Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Matsatsing a ho Qetela

Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Matsatsing a ho Qetela

Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Matsatsing a ho Qetela

“Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—JOHANNE 17:16.

1, 2. Jesu o ile a re’ng ka tšebelisano ea balateli ba hae le lefatše, hona mantsoe a hae a hlahisa lipotso life?

BOSIUNG ba ho qetela pele a shoa e le motho ea phethahetseng, Jesu o ile a etsa thapelo e telele moo barutuoa ba hae ba utloang. Thapelong eo, o ile a bua ntho e hlalosang bophelo ba Bakreste bohle ba ’nete. Ha a bua ka balateli ba hae, o ile a re: “Ke ba file lentsoe la hao, empa lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:14-16.

2 Ka makhetlo a mabeli Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše. Ho feta moo, ho ikarola hona ho ne ho tla baka likhohlano hobane lefatše le ne le tla ba hloea. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba tsielehe hobane Jehova o ne a tla ba hlokomela. (Liproverbia 18:10; Matheu 24:9, 13) Ka lebaka la mantsoe a Jesu, re ka ’na ra botsa ra re: ‘Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete e se karolo ea lefatše? Ho se be karolo ea lefatše ho bolela’ng? Haeba Bakreste ba hloiloe ke lefatše, ba lokela ho ba le maikutlo afe ka lona? Habohlokoa ka ho fetisisa, ba na le maikutlo afe ka mebuso ea lefatše?’ Likarabo tsa Mangolo lipotsong tsena ke tsa bohlokoa hobane li re ama bohle.

“Re Simoloha ho Molimo”

3. (a) Ke’ng e etsang hore re arohe lefatšeng? (b) Ke bopaki bofe bo bontšang hore lefatše le “matleng a ea khopo”?

3 Lebaka le leng la hore re se be karolo ea lefatše ke hore re na le kamano e haufi le Jehova. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Seo Johanne a se buang ka lefatše ke ’nete e tsoileng matsoho. Lintoa, tlōlo ea molao, liketso tse sehlōhō, khatello, ho hloka botšepehi le boitšoaro bo bobe tse atileng haholo kajeno ke bopaki ba tšusumetso ea Satane eseng ea Molimo. (Johanne 12:31; 2 Bakorinthe 4:4; Baefese 6:12) Ha motho e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a ke ke a etsa kapa a lumellana le mekhoa e joalo e fosahetseng, ’me sena se etsa hore e se be karolo ea lefatše.—Baroma 12:2; 13:12-14; 1 Bakorinthe 6:9-11; 1 Johanne 3:10-12.

4. Re bontša ka litsela life hore re ba Jehova?

4 Johanne o ile a bolela hore ho fapana le lefatše, Bakreste bona ba “simoloha ho Molimo.” Bohle ba inehelang ho Jehova ke ba hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova, ’me haeba re shoa, re shoa ho hlompha Jehova. Ka hona, haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.” (Baroma 14:8; Pesaleme ea 116:15) Kaha re ba Jehova, re inehela ho eena feela. (Exoda 20:4-6) Kahoo, Mokreste oa ’nete ha a nehele bophelo ba hae lipakaneng tsa lefatše. Le hoja a hlompha liemahale tsa naha, ha a li rapele ka liketso kapa ka maikutlo. Ho hang ha a rapele likhalala tsa lipapali kapa linaleli tse ling tsa mehleng ea kajeno. Ke ’nete hore o hlompha litokelo tsa ba bang tsa ho etsa seo ba se ratang, empa eena o rapela ’Mōpi feela. (Matheu 4:10; Tšenolo 19:10) Sena le sona se mo arola lefatšeng.

“’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”

5, 6. Ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo ho re arola joang lefatšeng?

