Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Tsofetse ’me ke Khotsofetse ke Lilemo

Ke Tsofetse ’me ke Khotsofetse ke Lilemo

Pale ea Bophelo

Ke Tsofetse ’me ke Khotsofetse ke Lilemo

JOALOKAHA HO BOLETSE MURIEL SMITH

Lemati le ka pele la ntlo ea ka le ile la reketla ke motho ea neng a kokota ka matla. Ke ne ke sa tsoa fihla lapeng bakeng sa lijo tsa motšehare ka mor’a ho tšoareha mosebetsing oa hoseng oa boboleli. Ka tloaelo, ke ne ke emetse metsi a tee hore a bele ’me ke le makhatheng a ho kakalla hore ke phomotse maoto nakong ea khefu ea halofo ea hora. Motho ea kokotang o ne a le leqoophe, ’me ha ke e-ea monyako, ke ne ke ipotsa hore na ebe ke mang ea tlileng ka nako eo. Ke ile ka tseba kapele. Banna ba babeli ba neng ba eme monyako ba ile ba bolela hore ke mapolesa. Ba ile ba bolela hore ba tlil’o secha ntlo bakeng sa lingoliloeng tse etsoang ke mokhatlo o thibetsoeng oa Lipaki tsa Jehova.

Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ka lebaka lefe Australia, hona ho ile ha tla joang hore ke be e mong oa tsona? Litaba li qalile ka mpho eo ke e fuoeng ke ’Mè selemong sa 1910, ha ke le lilemo li leshome.

LELAPA leso le ne le lula ntlong ea lehong Sydney Leboea motseng oa Crows Nest. Ka letsatsi le leng ha ke fihla lapeng ke tsoa sekolong ke ile ka fumana ’Mè a buisana le monna e mong monyakong o ka pele. Ke ne ke lakatsa ho tseba monna enoa eo ke sa mo tsebeng ea apereng sutu ’me a nkile mokotlana o tletseng libuka. Ka lihlong ke ile ka kōpa ho feta eaba ke kena ka tlung. Leha ho le joalo, ka mor’a metsotsoana feela, ’Mè o ile a mpitsa. O ile a re: “Monna enoa o na le libuka tse monate, ’me kaofela li bua ka Bibele. Kaha haufinyane u tla keteka letsatsi le leng la hao la tsoalo, u ka fumana mose o mocha kapa libuka tsena. U batla’ng?”

Ka araba: “Ke kōpa u nthekele libuka tsena.”

Kahoo, ha ke le lilemo li leshome feela, ke ile ka ba le meqolo ea pele e meraro ea Studies in the Scriptures, ea Charles Taze Russell. Monna ea monyako o ile a hlalosetsa ’Mè hore o tla lokela ho nthusa hore ke utloisise libuka tseo, kaha li ka ’na tsa nthatafalla haholo. ’Mè o ile a bolela hore o tla thabela ho nthusa. Ka masoabi, kapele ka mor’a ketsahalo ena, ’Mè o ile a hlokahala. Ntate o ile a leka ka hohle ho re hlokomela, ’na, ’nake le khaitselinyana ea rōna, empa joale ke ne ke e-na le boikarabelo bo eketsehileng, ’me bo ne bo nkimela. Empa, re ne re tla tloha re oeloa ke tlokotsi e ’ngoe.

Ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qhoma ka 1914, ’me ho ile ha feta selemo feela eaba ntat’a rōna ea ratoang oa bolaoa. Kaha joale re ne re le likhutsana, khaitseli ea ka le ’nake ba ile ba nkoa ke beng ka rōna, ’na ke ile ka isoa kolecheng ea Mak’hatholike e nang le bolulo. Ka linako tse ling ke ne ke tepella maikutlong ke ho jeoa ke bolutu. Leha ho le joalo, ke leboha hore ebe ke ile ka fuoa monyetla oa ho ntšetsa pele lerato la ka la ’mino, haholo-holo oa piano. Lilemo li ile tsa feta, ’me ke ile ka qeta lithuto tsa ka kolecheng eo. Ka 1919, ke ile ka nyaloa ke monna ea rekisang liletsa ea bitsoang Roy Smith. Ka 1920, re ile ra ba le ngoana oa pele, ’me ke ne ke boetse ke tšoarehile ke matšoenyeho a kamehla a bophelo. Libuka tsela ho ile ha etsahala’ng ka tsona?

