Re Susumelitsoe ke “Lintho Tse Hlollang Tsa Molimo”
Re Susumelitsoe ke “Lintho Tse Hlollang Tsa Molimo”
“Re utloa ba bua ka maleme a rōna ka lintho tse hlollang tsa Molimo.”—LIKETSO 2:11.
1, 2. Ke ntho efe e makatsang e ileng ea etsahala Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E.?
HOSENG ho hong ka Sontaha ho isa qetellong ea nako ea selemo selemong sa 33 C.E., sehlopha se seng sa banna le basali se ile sa etsahalloa ke mohlolo, e ne e le barutuoa ba Jesu Kreste ba neng ba bokane ntlong e ’ngoe Jerusalema. “Ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona. Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona . . . , eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng.”—Liketso 2:2-4, 15.
2 Letšoele le ile la bokana ka pel’a ntlo eo. Har’a lona ho ne ho e-na le Bajuda ba tsoaletsoeng linaheng lisele, “batho ba nang le tlhompho ea borapeli” ba neng ba tlile Jerusalema ho tla keteka mokete oa Pentekonta. Ba ile ba makala hobane e mong le e mong o ile a utloa barutuoa ba bua “lintho tse hlollang tsa Molimo” ka leleme la habo. Bagalilea ba ne ba ka bua joang ka lipuo tsa habo bona?—Liketso 2:5-8, 11.
3. Moapostola Petrose o ile a fetisetsa molaetsa ofe ho letšoele ka Pentekonta?
3 E mong oa Bagalilea bana e ne e le moapostola Petrose. O ile a hlalosa hore Jesu Kreste o bolailoe ke batho ba sa lokang libekeng tse Liketso 2:22-24, 32, 33, 38) Bashebelli bao ba ile ba nka khato efe ka “lintho tse hlollang tsa Molimo” tseo ba li utloileng? Hona tlaleho ee e ka re thusa joang ho lekola boemo ba mosebetsi oo re o etsetsang Jehova?
seng kae tse fetileng. Leha ho le joalo, Molimo o ne a tsositse Mora oa hae bafung. Ka mor’a moo, Jesu o ile a bonahala ho barutuoa ba hae ba bangata, ho akarelletsa Petrose le ba bang ba neng ba le teng. Jesu o ne a sa tsoa nyolohela leholimong matsatsing a leshome a fetileng. Ke eena ea neng a tšolletse moea o halalelang ho barutuoa ba hae. Na see se ne se bolela ho hong ho baketeki bao ba Pentekonta? Hantle haholo. Lefu la Jesu le ne le ba lokiselitse tsela ea hore ba tšoareloe libe ’me ba fumane “mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang” haeba ba bontša hore ba lumela ho eena. (Ho Susumelletsoa Ketsong!
4. Ke boprofeta bofe ba Joele bo ileng ba phethahatsoa ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E.?
4 Ha barutuoa ba neng ba le Jerusalema ba se ba amohetse moea o halalelang, ba ile ba qala hang-hang ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa poloko, ba qala ka letšoele le neng le bokane moo hoseng hoo ha Pentekonta ea 33 C.E. Boboleli ba bona bo ile ba phethahatsa boprofeta bo babatsehang, boo Joele, mora oa Pethuele, a neng a bo tlalehile lilemong tse makholo a robeli pele ho moo, bo reng: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta. Ha e le banna-baholo ba lōna, ba tla lora litoro. Ha e le bahlankana ba lōna, ba tla bona lipono. Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane matsatsing ao . . . pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla.”—Joele 1:1; 2:28, 29, 31; Liketso 2:17, 18, 20.
5. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba profeta joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
5 Na see se ne se bolela hore Molimo o ne a tla hlahisa moloko oa baprofeta, ba banna le ba basali, ba kang Davida, Joele, le Debora, ’me a ba sebelisetse ho bolela esale pele liketsahalo tsa nako e tlang? Che. ‘Bara le barali, bahlanka le makhabunyane’ ba Bakreste ba ne ba tla profeta ka kutloisiso ea hore ba ne ba tla susumetsoa ke moea oa Jehova hore ba bolele “lintho tse hlollang” tseo Jehova a li entseng le tseo e leng hona a neng a tla li etsa. Ka hona ba ne ba tla sebetsa e le babuelli ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa. * Letšoele le ile la itšoara joang?—Baheberu 1:1, 2.
