Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?

Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?

Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?

LITUMELA-KHOELA li fumaneha hohle lefatšeng. Ka linako tse ling li nkoa e le karolo ea bohlokoa ea setso. Kapa li ka ’na tsa nkoa e le ntho e sa reng letho e thahasellisang—e natefisang bophelo. Linaheng tsa Bophirimela, hangata litumela-khoela ha li nkeloe holimo. Libakeng tse ling—ka mohlala, Afrika—litumela-khoela li ka ama bophelo ba batho ka ho teba.

Boholo ba setso sa Maafrika bo thehiloe tumela-khoeleng. Libaesekopo, mananeo a seea-le-moea le libuka tse hatisoang Afrika hangata li totobatsa tumela-khoela le litaba tse sa tloaelehang tse kang boselamose, borapeli ba balimo le lithatho. Ke hobane’ng ha batho ba susumetsoa ke litumela-khoela hakaale, hona litumela-khoela li hlaha hokae?

Mohloli oa Litumela-khoela ke Ofe?

Ha e le hantle, litumela-khoela tse ngata li bakoa ke ho tšaba meea ea bafu kapa meea leha e le efe. Liketsahalo tse itseng li hlalosoa e le boiteko ba meea ena ba ho buisana le ba phelang ka ho ba sokela, ka ho ba lemosa, kapa ka ho ba hlohonolofatsa.

Litumela-khoela li boetse li amana haufi le phekolo le bongaka. Ho batho ba bangata ba linaheng tse tsoelang pele, ho ea lingakeng tsa sekhooa ho bitsa chelete e ngata haholo ’me hangata ha ho bonolo. Kahoo, ba bangata ba batla pheko kapa ba leka ho itšireletsa ka ho retelehela meetlong ea baholo-holo, litšebelisanong le meea le litumela-khoeleng. Hape ba ikutloa ba lokolohile ho ea ho ngakana-ntšonyana kaha e tseba meetlo ea bona ’me e bua puo ea bona ho e-na le ngaka ea sekhooa. Ke ka tsela eo tumela-khoela e atang ka eona.

Ho latela tumela-khoela, maloetse le likotsi ha li etsahale ka tsietsi feela, empa li bakoa ke meea. Ngakana-ntšonyana e ka ’na ea bolela hore ho na le se halefisitseng balimo. Kapa ba buisanang le meea ba ka bolela hore motho e mong o loile mokuli a sebelisa ngakana-ntšonyana e ’ngoe, ’me ke lona lebaka leo boloetse kapa kotsi e hlahileng ka lona.

Litumela-khoela li fapana haholo ho pholletsa le lefatše, ’me li atisoa ke litso, litšōmo le maemo. Empa tšobotsi e tloaelehileng ke tumelo ea hore motho e mong, kapa ntho e ’ngoe e tsoang sebakeng sa meea e sa bonahaleng, e lokela ho khotsofatsoa.

Na li Kotsi Kapa ha li Kotsi?

Malapeng a mangata, ho hlaha ha mafahla ke ketsahalo e ikhethang le e thabisang. Leha ho le joalo, ho ba sebelisang tumela-khoela ho ka hlalosoa e le pontšo ea ho itseng. Libakeng tse ling tsa Afrika Bophirimela, ba bangata ba nka ho hlaha ha mafahla e le ho tsoaloa ha melimo, ’me baa rapela. Ha lefahla le leng le ka shoa kapa a ka shoa ka bobeli, ho etsoa liemahale tse nyenyane tsa mafahla, ’me lelapa le lokela ho nyehela lijo ho melimo ena ea litšoantšo. Libakeng tse ling, batho ba nka ho hlaha ha mafahla e le bomalimabe, hoo batsoali ba bang ba bileng ba bolaeang le leng. Hobane’ng? Hobane ba lumela hore haeba mafahla a ka phela ka bobeli, ka letsatsi le leng a tla bolaea batsoali ba ’ona.

Mehlala e kang ena e bontša hore le hoja ho ka bonahala litumela-khoela tse ling li mpa li sa tloaeleha ’me li se mpe, tse ling li ka ba kotsi—esita le ho bolaea. Ka lebaka la ho hlalosoa hampe, ketsahalo e se nang kotsi e ka fetoloa e kotsi.

