela litokelo tse hlollang. (Numere 1:51, 53) Ka masoabi, ba bang ba ne ba sa ananele mesebetsi ea bona. Ho e-na le ho ikokobelletsa bolaoli bo behiloeng ke Molimo, ha baa ka ba khotsofala ’me ba ile ba qala ho ikhohomosa, ho rata maemo le ho ba mōna. Molevi ea bitsoang Kora e ne e le e mong oa bona.

“Na le Boetse le Tla Leka ho Fumana Boprista?”

8. (a) Kora e ne e le mang? (b) E ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore Kora a qale ho nka boprista e le ntho ea motho?

8 Kora e ne e se hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a Balevi, ebile e ne e se hlooho ea malapa a Bakohathe. (Numere 3:30, 32) Leha ho le joalo, e ne e le morenana ea hlomphuoang Iseraele. Ho ka etsahala hore ebe mesebetsi ea Kora e ne e mo atametsa haufi le Arone le bara ba hae. (Numere 4:18, 19) Kaha o ne a bonela haufi ho se phethahale ha banna bana, mohlomong Kora o ne a ee a nahane: ‘Ho hlakile hore baprista bana ha baa phethahala, empa ho lebeletsoe hore ke ikokobelletse bona! Hase khale ha Arone a ne a etsa namane ea khauta. Ho rapela namane eo ho ile ha lihela batho ba habo rōna borapeling ba litšoantšo. Ho ntse ho le joalo, Arone, mor’abo Moshe, o sebeletsa e le moprista ea phahameng! Ke leeme le lekaakang! Hona ho thoe’ng ka bara ba Arone, Nadabe le Abihu? Ba bontšitse nyeliso e feletseng bakeng sa litokelo tsa mesebetsi eo ba neng ba e abetsoe hoo Jehova a ileng a ba bolaea!’ * (Exoda 32:1-5; Levitike 10:1, 2) Ho sa tsotellehe hore na Kora o ne a nahana’ng, ho hlakile hore o ile a qala ho nka boprista e le ntho ea motho. Sena se ile sa etsa hore a fetohele Moshe le Arone, le hore qetellong a fetohele Jehova.—1 Samuele 15:23; Jakobo 1:14, 15.

9, 10. Kora le marabele-’moho le eena ba ile ba qosa Moshe ka’ng, ’me ke hobane’ng ha ba ka be ba sa ka ba etsa joalo?

9 Kaha Kora e ne e le motho ea nang le tšusumetso, ha hoa ka ha mo thatafalla ho bokella ba bang ba nang le boikutlo bo tšoanang le ba hae. Eena, hammoho le Dathane le Abirame, ba ile ba fumana ba 250 ba tšoanang le bona ka maikutlo—kaofela e le marenana a phutheho. Ba ile ba atamela Moshe le Arone hammoho ’me ba re: “Phutheho eohle ea halalela ’me Jehova o har’a eona. Joale, ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho ea Jehova?”—Numere 16:1-3.

10 Ka lebaka la seo ba neng ba se tseba, ba ka be ba sa ka ba qholotsa bolaoli ba Moshe. Arone le Miriame ba ne ba sa tsoa qholotsa bolaoli ba Moshe. Ha e le hantle, mabaka a bona a ne a tšoana le a Kora! Ho ea ka Numere 12:1, 2, ba ile ba botsa: “Na Jehova o buile ka Moshe a le mong feela? Na ha aa bua le ka rōna?” Jehova o ne a mametse. O ile a laela Moshe, Arone le Miriame hore ba phuthehele monyako oa tente ea pokano e le hore A ka bontša hore na o khethile mang hore e be moeta-pele. Joale, ka ho hlakileng Jehova o ile a re: “Haeba ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova ho lōna, ke ne ke tla itsebahatsa ho eena ka pono. Ke ne ke tla bua le eena torong. Ha ho joalo ka mohlanka oa ka Moshe! Ntlo eohle ea ka e behiloe tlhokomelong ea hae.” Ka mor’a moo, Jehova o ile a otla Miriame ka lepera ka nakoana.—Numere 12:4-7, 10.