5 Bakreste ke balateli ba Kreste Jesu hape ke bafo ba ’Muso oa Molimo, e leng se boetseng se etsang hore e se be karolo ea lefatše. Ha Jesu a ne a qositsoe ka pel’a Ponse Pilato, o ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) ’Muso o tla halaletsa lebitso la Jehova, o tlose qoso bobusing ba hae, ’me o etse hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Matheu 6:9, 10) Tšebetsong eohle ea hae, Jesu o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me a bolela hore balateli ba hae ba tla li bolela ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho. (Matheu 4:23; 24:14) Ka 1914 mantsoe a boprofeta bo ho Tšenolo 11:15 a ile a phethahala: “’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.” Haufinyane, ’Muso oo oa leholimo e tla ba oona feela o busang batho. (Daniele 2:44) Ho na le nako eo ka eona babusi ba lefatše ba tla tlameha ho amohela hore o na le matla.—Pesaleme ea 2:6-12.

6 Ba ntse ba hopotse sena sohle, kajeno Bakreste ba ’nete ke bafo ba ’Muso oa Molimo ’me ba latela keletso ea Jesu ea hore ‘ba ’ne ba batle ’muso pele le ho loka ha Molimo.’ (Matheu 6:33) Sena hase etse hore ba hlokele naha eo ba phelang ho eona botšepehi, empa se etsa hore moeeng ba arohe lefatšeng. Mosebetsi o ka sehloohong oa Bakreste kajeno joaloka lekholong la pele la lilemo, ke “ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo.” (Liketso 28:23) Ha ho ’muso oa motho o nang le tokelo ea ho thibela mosebetsi ona oo re o filoeng ke Molimo.

7. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa nke lehlakore, ’me seo ba se bontšitse joang?

7 Lipaki Tsa Jehova li lutse li sa nke lehlakore lintoeng tsa ka hare ho naha le tsa machaba lekholong la bo20 la lilemo le lekholong la bo21 la lilemo tumellanong le ’nete ea hore ke ba Jehova ’me ke balateli ba Jesu le bafo ba ’Muso oa Molimo. Ha li nke lehlakore, ’me ha li hlomele ho loantša mang kapa mang, ’me ha li buelle tsela efe kapa efe ea lefatše. Li ile tsa bontša tumelo e tsotehang ho sa tsotellehe khanyetso e matla, ’me tsa latela melao-motheo e ileng ea bolelloa babusi ba Nazi ba Jeremane ka 1934 e reng: “Ha re thahaselle litaba tsa lipolotiki, empa re inehetse ka ho feletseng ’musong oa Molimo tlas’a Kreste Morena oa hae. Re ke ke ra ntša motho leha e le mang kotsi. Re ka thabela ho lula ka khotso le ho etsa batho bohle hantle ha re e-na le monyetla.”

Manģosa le Baromuoa ba Kreste

8, 9. Kajeno Lipaki Tsa Jehova ke manģosa le baromuoa ka litsela life, ’me see se ama tšebelisano ea tsona le lichaba joang?

8 Pauluse o hlalositse hore eena le Bakreste ba bang ba batlotsuoa ke “manģosa a emeng bakeng sa Kreste, joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna.” (2 Bakorinthe 5:20; Baefese 6:20) Ho tloha ka 1914, ho loketse hore Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba bitsoe manģosa a ’Muso oa Molimo, oo e leng “bara” ba oona. (Matheu 13:38; Bafilipi 3:20; Tšenolo 5:9, 10) Ho feta moo, Jehova o ntšitse “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” lichabeng, e leng Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, hore bo tšehetse bara ba tlotsitsoeng mosebetsing oa bona oa bonģosa. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Ho ka boleloa hore ‘linku tsena tse ling’ ke “baromuoa” ba ’Muso oa Molimo.

