Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”

“Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”

“Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”

“Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.”—1 PETROSE 2:17.

1, 2. Mongolli e mong oa koranta o ile a re’ng ka Lipaki Tsa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li loanela ho ba le melao ea boitšoaro e phahameng?

LILEMONG tse ngata tse fetileng, mongolli oa koranta oa Amarillo, Texas, U.S.A., o ile a ea likerekeng tse fapaneng sebakeng seo ’me a tlaleha liphuputso tsa hae. O ile a khahloa ke sehlopha se le seng. O ile a re: “Ka lilemo tse tharo ke ile ka ba likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova tsa selemo le selemo Holong ea Sechaba ea Amarillo. Ha ke ntse ke itsoakanya le tsona, ha ho mohla nkileng ka bona ea hotetsang sakerete, ea bulang lekotikoti la biri kapa ea rohakanang. E ne e le letšoele la batho ba hloekileng, ba itšoereng hantle ka ho fetisisa, ba apereng hantle, ba nang le botho bao nkileng ka ba bona.” Hangata ho ’nile ha ngoloa joalo ka Lipaki Tsa Jehova. Ke hobane’ng ha Lipaki li atisa ho rorisoa ke batho ba litumelo tse ling?

2 Hangata batho ba Molimo baa rorisoa ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle. Ha ka kakaretso melao ea boitšoaro e ntse e nyehla, Lipaki Tsa Jehova li e nka e le tlamo, e le karolo ea borapeli ba tsona. Lia tseba hore liketso tsa tsona li ka hlahisa Jehova kapa barab’abo tsona ba Bakreste hantle kapa hampe le hore boitšoaro ba tsona bo botle bo buella ’nete eo li e rutang. (Johanne 15:8; Tite 2:7, 8) Kahoo, a re boneng hore na ke joang re ka bolokang boitšoaro ba rōna bo botle ’me kahoo re tsoele pele ho phahamisa botumo bo botle ba Jehova le Lipaki tsa hae le kamoo re ka itsoelang molemo kateng ka ho etsa joalo.

Lelapa la Bokreste

3. Ho hlokahala hore malapa a Bakreste a sireletsoe linthong life?

3 Nahana ka boitšoaro ba rōna ka lapeng. Buka ea Gerhard Besier le Erwin K. Scheuch ea Die Neuen Inquisitoren: Religionsfreiheit und Glaubensneid (Baphenyaphenyi ba Bacha: Tokoloho ea Bolumeli le Mōna oa Bolumeli), e re: “Ho [Lipaki Tsa Jehova] lelapa le lokela ho sireletsoa ka ho khethehileng.” Mantsoe ana ke ’nete ’me kajeno ho na le lintho tse ngata tseo ho hlokahalang hore lelapa le sireletsoe ho tsona. Tse ling tsa tsona ke bana “ba sa mameleng batsoali” le batho ba baholo ba “se nang lerato la tlhaho” kapa ba “hlokang boitšoaro.” (2 Timothea 3:2, 3) Malapeng banyalani ba tsohelana matla, batsoali ba hlekefetsa bana kapa ba ba lahla kherehloa, ’me bana e ba marabele, ba sebelisa lithethefatsi hampe ’me ba kopanela boitšoarong bo bobe, kapa ba baleha malapeng. Sena sohle se bakoa ke tšusumetso e mpe ea ‘moea oa lefatše.’ (Baefese 2:1, 2) Ho hlokahala hore re sireletse malapa a rōna moeeng ona. Joang? Ka ho mamela keletso le tataiso ea Jehova bakeng sa litho tsa lelapa.

4. Litho tsa malapa a Bokreste li na le boikarabelo ba ho etsetsana’ng?

4 Banyalani ba Bakreste baa elelloa hore ba tlameha ho hlokomelana maikutlong, moeeng le bophelong. (1 Bakorinthe 7:3-5; Baefese 5:21-23; 1 Petrose 3:7) Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo bo boima baneng ba bona. (Liproverbia 22:6; 2 Bakorinthe 12:14; Baefese 6:4) ’Me ha bana ba ka malapeng a Bakreste ba hōla, ba ithuta hore le bona ba na le lintho tseo ba tlamehang ho li etsa. (Liproverbia 1:8, 9; 23:22; Baefese 6:1; 1 Timothea 5:3, 4, 8) Ho etsa lintho tseo le tlamehang ho li etsa ka lapeng ho hloka boiteko, boikemisetso, lerato le boitelo. Leha ho le joalo, ha litho tsohle tsa lelapa li etsa lintho tseo Molimo a batlang hore li li etse, e ba thuso ka lapeng le ka phuthehong. Ntho ea bohlokoa haholoanyane ke hore li hlompha Jehova Molimo, e leng Moqapi oa lelapa.—Genese 1:27, 28; Baefese 3:15.