6. Ba bangata har’a letšoele ba ile ba susumelletseha ho etsa’ng ha ba utloa puo ea Petrose?
6 Ha letšoele le se le utloile tlhaloso ea Petrose, ba bangata ba ile ba susumelletseha ho nka khato. “Ba amohela lentsoe la hae ka pelo eohle” eaba ‘baa kolobetsoa, ’me letsatsing leo ha eketsoa meea e ka bang likete tse tharo.’ (Liketso 2:41) Kaha e ne e le Bajuda ba tlhaho le batho ba sokolohetseng Sejudeng, ba ne ba se ba ntse ba e-na le tsebo ea motheo ea Mangolo. Tsebo eo le tumelo ho seo ba ithutileng sona ho Petrose, e ile ea rala motheo oa hore ba kolobetsoe “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:19) Ka mor’a ho kolobetsoa ba ile “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola.” Ka nako e tšoanang, ba ile ba qala ho bolella ba bang ka tumelo ea bona e ncha. Ka sebele, “letsatsi le letsatsi ba ne ba e-ba teng ka nako eohle tempeleng ka tumellano, . . . ba rorisa Molimo ’me ba fumana kamohelo ho batho bohle.” Ka lebaka la mosebetsi ona oa bopaki, “Jehova a tsoela pele ho ba eketsa letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.” (Liketso 2:42, 46, 47) Liphutheho tsa Bakreste li ile tsa thehoa kapele linaheng tse ngata tseo balumeli bana ba bacha ba neng ba lula ho tsona. Ha ho pelaelo hore ka tekanyo e itseng, keketseho ena e bile teng ka lebaka la boiteko ba bona bo chesehang ba ho bolela ‘litaba tse molemo’ ha ba khutlela libakeng tsa habo bona.—Bakolose 1:23.
Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla
7. (a) Ke eng e hohellang batho ba lichaba tsohle mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova kajeno? (b) U bona monyetla ofe oa keketseho e tsoelang pele tšimong ea lefatše lohle le ea heno? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
7 Ho thoe’ng ka ba lakatsang ho ba bahlanka ba Molimo kajeno? Le bona ho hlokahala hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka hloko. Ha ba ntse ba ithuta lona, ba tseba Jehova e le Molimo ea “mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6; Liketso 13:48) Ba ithuta ka tokisetso e mosa ea Jehova ea thekollo e etsoang ka Jesu Kreste, eo mali a hae a tšolotsoeng a ka ba hloekisang libe tsohle. (1 Johanne 1:7) Ba boetse ba ananela morero oa Molimo oa hore ho be le “tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Lipelo tsa bona li tletse lerato bakeng sa Mohloli oa ‘lintho tsena tse hlollang,’ ’me ba susumelletseha ho bolela linnete tsena tsa bohlokoa. Ka mor’a moo ba fetoha bahlanka ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba Molimo ’me ba tsoela pele ho “hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.” *—Bakolose 1:10b; 2 Bakorinthe 5:14.
8-10. (a) Phihlelo ea mosali e mong oa Mokreste e bontša joang hore Lentsoe la Molimo le “fana ka matla”? (b) Phihlelo ee e u rutile’ng ka Jehova le litšebelisano tsa hae le bahlanka ba hae? (Exoda 4:12)
8 Tsebo eo bahlanka ba Molimo ba e fumanang thutong ea bona ea Bibele e tebile. Tsebo e joalo e susumetsa lipelo tsa bona, e fetola tsela eo ba nahanang ka eona, ’me e lula ka ho bona. (Baheberu 4:12) Ka mohlala, mosali e mong ea bitsoang Camille o ne a hiretsoe ho hlokomela batho ba hōlileng. E mong oa bona e ne e le Martha, e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kaha Martha o ne a hateletsoe ka matla ke boloetse ba ho lahleheloa ke kelello, ho ne ho hlokahala hore a eloe hloko ka linako tsohle. Ho ne ho hlokahala hore a hopotsoe hore a je—esita le hore a koenye lijo. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho e sa tloheng kelellong ea Martha, joalokaha re tla bona.