9 Lenģosa le ba sebetsang le lona ha ba itšunya-tšunye litabeng tsa naha eo ba sebetsang ho eona. Ka ho tšoanang, Bakreste ha ba nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lichaba tsa lefatše. Ha ba tšehetse sehlopha sa sechaba leha e le sefe, sa morabe leha e le ofe, sa boemo leha e le bofe bophelong kapa sa boemo leha e le bofe moruong. (Liketso 10:34, 35) Ho e-na le hoo, “li sebetsa se molemo ho bohle.” (Bagalata 6:10) Ka lebaka la ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova, ha ho eo ka mabaka a utloahalang a ka hanang molaetsa oa tsona a bolela hore li nkile lehlakore le morabe o itseng kapa sechaba se itseng.

Ho Khetholloa ka Lerato

10. Lerato ke la bohlokoa hakae ho Mokreste?

10 Ntle ho se boletsoeng ka holimo, Bakreste ha ba nke lehlakore litabeng tsa lefatše ka lebaka la kamano ea tsona le Bakreste ba bang. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato la bara ba motho ke karolo ea bohlokoa ea Bokreste. (1 Johanne 3:14) Kaha kamano eo Mokreste a nang le eona le Bakreste ba bang e amana le kamano ea hae le Jehova le Jesu, e lokela e be e haufi haholo. Ha a bontše lerato ho ba leng phuthehong ea habo feela. O rata ‘mokhatlo oohle oa bara babo ba lefatšeng.’—1 Petrose 5:9.

11. Ho ratana ha Lipaki Tsa Jehova ho susumelitse boitšoaro ba tsona joang?

11 Kajeno Lipaki Tsa Jehova li bontša lerato la tsona la bara ba motho ka ho phethahatsa mantsoe a ho Esaia 2:4 a reng: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Bakreste ba ’nete ba na le khotso le Molimo ’me ba phelisana ka khotso kahobane ba rutoa ke Jehova. (Esaia 54:13) Kaha ba rata Molimo le barab’abo bona, ba ke ke ba nka lihlomo hore ba loantše Bakreste ba bang—kapa leha e le mang—linaheng tse ling. Khotso ea bona le bonngoe ba bona ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba bona, ke bopaki ba hore ka sebele ba na le moea oa Molimo. (Pesaleme ea 133:1; Mikea 2:12; Matheu 22:37-39; Bakolose 3:14) Ba ‘batla ho fumana khotso le ho e phehella,’ ba ntse ba tseba hore “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng.”—Pesaleme ea 34:14, 15.

Maikutlo a Bakreste ka Lefatše

12. Lipaki Tsa Jehova li etsisa boikutlo bofe ba Jehova ka batho ba lefatše, ’me li etsa seo joang?

12 Jehova o se a ahlotse lefatše lena, empa ha a e-s’o ahlole batho ba lefatše ka bomong. Sena o tla se etsa ka Jesu nakong ea Hae e tšoanetseng. (Pesaleme ea 67:3, 4; Matheu 25:31-46; 2 Petrose 3:10) Khabareng, o ntse a bontša batho lerato le leholo. O bile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le hore bohle ba ka ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Joaloka Bakreste, re etsisa lerato la Molimo ka ho bolella ba bang ka litokisetso tsa Molimo tsa ho pholosa batho, esita leha hangata seo re se etsang se hlokomolohuoa.

13. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka babusi ba lefatše?

13 Re lokela ho ba le maikutlo afe ka babusi ba lefatše? Pauluse o ile a araba potso ena ha a ne a ngola a re: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” (Baroma 13:1, 2) Batho ba busa ka tsela e “lekanyelitsoeng” (ba bang ba maemong a phahameng, ba bang ba maemong a tlaasana, empa kamehla ba boemong bo ka tlaase ho ba Jehova) hobane Ea Matla ’Ohle o ba lumeletse ho busa. Mokreste o ikokobelletsa babusi hobane ke karolo ea ho ikokobelletsa ha hae Jehova. Empa ho etsahala’ng haeba litaelo tsa Molimo li sa lumellane le tsa mebuso ea batho?