Moahelani o re Bolella Linnete Tsa Moea

Ka lilemo tsena tsohle ‘libuka tsena tsa Bibele’ li ne li e-ea hohle moo ke eang teng. Le hoja ho ne ho se mohla nkileng ka hla ka li bala, botebong ba pelo ea ka ke ne ke tseba hore molaetsa oa tsona ke oa bohlokoa. Joale, ka letsatsi le leng ho ea lilemong tse qetellang tsa bo-1920, Lil Bimson, e mong oa baahelani ba rōna, o ile a nketela. Re ile ra ea ka phaposing ea ho phomola, ra lula, ’me ra noa tee.

O ile a phasoloha, “Helang, u na le libuka tsee!”

Ka ho makala ka botsa: “Libuka life?”

O ile a supa Studies in the Scriptures moo ho behoang libuka. Lil o ile a li alima ’me a ea le tsona lapeng hona letsatsing leo ’me a li bala ka cheseho. Thabo ea hae ka seo a se balileng e ile ea bonahala kapele. Lil o ile a fumana lingoliloeng tse eketsehileng ho Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Ho feta moo, o ne a sa phetse ho re bolella lintho tsohle tseo a ntseng a ithuta tsona. Buka e ’ngoe eo a ileng a e reka e ne e le The Harp of God, ’me kapele feela e ile ea tla lapeng la rōna. Bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova bo ile ba qala ha ke ipha nako ea ho bala buka ena e thehiloeng Bibeleng. Qetellong, ke ile ka fumana likarabo bakeng sa lipotso tsa bohlokoa tseo kereke ea ka e neng e sitiloe ho mpha tsona.

Ke ile ka ba le lehlohonolo la hore Roy a mamele molaetsa oa Bibele, ’me ka bobeli re ile ra ba liithuti tse chesehang tsa Bibele. Pele ho mona, Roy e ne e le setho sa ma-Freemason. Lelapa la rōna le ne le kopane borapeling ba ’nete, ’me habeli ka beke mor’abo rōna e mong o ne a khannela lelapa kaofela thuto ea Bibele. Re ile ra fumana khothatso e eketsehileng ha re qala ho ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele. Sebaka seo liboka li neng li tšoareloa ho sona Sydney, e ne e le holo e nyenyane e hiriloeng motseng o mong oa Newtown. Nakong eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaase ho 400 ka hare ho naha, kahoo, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba tsamaea sebaka se selelele ha ba e-ea libokeng.

Lelapa la rōna le ne le tlameha ho tšela Boema-kepe ba Sydney kamehla ha le e-ea libokeng. Pele ho ahoa Borokho ba Boema-kepe ba Sydney ka 1932, ho ne ho tšeloa ka seketsoana. Ho sa tsotellehe nako le chelete ea leeto lena, re ne re leka hore re se ke ra fetoa ke lijo tsohle tsa moea tseo Jehova a neng a fana ka tsona. Boiteko ba hore re tseparele ka tieo ’neteng e ne e le ba bohlokoa kahobane ntoa ea bobeli ea lefatše e ne e fehloa ka tsela e tšosang, ’me khang ea ho se jele paate e ne e tla ama lelapa la rōna ka ho toba.

Nako ea Liteko le Litlhohonolofatso

’Na le lelapa la ka re ne re thabile haholo lilemong tse qalang tsa bo-1930. Ke ile ka kolobetsoa ka 1930, ’me ka 1931, ke ne ke le teng kopanong eane e sa lebaleheng ha re ema kaofela ’me re lumela ho amohela lebitso le monate la Lipaki tsa Jehova. ’Na le Roy re ile ra leka ho phelela lebitso leo ka ho kopanela mekhoeng eohle ea ho bolela le liphutuhong tsohle tse neng li khothalletsoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka mohlala, ka 1932 re ile ra kopanela phutuhong e khethehileng ea ho aba bukana e neng e lokiselitsoe hore e fihle ho batho ba bangata ba neng ba tlile pulong ea Borokho ba Boema-kepe ba Sydney. Ntho ea bohlokoa e neng e re thabisa haholo ke ho sebelisoa ha likoloi tse nang le lipikara, ’me re ile ra ba le tokelo ea hore koloi ea rōna e kenngoe lipikara. Mokhoa ona o mocha o ile oa re thusa ho letsa lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele tsa Mor’abo rōna Rutherford, literateng tsa Sydney.