11. Moshe o ile a sebetsa boemo bo amang Kora joang?

11 E tlameha ebe Kora le ba ileng ba ema le eena ba ne ba tseba ketsahalo ena. Borabele ba bona bo ne bo se na lebaka. Ho ntse ho le joalo, Moshe o ile a leka ka mamello ho buisana le bona. O ile a ba phehella ho ananela litokelo tsa bona haholoanyane, a re: “Na ke ntho e nyenyane hakaalo ho lōna hore ebe Molimo oa Iseraele o le arotse ho phutheho ea Iseraele ho le hlahisa ho eena?” Che, e ne e se “ntho e nyenyane”! Balevi ba ne ba se ba ntse ba fuoe ho hongata. Ba ne ba ka batla’ng hape? Seo Moshe a ileng a se bua ho ea pele se ile sa senola seo ba se nahanang ka lipelong: “Na le boetse le tla leka ho fumana boprista?” * (Numere 12:3; 16:9, 10) Joale, Jehova o ile a itšoara joang ka borabele boo bo neng bo etsoa khahlanong le bolaoli bo behiloeng ke Molimo?

Moahloli oa Iseraele oa Kenella

12. Hore Baiseraele ba tsoele pele ba e-na le kamano e ntle le Molimo ho ne ho itšetlehile ka eng?

12 Ha Jehova a ne a fa Baiseraele Molao, o ile a bolella sechaba seo hore haeba se mamela, e ne e tla ba “sechaba se halalelang” le hore sechaba se ne se ka lula se halalela hafeela se ntse se amohela tokisetso ea Jehova. (Exoda 19:5, 6) Joale, kaha borabele bo ne bo tsoela pele pepenene, e ne e le nako ea hore Moahloli le Mofani oa taelo e hlomamisitsoeng oa Iseraele a kenelle! Moshe o ile a re ho Kora: “Uena le phutheho eohle ea hao, itlhahiseng ka pel’a Jehova, uena le bona le Arone, hosasane. E mong le e mong a nke pane ea hae ea mollo, ’me le kenye libano ka har’a tsona ’me e mong le e mong a hlahise pane ea hae ea mollo ka pel’a Jehova, lipane tsa mollo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me uena le Arone le hlahise e mong le e mong pane ea hae ea mollo.”—Numere 16:16, 17.

13. (a) Ke hobane’ng ha e ne e le ho iketelletsa pele hore marabele a nyehele libano ka pel’a Jehova? (b) Jehova o ile a etsa’ng marabele ao?

13 Ho latela Molao oa Molimo, ke baprista feela ba neng ba ka nyehela libano. Taba feela ea hore ho thoe Molevi eo e seng moprista a nyehele libano ka pel’a Jehova, ekabe e ile ea etsa hore marabele ao a nahane. (Exoda 30:7; Numere 4:16) Kora le batšehetsi ba hae ha baa ka ba nahana! Letsatsing le hlahlamang o ile “a bokella phutheho eohle khahlanong le [Moshe le Arone] monyako oa tente ea pokano.” Tlaleho ea re bolella: “Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: ‘Ikaroleng har’a phutheho ena, hore ke e felise hang-hang.’” Empa Moshe le Arone ba rapella hore sechaba se pholosoe. Jehova o ile a utloa thapeli ea bona. Ha e le Kora le letšoele la hae, “mollo oa tsoa ho Jehova ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.”—Numere 16:19-22, 35. *

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a nka bohato bo tiileng khahlanong le phutheho ea Iseraele?

14 Ntho e makatsang ke hore Baiseraele ba neng ba bone kamoo Jehova a ileng a sebetsa marabele ana kateng ha baa ka ba ithuta letho. “Letsatsing le hlahlamang phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea qala ho korotlela Moshe le Arone, ea re: ‘Le bolaile sechaba sa Jehova.’” Baiseraele ba ne ba emela balotsana! Qetellong, mamello ea Jehova e ile ea fela. Lekhetlong lena ha ho le ea mong—esita le Moshe kapa Arone—ea neng a ka rapella sechaba. Jehova o ile a otla ba sa mameleng ka lefu la seoa, ’me “ba bolailoeng ke lefu la seoa ea e-ba likete tse leshome le metso e mene le makholo a supileng, ntle le ba shoeleng ka lebaka la Kora.”—Numere 16:41-49.

15. (a) Ke ka mabaka afe Baiseraele ba ka beng ba ile ba amohela boeta-pele ba Moshe le Arone ba sa tsilatsile? (b) Tlaleho ee e u rutile’ng ka Jehova?