Molao oa Molimo le oa Cesare

14, 15. (a) Daniele o ile a qoba ho se lumellane joang tabeng ea hore na ho ikokobelletsoa mang? (b) Baheberu ba bararo ba ile ba etsa’ng ha ho se lumellane tabeng ea hore na ho ikokobelletsoa mang ho ne ho ke ke ha qojoa?

14 Daniele le metsoalle ea hae e meraro ke mohlala o motle oa ho ikokobelletsa mebuso ea batho le ho ikokobelletsa bolaoli ba Molimo ka ho loketseng. Ha bahlankana ba bane ba Baheberu ba ne ba le botlamuoeng Babylona, ba ile ba boloka melao ea naha eo ’me kapele-pele ba khetheloa ho ea koetlisoa ka ho khethehileng. Eitse ha Daniele a lemoha hore koetliso eo e ke ke ea lumellana le Molao oa Jehova, a buisana ka taba ena le ea ikarabellang. Ka lebaka leo, ho ile ha etsoa litokisetso tse khethehileng tse hlomphang matsoalo a Baheberu bana ba bane. (Daniele 1:8-17) Lipaki Tsa Jehova li etsisa mohlala oa Daniele ka ho hlalosa boemo ba tsona ka bohlale ho balaoli e le ho qoba mathata a sa hlokahaleng.

15 Leha ho le joalo, hamorao ho se lumellane tabeng ea hore na ho ikokobelletsoa mang ho ne ho ke ke ha qojoa. Morena oa Babylona o ile a etsa setšoantšo se seholo thoteng ea Dura ’me a laela balaoli ba phahameng, ho akarelletsa le batsamaisi ba liprofinse ho tla khakolong ea sona. Nakong eo, metsoalle e meraro ea Daniele e ne e entsoe batsamaisi ba profinse ea Babylona, kahoo taelo ena e ne e ba tlama. Ha litšebeletso li ntse li tsoela pele, ho na le nako eo ka eona bohle ba neng ba lokela ho inamela setšoantšo. Empa Baheberu bana ba ne ba tseba hore sena e tla ba ho tlōla molao oa Molimo. (Deuteronoma 5:8-10) Eitse ha bohle ba inama, bona ba sala ba eme. Ka ho hlompholla taelo ea morena, ba ile ba ipeha kotsing ea ho bolaoa ka sehlōhō, empa ba ile ba pholosoa ka mohlolo, le hoja bona ba ne ba khethile ho ipeha kotsing ea ho bolaoa ho e-na le ho hlompholla Jehova.—Daniele 2:49–3:29.

16, 17. Baapostola ba ile ba etsa joang ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, ’me e le ka lebaka lefe?

16 Lekholong la pele la lilemo, baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba isoa ka pel’a baeta-pele ba Bajuda Jerusalema ’me ba laeloa hore ba khaotse ho bolela ka lebitso la Jesu. Ba ile ba etsa joang? Jesu o ne a ba laetse hore ba etse barutuoa lichabeng tsohle, ’me sena se ne se tla akarelletsa le Judea. Hape o ne a ba boleletse hore e be lipaki tsa hae Jerusalema le lefatšeng lohle. (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Baapostola ba ne ba tseba hore seo Jesu a neng a ba laela sona ke thato ea Molimo. (Johanne 5:30; 8:28) Ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 4:19, 20; 5:29.

17 Baapostola e ne e se marabele. (Liproverbia 24:21) Leha ho le joalo, ha babusi ba ba hanela ho etsa thato ea Molimo, ba ile ba re, ‘Re tla mamela Molimo, eseng motho.’ Jesu o ile a re re lokela ho ‘lefa Cesare lintho tsa Cesare, empa re lefe Molimo lintho tsa Molimo.’ (Mareka 12:17) Haeba re tlōla molao oa Molimo ka taelo ea motho, re mo fa seo e leng sa Molimo. Ho e-na le hoo, re lefa Cesare sohle seo e leng sa hae, empa rea hlokomela hore Jehova ke eena molaoli ea phahameng ka ho fetisisa. Ke eena ’Musi oa Bokahohle, ’Mōpi le Mohloli oa bolaoli.—Tšenolo 4:11.