E, ha e le hantle, tumela-khoela ke tumelo, ke mofuta oa bolumeli. Re nahanne ka kotsi ea tumela-khoela, ho loketse ho botsa: Ha e le hantle, ke mang ea ruang molemo ka ho sebelisa tumela-khoela le mekhoa ea eona?

Mohloli oa Litumela-khoela

Batho ba bang kajeno ba latola boteng ba Satane kapa meea e khopo le hoja ho e-na le bopaki bo bontšang hore o teng. Leha ho le joalo, nakong ea ntoa, ho latola boteng ba sera se kotsi ho ka lebisa tlokotsing feela. Se tšoanang e ka ba ’nete mabapi le ntoa le libōpuoa tsa moea tse phahametseng motho, etsoe moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Re loana . . . le makhotla a moea a khopo.”—Baefese 6:12.

Le hoja re ke ke ra bona libōpuoa tsa moea tse khopo, li teng. Bibele e bolela hore motho oa moea ea sa bonahaleng o ile a sebelisa noha, feela joalokaha setsebi se ka etsa eka popi ea bua, hore a buisane le mosali oa pele, Eva, ’me a mo susumelletsa hore a fetohele Molimo. (Genese 3:1-5) Bibele e tsebahatsa motho enoa oa moea e le “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) Motho enoa, Satane, o atlehile ho tšoasa mangeloi a mang hore a rabele. (Juda 6) Mangeloi ana a khopo a ile a fetoha bademona, lira tsa Molimo.

Jesu o ile a ntša bademona bathong, ’me le barutuoa ba hae ba ile ba etsa joalo. (Mareka 1:34; Liketso 16:18) Meea ena hase baholo-holo ba shoeleng, hobane bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ho fapana le seo, ke mangeloi a marabele a khelositsoeng ke Satane. Ho buisana le ’ona kapa ho ipeha ka tlas’a tšusumetso ea ’ona hase ntho e sa reng letho, hobane joaloka moeta-pele oa ’ona, Satane Diabolose, le ’ona a batla ho re harola. (1 Petrose 5:8) Pakane ea ’ona ke ho re faposa ’Muso oa Molimo oo e leng oona tšepo feela ea batho.

Bibele e senola o mong oa mekhoa e sebelisoang ke Satane le bademona ba hae: “Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) Satane o lakatsa ho re thetsa hore re lumele hore a ka re fa tsela e molemo ea bophelo. Kahoo, ho ka ’na ha bonahala eka meea e khopo e tlisa melemo e itseng ea nakoana. Empa e ke ke ea fana ka tharollo ea ka ho sa feleng. (2 Petrose 2:4) Ha ho kamoo e ka fang motho ofe kapa ofe bophelo bo sa feleng ’me haufinyane e tla felisoa. (Baroma 16:20) ’Mōpi oa rōna ke eena feela mohloli oa bophelo bo sa feleng le thabo ea ’nete le tšireletso e molemo ka ho fetisisa khahlanong le meea e khopo.—Jakobo 4:7.

Molimo o khahlanong le ho batla thuso ka ho sebelisana le meea. (Deuteronoma 18:10-12; 2 Marena 21:6) Sena ke ho bapalla ka liatleng tsa sera, ho etsa setsoalle le batho ba fetohetseng Molimo! Ho hlahloba boitsebiso ba naleli ea (star sa) hao, ho batla boitsebiso ho ngakana-ntšonyana, kapa ho qaputsa litumela-khoeleng ho ka bolela ho lumella meea e khopo hore e laole liqeto tseo u li etsang bophelong. Sena se ka bolela hore u fetohela Molimo joaloka eona.

Na ho ka Etsahala Hore re Sireletsoe Bobeng?