15 Ho ne ho sa hlokahale hore batho bao kaofela ba shoe. Hoja feela ba ne ba ile ba nahana ka sena pele, ba ka be ba ile ba ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Ke bo-mang ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho hlaha ka pel’a Faro? Ke bo-mang ba ileng ba tsitlella hore Baiseraele ba lokolloe? Ke mang feela ea ileng a memeloa ho nyolohela Thabeng ea Horebe ho ea bua le lengeloi la Molimo lifahleho li talimane ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe?’ Ha ho pelaelo hore tlaleho e tsotehang ea Moshe le Arone e ile ea fana ka bopaki ba botšepehi ba bona ho Jehova le lerato la bona ho sechaba. (Exoda 10:28; 19:24; 24:12-15) Jehova o ne a sa thabele ho bolaea marabele ana. Leha ho le joalo, ha ho totobala hore sechaba se tla phehella borabele ba sona, o ile a khaola khang. (Ezekiele 33:11) Sena sohle ke sa bohlokoa haholo ho rōna kajeno. Hobane’ng?

Ho Lemoha Mocha o Sebelisoang Kajeno

16. (a) Ke bopaki bofe bo ka beng bo kholisitse Bajuda ba lekholong la pele la lilemo hore Jesu ke moemeli oa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a nkela baprista ba leloko la Balevi sebaka, hona o ile a ba nkela sebaka ka’ng?

16 Kajeno, ho na le “sechaba” se secha seo Jehova e leng Moahloli, Mofani oa taelo e hlomamisitsoeng le Morena oa sona ea sa bonahaleng. (Matheu 21:43) “Sechaba” seo se tsoetsoe lekholong la pele la lilemo C.E. Nakong eo, tabernakele ea mehleng ea Moshe e ne e nketsoe sebaka ka tempele e ntle Jerusalema, moo Balevi ba neng ba ntse ba sebeletsa teng. (Luka 1:5, 8, 9) Leha ho le joalo, selemong sa 29 C.E., ho ile ha e-ba le tempele e ’ngoe, e leng tempele ea moea, Jesu Kreste e le eena Moprista ea Phahameng. (Baheberu 9:9, 11) Taba ea bolaoli bo behiloeng ke Molimo e ile ea phahama hape. Jehova o ne a tla sebelisa bo-mang ho tsamaisa “sechaba” see se secha? Jesu o bontšitse hore o tšepahala ka ho feletseng ho Molimo. O ne a rata batho. Hape o ile a etsa lipontšo tse ngata tse hlollang. Leha ho le joalo, joaloka baholo-holo ba bona ba melala e sataletseng, Balevi ba bangata ba ile ba hana ho amohela Jesu. (Matheu 26:63-68; Liketso 4:5, 6, 18; 5:17) Qetellong, Jehova o ile a nkela baprista ba leloko la Balevi sebaka ka basele ka ho feletseng, e leng baprista ba marena. Baprista bana ba marena ba tsoela pele ho fihlela kajeno.

17. (a) Ke sehlopha sefe seo e leng baprista ba marena kajeno? (b) Jehova o sebelisa baprista ba marena joang?

17 Baprista baa ba marena ke bo-mang kajeno? Moapostola Petrose o araba potso eo lengolong la hae la pele le bululetsoeng. Petrose o ile a ngolla litho tse tlotsitsoeng tsa ’mele oa Kreste, a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) Mantsoeng ana ho hlakile hore sehlopha sa balateli ba tlotsitsoeng ba mehato ea Jesu ke “baprista ba marena,” bao Petrose a boetseng a ba bitsang “sechaba se halalelang.” Ke bona mocha oo Jehova a o sebelisang ho lokisetsa batho ba hae taeo le tataiso ea moea.—Matheu 24:45-47.

18. Ho na le kamano efe pakeng tsa baholo ba khethiloeng le baprista ba marena?

18 Baprista ba marena ba emeloa ke baholo ba khethiloeng, ba sebeletsang maemong a boikarabelo ka liphuthehong tsa batho ba Jehova lefatšeng lohle. Ho loketse hore re hlomphe banna bana le ho ba tšehetsa ka pelo eohle, ebang ke ba batlotsuoa kapa che. Hobane’ng? Hobane Jehova o sebelisitse moea oa hae o halalelang ho khetha baholo hore ba be maemong a bona. (Baheberu 13:7, 17) Joang?

19. Baholo ba khethoa ke moea o halalelang ka kutloisiso efe?

19 Baholo bana ba finyella litlhokahalo tse ka Lentsoeng la Molimo, le bileng teng ka moea oa Molimo. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) Kahoo, ho ka boleloa hore ba khethoa ke moea o halalelang. (Liketso 20:28) Banna ba hōlileng, kapa baholo, ba tlameha ho ba le tsebo e ntle ea Lentsoe la Molimo. Joaloka Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa ea ba khethileng, baholo le bona ba lokela ho hloea lintho tsohle tse amanang le ho ahlola ka leeme.—Deuteronoma 10:17, 18.