9 Ka letsatsi le leng, Martha o ile a bona Camille a lla ka lebaka la bothata boo a neng a e-na le bona. Martha o ile a kopa Camille ’me a mo kōpa hore a ithute Bibele le eena. Empa na motho oa mofuta oa Martha o ne a ka khanna thuto ea Bibele? Hantle haholo! Le hoja Martha a ne a lebetse lintho tse ngata, o ne a sa lebala Molimo oa hae ea babatsehang; hape o ne a sa lebala linnete tsa bohlokoa tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng. Nakong ea thuto, Martha o ne a laela Camille hore a bale serapa se seng le se seng, a bale Mangolo a bontšitsoeng, a bale potso botlaaseng ba leqephe, ebe oa e araba. Sena se ile sa tsoela pele ka nako e itseng, ’me ho sa tsotellehe bofokoli ba Martha, Camille o ile a tsoela pele tsebong ea Bibele. Martha o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore Camille a kopanele le ba bang ba thahasellang ho sebeletsa Molimo. Ho phethahatsa seo, o ile a fa seithuti sa hae mose le lieta e le hore Camille a be le ntho e loketseng eo a e aparang ha a e-ea sebokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso.
10 Camille o ile a susumetsoa ke thahasello e lerato ea Martha hammoho le mohlala oa hae le kholiseho ea hae. O ile a etsa qeto ea hore seo Martha a lekang ho mo ruta sona se tsoang ka Bibeleng ke sa bohlokoa haholo, kaha Martha o
ne a lebetse hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ntle ho seo a ithutileng sona ka Mangolong. Hamorao, ha Camille a isoa lehaeng le leng la batho ba hōlileng, o ile a hlokomela hore ke nako ea hore a nke khato. Ha monyetla oa pele o hlaha, o ile a ea Holong ea ’Muso a apere mose, a roetse le lieta tseo Martha a mo fileng tsona, ’me a kōpa thuto ea Bibele. Camille o ile a tsoela pele hantle ’me a kolobetsoa.Ho Susumelletsoa ho Bonahatsa Melao ea Jehova
11. Ho phaella ho cheseheleng mosebetsi oa boboleli, re ka bontša joang hore re susumelitsoe ke molaetsa oa ’Muso?
11 Kajeno, ho na le Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng, ’me joaloka Martha le Camille, li bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso,’ lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, li susumetsoa ka botebo ke “lintho tse hlollang tsa Molimo.” Li ananela hore li filoe tlotla ea ho bitsoa ka lebitso la Jehova le hore o tšolletse moea oa hae ho tsona. Ka lebaka leo, li iteka ka hohle hore li “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore [li] mo khahlise ka botlalo,” li sebelisa melao ea hae karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba tsona. Har’a tse ling, sena se akarelletsa ho hlompha melao ea Molimo tabeng ea moaparo le boitlhopho.—Bakolose 1:10a; Tite 2:10.
12. Ho 1 Timothea 2:9, 10 re fumana ho ngotsoe keletso efe e tobileng mabapi le moaparo le boitlhopho?
12 E, Jehova o behile melao ea hore na ponahalo ea rōna e be ea mofuta ofe. Moapostola Pauluse o ile a bontša litlhokahalo tse ling tsa Molimo ntlheng ena, a re: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea * Re ithuta’ng mantsoe aa?—1 Timothea 2:9, 10.
borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.”13. (a) Ho boleloa’ng ka “moaparo o hlophehileng hantle”? (b) Ke hobane’ng ha re ka re melao ea Jehova ha e thata?
13 Mantsoe a Pauluse a bontša hore Bakreste ba lokela ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle.” Ponahalo ea bona ha ea lokela ho ba bokhoahlapa, kapa bohlasoa. E mong le e mong, esita le mafutsana, a ka apara ka tsela e amohelehang hafeela a tiisa hore liaparo tsa hae li makhethe, li hloekile ebile lia shebahala. Ka mohlala, selemo se seng le se seng Lipaki tsa naha e ’ngoe ea Amerika Boroa li tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse ngata har’a likhoa ’me ka mor’a moo li tsamaea ka liketsoana ka lihora tse ngata e le hore li be teng kopanong ea setereke. Ho tloaelehile hore leetong lena motho a oele ka nōkeng kapa liaparo tsa hae li tšoasoe ke lihlahla ’me li tabohe. Kahoo ha ba fihla sebakeng seo kopano e tla tšoareloa ho sona, ponahalo ea bona ha e boemong bo botle. Kahoo, ba ipha nako ea ho rokella likonopo le lizipi, ’me ba hlatsoa le ho tereka liaparo tseo ba tla li apara kopanong. Ba hlompha memo ea ho ja tafoleng ea Jehova, ’me ba batla ho apara ka tsela e tšoanelehang.