Ade * ke monna ea lulang Niger ea neng a ithuta Bibele le ’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. Ha Ade a hlalosa lebaka leo ka lona a nang le thatho ka k’hefing ea hae, o re: “Lira li ngata.” Motho ea rutang Ade Bibele o ile a mo bontša hore ke Jehova feela eo ho ka itšetlehoang ka eena bakeng sa tšireletso ea sebele. O ile a balla Ade Pesaleme ea 34:7, e reng: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” Ade o ile a etsa qeto ena: “Haeba kannete Jehova o tla ntšireletsa, joale ke tlosa thatho ena.” Hona joale, lilemo tse ngata hamorao, o sebeletsa e le moholo le mosebeletsi oa nako e tletseng. Ha aa ntšoa kotsi ke sera le se seng.

Bibele e bontša hore bohle re hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang, ebang re sebelisa tumela-khoela kapa che. (Moeklesia 9:11) Empa ha ho mohla Jehova a re lekang ka bobe. (Jakobo 1:13) Lefu le ho se phethahale li bakoa ke sebe se futsitsoeng ho Adama. (Baroma 5:12) Ka lebaka lena, e mong le e mong oa kula nako le nako ’me o etsa liphoso tse ka ’nang tsa mo hlahisetsa tlokotsi. Ka lebaka leo, ke phoso ho nka hore maloetse ’ohle le mathata ’ohle a bakoa ke meea e khopo. Tumelo e joalo e ne e tla re leka hore re batle ho khotsofatsa meea ka tsela e itseng. * Ha re kula, re lokela ho fumana tlhokomelo e loketseng ea lingaka, eseng ho batla keletso ho ‘ea leshano le ntate oa leshano,’ e leng Satane Diabolose. (Johanne 8:44) Lipalo-palo li bontša hore batho ba phelang linaheng tseo litumela-khoela tsa balimo li atileng ho tsona, ha ba phele halelele kapa hamolemo ho feta batho ba linaha tse ling. Joale, ho hlakile hore litumela-khoela li ke ke tsa etsa hore motho a phele hantle.

Molimo o matla ho feta meea e khopo, ’me O batla hore re atlehe. “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.” (1 Petrose 3:12) Mo rapele u kōpe tšireletso le bohlale. (Liproverbia 15:29; 18:10) Etsa boiteko ba ho utloisisa Lentsoe la hae le Halalelang, Bibele. Tšireletso e molemo ka ho fetisisa eo re ka e fumanang ke ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele. E tla re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahala le kamoo re ka amoheloang ke Molimo ea Matla ’Ohle kateng.

Melemo ea ho Tseba Molimo

Tsebo e nepahetseng ka Jehova le merero ea hae e leng se fapaneng le ho hloka tsebo le tumela-khoela—ke sona senotlolo sa ho fumana tšireletso ea sebele. Sena se bonahetse tabeng ea Jean, monna ea tsoang Benin. Litumela-khoela li ne li metse ka metso lelapeng la Jean. Ho latela meetlo ea tumela-khoela, mosali ea sa tsoa beleha mora o ne a lokela ho lula matsatsi a robong ka har’a mokhoro o hahiloeng ka ho khethehileng. Haeba a beleha morali, o ne a tla lokela ho lula ka mokhorong ka matsatsi a supileng.

Ka 1975, mosali oa Jean o ile a beleha tjaka ea moshanyana, eo ba ileng ba e reha lebitso la Marc. Motheong oa tsebo ea bona ea Bibele, Jean le mosali oa hae ba ne ba sa batle ho sebelisana le meea e khopo. Empa na ba ne ba tla inehella tšabong le khatellong ea hore ba latele tumela-khoela ’me motsoetse a lule ka mokhorong? Che—ba ile ba lahla tumela-khoela ena ea morabe oa habo bona.—Baroma 6:16; 2 Bakorinthe 6:14, 15.

Na lelapa la Jean le ile la hlaheloa ke kotsi? Ho se ho fetile lilemo tse ngata, ’me hona joale Marc o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea habo ea Lipaki tsa Jehova. Lelapa lohle le motlotlo hore ebe ha baa ka ba lumella hore tumela-khoela e laole bophelo ba bona le ho beha bomoea ba bona kotsing.—1 Bakorinthe 10:21, 22.