Mokhatlo oa Bokreste oa Bara ba Motho

5. Ke melemo efe eo re e fumanang ka ho kopana le Bakreste-’moho le rōna?

5 Joaloka Bakreste, re boetse re na le boikarabelo ho balumeli-’moho le rōna ka phuthehong le ho litho tsa ‘mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng.’ (1 Petrose 5:9) Kamano ea rōna le phutheho ke ea bohlokoa hore re phele hantle moeeng. Ha re kopanela le Bakreste-’moho le rōna, re thabela botsoalle ba bona bo khothatsang esita le lijo tsa moea tse matlafatsang tse tsoang ho “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Haeba re e-na le mathata re ka batla keletso e molemo ho barab’abo rōna e thehiloeng melao-motheong ea Mangolo. (Liproverbia 17:17; Moeklesia 4:9; Jakobo 5:13-18) Ha re e-na le bothata, barab’abo rōna ha ba re lahle kherehloa. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo!

6. Pauluse o bontšitse joang hore Bakreste ba na le boikarabelo ba ho etsetsana lintho?

6 Leha ho le joalo, taba ea rōna ka phuthehong hase ho amohela feela, empa hape ke ho fana. Ka sebele, Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Moapostola Pauluse o ile a hōlisa moea oa ho fana ha a ne a ngola a re: “A re tšoareng ka tieo boipolelo ba phatlalatsa ba tšepo ea rōna re sa thekesele, kaha ea tšepisitseng oa tšepahala. A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheberu 10:23-25.

7, 8. Ke joang re bontšang moea oa ho fana ka phuthehong ea habo rōna le ho Bakreste ba linaheng tse ling?

7 Ka phuthehong, ‘re phatlalatsa tšepo ea rōna’ ha re araba libokeng kapa re kopanela ka litsela tse ling lenaneong. Ka sebele, ha re araba kapa re kopanela ka litsela tse ling re khothatsa barab’abo rōna. Re boetse re ba khothatsa ka ho qoqa pele ho liboka le ka morao ho tsona. Ke nako eo ka eona re ka matlafatsang ba fokolang, ra tšelisa ba tepeletseng maikutlo le ba kulang. (1 Bathesalonika 5:14) Bakreste ba ’nete ba etsa lintho tse joalo ka bolokolohi, e leng lebaka leo ka lona ba bangata ba qalang ho tla libokeng tsa rōna ba khahloang ke lerato leo ba le bonang har’a rōna.—Pesaleme ea 37:21; Johanne 15:12; 1 Bakorinthe 14:25.

8 Leha ho le joalo, lerato la rōna ha le felle feela liphuthehong tsa habo rōna. Le akarelletsa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, ke ka lebaka leo ho nang le lebokose la monehelo oa Letlōle la Liholo Tsa ’Muso Liholong tsohle tsa ’Muso. Ho ka etsahala hore ebe Holo ea rōna ea ’Muso e boemong bo botle, empa rea tseba hore Bakreste-’moho le rōna ba bangata libakeng tse ling ha ba na libaka tse tšoanelehang tseo ba kopanelang ho tsona. Ha re ntša menehelo e kenang Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso, re bontša lerato ho batho ba joalo le hoja re sa ba tsebe.

9. Lipaki Tsa Jehova li ratana ka lebaka lefe le leholo?

9 Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ratana? Lebaka ke hore Jesu o ile a li laela ho etsa joalo. (Johanne 15:17) ’Me ho ratana ha tsona ke bopaki ba hore moea oa Molimo o sebetsa ho tsona e le batho ka bomong hape e le sehlopha. Lerato ke e ’ngoe ea “litholoana tsa moea.” (Bagalata 5:22, 23) Ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li ithuta Bibele, li e-ba teng libokeng tsa Bokreste le ho rapela Molimo kamehla, ho ba bonolo hore li bontše lerato ho sa tsotellehe hore li phela lefatšeng leo ho lona ‘lerato la ba bangata le folileng.’—Matheu 24:12.

