Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Kōpa Tšoarelo?

Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Kōpa Tšoarelo?

Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Kōpa Tšoarelo?

KA July 2000, Lekhotla le Etsang Melao la California, United States, le ile la fetisa molao oa hore batho ba se ke ba jarisoa molato haeba ba ile ba bua mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko ho motho ea lemetseng kotsing eo le bona ba neng ba le ho eona. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa molao oo? Ho ile ha hlokomeloa hore ha ho etsahala kotsi kapa ho senyeha lintho tse ling, hangata batho ba leqe ho bolela hore ba masoabi ka se etsahetseng e le ha ba tšaba hore lekhotla le ka ’na la nka seo e le ho lumela molato. Ka lehlakoreng le leng, ba lebeletseng hore batho ba bang ba ba bolelle hang-hang hore ba masoabi ka se ba hlahetseng, ba ka ’na ba koata ’me kotsi e nyenyane ea baka tabahali.

Ha e le hantle, hase tlamo hore motho a bue mantsoe a bontšang hore o masoabi ka kotsi e sa bakoang ke eena. Ebile ka linako tse ling ho molemo ho khetha mantsoe ha u bua. Maele a boholo-holo a re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” (Liproverbia 10:19; 27:12) Empa, sena ha sea lokela ho u hlokisa botho.

Leha ho le joalo, le moo makhotla a ke keng a kenella, ke ’nete hore batho ba bangata ha ba sa bua mantsoe a bontšang hore ba masoabi. Ka lapeng mosali a ka ’na a lla a re, ‘Ha ho mohla monna oa ka a kōpang tšoarelo.’ Mosebetsing foromane e ka ’na ea tletleba ea re, ‘Basebetsi ha ba lumele liphoso tsa bona, ’me ha ho mohla ba kōpang tšoarelo.’ Sekolong mosuoe a ka ’na a re, ‘Bana ha baa rutoa ho re, ke kōpa tšoarelo.’

Lebaka le leng leo ka lona motho a tsilatsilang ho kōpa tšoarelo e ka ba hobane a tšaba ho khesoa. Moo a tšoenngoang ke hore o tla hlokomolohuoa, a ka ’na a pata maikutlo a hae. Ha e le hantle, motho ea utloileng bohloko a ka ’na a koekoetla ea mo utloisitseng bohloko, a mo thatafalletsa hore ba bōpe khotso.

Lebaka le leng leo ka lona batho ba ka bang lesisitheho ho kōpa tšoarelo, ke hobane ba sa tsotelle hore na ba bang ba ikutloa joang. Ba ka ’na ba re, ‘Ho kōpa tšoarelo ha ho na ho etsolla phoso eo ke seng ke e entse.’ Ho na le ba bang ba lesisitheho ho kōpa tšoarelo hobane ba tšaba se ka ’nang sa etsahala. Baa ipotsa, ‘Na ke tla jarisoa molato ebe ho thoe ke lefe?’ Leha ho le joalo, boikhohomoso ke eona ntho e khōlō e sitisang ho lumela molato. Motho ea ikhohomosang ho tlōla hoo a ke keng a re “ke kōpa tšoarelo,” ha e le hantle e ka ’na eaba o re, ‘Ha ke batle ho itlosa seriti ka ho lumela hore ke fositse. Hoo ho ka ntheola.’

Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ba bangata ba thatafalloa ho kōpa tšoarelo. Empa na hoa hlokahala hore motho a kōpe tšoarelo? Melemo ea hona ke efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Bana ha baa rutoa ho re, ke kōpa tšoarelo”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Basebetsi ha ba lumele liphoso tsa bona”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ha ho mohla monna oa ka a kōpang tšoarelo”