Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Yoga—Na ke ho Koetlisa ’Mele Feela Kapa e Ama ho Eketsehileng?

Yoga—Na ke ho Koetlisa ’Mele Feela Kapa e Ama ho Eketsehileng?

Yoga—Na ke ho Koetlisa ’Mele Feela Kapa e Ama ho Eketsehileng?

KAJENO batho ba nahana haholo ka ho ba basesaane le ho phela hantle ’meleng. Sena se entse hore ba bangata ba batle thuso libakeng tsa ho koetlisa ’mele le mekhatlong ea tsa bophelo. Ka mabaka ana, batho ba bangata haholo ba linaheng tsa Bophirimela ba fetohela mokhoeng oa yoga ea linaha tsa Bochabela.

Batho ba imetsoeng likelellong le maikutlong le ba tsielehileng le bona ba batla matšeliso le tharollo ea mathata ka yoga. Haholo-holo ho tloha leshomeng la lilemo la mahipi, la bo-1960, batho ba linaha tsa Bophirimela ba ile ba qala ho ba le thahasello e khōlō malumeling a linaha tsa Bochabela le mekhoa ea ’ona ea mehlolo. Ho thuisa u ntse u etsa lithapelo tse pheta-phetoang, hoo e leng lehlōmela la yoga, ho ’nile ha tumisoa ke linaleli tsa libaesekopo le likhalala tsa ’mino oa rock. Kaha thahasello ea yoga ea hōla, re ka ’na ra botsa: ‘Na yoga ke feela ho koetlisa ’mele ho tla thusa ea e etsang hore a phele hantle ’meleng le hore a be mosesaane, hape a be le khotso ea kelello? Na yoga e ka etsoa bolumeli bo sa kenelle? Na yoga e loketse Bakreste?’

Semelo sa Yoga

Lentsoe la mathomong la Sesanskrite leo “yoga” e tsoang ho lona le ka bolela ho tlamella kapa ho tlama hammoho ka joko kapa ho kenya jokong, ho pana kapa ho laola. Ho Mohindu, yoga ke mokhoa oa ho laola liketso o etsang hore motho a kopane le matla a maholo a sa tloaelehang kapa moea. E ’nile ea hlalosoa hore ke “ho tlamahanya matla ’ohle a ’mele, a kelello le a moea le Molimo.”

Ebe yoga ke ea khale hakae? Batho ba lutseng ka mekhoa e fapa-fapaneng ea yoga ba hlaha litempeng tse fumanoang Phuleng ea Indus, Pakistan ea kajeno. Baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba bolela hore tsoelo-pele ea Phula ea Indus ke ea pakeng tsa sekete sa boraro le sa bobeli tsa lilemo B.C.E., e atamelane haholo le tsoelo-pele ea Mesopotamia. Mesebetsi ea matsoho ea libaka tsena ka bobeli e na le setšoantšo sa monna, ea tšoantšetsang molimo, ea roetseng moqhaka oa manaka a liphoofolo ’me a pota-potiloe ke liphoofolo, ea re hopotsang Nimrode, “setsomi se matla.” (Genese 10:8, 9) Mahindu a bolela hore batho ba lutseng ka mekhoa ea yoga ba tšoantša molimo ea bitsoang Siva, morena oa liphoofolo le morena oa yoga, ea atisang ho rapeloa ka ntho e tšoantšetsang setho sa botona. Kahoo, buka ea Hindu World e bitsa yoga “molao oa mekhoa ea ho itšehla thajana, eo boholo ba eona e tsoang ho Maaryan, e nang le mesaletsa ea likhopolo le mekete e mengata ea boholo-holo.”

Qalong mekhoa ea yoga e ne e phetoa ka molomo. Hamorao mohlalefi e mong oa yoga oa Moindia Patañjali, o ile a e ngola ka mokhoa o qaqileng e le Yoga Sutra, e lutseng e le buka ea motheo ea thuto ea yoga. Ho ea ka Patañjali, yoga ke “boiteko bo hlophisitsoeng ba mehato e isang phethehong ka ho khona ho laola ’mele le kelello maemong a sa tšoaneng.” Ho tloha qalong ea eona ho fihlela hona joale, esale yoga e le karolo ea bohlokoa ea malumeli a Bochabela, ’me hona joale ke karolo ea bohlokoa ea Bohindu, Bojaine le Bobuddha. Ba bang ba etsang yoga ba lumela hore e tla ba thusa ho finyella moksha, kapa tokoloho, ka ho ba bonngoeng le moea o leng hohle.

Kahoo, re boetse rea botsa: ‘Na yoga e ka etsoa feela molemong oa ho koetlisa ’mele hore o phele hantle le kelello hore e khatholohe, bolumeli bo sa kenelle?’ Semelo sa eona se hanyetsa maikutlo a joalo.

Yoga e ka U Isa Hokae?

Pakane ea lenaneo la thuto la yoga ke hore motho a be le phihlelo ea ho “kena jokong” kapa ho ba bonngoeng le matla a sa tloaelehang a moea. Empa moea oo ke ofe?

Ho Hindu World, mongoli Benjamin Walker o re ka yoga: “Mohlomong ke kamoo lineano tsa boselamose li neng li tsamaisoa kateng pele, ’me yoga e sa ntsane e e-na le maikutlo a matla a lintho tse phahametseng tlhaho le bonohe.” Bo-rafilosofi ba Mahindu ba lumela hore ho etsa yoga ho ka u fa matla a sa tloaelehang, le hoja hangata ba bolela hore hase eona pakane e ka sehloohong ea yoga. Ka mohlala, bukeng ea Indian Philosophy, mopresidente oa mehleng oa India, Dr. S. Radhakrishnan, ha a bua ka motho ea etsang yoga o re “ho laola ’mele ka hore o be maemong a sa tšoaneng ho fella ka ho hlokomoloha mocheso o feteletseng le serame se feteletseng. . . . Motho ea etsang yoga a ka bona le ho utloa a le hōle . . . Batho ba khona ho fetisetsana mehopolo habonolo ntle ho mecha e tloaelehileng ea puisano. . . . Motho ea etsang yoga a ka etsa hore ’mele oa hae o se ke oa bonahala.”