Ho Sebetsana le Lefatše

10. Re na le boikarabelo bofe mabapi le lefatše?

10 Ha Pauluse a bua ka “boipolelo ba phatlalatsa ba tšepo ea rōna” o re hopotsa ka boikarabelo bo bong. Boipolelo bona ba phatlalatsa bo akarelletsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ho bao e e-song ho be barab’abo rōna ba Bakreste. (Matheu 24:14; 28:19, 20; Baroma 10:9, 10, 13-15) Boboleli boo ke mokhoa o mong oa ho fana. Ho bo etsa ho hloka nako, matla, tokisetso, boikoetliso le matlotlo ao motho a nang le ’ona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a boela a ngola a re: “Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello: kahoo ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna moo Roma.” (Baroma 1:14, 15) Joaloka Pauluse, a re qobeng bokhonatha ha re ntse re intša “molatong” ona.

11. Litšebelisano tsa rōna le lefatše li laoloa ke melao-motheo efe e ’meli ea Mangolo, empa leha ho le joalo re hlokomela’ng?

11 Na re na le boikarabelo bo bong mabapi le bao e seng balumeli-’moho le rōna? E, re na le bona. Ha e le hantle, rea hlokomela hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Rea tseba hore Jesu o ile a re ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” Leha ho le joalo, re phela lefatšeng, re sebetsa ho lona ebile ho na le lintho tseo le re etsetsang tsona. (Johanne 17:11, 15, 16) Kahoo ho na le lintho tseo re tlamehang ho li etsa lefatšeng. Ke life? Moapostola Petrose o ile a araba potso ena. Nakoana pele Jerusalema e timetsoa, o ile a ngolla Bakreste ba Asia Minor, ’me karolo ea lengolo leo e re thusa hore re se ke ra ba le litšebelisano tse feteletseng le lefatše.

12. Bakreste ke “bajaki le baahi ba nakoana” ka litsela life, ’me ka lebaka leo ba lokela ho qoba lintho life?

12 Petrose o ile a qala ka ho re: “Baratuoa, kea le eletsa joaloka bajaki le baahi ba nakoana hore le ’ne le ile litakatso tsa nama, tsona tse tsoelang pele ho loantšana le moea.” (1 Petrose 2:11) Ka puo ea moea, Bakreste ba ’nete ke “bajaki le baahi ba nakoana” hobane ba phelela tšepo ea bophelo bo sa feleng—ba tlotsitsoeng ka moea ba na le tšepo ea ho phela leholimong, ’me “linku tse ling” tsona li na le tšepo ea ho phela paradeiseng ea ka moso ea lefatšeng. (Johanne 10:16; Bafilipi 3:20, 21; Baheberu 11:13; Tšenolo 7:9, 14-17) Empa litakatso tsa nama ke’ng? Li akarelletsa lintho tse kang takatso ea ho rua, takatso ea botumo, takatso ea boitšoaro bo bobe le litakatso tse hlalosoang e le “mohono” le “ho chacheha ka mohono.”—Bakolose 3:5; 1 Timothea 6:4, 9; 1 Johanne 2:15, 16.

13. Litakatso tsa nama ‘li loantšana le meea ea rōna’ joang?

13 Ka sebele litakatso tse joalo li ‘loantšana le meea ea rōna.’ Li senya kamano ea rōna le Molimo ’me kahoo li senya tšepo (‘meea’ ea rōna, kapa bophelo) ea Bokreste. Ka mohlala, haeba re ithuta ho thahasella lintho tsa boitšoaro bo bobe, ke joang re ka itlhahisang re le “sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo”? Haeba re tšoasoa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang, na re tla be re ‘batla ’muso pele’? (Baroma 12:1, 2; Matheu 6:33; 1 Timothea 6:17-19) Ntho e molemo ke ho latela mohlala oa Moshe, re hane ho hoheloa ke lintho tsa lefatše ’me re eteletse pele ho sebeletsa Jehova. (Matheu 6:19, 20; Baheberu 11:24-26) Sena se thusa hore re se ke ra ba le litšebelisano tse feteletseng le lefatše.

