Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla’

Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla’

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla’

SEHLEKEHLEKENG se futhumetseng sa Caribbean sa Jamaica, batho ba bangata ba tseba Bibele. Ha e le hantle, King James Version e fumaneha hoo e batlang e le malapeng ’ohle, ’me batho ba bang ba hlokometse hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Matla ana a ka fetola bophelo ba batho, ’me mohlala oa sena ke phihlelo e latelang.

Monna ea bitsoang Cleveland o ne a sa tsoa fihla lapeng a tsoa mosebetsing ha a eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha Paki e qeta ho mo bolella tse ling tsa lintlha tse tsoang Mangolong, e ile ea mo siela buka e thusang ho ithuta Bibele e bitsoang Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Cleveland o ne a sa tsebe hore Lentsoe la Molimo le ne le tla fana ka matla bophelong ba hae.

Cleveland o ne a tloaetse ho rapela hararo ka letsatsi, a kōpa Molimo hore a mo thuse hore a fumane tsela e nepahetseng ea ho Mo rapela. Cleveland o ne a kholisehile hore batsoali ba hae ba ne ba sa rapele ka tsela e nepahetseng, empa ka mor’a ho hlahloba malumeli a mang, o ile a nyahama. Le hoja a ne a utloetse ka Lipaki tsa Jehova, o ne a belaela hore e hlile li na le ’nete. Ho sa tsotellehe lipelaelo tseo a nang le tsona, Cleveland o ile a lumela ho ithuta Bibele le Paki e neng e mo etetse. Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho bontša Lipaki hore li fositse!

Kapele Cleveland o ile a ithuta hore boitšoaro bo bobe boo a neng a bo etsa le basali ba babeli bo ne bo sa thabise Molimo. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ka mor’a ho ithuta makhetlo a mabeli feela, o ile a iteta sebete ho khaotsa setsoalle sa hae le basali bao. Hape o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. Empa sena se ile sa hlahisa teko e ’ngoe hape.Cleveland o ne a ikakhetse ka setōtsoana sehlopheng sa bolo ea maoto motseng oa habo, ’me lipapali tsa sona li ne li sitisana le ho ba teng ha hae libokeng. O ne a tla etsa joang? Ho sa tsotellehe khatello e matla ea bao a leng sehlopheng sa bolo ea maoto le bona, mokoetlisi le metsoalle, Cleveland o ile a etsa qeto ea ho tlohela sehlopha seo sa bolo ea maoto. E, Lentsoe la Molimo le ne le qala ho fana ka matla, le mo susumetsa ka tsela e mo tsoelang molemo!Matla a Lentsoe la Molimo a ile a boela a bonahala ha Cleveland a qala ho abela ba bang tsebo eo a nang le eona ea Bibele. (Liketso 1:8) Ka lebaka la sena, ba babeli bao pele a neng a le sehlopheng sa bolo ea maoto le bona ba ile ba qala ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a hore Cleveland a tšoanelehele ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo, o ile a fumana thabo e khōlō tšebeletsong, a sebelisa Lentsoe la Molimo ho thusa ba bang.

Cleveland o ile a tsoela pele ho susumetsoa ke matla a Lentsoe la Molimo, ’me qetellong o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing ’me o fumane tokelo ea ho sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong.

Jamaica le lefatšeng ka bophara, batho ba likete ba ithutile hore ka sebele Lentsoe la Molimo “lea phela ’me le fana ka matla.”

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 8]

JAMAICA

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Map and globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.