Ho bona motho ea etsang yoga a robetse betheng ea lipekere kapa a tsamaea holim’a mashala a hlenneng ho ka ’na ha bonahala e le leshano ho ba bang ’me ho ba bang ea e-ba litšeho. Empa lintho tsena li etsahala khafetsa India, joalokaha ho tloaelehile mokhoa oa batho ba emang ka leoto le le leng ba shebile letsatsi ka lihora tse ngata, ho boetse ho na le ba laolang ho hema ha bona e le hore ba ka epeloa lehlabatheng ka nako e telele. Ka June 1995, The Times of India e ile ea tlaleha hore ngoanana ea lilemo li tharo le halofo o ile a robala a tšerehantsoe kelello ha koloi e boima ba lik’hilograma tse 750 e mo tsamaea mpeng. Batho ba bangata ba ile ba makala ha a tsoha ’me a sa tsoa kotsi. Tlaleho e ile ea eketsa ka ho re: “E ne e le matla a yoga a feletseng.”

Ha ho pelaelo hore motho ea tloaelehileng a ke ke a etsa ntho efe kapa efe linthong tsena. Kahoo, Mokreste a ka botsa: Liketso tsee li bontša’ng? Na li tsoa ho Jehova Molimo, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” kapa li tsoa mohloling o mong? (Pesaleme ea 83:18) Bibele e bua ntho e hlakileng ntlheng ena. Ha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, eo Bakanana ba neng ba ahile ho eona, Jehova o ile a bolella bara ba Iseraele ka Moshe a re: “Le se ke la ithuta ho etsa ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba tseo.” ‘Lintho life tse manyala’? Moshe o ile a lemosa khahlanong le mang kapa mang “ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi.” (Deuteronoma 18:9, 10) Lintho tsena ke manyala ho Molimo hobane ke mesebetsi ea bademona le ea boetsalibe.—Bagalata 5:19-21.

Ha ea Lokela Bakreste

Ho sa tsotellehe maikutlo a barupeli ba tsa bophelo ka boitsebiso bo ka holimo, yoga hase ho koetlisa ’mele feela. Buka ea Hindu Manners, Customs and Ceremonies e bolela se ileng sa etsahalla liithuti tse peli tsa yoga tse neng li rutoa ke tichere ea moea oa Bohindu. Ho boleloa hore se seng se ile sa re: “Ke ile ka etsa boiteko bo sa tloaelehang ba ho ipipetsa halelele kamoo ke neng nka khona, ’me ke ne ke hema feela ha ke le makhatheng a ho ilibana. . . . Ka letsatsi le leng motšehare o moholo, ke ile ka nahana hore ke bona khoeli e khanyang, e neng e bonahala e e-ea koana le koana. Ka lekhetlo le leng ke ile ka nahana hore ke aparetsoe ke lefifi la bo-nka-ntjana har’a mp’a motšehare. Molaoli oa ka . . . o ile a thaba haholo ha ke mo bolella ka lipono tsena. . . . O ile a nkholisa hore haufinyane ke tla ba le liphello tse makatsang haholo pontšong ea pako.” Monna oa bobeli o re: “O ile a ntlama hore ke lelalle holimo tsatsi le leng le le leng ke sa panye kapa ke sa sisinyehe moo ke leng teng. . . . Ka linako tse ling ke ne ke nahana hore ke bona litlhase tsa mollo moeeng; ka tse ling ke ne ke bona hoo e kang ke lintho tse chitja tsa mollo le linaleli tse ling. Tichere ea ka e ne e thaba haholo ha ke atleha boitekong ba ka.”

Ho hlakile hore lipono tsena tse sa tloaelehang ke seo matichere a moea oa Bohindu a neng a nka hore ke liphello tse loketseng tse fihlisang pakaneng ea ’nete ea boikoetliso ba yoga. Ha ho pelaelo hore pakane ea yoga ke moksha, eo ho hlalosoang hore ke ho ba bonngoeng le moea o mong oo e seng motho. Ho hlalosoa hore ke “ho emisa (ka morero) matla a tlhaho a ho nahana.” Sena se khahlanong ka ho feletseng le pakane e behetsoeng Bakreste, ba fuoang keletso ena: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana. Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:1, 2.

Motho o lokolohile ho khetha mokhoa oo a o ratang oa ho koetlisa ’mele. Leha ho le joalo, Bakreste bona ba ke ke ba lumella letho—ebang ke ho koetlisa ’mele, lijo, lino, liaparo, boikhathollo, kapa ntho e ’ngoe feela—ho senya kamano ea bona le Jehova Molimo. (1 Bakorinthe 10:31) Bakeng sa batho ba ikoetlisang molemong oa bophelo bo botle, ho na le mekhoa e mengata e sa akarelletseng ho ipepesetsa tšebelisano le meea le matla a phahametseng tlhaho. Ha re qoba mekhoa le litumelo tse simolohileng bolumeling ba bohata, re ka lebella hore Molimo a re hlohonolofatse ka tsamaiso e ncha ea lintho e lokileng eo ho eona re sa tl’o khaotsa ho thabela bophelo bo phethahetseng ’meleng le kelellong.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ba bangata ba thabela boikoetliso bo molemo bo sa akarelletseng ho ipepesetsa tšebelisano le meea