Leha ho le joalo, maemo a ne a boetse a fetoha le ho thatafala haholoanyane. Ka 1932 ho oa ho hoholo ha moruo ho ile ha e-ba matla Australia, ka hona ’na le Roy re ile ra etsa qeto ea ho nolofatsa bophelo ba rōna. Re ile ra etsa sena ka ho fallela haufi le phutheho, ’me kahoo ra fokotsa haholo litšenyehelo tsa ho tsamaea. Leha ho le joalo, mathata a moruo a ile a fetoha ntho e nyenyane ha tšabo ea Ntoa ea II ea Lefatše e aparela lefatše.

Ka lebaka la ho mamela taelo ea Jesu ea hore e se ke ea e-ba karolo ea lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa lefatšeng ka bophara, ’me Australia le eona e ile ea li hlorisa. Kaha ba bang ba ne ba susumetsoa ke moea oa nakong ea ntoa, ba ne ba re bitsa Makomonisi. Ka phoso bahanyetsi bana ba ile ba bolela hore Lipaki tsa Jehova li sebelisa liea-le-moea tse ’nè tseo li nang le tsona Australia ho romella melaetsa lebothong la Majapane.

Barab’abo rōna ba bacha ba neng ba thaotheloa sesole ba ne ba hatelloa ka matla hore ba sekisetse. Ke thabela hore bara ba rōna boraro ba bona ba ile ba emela tumelo ea bona ’me ha baa ka ba jela paate. Mora oa rōna e moholo, Richard, o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng ka likhoeli tse 18. Mora oa rōna oa bobeli, Kevin, o ile a khona ho ngolisa e le ea hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo. Leha ho le joalo, ka masoabi mora oa rōna e monyenyane, Stuart, o ile a shoa kotsing ea sethuthuthu a le tseleng ho ea ikarabella ka lekhetlo la ho qetela nyeoeng ea ho se jele paate. Tlokotsi ena e ne e le boima kannete. Empa, ho lula re nahana ka ’Muso le ka tšepiso ea Jehova ea tsoho, ho ile ha re thusa hore re mamelle.

Ho Feta Mohoalotso Ntho eo e Hlileng e Leng ea Bohlokoa

Lipaki tsa Jehova tsa Australia li ile tsa thibeloa ka January 1941. Empa, joaloka baapostola ba Jesu, ’na le Roy re ile ra mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho, ’me ka lilemo tse peli le halofo, re ile ra tsoela pele ho sebetsa ka sekhukhu. Ke nakong ena moo mapolesa a mabeli a sa aparang junifomo ao ke buileng ka ’ona pejana a ileng a nkokotela. Ho ile ha etsahala’ng?

Ke ile ka re a kene. Ha a kena ka tlung, ke ile ka botsa, “Na nka qetela tee ea ka pele le qala ho secha ntlo?” Ntho e makatsang ke hore a ile a lumela, ’me ke ile ka kena ka kichineng ho rapela Jehova le ho inahana. Ha ke khutla, lepolesa le leng le ile la kena ka phaposing ea ho ithutela ’me la nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le neng le e bona e e-na le letšoao la Watchtower, hammoho le mokotlana oa ka oa tšimo le Bibele ea ka.

La botsa: “Ua tiisa hore ha le na lingoliloeng tse ling tse patiloeng ka mabokoseng? Re boleletsoe hore le ea sebokeng beke le beke holong e qetellong ea seterata sena le hore le isa lingoliloeng tse ngata mono.”

Ka araba: “Ke ’nete, empa ha li eo hona joale.”

La re: “E, rea tseba, Mofumahali Smith. Hape rea tseba hore lingoliloeng li bolokiloe malapeng a batho hohle seterekeng sena.”

Ka kamoreng ea mora oa rōna, ba ile ba fumana mabokose a mahlano a bukana ea Freedom or Romanism.