Re Tla Ema re Tiile

18, 19. Barab’abo rōna ba bangata ba behile mohlala ofe o motle, ’me re ka o etsisa joang?

18 Nakong ea hona joale, mebuso e mengata e amohela boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho se nke lehlakore, ’me sena rea se ananela. Leha ho le joalo, linaheng tse ling, Lipaki li ’nile tsa hanyetsoa ka matla. Ho tloha lekholong la bo20 la lilemo ho fihlela hona joale, bara le barali ba bang babo rōna ba ’nile ba loana ka matla “ntoa [ea moea] e ntle ea tumelo.”—1 Timothea 6:12.

19 Re ka ema re tiile joang joaloka bona? Ntho ea pele, rea hopola hore re lokela ho lebella khanyetso. Khanyetso ena ha ea lokela ho re nyahamisa kapa ho re makatsa ha e re hlahela. Pauluse o ile a lemosa Timothea a re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12; 1 Petrose 4:12) Ha ho kamoo re ka qobang khanyetso lefatšeng le susumetsoang ke Satane. (Tšenolo 12:17) Hafeela re ntse re tšepahala, ho tla ’ne ho be le ba ‘makalang le ba tsoelang pele ba re nyefola.’—1 Petrose 4:4.

20. Re hopotsoa ka linnete life tse re matlafatsang?

20 Ntho ea bobeli, re kholisehile hore Jehova le mangeloi a hae ba tla re tšehetsa. Joalokaha Elisha oa boholo-holo a boletse, “ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” (2 Marena 6:16; Pesaleme ea 34:7) Ka lebaka le utloahalang, e ka ’na eaba ka nakoana Jehova o lumella khatello ea bahanyetsi. Leha ho le joalo, kamehla o tla re fa matla a ho mamella. (Esaia 41:9, 10) Ba bang ba bolailoe, empa sena ha se re nyahamise. Jesu o ile a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.” (Matheu 10:16-23, 28) Re mpa re le “baahi ba nakoana” tsamaisong ena ea lintho. Nako eo re nang le eona mona re e sebelisetsa ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele,” e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Petrose 2:11; 1 Timothea 6:19) Ha ho motho ea ka re amohang moputso ona hafeela re tšepahala ho Molimo.

21. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola kamehla?

21 Ka lebaka leo, a re hopoleng kamano ea bohlokoa eo re nang le eona le Jehova Molimo. E se eka kamehla re ka ananela melemo ea ho ba balateli ba Kreste le ho ba bafo ba ’Muso. A re rateng bara babo rōna ka pelo eohle, ’me kamehla re thabele lerato leo ba re ratang ka lona. Ka holim’a tsohle, a re eleng hloko mantsoe a mopesaleme, a reng: “Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla. E, u tšepe Jehova.” (Pesaleme ea 27:14; Esaia 54:17) Joaloka Bakreste ba bangata ba nakong e fetileng, le rōna re tla ema re tiile ka tšepo e matla re le Bakreste ba tšepahalang, ba sa nkeng lehlakore bao e seng karolo ea lefatše.

Na U ka Hlalosa?

• Kamano ea rōna le Jehova e re arola joang lefatšeng?

• Joaloka bafo ba ’Muso oa Molimo, ke joang re lulang re sa nke lehlakore lefatšeng lee?

• Ke ka litsela life ho rata barab’abo rōna ho etsang hore re lule re sa nke lehlakore, ’me re arohile lefatšeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo ho ama tšebelisano ea rōna le lefatše joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Mohutu le Motutsi ba sebetsa hammoho ka thabo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Paki ea Mojuda le ea Moarabe

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Paki ea Moserbia, ea Mobosnia le ea Mocroatia li thabelane

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke’ng e nepahetseng eo re ka e etsang ha babusi ba re laela hore re tlōle molao oa Molimo?