Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Abele o ne a tseba hore ho hlokahala sehlabelo sa phoofolo hore a tle a amoheloe ke Molimo?

Tlaleho ea Bibele ea ha Kaine le Abele ba etsa linyehelo tsa bona e khutšoanyane haholo. Ho Genese 4:3-5, rea bala: “Eitse ha ho fetile nako e itseng Kaine a tlisa tse ling tsa litholoana tsa naha e le nyehelo ho Jehova. Empa ha e le Abele, le eena a tlisa a mang a matsibolo a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng. Joale le hoja Jehova a ile a talima Abele le nyehelo ea hae ka mokhoa o bontšang kamohelo, ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.”

Ka Bibeleng ha ho moo ho boleloang hore pele ho ketsahalo ena Jehova o ne a fane ka boitsebiso leha e le bofe bo tobileng ka mahlabelo kapa mofuta oa mahlabelo a amohelehang ho eena. Kahoo, ho totobetse hore ke Kaine le Abele ba ileng ba iketsetsa qeto ea hore na ba etse linyehelo life. Ba ne ba thibetsoe ho kena lehaeng la pele la batsoali ba bona la Paradeise; ba ne ba qalile ho utloa liphello tsa sebe; ’me ba ne ba arohantsoe le Molimo. Boemong ba bona ba boetsalibe le bo otlang pelo, e tlameha ebe ba ne ba ikutloa ba hloka ka matla hore ba batle thuso ho Molimo. Ho ka etsahala hore ebe ba ile ba fa Molimo mpho ka boithatelo e le ha ba leka ho fumana kamohelo ea Hae.

Phello e bile hore Molimo o ile a amohela nyehelo ea Abele, empa ha aa ka a amohela ea Kaine. Hobane’ng? Na ke hobane Abele a ile a nyehela lintho tse nepahetseng ’me Kaine eena a sa ka a etsa joalo? Re ke ke ra tiiseha hore mofuta oa nyehelo e ileng ea etsoa o ne o sa tsotellehe, kaha ha ho le ea mong oa bona ea neng a boleletsoe se neng se amoheleha le se neng se sa amohelehe. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe mefuta eo ka bobeli e ne e amoheleha. Molaong oo qetellong Jehova a ileng a o fa sechaba sa Iseraele, mahlabelo a amohelehang a ne a sa kopanyelletse feela liphoofolo kapa likaroloana tse itseng tsa phoofolo empa hape a ne a kopanyelletsa lijo-thollo tse halikiloeng, ngata ea harese, phofo e thumisehileng, lijo tse apehiloeng le veine. (Levitike 6:19-23; 7:11-13; 23:10-13) Ka ho totobetseng, lintho tse sebelisitsoeng sehlabelong sa Kaine le Abele hase tsona feela tse ileng tsa etsa hore Molimo a amohele sehlabelo se seng ’me a hane se seng.—Bapisa le Esaia 1:11; Amose 5:22.

Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a re: “Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile, Molimo a paka mabapi le limpho tsa hae.” (Baheberu 11:4) Kahoo, Molimo o ile a re Abele o lokile ka lebaka la tumelo. Empa tumelo ho eng? Tumelo tšepisong ea Jehova ea hore o tla fana ka Peō e tla ‘khoba hlooho ea noha’ ’me e tsosolose khotso le phetheho tseo batho ba kileng ba li thabela. Ho ka etsahala hore ebe ka lebaka la mantsoe a reng Peō ‘e tla longoa serethe,’ Abele o ile a nahana hore ho ne ho hlokahala sehlabelo se amang ho tšolloa ha mali. (Genese 3:15) Ebang ho joalo kapa che, ’nete ke hore pontšo ea Abele ea tumelo ke eona e ileng ea etsa hore a etse “sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine.”

Ka ho tšoanang, Kaine ha aa ka a amoheloa, eseng ka lebaka la ho nyehela sehlabelo se fosahetseng, empa ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, joalokaha liketso tsa hae li bontšitse. Jehova o ne a ile a bolella Kaine ka ho hlaka: “Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?” (Genese 4:7) Molimo ha aa ka a lahla Kaine kahobane a sa thabisoa ke nyehelo ea hae. Ho e-na le hoo, Kaine o ile a lahloa ke Molimo hobane “mesebetsi ea hae e ne e le khopo”—e bonahala ka mōna, lehloeo ’me qetellong, polao.—1 Johanne 3:12.