La botsa: “Ua tiisa hore ha ho na letho le leng ka karacheng?”

Ka re: “Che, ha ho letho.”

Ka mor’a moo le ile la bula k’habote ka phaposing ea ho jela. Le ile la fumana liforomo tse sa ngoloang tse neng li sebelisetsoa ho ngola tlaleho ea phutheho. Le ile la li nka ’me la tsitlella hore le batla ho sheba ka karacheng.

Ka re: “Potang ka mona.”

A ile a ntatela ho ea ka karacheng ’me ka mor’a ho e secha, a tsamaea.

Ha e le hantle, mapolesa ao a ne a nahana hore ha a fumane mabokose ao a mahlano, a fumane ntho ea bohlokoa! Leha ho le joalo, a ile a siea ntho ea bohlokoa ka sebele. Matsatsing ao, ke ne ke sebetsa ke le mongoli oa phutheho, ’me ke ne ke e-na le manane a bahoeletsi ba phutheho le boitsebiso bo bong ba bohlokoa ka tlung. Ke leboha hore barab’abo rōna ba ne ba se ba re lemositse hore re lokele ho sechoa ho joalo, ’me ke ne ke patile litokomane tsena ka hloko. Ke ne ke li kenya ka har’a lienfelopo ebe ke li beha ka tlas’a makotikoti a tšetseng mahlaku a tee, tsoekere le phofo. Tse ling ke ne ke li boloka ka ntlong ea linonyana, e neng e le pel’a karache. Kahoo, mapolesa a ne a fetile mohoalotso boitsebiso boo ba neng ba hlile ba bo batla.

Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ka 1947, bana ba rōna ba ne ba se ba hōlile ’me ba e-na le malapa. Nakong ena, ’na le Roy re ile ra etsa qeto ea hore re ka khona ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ho ne ho hlokahala baboleli tšimong ea Australia Boroa, kahoo re ile ra rekisa lehae la rōna ’me ra reka k’haravene, eo re ileng ra e bitsa Mizpa, e bolelang “Molula-Qhooa.” Ho phela ka tsela ena ho ile ha re fa monyetla oa ho bolela libakeng tse thōko. Hangata, re ne re sebetsa masimong a sa abuoang a libaka tsa mahaeng. Ke hopola lintho tse ngata tse thabisang tsa nakong eo. E mong eo ke ileng ka mo khannela thuto ke moroetsana ea bitsoang Beverly. O ile a falla pele a ka kolobetsoa. Nahana hore na ke ile ka thaba hakaakang ka mor’a lilemo tse ngata ha morali’abo rōna e mong a tla ho ’na kopanong ’me a mpolella hore ke Beverly! Ke ile ka thaba hakaakang ka mor’a lilemo tseo tsohle ha ke mo bona a sebeletsa Jehova hammoho le monna oa hae le bana ba hae!

Ka 1979, ke ile ka ba le monyetla oa ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Ntho e ’ngoe e ileng ea hatisoa sekolong sena ke hore motho o khona ho mamella tšebeletsong ea bopula-maliboho ha a e-na le thuto ea botho e molemo ea kamehla. Ka sebele ke ile ka fumana hore seo ke ’nete. Ho ithuta, liboka le tšebeletso ke tsona bophelo ba ka. Ke nka hore ke tokelo hore ebe ke sebelelitse ke le pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse fetang 50.

Ho Loana le Mathata a ho Kula

Leha ho le joalo, ke bile le mathata a khethehileng lilemong tse mashome tse fetileng. Ka 1962, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le lefu la glaucoma. Ka nako eo, thuso e neng e fumaneha e ne e fokola, ’me kapele-pele ka qala ho bonela leroothong. Roy le eena o ile a fokolloa ke bophelo, ’me ka 1983 o ile a tšoaroa ke stroke se matla haholo seo ka lebaka la sona a ileng a shoa karolo e ’ngoe ea ’mele ’me a sitoa le ho bua. O ile a hlokahala ka 1986. O ne a ntšehelitse hantle haholo bopula-malibohong, ’me kea mo hloloheloa ka sebele.