‘Bolokang Boitšoaro bo Botle’

14. Joaloka Bakreste, ke hobane’ng ha re loanela ho boloka boitšoaro bo botle?

14 Tataiso e ’ngoe ea bohlokoa e fumanoa mantsoeng a latelang a Petrose a reng: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” (1 Petrose 2:12) Joaloka Bakreste, re loanela ho beha mohlala o motle. Re ithuta ka matla sekolong. Mosebetsing re mahlahahlaha ebile rea tšepahala esita leha mohiri oa rōna a se na kutloisiso. Lelapeng le arohaneng tumelong, monna kapa mosali oa Paki o leka kahohle ho latela melao-motheo ea Bokreste. Hase kamehla ho leng bonolo ho etsa sena, empa rea tseba hore boitšoaro ba rōna bo behang mohlala bo khahlisa Jehova ’me hangata bo hlahisa liphello tse ntle ho bao e seng Lipaki.—1 Petrose 2:18-20; 3:1.

15. Re tseba joang hore melao ea boitšoaro e phahameng ea Lipaki Tsa Jehova e hlokomeloa ke batho ba bangata?

15 ’Nete ea hore Lipaki tse ngata tsa Jehova li atleha ho boloka melao ea boitšoaro e behang mohlala e bonoa ho se ’nileng sa ngoloa ka tsona ho theosa le lilemo. Ka mohlala, Il Tempo ea Italy e ile ea tlaleha ea re: “Batho ba sebetsang le Lipaki Tsa Jehova ba hlalosa hore li sebetsa ka botšepehi, li kholisehile ka tumelo ea tsona hoo ho bonahalang eka ha ho na ntho e ’ngoe eo li nahanang ka eona; leha ho le joalo, li lokeloa ke tlhompho bakeng sa boitšoaro ba tsona bo tšepahalang.” Herald ea Buenos Aires, Argentina, e ile ea re: “Lipaki Tsa Jehova li bontšitse ka lilemo tse ngata hore ke baahi ba sebetsang ka thata, ba nkang lintho ka botebo, ba baballang lintho le ba tšabang Molimo.” Sergei Ivanenko, eo e leng setsebi sa Lerussia o ile a re: “Lipaki Tsa Jehova li tsejoa lefatšeng lohle e le batho ba bolokang molao ka mokhoa o ke keng oa tšoauoa phoso le ba hlokolosi haholo ho lefeng makhetho.” Mookameli oa mohaho o mong oa Zimbabwe oo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa tšoarela kopano ho oona o ile a re: “Ke bona Lipaki tse ling li thonaka lipampiri le ho hloekisa matloana. Li siea mabala a lipontšuoa a hloekile ho feta kamoo a neng a le kateng pele. Bacha ba lōna baa laoleha. Ekare batho bohle lefatšeng e ka be e le Lipaki Tsa Jehova.”

Boikokobetso ba Bokreste

16. Litšebelisano tsa rōna le ba boholong ke life, hona hobane’ng?

16 Petrose o boetse o bua ka litšebelisano tsa rōna le ba boholong. O re: “Ka lebaka la Khosi ipeheng tlas’a pōpo e ’ngoe le e ’ngoe e motho: ebang ke morena joalokaha e le ea phahameng kapa babusisi joalokaha e le ba rometsoeng ke eena ho fana ka kotlo ho baetsi ba bobe empa ho rorisa baetsi ba se molemo. Etsoe ke kamoo thato ea Molimo e leng kateng, hore ka ho etsa se molemo le ka khutsisa puo e hlokang tsebo ea batho ba se nang kahlolo e molemo joalokaha eka le ba tlamile melomo.” (1 Petrose 2:13-15) Re ananela melemo eo re e fumanang mebusong e hlophisehileng, ’me mantsoe a Petrose a re tataisa hore re mamele melao ea eona le hore re lefe makhetho. Le hoja re ntse re hlokomela hore Molimo o file mebuso tokelo ea ho otla ba tlōlang molao, re ikokobelletsa babusi haholo-holo “ka lebaka la Khosi.” Sena ke thato ea Molimo. Ho feta moo, ntho eo re sa batleng ho e etsa ke ho tlisetsa lebitso la Jehova thohako ka lebaka la ho otloa hobane re tlōtse molao.—Baroma 13:1, 4-7; Tite 3:1; 1 Petrose 3:17.

17. Ha “batho ba se nang kahlolo e molemo” ba re hanyetsa, ke eng eo re ka kholisehang ka eona?

17 Ka bomalimabe, ‘batho ba bang ba se nang kahlolo e molemo,’ ba boholong, baa re hlorisa kapa ba re hanyetsa ka litsela tse ling tse kang ho re senya lebitso. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanetseng ea Jehova, kamehla mashano a bona aa pepesoa, ’me ‘puo ea bona e hlokang tsebo’ e khutsisoa ka tsela e atlehang. Tlaleho eo re iketselitseng eona ea boitšoaro ba Bokreste ea re buella. Ke ka lebaka leo ba boholong ba nang le ’nete ba atisang ho re babatsa ka ho re re etsa se molemo.—Baroma 13:3; Tite 2:7, 8.