14. (a) Ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” ho bolela’ng? (b) Ho ameha eng hore re apare joaloka ‘batho ba fang Molimo tlhompho ea borapeli’?
14 Pauluse o bontšitse hape hore re lokela ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” Sena se bolela hore ponahalo ea rōna ha ea lokela ho ba ea mponeng, e tsoileng tseleng, e tsosang takatso, kapa ea liaparo tse bonaletsang le tse sa koaheleng ’mele hantle kapa tsa ho matha le lifeshene. Ho phaella moo, re lokela ho apara ka mokhoa o bontšang “hore [re] fa Molimo tlhompho ea borapeli.” Sena se etsa hore re inahane, na ha ho joalo? Hase feela taba ea ho apara hantle ha re e-ea libokeng tsa phutheho ’me ka linako tse ling re be ba sa tsotelleng. Ponahalo ea rōna e lokela ho bonahatsa tlhompho ea borapeli le boikutlo bo hlomphehang kahobane ka linako tsohle re Bakreste le basebeletsi. Ho totobetse hore liaparo tsa rōna tsa mosebetsi le tsa sekolo e tla ba tse loketseng mesebetsi eo re tla beng re e etsa. Leha ho le joalo, re lokela ho apara ka boitlhompho le ka mokhoa o nang le seriti. Haeba kamehla moaparo oa rōna o bontša hore re lumela ho Molimo, ha ho mohla re tla tlohela ho paka ka mokhoa o sa reroang kahobane re le lihlong ka lebaka la ponahalo ea rōna.—1 Petrose 3:15.
“Le se ke la Rata Lefatše”
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re qobe ho etsisa lefatše litabeng tsa moaparo le boitlhopho? (1 Johanne 5:19) (b) Ke ka mabaka afe a utloahalang re lokelang ho qoba lifeshene moaparong le boitlhophong?
15 Keletso e tlalehiloeng ho 1 Johanne 2:15, 16 le eona ea re tataisa ha re khetha moaparo le boitlhopho. Rea bala: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”
16 Keletso ee e nakong hakaakang! Mehleng ena eo khatello ea lithaka e leng matla ka ho fetisisa, ha rea lokela ho lumella lefatše hore le laole moaparo oa rōna. Lifeshene tsa moaparo le boitlhopho li theohile haholo lilemong tsa morao tjena. Esita le molao oa hore na batho ba apare joang mosebetsing le oa hore na batho ba mesebetsi e khethehileng ba apare joang hase ka mehla e leng tekanyetso e tšepahalang ea se nepahetseng bakeng sa Bakreste. Sena ke lebaka le eketsehileng la hore na ke hobane’ng ha re lokela hore kamehla re falimehele tlhokahalo ea hore re “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho” haeba re tla phela tumellanong le melao-motheo ea Molimo ’me kahoo re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Baroma 12:2; Tite 2:10.
17. (a) Re ka nahana ka lipotso life ha re reka liaparo kapa re khetha moseho? (b) Ke hobane’ng ha lihlooho tsa malapa li lokela ho ameha ka ponahalo ea litho tsa malapa a tsona?
