Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohle re Hloka ho Babatsoa

Bohle re Hloka ho Babatsoa

Bohle re Hloka ho Babatsoa

NGOANANYANA enoa o ne a natefetsoe letsatsing lena. Le hoja a ne a khalemeloa ka linako tse ling, letsatsing lena o ne a itšoere hantle haholo. Ho sa tsotellehe sena, bosiung bona ka mor’a hore ’m’ae a mo robatse, o ile a utloa ngoananyana oa hae a lla. Ha a botsoa hore na o llela’ng, o ile a re ka likhapha: “Na ha kea itšoara hantle kajeno?”

Potso ena e ile ea hlaba ’m’ae habohloko. Kamehla o ne a potlakela ho khalemela morali oa hae. Empa letsatsing lena, a ntse a bone hore moralinyana oa hae o lekile ho itšoara hantle, o ne a hlōlehile ho mo babatsa leha e le hanngoe feela.

Hase bananyana feela ba hlokang ho babatsoa le ho khothatsoa. Kaofela rea ho hloka joalokaha re hloka ho eletsoa le ho khalemeloa.

Re ikutloa joang ha re babatsoa ka mofuthu? Na ha ho re thabise le ho re hlasimolla? Ho ka etsahala hore ebe re thabela hore motho e mong o bone seo re se etsang ’me oa tsotella. Ho re kholisa hore re entse ntho ea bohlokoa, ’me ho re susumelletsa hore re ikitlaetse nakong e tlang. Ha ho makatse ha hangata pabatso ea ’nete e re atametsa ho motho ea etsang boiteko ba ho bua ntho e re khothatsang.—Liproverbia 15:23.

Jesu Kreste o ne a utloisisa bohlokoa ba ho babatsa ba bang. Papisong ea litalenta, monghali (ea tšoantšetsang Jesu) o babatsa ka mofuthu makhoba a mabeli, o re ho lekhoba ka leng: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang!” Ho khothatsa hakaakang! Esita leha a ne a se na bokhoni le boiphihlelo bo tšoanang, a ne a babatsoa ka ho tšoana.—Matheu 25:19-23.

A re hopoleng ’mè oa ngoananyana eloa. Ha ho hlokahale hore ba bang ba be ba lle pele re ba babatsa. Ho e-na le hoo, re lokela ho batla menyetla ea ho babatsa ba bang. Ka sebele, re na le mabaka a utloahalang a ho babatsa ba bang e le kannete neng le neng ha ho loketse.