Makhoba a Molimo

18. Joaloka Bakreste, re ka qoba ho sebelisa bolokolohi ba rōna hampe joang?

18 Joale Petrose oa lemosa, o re: “E-bang joaloka batho ba lokolohileng, leha ho le joalo le se ke la ba le tokoloho ea lōna joaloka lesira le patang bobe, empa joaloka makhoba a Molimo.” (1 Petrose 2:16; Bagalata 5:13) Kajeno ho tseba ha rōna ’nete ea Bibele ho re lokolla lithutong tsa bolumeli ba bohata. (Johanne 8:32) Ho feta moo, re na le bolokolohi ba ho ikhethela. Leha ho le joalo, ha re sebelise bolokolohi ba rōna hampe. Ha re khetha metsoalle, liaparo, tsela eo re itlhophang ka eona, boithabiso esita le lijo le lino, rea hopola hore Bakreste ba ’nete ke makhoba a Molimo, ’me ha ba ikhahlise. Re khetha ho sebeletsa Jehova eseng ho ba makhoba a litakatso tsa rōna tsa nama kapa a lifeshene tsa lefatše.—Bagalata 5:24; 2 Timothea 2:22; Tite 2:11, 12.

19-21. (a) Re lokela ho ba le maikutlo afe ka ba boholong? (b) Ba bang ba bontšitse joang “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna”? (c) Boikarabelo ba rōna bo ka sehloohong ke bofe?

19 Petrose o tsoela pele o re: “Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna, le tšabe Molimo, le be le tlhompho bakeng sa morena.” (1 Petrose 2:17) Kaha Jehova Molimo o lumella hore batho ba be le boikarabelo bo fapa-fapaneng, re bontša batho ba joalo tlhompho e loketseng. Re bile rea ba rapella e le hore re ka lumelloa ho etsa mosebetsi oa rōna ka khotso le ka boinehelo ba bomolimo. (1 Timothea 2:1-4) Leha ho le joalo, re boetse re na le “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” Kamehla re batlela barab’abo rōna ba Bakreste se molemo eseng se kotsi.

20 Ka mohlala, ha sechaba se seng sa Afrika se ne se arohantsoe ke pefo ea merabe, boitšoaro ba Bokreste ba Lipaki Tsa Jehova bo ile ba totobala. Koranta ea Reformierte Presse ea Switzerland e ile ea tlaleha ea re: “Ka 1995, mokhatlo oa African Rights . . . o ile oa khona ho paka hore likereke tsohle li ile tsa kenya letsoho [ntoeng] haese Lipaki Tsa Jehova feela.” Ha batho ba linaheng tse ling ba utloa litaba tsena tse bohloko, Lipaki Tsa Jehova tsa Europe li ile tsa potlakela ho romela lijo le meriana ho barab’abo rōna le ba bang naheng ena e mahlomoleng. (Bagalata 6:10) Li ile tsa mamela mantsoe a Liproverbia 3:27 a reng: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.”

21 Leha ho le joalo, ho na le boikarabelo ba bohlokoa haholo ho feta ho hlompha batho ba boholong, ’me ke ba bohlokoa haholo ho feta lerato leo re lokelang ho rata barab’abo rōna ka lona. Ke bofe? Petrose o ile a re: “Le tšabe Molimo.” Boikarabelo ba rōna bo ka sehloohong ke ho hlompha le ho rata Jehova ho feta mang kapa mang. Joang? Ke joang re ka etsang seo re tlamehang ho se etsetsa Molimo ra ba ra etsa seo re tlamehang ho se etsetsa ba boholong? Lipotso tsena li tla arabeloa sehloohong se latelang.

Na U sa Hopola?

• Bakreste ba na le boikarabelo bofe ka lapeng?

• Ke joang re ka bontšang moea oa ho fana ka phuthehong?

• Re na le boikarabelo bofe mabapi le lefatše?

• E meng ea melemo ea ho phela ka melao ea boitšoaro e phahameng ke efe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho ka etsoa joang hore lelapa la Bokreste le tlise thabo e khōlō?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ratana?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na re ka rata barab’abo rōna esita leha re sa ba tsebe?