17 Pele u etsa qeto ea ho reka kapa ho se reke seaparo se itseng, ke bohlale hore u ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke rata moseho oo? Na o aparoa ke motho e mong ea tsebahalang ho tsa boithabiso, e leng motho e mong eo ke mo ratang? Na o aparoa ke litho tsa kenke ea seterateng kapa sehlopha sa batho ba buellang moea oa boitaolo le oa borabele?’ Hape, re lokela ho hlahlobisisa seaparo seo. Haeba ke mose oa sefuba kapa oa letheka, o molelele hakae? O sehiloe joang? Na seaparo seo se bontša boitlhompho, se loketse, se na le seriti, kapa na sea penya, se tsosa takatso, kapa se bokhoahlapa? Ipotse, ‘Na ke tla khopisa ba bang ha ke apara seaparo see?’ (2 Bakorinthe 6:3, 4) Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka seo? Hobane Bibele e re: “Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Baroma 15:3) Lihlooho tsa malapa tsa Bakreste li lokela ho ameha ka ponahalo ea litho tsa malapa a tsona. Ka lebaka la ho hlompha Molimo ea hlomphehang eo re mo rapelang, lihlooho tsa malapa ha lia lokela ho tsilatsila ho fana ka keletso e tiileng le e lerato ha e hlokahala.—Jakobo 3:13.
18. Ke eng e u susumelletsang ho hlokomela moaparo oa hao le boitlhopho ba hao?
18 Molaetsa oo re o tsamaisang o tsoa ho Jehova, eo e leng mohlala oa sebele oa boitlhompho le khalalelo. (Esaia 6:3) Bibele e re khothalletsa ho mo etsisa “joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Moaparo oa rōna le boitlhopho ba rōna li ka hlahisa Ntat’a rōna oa leholimo hampe kapa hantle. Ha ho pelaelo hore re batla ho thabisa pelo ea hae!—Liproverbia 27:11.
19. Ke melemo efe e tlisoang ke ho tsebisa ba bang “lintho tse hlollang tsa Molimo”?
19 U ikutloa joang ka “lintho tse hlollang tsa Molimo” tseo u ithutileng tsona? Ka sebele, re lokela ho leboha hakaakang hore ebe re ithutile ’nete! Kaha re lumela maling a tšolotsoeng a Jesu Kreste, re tšoaretsoe libe. (Liketso 2:38) Ka lebaka leo, re bua ka bolokolohi le Molimo. Ha re tšabe lefu joaloka ba se nang tšepo. Ho e-na le hoo, Jesu o re tiiselitse hore ka letsatsi le leng, “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Jehova o bile mosa ho re senolela lintho tsena tsohle. Ho phaella moo, o re tšolletse moea oa hae. Kahoo, teboho ea rōna bakeng sa limpho tsena tsohle tse molemo e lokela ho re susumelletsa ho hlompha melao-motheo ea hae e phahameng le ho mo rorisa ka cheseho, re ntse re bolella ba bang “lintho [tsena] tse hlollang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 5 Ha Jehova a khetha Moshe le Arone hore ba buelle sechaba sa hae ho Faro, O ile a re ho Moshe: “Ke u entse Molimo ho Faro, ’me moholoane oa hao Arone e tla ba moprofeta oa hao.” (Exoda 7:1) Arone ha aa ka a sebeletsa e le moprofeta ka kutloisiso ea ho bolela esale pele liketsahalo tsa nakong e tlang, empa o ho entse ka ho ba molomo oa Moshe.
^ ser. 7 Har’a bongata bo boholo bo neng bo le teng moketeng oa selemo le selemo oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena o neng o tšoeroe ka la 28 March, 2002, ba limilione ha ba e-s’o qale ho sebeletsa Jehova. Re rapela ka matla hore haufinyane lipelo tsa ba bangata ba batho bana ba thahasellang li tla susumelletseha ho amohela tokelo ena ea ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo.
^ ser. 12 Le hoja mantsoe a Pauluse a ne a tobisitsoe ho basali ba Bakreste, melao-motheo eo e sebetsa hape ho banna le bacha ba Bakreste.
U ka Araba Joang?
• Batho ba ile ba utloa ‘lintho life tse hlollang’ ka Pentekonta ea 33 C.E., ’me ba ile ba nka khato efe?
• Motho o fetoha morutuoa oa Jesu Kreste joang, ’me ho ba morutuoa ho akarelletsa eng?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlokomele moaparo oa rōna le boitlhopho ba rōna?
• Ho lokela hore ho nahaneloe lintlha life ha ho etsoa qeto ea hore na seaparo kapa moseho lia tšoaneleha?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Petrose o ile a phatlalatsa hore Jesu o tsositsoe bafung
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na ponahalo ea hao e hlahisa Molimo eo u mo rapelang hantle?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batsoali ba Bakreste ba lokela ho ameha ka ponahalo ea bana ba bona