Ho sa tsotellehe likhoreletso tsena, ke ile ka leka ho boloka kemiso e ntle e sa fetoheng ea lintho tsa moea. Ke ile ka reka koloi e matla, e loketseng tšebeletso ea tšimo sebakeng sa habo rōna se batlang se tšoana le libaka tsa mahae, eaba ke tsoela pele ka bopula-maliboho, ke thusoa ke morali oa ka Joyce. Mahlo a ka a ile a bonela leroothong ho ea pele ho fihlela ha le leng le foufala. Lingaka li ile tsa nkenya leihlo la khalase bakeng sa lona. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke sebelisa khalase e hōlisang litlhaku le lingoliloeng tsa mongolo o motenya ’me ke ne ke khona ho qeta lihora tse tharo ho isa ho tse hlano ka letsatsi ke ithuta ke bonela leroothong ka leihlo la ka le ka lehlakoreng le letšehali.

Nako ea ho ithuta e ’nile ea e-ba ea bohlokoa kamehla ho ’na. Nahana feela hore na ke ile ka tšoha hakaakang motšehare oa mantsiboea ka letsatsi le leng ha ke ntse ke ithuta ’me ka tšohanyetso ho re fi! E ile eaka ho tinngoe lebone. Ke ne ke foufetse ka ho feletseng. Ke entse joang hore ke tsoele pele ho ithuta? Le hoja hona joale ke utloela thateng, ke thusoa ke lik’hasete le lelapa la ka le ntšehelitseng ka lerato hore ke lule ke le matla moeeng.

Ho Mamella ho Isa Qetellong

Kaha joale ke fetile lilemo tse 100, ke se ke khathatsoa ke ho kula, ’me ha ke sa etsa lintho ka matla. Ka linako tse ling kelello ea ka ea lahleha. Ha e le hantle, kaha joale ke sefofu, ka linako tse ling ke lahleha e le kannete! Ke lakatsa eka nka ba le lithuto tsa Bibele hape, empa ka lebaka la ho kula, nke ke ka hlola ke e-ea tšimong le ho li fumana. Qalong, sena se ne se ntepeletsa kelellong. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho khotsofalla bonyane boo ke bo etsang. Ha hoa ba bonolo ho etsa joalo. Leha ho le joalo, ke thabo e kaakang hore ebe khoeli le khoeli ke khona ho tlaleha nako eo ke e sebelitseng ke bua ka Jehova, Molimo oa rōna e moholo. Ha menyetla e ntlhahela hore ke bue ka Bibele, nakong e kang ha baoki, bahoebi le ba bang ba tla lapeng la ka, ke bua le bona—feela ka mokhoa o bohlale.

Moputso o mong o khotsofatsang ka ho fetisisa oo ke nang le oona ke ho bona meloko e mene ea lelapa la ka e rapela Jehova ka botšepehi. Ba bang ba ikitlaelitse hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho moo tlhokahalo e leng khōlō, ba bang ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang, ’me ba bang ba Bethele. Ha e le hantle, joaloka lithaka tsa ka tse ngata, ke ne ke lebeletse hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo tle kapele. Empa ke bone keketseho e kaakang lilemong tse 70 ke le tšebeletsong! Ke khotsofala haholo hore ebe ke ile ka kenya letsoho nthong e khōlō hakana.

Baoki ba nketelang ba bolela hore e tlameha ebe ke phelisoa ke tumelo ea ka. Ke lumellana le bona. Ho phathahana mosebetsing oa Jehova ho fella ka bophelo bo molemo ka ho fetisisa. Joaloka Morena Davida, nka bolela hore ke hōlile ’me ke khotsofetse ke lilemo.—1 Likronike 29:28.

(Morali’abo rōna Muriel Smith o hlokahetse ka la 1 April, 2002, ha sehlooho sena se ntse se lokisetsoa khatiso. Sena se etsahetse khoeli feela pele a qeta selemo sa hae sa bo102, ruri e ne e le mohlala oa botšepehi le mamello.)

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Foto ea ha ke e-na le lilemo tse hlano le ea ha ke e-na le lilemo tse 19, ha ke kopana le monna oa ka, Roy

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Koloi ea rōna le k’haravene eo re neng re e bitsa Mizpa

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

’Na le monna oa ka, Roy, ka 1971