Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho becha ho phoso haeba ho becheloa chelete e nyenyane?

Lentsoe la Molimo ha le bue haholo ka ho becha, empa seo le se buang se bontša hore ho becha hohle ha ho lumellane le melao-motheo ea Bibele. * Ka mohlala, hoa tsebahala hore ho becha ho hlohlelletsa meharo. Taba ena ke ea bohlokoa hore Bakreste ba nahane ka eona hobane Bibele e bolela hore “batho ba meharo” ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo ’me e re meharo e tšoana le borapeli ba litšoantšo.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bakolose 3:5.

Ho becha ho boetse ho susumelletsa ho ipolelisa, tlhōlisano le takatso e matla ea ho hlōla. Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka lintho tsena ha a ne a ngola a re: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” (Bagalata 5:26) Ho feta moo, ho becha ho susumelletsa ba bang ho lumela ntle ho mabaka mahlohonolong. Ba bechang ba ba le tumela-khoela ea mefuta-futa, ba tšepile ho ipitsetsa mahlohonolo. Ba re hopotsa Baiseraele ba sa tšepahaleng ba neng ba ‘lokisa tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo le ba neng ba tlatsa veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.’—Esaia 65:11.

Ba bang ba nahana hore ho becha ka chelete e nyenyane ha ba bapala likarete kapa morabaraba le beng ka bona kapa metsoalle, ke ho ithabisa feela. Ke ’nete hore motho ea bechang ka chelete e nyenyane a ka ’na a nahana hore ha a meharo, a ke ke a ipolelisa, ha a na moea oa tlhōlisano, kapa ha a sebelise tumela-khoela. Ho sa tsotellehe seo, liphello e tla ba life ho bao a bechang le bona? Ba bangata ba lemaletseng ho becha ba qalile ba becha ka chelete e nyenyane ho ithabisa feela. (Luka 16:10) Papali eo ho bonahalang e se na molato e ile ea fetoha ntho e kotsi ho bona.

Sena se sebetsa haholo baneng. Bana ba bangata ba thabela ho “wina” chelete e nyenyane ’me sena se ba kentse molekong oa ho batla chelete e ngata. (1 Timothea 6:10) Phuputso e entsoeng ka nako e telele e phatlalalitsoeng United States ke Mokhatlo oa Arizona oa ba Lemaletseng ho Becha, e tiisa hore ba bangata ba lemaletseng ho becha ba qalile ba sa le banyenyane “ka ho becha ka chelete e nyenyane lipapaling kapa ka ho bapala likarete le metsoalle kapa beng ka bona.” Tlaleho e ’ngoe e bolela hore “bana ba qala ho becha malapeng, hangata ba qala papaling ea likarete le litho tsa lelapa le metsoalle.” Tlaleho ena e phaella ka ho re “bana ba mashome a mararo ho ba lekholo ba bechang, ba qalile pele ba e-ba lilemo tse leshome le motso o le mong.” Ho ea ka phuputso e entsoeng ke Why Do People Gamble Too Much—Pathological and Problem Gambling, bacha ba bangata ba lemaletseng ho becha ba fumana chelete ea sena ka ho tlōla molao kapa ka boitšoaro bo bobe. Ke liphello tse bosula hakaakang tsa seo qalong se neng se bonahala e le ntho e seng kotsi!

Kaha re phela lefatšeng le nang le maraba a mangata le liteko, ke hobane’ng ha re ka iteketletsa lerabeng le leng? (Liproverbia 27:12) Ho bechela chelete e nyenyane kapa e ngata, bana ba le teng kapa ba le sieo, ho beha bomoea ba motho kotsing ’me ho lokela ho qojoa. Ho ka ba molemo hore Bakreste ba ratang ho bapala morabaraba kapa likarete ba ngole lintlha kapa ba bapalle monate feela ba sa ngole lintlha. Bakreste ba bohlale ba hlokomelang bomoea ba bona le ba metsoalle ea bona le ba malapa a bona, ba qoba ho becha esita le haeba e le ho bechela chelete e nyenyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 World Book Encyclopedia e re ho becha ke “ho ntša chelete le ho bolela hore na papali kapa ketsahalo e tla fella ka eng, kapa hore ka lehlohonolo ho ka etsahala ntho e itseng.” E boetse e re “hangata ba bechang kapa ba bapalang, ba ntša chelete bakeng sa lipapali tsa ho itekela lehlohonolo . . . tse kang lilothari, likarete le madaese.”