Bakreste ba ’nete ba lokela ho tlosa mekhoa e mebe ea tumela-khoela bophelong ba bona ’me ba amohele leseli la moea le fanoang ke ’Mōpi, Jehova, le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ka ho etsa sena ba tla ba le khotso ea ’nete ea kelello e tlisoang ke ho tseba hore ba etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.—Johanne 8:32.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 20 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 21 Bona sehlooho se reng, “Na re Kulisoa ke Diabolose?Molula-Qhooeng oa September 1, 1999.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Tse Ling Tsa Litumela-khoela Tse Tloaelehileng Lefatšeng ka Bophara

• Lithupa tse sebelisoang ha ho jeoa ha li emisoa ka har’a sekotlolo sa raese ke pontšo ea lefu

• Ho bona sephooko motšehare ho tlisa bomalimabe

• Ha kerese e ka tima nakong ea tšebeletso, sena se bolela hore meea e litšila e teng haufi

• Ha sekhele se ka oela fatše ka tlung, sena se bolela hore e mong o tla bolaoa ka tlung eo

• Ho beha katiba holim’a bethe ho tlisa bomalimabe

• Molumo oa litloloko o leleka bademona

• Ho tima ka lekhetlo la pele feela likerese kaofela tse holim’a kuku ea letsatsi la tsoalo ho tla etsa hore seo u se batlang se phethahale

• Ho tšetleha lefielo ka bethe ho lumella meea e litšila e lefielong hore e loee bethe

• Ha katse e ntšo e ka parola tsela ea hao, sena se bolela bomalimabe

• Ha fereko e ka oela, sena se bolela hore moeti oa monna oa tla

• Setšoantšo sa litlou se bolela lehlohonolo haeba se shebile monyako

• Tšepe e otlelloang tlhakong ea pere ha e fanyehiloe monyako e tlisa mahlohonolo

• Ho lema sehlahla sa ivy ka ntle ho ntlo ho sireletsa linthong tse mpe

• Ho feta ka tlas’a lere ho tlisa bomalimabe

• Ho pshatla seipone ho bolela lilemo tse supileng tsa bomalimabe

• Ho qhala pepere ho bolela hore u tla ngangisana le motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo

• Ho qhala letsoai ho tlisa bomalimabe ntle leha u ka qhalla bohashana ba letsoai ka morao lehetleng le letšehali

• Ho tlohela setulo se koeetsang motho se ntse se e-ea koana le koana ho se ea lutseng ho sona ho mema bademona hore ba lule holim’a sona

• Ho siea lieta li hlaname ho tlisa bomalimabe

• Ha motho a e-shoa, lifensetere li lokela ho buloa e le hore moea oa hae o tsoe

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ho Lokolloa Litlamong Tsa Tumela-khoela

Lipaki tsa Jehova li ne li bolela sebakeng se seng Afrika Boroa. Ha Lipaki li qeta ho kokota ntlong e ’ngoe, li ile tsa buleloa monyako ke mosali ea apereng liaparo tsa bothuela. Li ne li batla ho tsamaea, empa mosali enoa o ile a tsitlella hore li mo bolelle molaetsa oa tsona. Paki e ’ngoe e ile ea bala Deuteronoma 18:10-12 ho mo bontša pono ea Molimo ka ho sebelisana le meea. Lethuela lena le ile la amohela molaetsa ’me la lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Le ile la re haeba ho ithuta ha lona Bibele ho ka le kholisa hore ho ba Lethuela ho khahlanong le thato ea Jehova, le tla bo tlohela.

Ha le qeta ho ithuta khaolo ea 10 bukeng ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng le sebelisa Bibele, le ile la chesa liaparo tsa lona tsa bothuela ’me la qala ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Ho feta moo, le ile la ngolisa lenyalo la lona ka molao le hoja esale le ne le arohane le monna ka lilemo tse 17. Hona joale, ka bobeli ke Lipaki tsa Jehova tse inehetseng le tse kolobelitsoeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Lethuela le lahla litaola ho fumana motso oa bothata ba mokuli

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tsebo e nepahetseng ka Molimo e tlisa tšireletseho ea ’nete le thabo