20. Ke eng eo u e ananelang ka baholo ba sebetsang ka thata?

20 Ho e-na le ho hanyetsa bolaoli ba bona, kannete re ananela baholo ba rōna ba sebetsang ka thata! Tlaleho ea bona ea tšebeletso e halalelang, eo hangata ba e entseng ka mashome a lilemo, e re susumelletsa ho ba tšepa. Ka botšepehi ba lokisetsa liboka tsa phutheho le ho li khanna, ba sebetsa le rōna ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’Muso,’ hape ba re fa keletso ea Mangolo ha re e hloka. (Matheu 24:14; Baheberu 10:23, 25; 1 Petrose 5:2) Baa re etela ha re kula hape baa re tšelisa ha re siame. Ba tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ka botšepehi le ntle ho boithati. Moea oa Jehova o ho bona; le eena oa ba amohela.—Bagalata 5:22, 23.

21. Ke eng eo baholo ba lokelang ho e elelloa, hona hobane’ng?

21 Ke ’nete hore baholo ha baa phethahala. Kaha baa elelloa hore ha baa phethahala, ha ba leke ho rena holim’a mohlape oo e leng “lefa la Molimo.” Ho e-na le hoo, ba inka e le ‘basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea barab’abo bona.’ (1 Petrose 5:3; 2 Bakorinthe 1:24) Baholo ba ikokobelitseng, ba sebetsang ka thata, ba rata Jehova, ’me baa tseba hore ba tla tsoela phutheho molemo haholo ha ba mo etsisa ka ho eketsehileng. Ba ntse ba hopotse sena, kamehla ba loanela ho ntlafatsa litšoaneleho tsa bomolimo tse kang lerato, qenehelo le mamello.

22. Ho hlahloba tlaleho ea Kora ho matlafalitse tumelo ea hao joang mokhatlong o bonahalang oa Jehova?

22 Re thaba hakaakang hore ebe Jehova ke ’Musi oa rōna ea sa bonahaleng, Jesu Kreste ke Moprista oa rōna ea Phahameng, litho tse tlotsitsoeng tsa baprista ba marena ke mesuoe ea rōna ’me baholo ba tšepahalang ba Bakreste ke baeletsi ba rōna! Ho sa tsotellehe hore ha ho na mokhatlo o tsamaisoang ke batho o phethahetseng, rea thaba ha re khona ho sebeletsa Molimo le balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang ba thabelang ho ikokobelletsa bolaoli ba Molimo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Bara ba bang ba babeli ba Arone, e leng Eleazare le Ithamare, ba ne ba beha mohlala tšebeletsong ea bona ho Jehova.—Levitike 10:6.

^ ser. 11 Ba neng ba rera bolotsana le Kora, e leng Dathane le Abirame, e ne e le Barubene. Kaha e ne e le Barubene, ho hlakile hore ba ne ba sa lakatse boprista. Tabeng ea bona, ba ne ba hloile boeta-pele ba Moshe le ’nete ea hore ho fihlela nakong eo, tebello ea bona ea ho fihla Naheng e Tšepisitsoeng e ne e e-s’o phethahale.—Numere 16:12-14.

^ ser. 13 Mehleng ea bapatriareka, hlooho ea lelapa le leng le le leng e ne e emela mosali le bana ba eona ka pel’a Molimo, ebile e nyehela mahlabelo lebitsong la bona. (Genese 8:20; 46:1; Jobo 1:5) Leha ho le joalo, ha ho thehoa Molao, Jehova o ile a khetha ba batona ba lelapa la Arone hore e be baprista bao mahlabelo a nyeheloang ka bona. Ho bonahala hore marabele ana a 250 a ne a sa ikemisetsa ho sebelisana le phetoho ena.

U Ithutile’ng?

• Jehova o ile a etsa litokisetso life tse lerato bakeng sa ho hlokomela Baiseraele?

• Ke hobane’ng ha Kora a ne a ke ke a tšoareloa ha a fetohetse Moshe le Arone?

• Re ka ithuta’ng ka seo Jehova a ileng a se etsa marabele?

• Re ka bontša joang hore re ananela litokisetso tsa Jehova kajeno?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na u nka mosebetsi o mong le o mong oo o u filoeng tšebeletsong ea Jehova e le monyetla oa bohlokoa oa ho sebeletsa?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho ea Jehova?”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Baholo ba khethiloeng ba emela baprista ba marena